Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho ka Khoneha Hore Batho Bohle ba be le Seriti

Ho ka Khoneha Hore Batho Bohle ba be le Seriti

Ho ka Khoneha Hore Batho Bohle ba be le Seriti

“Re lokela ho theha lefatše le lecha—lefatše le molemohali—leo ho lona batho ba tla sieloa seriti ka ho sa feleng.”—MOPRESIDENTE OA UNITED STATES HARRY TRUMAN, SAN FRANCISCO, CALIFORNIA, U.S.A., LA 25 APRIL, 1945.

JOALOKA batho ba bang ba bangata ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, Mopresidente Truman o ne a lumela hore motho a ka ithuta ka liphoso tsa hae tsa nako e fetileng ’me a theha “lefatše le lecha” leo ho lona batho bohle ba tla ba le seriti. Ka masoabi, lintho tse etsahalang mehleng ea rōna li bontšitse hore sena ha se etsahale. “Seriti sa motho sa ka ho sa feleng” se tsoela pele ho hatakeloa hobane bothata bona ha bo bakoe ke motho, empa bo bakoa ke sera se seholo ka ho fetisisa sa motho.

Se Bakang Bothata

Bibele e re sera sena ke Satane Diabolose, e leng sebōpuoa se khopo sa moea seo ho tloha tšimolohong ea histori ea batho, se ’nileng sa belaella tokelo ea Molimo ea ho busa. Ho tloha ha Satane a ne a buisana le Eva serapeng sa Edene, haesale pakane ea hae e le ho khelosa batho hore ba se ke ba sebeletsa ’Mōpi oa bona. (Genese 3:1-5) Nahana ka liphello tse bohloko tse ileng tsa hlahela Adama le Eva ha ba ne ba mamela keletso ea Diabolose! Se ileng sa etsahala kapele ka mor’a hore ba hlompholle molao oa Molimo o neng o le mabapi le tholoana e thibetsoeng ke hore bobeli ba bona ‘ba ile ba ipatela sefahleho sa Jehova Molimo.’ Hobane’ng? Adama o ile a ipolela a re: “Ke ile ka tšaba kahobane ke ne ke hlobotse kahoo ka ipata.” (Genese 3:8-10) Kamano ea Adama le Ntat’ae oa leholimo le tsela eo a neng a italima ka eona e ne e fetohile. O ne a hlajoa ke lihlong ebile a se a sa hlole a phutholoha ha a bua le Jehova.

Ke hobane’ng ha Diabolose a ne a batla ho senya seriti sa Adama? Ke hobane motho o entsoe ka setšoantšo sa Molimo, ’me Satane o thabela ho bona a itšoara ka tsela e etsang hore a se ke a bonahatsa khanya ea Molimo. (Genese 1:27; Baroma 3:23) Sena se re thusa ho utloisisa lebaka leo ka lona liketso tsa ho tlotlolla batho ba bang li atileng hakana historing ea batho. “Molimo oa tsamaiso ena ea lintho” e leng Satane, o jetse moea ona “nakong [ena] eo ka eona motho a busitseng motho ho mo ntša kotsi.” (2 Bakorinthe 4:4; Moeklesia 8:9; 1 Johanne 5:19) Na see se bolela hore motho a ke ke a hlola a e-ba le seriti?

Jehova o Siela Libōpuoa Tsa Hae Seriti

Nahana hape hore na maemo a ne a le joang serapeng sa Edene pele Adama le Eva ba etsa sebe. Ba ne ba e-na le matletsetletse a lijo, mosebetsi o khotsofatsang le tšepo ea ho phela hantle ’meleng ka ho sa feleng hammoho le bana ba bona. (Genese 1:28) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e etsahala bophelong ba bona e ne e hatisa ntlha ea hore seo Molimo a se reretseng moloko oa batho se bontša lerato, ebile sea hlompheha.

Na boikutlo ba Jehova ka seriti sa batho bo ile ba fetoha ha Adama le Eva ba ne ba etsa sebe? Che. Kaha ba ne ba hlajoa ke lihlong ka hore ebe ba ne ba hlobotse, o ile a ba nahanela. Ka lerato, Molimo o ile a ba etsetsa “liaparo tse telele tsa letlalo” ho e-na le liaparo tsa letheka tseo ba neng ba iketselitse tsona ka ho rōkahanya makhasi a feiga. (Genese 3:7, 21) Ho e-na le ho ba siea ba ntse ba hlajoa ke lihlong, Molimo o ile a ba siela seriti.

Hamorao, ha Jehova a ne a sebelisana le sechaba sa Iseraele, o ile a utloela likhutsana, bahlolohali le bajaki bohloko—e leng batho bao hangata ba sotloang. (Pesaleme ea 72:13) Ka mohlala, ha Baiseraele ba ne ba kotula lijalo tsa bona tsa lijo-thollo, lifate tsa bona tsa mohloaare le masimo a bona a morara, ba ile ba bolelloa hore ba se ke ba khoahlapisa. Ho e-na le hoo, Molimo o ile a laela hore masalla ao a lokela ho “salla mojaki, moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali.” (Deuteronoma 24:19-21) Ha melao ena e ne e sebelisoa, e ne e etsa hore ho se ke ha hlokahala hore motho a kōpe ebile e ne e etsa hore esita le batho ba futsanehileng haholo ba be le mosebetsi o hlomphehang.

Jesu o ne a Siela Batho ba Bang Seriti

Ha Jesu Kreste, e leng Mor’a Molimo a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore o thahasella ho siela batho ba bang seriti. Ka mohlala, ha a le Galilea, monna e mong ea neng a e-na le lepera le lebe o ile a tla ho eena. Ho ea ka Molao oa Moshe, ho ne ho hlokahala hore molepera a hoeletse a re: “Ha kea hloeka, ha kea hloeka!” e le hore a se ke a tšoaetsa batho ba bang. (Levitike 13:45) Leha ho le joalo, ha monna enoa a ne a atamela Jesu, ha aa ka a hoeletsa hore a mo lemose. Ho e-na le hoo, o ile a itihela fatše ka sefahleho eaba o kōpa Jesu o re: “Morena, haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.” (Luka 5:12) Jesu o ile a re’ng? Jesu ha aa ka a khalemela monna enoa ka hore o tlōtse Molao, ebile ha aa ka a mo hlokomoloha kapa hona ho mo qoba. Empa, o ile a siela molepera enoa seriti ka ho mo ama eaba o re: “Kea batla. Hloeka.”—Luka 5:13.

Maemong a mang, Jesu o ile a bontša matla a hae a ho phekola batho a sa ba ame—ka linako tse ling o ne a ba phekola a le hōle. Leha ho le joalo, lekhetlong lena, o ile a khetha ho ama monna enoa. (Matheu 15:21-28; Mareka 10:51, 52; Luka 7:1-10) Kaha monna enoa o ne a ‘tletse lepera,’ ha ho pelaelo hore ho ne ho se ho fetile nako e telele ho se motho ea mo amang. E tlameha ebe o ile a tšeliseha hakaakang ha motho e mong a mo ama! Monna enoa o ne a lebeletse feela hore a phekoloe lepera. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore mokhoa oo Jesu a ileng a mo phekola ka oona o ile oa etsa hore a be le ntho e ’ngoe hape—e leng seriti. Na hoa utloahala ho lumela hore batho ba mehleng ee ba ka ameha ka tsela e tšoanang ka seriti sa batho ba bang? Haeba ho joalo, ba tla etsa seo joang?

Molao o Sielang Batho ba Bang Seriti

Jesu o ile a bua ka seo ba bangata ba se nkang e le thuto e tsebahalang haholo e kileng ea fanoa tabeng ea likamano tsa batho: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Molao ona oa boitšoaro, o susumeletsa motho hore a hlomphe batho ba bang, hobane a lebeletse hore le bona ba mo hlomphe.

Joalokaha histori e bontša, ha ho itlele feela hore motho a sebelise molao ona—hangata ho etsahala se fapaneng le seo. Monna e mong eo re tla mo bitsa Harold o ile a re: “Bonneteng ke ne ke thabela ho tlotlolla batho ba bang. Ka mantsoe a seng makae feela ke ne ke khona ho siea batho ba ferekane, ba soabile ’me ka linako tse ling ba lla.” Empa ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea etsa hore Harold a fetole tsela eo a neng a tšoara batho ba bang ka eona. “Lipaki Tsa Jehova tse ’maloa li ile tsa qala ho nketela. Ha ke hopola se etsahetseng nakong e fetileng, ke hlajoa ke lihlong ha ke nahana ka tse ling tsa lintho tseo ke ileng ka li bua le ka tsela eo ka linako tse ling ke neng ke tšoara Lipaki tsena ka eona. Empa ha lia ka tsa tela, ’me hanyane ka hanyane, linnete tsa Bibele li ile tsa nkama pelo eaba li ntšusumeletsa hore ke fetohe.” Kajeno, Harold ke moholo ka phuthehong ea Bokreste.

Phihlelo ea Harold e fana ka bopaki ba hore “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheberu 4:12) Lentsoe la Molimo le na le matla a ho ama pelo ea motho le ho fetola monahano le boitšoaro ba hae. Sena ke sona sa bohlokoa tabeng ea ho siela batho ba bang seriti—takatso e tsoang pelong ea ho thusa ba bang ho e-na le ho ba utloisa bohloko, ho ba hlompha ho e-na le ho ba tlotlolla.—Liketso 20:35; Baroma 12:10.

Batho ba Tla Boela ba be le Seriti e le Kannete

Lipaki Tsa Jehova li susumetsoa ke takatso ena hore li bue le ba bang ka tšepo e babatsehang eo Bibele e fanang ka eona. (Liketso 5:42) Tsela e molemohali ea ho hlompha batho ba bang le ho ba siela seriti ke ho ba bolella “litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo.” (Esaia 52:7) “Ho hong ho molemo” ho akarelletsa ho apara “botho bo bocha,” bo tla bolaea “takatso e kotsi” ea ho tlotlolla batho ba bang. (Bakolose 3:5-10) Ho boetse ho akarelletsa morero oa Jehova oa hore haufinyane o tla tlosa maemo le boitšoaro bo tlosang batho seriti, hammoho le mohlohlelletsi oa lintho tsena, e leng Satane Diabolose. (Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10; Tšenolo 20:1, 2, 10) Ha lefatše le se le ‘tletse tsebo ea Jehova,’ ke hona feela moo qetellong batho bohle ba tla ba le seriti.—Esaia 11:9.

Re u khothalletsa hore u ithute ka tšepo ena e babatsehang. Ka ho kopanela le Lipaki Tsa Jehova, u tla bona hore ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho siela batho ba bang seriti. ’Me u tla ithuta kamoo haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tlisa ‘lefatše le lecha le le molemo,’ e leng lefatše leo ho lona motho a tla ba le ‘seriti ka ho sa feleng,’ ’me ho se mohla seriti sa hae se tla boela se hatakeloa.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ho Boloka Botšepehi ho Ile ha ba Siela Seriti

Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki Tsa Jehova tse ka holimo ho 2 000 li ile tsa isoa likampong tsa mahloriso tsa Manazi ka lebaka la tumelo ea tsona. Ha Gemma La Guardia Gluck, eo e kileng ea e-ba motšoaruoa teronkong ea Ravensbrück a hlalosa kamoo Lipaki li ileng tsa bontša botšepehi bo babatsehang kateng, o pheta se latelang bukeng ea hae e bitsoang My Story: “Ka lekhetlo le leng mapolesa a Magestapo a ne a ile a etsa tsebiso ea hore Seithuti sa Bibele leha e le sefe se neng se ka koenehela tumelo ea sona eaba se saenela polelo e bontšang hore se hlile se e koenehetse, se tla lokolloa ’me se ke ke sa hlola se hlorisoa.” O ile a ngola tjena mabapi le ba ileng ba hana ho saenela polelo eo: “Ba ile ba khetha ho mamella tlhoriso le ho letela ka mamello letsatsi leo ba tla lokoloha ka lona.” Ke hobane’ng ha ba ile ba khetha ho etsa joalo? Hona joale Magdalena, ea boletsoeng qalong ea sehlooho se ka pele ho sena, o lilemong tsa bo-80, ’me oa hlalosa: “Ho lula re tšepahala ho Jehova ho ne ho le bohlokoa haholo ho feta ho etsa ntho leha e le efe eo re neng re ka e etsa e le hore feela re lule re phela. Ho boloka botšepehi ho ile ha re siela seriti.” *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 23 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka lelapa la ha Kusserow, bona Molula-Qhooa oa September 1, 1985, leqepheng la 10-15.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Jesu o ne a siela batho bao a neng a ba phekola seriti

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lipaki Tsa Jehova li siela batho ba bang seriti ka ho ba bolella “litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo”