Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tšaba Molimo ke “Taeo e Isang Bohlaleng”

Ho Tšaba Molimo ke “Taeo e Isang Bohlaleng”

Ho Tšaba Molimo ke “Taeo e Isang Bohlaleng”

BOHLALE ba ’nete bo entse mokete oa semetletsa. Bo “romile makhabunyane a bona, e le hore bo ka hoeletsa holim’a libaka tse phahameng tsa motse: ‘Mang kapa mang ea se nang phihlelo, a ke a fapohele mona.’ Mang kapa mang eo pelo ea hae e haelloang—[bo] itse ho eena: ‘Tloong, le je bohobe ba ka ’me le kopanele ho noeng veine eo ke e tsoakileng. Tlohelang ba se nang phihlelo ’me le ’ne le phele, hape le tsamaee ka kotloloho tseleng ea kutloisiso.’”—Liproverbia 9:1-6.

Ha ho mohla motho a ka hlaheloang ke lintho tse mpe kapa tse kotsi ka ho keteka tafoleng ea bohlale. Ha motho a mamela bohlale bo tsoang ho Molimo le bo tsoang maeleng a bululetsoeng le ha a amohela taeo ea bona, o hlaheloa ke lintho tse molemo feela. Lipolelo tsa bohlale tse tlalehiloeng ho Liproverbia 15:16-33 ke karolo ea bohlale boo. * Ho ela hloko keletso ea lipolelo tsena tse opang khomo lenaka ho ka re thusa ho khotsofalla bonyane boo re nang le bona, ha re thusa hore re hatele pele le hore re thabele bophelo. Ho etsa joalo ho ka re thusa le ho etsa liqeto tse bohlale le hore re lule tseleng ea bophelo.

Nako eo ho Leng Molemo ho ba le ho Honyenyane

Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o re: “Ho molemo ho ba le ho honyenyane tšabong ea Jehova ho feta ho ba le phepelo e ngata e tsamaeang le pherekano.” (Liproverbia 15:16) Ke booatla ho hlokomoloha ’Mōpi le ho phelela ho batla leruo. Bophelo ba mofuta ona ke ba ho ipakela mokhathala le matšoenyeho a mangata. Ho ka ba bohloko hakaakang ha botsofaling motho a ka hlokomela hore o pheletse lelea! Ka sebele hase bohlale ho bokella maruo a mangata le “pherekano.” Ho molemo hakaakang hore motho a ithute sephiri sa ho khotsofala ebe oa se phelela! Ho khotsofala ha sebele ho fumanoa ka ho tšaba Jehova—e leng ka kamano ea rōna le eena—eseng ka maruo.—1 Timothea 6:6-8.

Ha Solomone a hatisa hore kamano e ntle le ba bang ke ea bohlokoa ho feta matletsetletse a lintho tse bonahalang, o re: “Ho ja meroho ho molemo moo ho nang le lerato ho feta ho ja poho e fepetsoeng sejelong e tsamaeang le lehloeo.” (Liproverbia 15:17) Ha ho pelaelo hore ha lerato le le teng ka lapeng ho molemo ho feta ho ba le matletsetletse a limenyemenye. Lelapeng le nang le motsoali a le mong, ho ka ’na ha e-ba le chelete e nyenyane haholo. Linaheng tse ling ho ka etsahala hore malapa a se ke a khona ho reka lihanyamafotha. Leha ho le joalo, lelapa le atleha haholo ha ho e-na le lerato le kamano e mofuthu.

Esita le malapeng a batho ba ratanang, ho ka ’na ha hlaha maemo a thata. Motho e mong ka lapeng a ka ’na a bua kapa a etsa ntho e tla khopisa e mong. Ea khopisitsoeng o lokela ho etsa joang? Liproverbia 15:18 e re: “Motho ea halefileng o tsosa ho hloka kutloano, empa ea liehang ho halefa o khutsisa qabang.” Karabo e bonolo, eseng e bohale, e hōlisa khotso le khutso. Keletso ea maele ana e sebetsa ka mokhoa o tšoanang maemong a mang a bophelo, e sebetsa le linthong tse amang phutheho le boboleli.

Ha ‘Tsela e Hahiloe’

Maele a latelang a totobatsa phapang pakeng tsa motho ea sa kang a ela bohlale hloko le ba ileng ba bo ela hloko. Morena ea bohlale o re: “Tsela ea ea botsoa e joaloka lekhoakhoa la sehlahla se hlabang, empa tsela ea ba lokileng ke tsela e hahiloeng.”Liproverbia 15:19.

Motho ea botsoa o nahana ka litšitiso tsa mefuta-futa ebe o li sebelisa e le lebaka la ho hlōloa ho qala mosebetsi o itseng. Ka lehlakoreng le leng, ba lokileng ha ba tšohe litšitiso tse emang tseleng ea bona joalokaha eka ke makhoakhoa. Baa khothala ebile ba ikakhela ka setotsoana mosebetsing. Kahoo, ba qoba mathata a mangata a kang lihlahla tse hlabang ao ba neng ba ka oela ho ’ona haeba ba ne ba se hlokolosi. Tsela ea bona ‘e hahiloe,’ ke hore, e tsoela pele. Ba qala mosebetsi ’me baa thaba ha o tsoela pele.

Ka mohlala, nahana ka taba ea ho ba le tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo le ea ho fihla khōlong e feletseng. Seo se hloka boiteko. Ho ka ba bonolo hore motho a ikemele ka hore ha aa ruteha, le hore ha a khone ho bala hantle, kapa oa lebala e le hore a se ke a ikitlaelletsa ho ithuta Bibele. Ka sebele ho molemo hore motho a se ke a nka hore lintho tse joalo ke litšitiso tse mo thibelang ho fumana tsebo! Esita leha re sa ruteha, re ka ikitlaelletsa hore re ntlafatse tsebo ea ho bala le ho utloisisa seo re se balang, mohlomong re sebelisa buka e hlalosang mantsoe ha ho hlokahala. Ho ba le tšepo ho re thusa hore re fumane tsebo le hore re tsoele pele moeeng.

Nako eo ‘Ntate a Thabang ka Eona’

Morena oa Iseraele o re: “Mora ea bohlale o thabisa pelo ea ntat’ae, empa motho ea hlokang kelello o nyelisa ’m’ae.” (Liproverbia 15:20) Batsoali baa thaba ha bana ba bona ba etsa lintho ka bohlale, na ha ho joalo? Ke ’nete hore batsoali ba lokela ho ruta le ho khalemela bana ba bona e le hore ba etse lintho ka bohlale joalo. (Liproverbia 22:6) Empa mora ea bohlale o thabisa batsoali ba hae haholo! Leha ho le joalo, oa leoatla, o ba bakela masoabi a sa feleng.

Morena ea bohlale o sebelisa lentsoe “thabo” boemong bo bong, ’me o re: “Booatla ke thabo ho eo pelo ea hae e haelloang, empa motho ea nang le temoho o tsamaea ka ho toba.” (Liproverbia 15:21) Bao lipelo tsa bona li haelloang ba thabisoa ke litšeho tsa booatla le menyaka e sa khotsofatseng kapa e sa tliseng thabo ea ’nete. Leha ho le joalo, motho ea lemohang o bona booatla ba ho ‘rata menyaka ho e-na le ho rata Molimo.’ (2 Timothea 3:1, 4) Ho khomarela melao-motheo ea bomolimo ho mo thusa ho lula a lokile le hore tsela ea hae e lule e otlolohile.

Ha ‘ho E-na le se Finyelloang’

Ho phela ka melao-motheo ea Molimo ho tlisa melemo likarolong tse ling tsa bophelo ba rōna. Liproverbia 15:22 e re: “Merero ea senyeha moo ho se nang lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.”

Ho bua lekunutu le motho ho bolela ho bua le eena boinotšing le ho mo toba. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “lekunutu,” le fetoletsoe e le “sehlopha sa metsoalle e haufi-ufi” ho Pesaleme ea 89:7. Sena se bontša kamano e haufi-ufi pakeng tsa batho ba buisanang. Ho bua lekunutu ha ho tšoane le ho iqoqela feela hobane ho bua lekunutu ke ho phetlelana lifuba. Ha monna le mosali hammoho le batsoali le bana ba buisana ka bolokolohi ka tsela ena, ba ba le khotso le bonngoe. Empa ha ho se na puisano ea lekunutu ka lapeng, ho ba le pherekano le mathata.

Ha re etsa liqeto tsa bohlokoa, ho molemo ho mamela keletso ena: “Ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” Ka mohlala, ha re khetha mokhoa oa ho phekoloa, na ha ho molemo ho fumana maikutlo a motho oa bobeli kapa oa boraro haholo-holo ha ho e-na le litaba tse lokelang ho shebisisoa?

Ho totobetse hore ho ba le baeletsi ba bangata ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ha ho sebetsoa litaba tse amanang le lintho tsa moea. Ha baholo ba shebisana litaba ’me ba sebelisa bohlale boo ba bo kopanetseng, “ho na le se finyelloang.” Ho feta moo, balebeli ba sa tsoa behoa ha baa lokela ho tsila-tsila ho batla keletso ho baholo ba hōlileng lilemong bao e leng khale ba li bona, haholo-holo haeba ho sebetsoa taba e thata.

Nako eo ‘Karabo e Thabisang’ ka Eona

Puo e buuoang ka temoho e ka ba le molemo ofe? Morena oa Iseraele o re: “Motho o ba le thabo karabong ea molomo oa hae, ’me lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” (Liproverbia 15:23) Rea thaba ha karabo kapa keletso ea rōna e lateloa ’me ho hlaha se molemo, na ha ho joalo? Leha ho le joalo, e le hore keletso ea rōna e sebetse, e lokela ho finyella merero e ’meli.

Oa pele, keletso e lokela ho thehoa ka tieo Lentsoeng la Molimo, Bibele. (Pesaleme ea 119:105; 2 Timothea 3:16, 17) Hape, e lokela ho buuoa ka nako e nepahetseng. Esita le mantsoe a ’nete a ka ba kotsi haeba a buuoa ka nako esele. Ka mohlala, hase bohlale ebile ha ho thuse letho ho fa motho keletso pele u utloa bothata ba hae kaofela. Ke habohlokoa haholo hore re “potlakele ho utloa, [re] liehe ho bua.”—Jakobo 1:19.

“Tsela ea Bophelo e ea Holimo”

Liproverbia 15:24 e re: “Ho ea etsang ka temohisiso tsela ea bophelo e ea holimo, bakeng sa ho furalla Sheole e tlaase.” Tsela ea motho ea etsang lintho ka temoho e mo tlosa Sheole, e leng lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho. O ila mekhoa e kotsi e kang boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le botahoa—’me kahoo o qoba lefu la kapele. Tsela ea hae e isa bophelong.

Ho fapana le moo, hlokomela tsela ea ba se nang temohisiso: “Jehova o tla qhaqha ntlo ea ba iphahamisang, empa o tla tiisa moeli oa mohlolohali. Merero ea e mobe ke ntho e manyala ho Jehova, empa lipolelo tse khahlehang li hloekile. Ea etsang phaello e sa lokang o tlisetsa ntlo ea hae khathatso, empa ea hloileng limpho [tjotjo] o tla ’ne a phele.”Liproverbia 15:25-27.

Morena oa Iseraele o re bontša kamoo re ka qobang likotsi tse tloaelehileng, ha a re: “Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe, empa melomo ea ba khopo e bua lintho tse mpe e sa khaotse.” (Liproverbia 15:28) Maele aa ke a bohlokoa hakaakang! Hangata likarabo tsa booatla le tsa bothoto ha li na molemo. Haeba re sekaseka taba ’me re nahanela maemo le maikutlo a batho ba bang, ha ho bonolo hore re ka bua ntho eo re tla ikoahlaela eona hamorao.

Ebe joale re rua molemo oa eng ka ho tšaba Molimo le ka ho amohela taeo e tsoang ho eena? Monna ea bohlale o araba ka ho re: “Jehova o hōle haholo le ba khopo, empa o utloa thapelo ea ba lokileng.” (Liproverbia 15:29) Molimo oa ’nete o hōle le ba khopo. Bibele e re: “Ea faposang tsebe ea hae hore e se ke ea utloa molao—esita le thapelo ea hae ke ntho e manyala.” (Liproverbia 28:9) Batho ba tšabang Molimo le ba loanelang ho etsa se nepahetseng mahlong a hae ba ka mo rapela ka bolokolohi, ba kholisehile ka ho feletseng hore o tla ba utloa.

Ke Eng se ‘Thabisang Pelo’?

Solomone o etsa papiso e etsang hore motho a nahane ka botebo, o re: “Ho khanya ha mahlo ho thabisa pelo; tlaleho e ntle e nontša masapo.” (Liproverbia 15:30) Masapo a ‘nona’ ha a tletse moko. Sena se hlasimolla ’mele kaofela ebile se thabisa pelo. Joale, ho thaba ha pelo ho bonahala ka mahlo a phatsimang. Tlaleho e ntle e etsa joalo!

Na litlaleho tse buang ka borapeli ba Jehova bo hōlang lefatšeng lohle ha li re khothatse e le kannete? Ha ho pelaelo hore ho tseba ka sohle se finyelloang mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa ho re susumelletsa ho kopanela haholo tšebeletsong. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Lintho tse hlahelang ba etsang Jehova Molimo oa bona le ba qalang ho mo rapela, li thabisa lipelo tsa rōna. Kaha “tlaleho e ntle e tsoang naheng e hōle” e thabisa lipelo tsa rōna, ka sebele ho bohlokoa haholo hore re tlalehe ka nepo le ka hloko seo re se etsang tšebeletsong!—Liproverbia 25:25.

“Boikokobetso bo Etella Thoriso Pele”

Morena ea bohlale o ile a hatisa bohlokoa ba ho amohela mefuta e fapa-fapaneng ea taeo ka ho re: “Tsebe e mamelang khalemelo ea bophelo e lula har’a batho ba bohlale. Mang kapa mang ea sesefang taeo o lahla moea oa hae, empa ea mamelang khalemelo o fumana pelo.” (Liproverbia 15:31, 32) Khalemelo, kapa taeo, e fihla pelong ea motho ebe ea e lokisa, e mo fa kutloisiso. Ha ho makatse hore ebe ke “thupa ea taeo” e tlosang ‘booatla bo tlameletsoeng pelong ea moshanyana’! (Liproverbia 22:15) Motho ea mamelang taeo o boetse o fumana pelo, ke hore, o ba le sepheo se setle. Ka lehlakoreng le leng, ho hana taeo ke ho hana bophelo.

Ka sebele, ho molemo ho amohela bohlale boo taeo e fanang ka bona le ho ikokobelletsa bona. Ho etsa joalo hoa khotsofatsa, ho etsa hore motho a hatele pele, hoa thabisa ebile ho phetha merero e itseng, empa ha ho felle moo, ho boetse ho tlisetsa motho tlotla le bophelo. Liproverbia 15:33 e phetha ka ho re: “Ho tšaba Jehova ke taeo e isang bohlaleng, ’me boikokobetso bo etella thoriso pele.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Bakeng sa lintlha tse qaqileng tsa Liproverbia 15:1-15, bona Molula-Qhooa oa July 1, 2006, leqepheng la 13-16.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ka lapeng lerato le molemo ho feta limenyemenye tse ngata

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Esita leha ho e-na le moo re haelloang teng, ho ba le tšepo ho re thusa ho fumana tsebo

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ho bua lekunutu ke ho phetlelana lifuba

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Na ua tseba hore “tlaleho e ntle e nontša masapo”?