Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho ba le Seriti—Tokelo e Hatakeloang Hangata

Ho ba le Seriti—Tokelo e Hatakeloang Hangata

Ho ba le Seriti—Tokelo e Hatakeloang Hangata

“Bophelo bohle ba kampong e ne e le tsela e ’ngoe ea ho tlotlolla batho le ho ba tlosa seriti.”—MAGDALENA KUSSEROW REUTER, EA ILENG A PHOLOHA KAMPONG EA MAHLORISO EA MANAZI.

LEHA bokhopo bo neng bo etsoa likampong tsa mahloriso tsa Manazi Ntoeng ea II ea Lefatše bo ne bo tšabeha, seo e ne e se qalo ebile e ne e se qetello ea ho hatakeloa ha seriti sa batho. Ho sa tsotellehe hore na re hlahloba lintho tse etsahetseng nakong e fetileng kapa tse etsahalang hona joale, re ka fihla sephethong se latelang se hlakileng: Ke khale batho ba ‘tlotlolloa le ho tlosoa seriti.’

Leha ho le joalo, ho tlosoa ha batho seriti ha hoa ka ha fella feela ka liketso tse sehlōhō tse ileng tsa etsahala nakong e fetileng. Hangata seriti sa batho se hatakeloa ka litsela tse poteletseng haholoanyane. Nahana ka ngoana ea songoang ka lebaka la litšobotsi tse itseng tsa hae. Kapa ka motho ea tsoang naheng esele ea songoang ka lebaka la meetlo e itseng ea “naha e ’ngoe.” Kapa ka motho ea khetholloang ka lebaka la ’mala oa letlalo la hae kapa bochaba. Batho ba etsang liketso tsena ba ka ’na ba nka hore ba mpa ba soasoa feela, empa bohloko le lihlong tse utluoang ke batho ba songoang hase ntho eo ho ka soasuoang ka eona.—Liproverbia 26:18, 19.

Ho ba le Seriti ho Bolela Eng?

Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa ho ba le seriti e le ho ba ‘ea hlomphehang, ea tlotlehang, kapa ea nkeloang holimo.’ Ka hona, ho ba le seriti ho akarelletsa tsela eo re italimang ka eona le tsela eo batho ba bang ba sebetsanang le rōna ka eona. Le hoja ho e-na le mabaka a sa tšoaneng a ka amang tsela eo re italimang ka eona, tsela eo batho ba bang ba re talimang le ho re tšoara ka eona e phetha karolo e khōlō tabeng ea hore re ikutloe re le batho ba bohlokoa bophelong ba letsatsi le letsatsi.

Sechabeng se seng le se seng ho na le batho ba futsanehileng, ba se nang mokhoa oa ho itšireletsa le bao ho leng bonolo ho ba etsa hampe. Leha ho le joalo, ho ba maemong a joalo ha ho bolele hore seriti sa motho se theohile. Motho a ka ikutloa a se na seriti ka lebaka la maikutlo a batho ba bang le tsela eo ba itšoarang ka eona. ’Nete e soabisang ke hore batho ba sotlehang ke bona bao hangata litokelo tsa bona tsa ho ba le seriti li hatakeloang kapa li sa natsoeng ho hang. Ha ho hlapaoloa batho ba hōlileng, ba futsanehileng, kapa ba sa phelang hantle kelellong kapa ba holofetseng, hangata re utloa mantsoe a kang “u ntho feela,” “ha u na thuso” le “ha u na seriti”!

Ke hobane’ng ha batho ba tlotlollana? Na tokelo ea batho ea mantlha ea ho ba le seriti e tla ke e finyelloe? Sehlooho se latelang se tla fana ka karabo e khotsofatsang e tsoang Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele.