Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Qetellong, Lelapa la Rōna le Ile la Momahana!

Qetellong, Lelapa la Rōna le Ile la Momahana!

Pale ea Bophelo

Qetellong, Lelapa la Rōna le Ile la Momahana!

JOALOKAHA HO BOLETSE SUMIKO HIRANO

Ke ne ke fumane tsela e molemohali ea ho phela, ’me ke ne ke batla hore ’na le monna oa ka re tsamaee ka eona. Empa ho ne ho tla feta lilemo tse 42 pele seo se etsahala.

’NA LE monna oa ka re ile ra nyalana ka 1951, ’me ka nako eo ke ne ke e-na le lilemo tse 21. Pele ho feta lilemo tse ’nè, re ne re e-na le bara ba babeli, ’me ke ne ke bonahala ke thabile ka litsela tsohle.

Ka letsatsi le leng ka 1957, moholoane oa ka o ile a mpolella hore ho na le moromuoa oa Lipaki Tsa Jehova ea ntseng a mo etela. Le hoja moholoane oa ka e ne e le Mobuddha, o ile a qala ho ithuta Bibele le moromuoa enoa eaba o nkhothaletsa hore le ’na ke ithute Bibele. Ke ile ka lumela. Ke ne ke kena kereke ea Prostanta, ’me kamoo ke neng ke nahana kateng, ke ne ke tla khona ho supa liphoso lithutong tsa Lipaki Tsa Jehova.

Kapele feela ke ile ka qala ho bona hore ha ke tsebe letho ka Bibele. Ke ile ka tlameha ho botsa moromuoa enoa: “Jehova ke mang?” Ke ne ke e-s’o utloe lebitso leo le sebelisoa kerekeng ea heso. Moromuoa enoa, e leng Daphne Cooke (hamorao e ile ea e-ba Daphne Pettitt), o ile a mphetlela Esaia 42:8, e bolelang ka ho toba hore Jehova ke lebitso la Molimo Ea Matla ’Ohle. Daphne o ile a araba lipotso tsohle tsa ka a sebelisa Bibele.

Ke ile ka botsa moruti oa ka lipotso tseo ke neng ke li botsitse Daphne. Eena o ile a re ho ’na: “Ho botsa lipotso ke sebe. Lumela feela seo u se bolelloang.” Le hoja ke ne ke sa nahane hore ho botsa lipotso ke phoso, ke ile ka nka likhoeli tse tšeletseng ke ntse ke e-ea kerekeng hoseng ka Sontaha se seng le se seng ’me thapama ke e-ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova.

Kamoo Lenyalo la ka le Ileng la Ameha Kateng

Ke ne ke thabela seo ke ithutang sona Bibeleng, ’me ke ne ke se phetela monna oa ka, Kazuhiko. Ka mor’a thuto e ’ngoe le e ’ngoe le seboka se seng le se seng, ke ne ke mo phetela seo ke ithutileng sona. Sena se ile sa fella ka hore ho be le “lekhalo” pakeng tsa rōna. O ne a sa rate ha ke e-ba Paki ea Jehova. Empa ho ithuta Bibele ho ne ho khotsofatsa hoo ke ileng ka tsoela pele ho ithuta le ho kopanela le Lipaki.

Mantsiboeeng ao liboka li tšoaroang ka ’ona, ke ne ke phehela Kazuhiko lijo tseo a li ratang haholo pele ke tsamaea, empa o ile a qala ho ja lireschorenteng. Ha ke khutlela lapeng ka mor’a liboka, ke ne ke mo fumana a hloname a bile a sa batle ho bua. O ne a qala ho phutholoha ka mor’a matsatsi a mabeli kapa a mararo, empa joale e ne eba ke nako ea hore ke ee sebokeng se latelang.

Nakong ena, ke ile ka tšoaroa ke lefuba, ’me e ne e le boloetse bo bolaileng batho ba bangata ba habo monna oa ka. Kazuhiko o ile a tšoenyeha haholo ’me a mpolella hore ha ke fola, nka etsa eng le eng eo ke batlang ho e etsa. Ntho feela eo ke ileng ka e kōpa ke hore a ntumelle ho ea libokeng tsa beke le beke. O ile a lumela.

Ho ile ha nkuka likhoeli tse tšeletseng hore ke fole, ’me nakong eo ke ile ka ithuta Bibele ka matla. Ke ile ka batla moo lithuto tsa Lipaki li hanyetsanang teng, ke nahana hore ke tla tlohela ho ithuta le Lipaki haeba nka fumana li hanyetsana ka ntlha leha e le ’ngoe feela. Ha kea ka ka fumana letho le ikhanyetsang. Ho e-na le hoo, liphoso tsa Kereke ea ka ea Prostanta li ile tsa totobala. Ke ile ka ithuta hore Jehova o lerato ebile o na le toka eaba ke bona molemo oa ho phela tumellanong le melao ea hae.

Ha ke se ke folile, monna oa ka o ile a boloka tšepiso ea hae ’me ha aa ka a nkhanela ho ea libokeng. Ke ile ka ’na ka hatela pele moeeng, ’me ka May 1958, ke ile ka kolobetsoa hore ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke lakatsa ha lelapa la ka le ka kopanela le ’na borapeling ba Molimo oa ’nete.

Ke Thusa Bana ba ka Moeeng

Bara ba ka ba ne ba e-ba le ’na kamehla libokeng le mosebetsing oa boboleli, empa ho ne ho e-na le lintho tse etsahalang tse neng li mpontša hore ba hatela pele tsebong ea Bibele. Ka letsatsi le leng Masahiko, mora oa ka ea neng a e-na le lilemo tse tšeletseng, o ne a ntse a bapala ka ntle. Ke ile ka utloa lerata le leholo la motho ea hlabang mokhosi. Moahelani o ile a itahlela ka tlung ea ka, a hoelelitse a bolela hore mora oa ka o thutsoe ke koloi. Na o ne a shoele? Ke ile ka iketsa eka ha kea tšoha ha ke potlakela ka ntle. Ke ile ka thothomela ha ke bona baesekele ea hae e soahlamaneng, empa ke ile ka mo bona a tla ho ’na, a sa lemala haholo. Ha a nkhomarela, o ile a re: “Mè, ha ke re Jehova ke eena ea nthusitseng?” Ke ile ka lla ha ke mo bona a phela le ha ke utloa mantsoe ana a monate.

Ka letsatsi le leng ha re le tšebeletsong re ile ra teana le monna-moholo e mong ea ileng a hoeletsa a re: “U nahana hore u etsa’ng ha u nts’u tsamaisa ngoana eo hohle moo? Kea mo qenehela.” Pele nka araba, Tomoyoshi ea neng a e-na le lilemo tse robeli o ile a re: “Ntate moholo, ’Mè ha a nqobelle hore ke bolele litaba tse molemo. Ke li bolela hobane ke rata ho sebeletsa Jehova.” Monna-moholo eo o ile a makala feela eaba o felloa ke mantsoe.

Bara ba ka e ne e le likhutsana tsa moea. E ne e le boikarabelo ba ka ho ba ruta linnete tsa Bibele, le hoja le ’na ke ne ke lokela ho ithuta lintho tse ngata. Ke ile ka hōlisa lerato la ka, tumelo ea ka le cheseho ea ka, ka ba ka leka ho beha mohlala o motle. Letsatsi le leng le le leng ke ne ke leboha Jehova moo bana ba ka ba mametseng. Ke ne ke ba phetela se etsahalang ha ke le mosebetsing oa boboleli. Sena se ne se ba khothatsa. Hamorao ha ba botsoa hore na ke hobane’ng ha e ile ea e-ba bo-pula-maliboho, kapa basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba araba ka ho re: “Re ile ra bona hore ’mè oa rōna o thabile ha e le pula-maliboho, ’me le rōna re ne re batla ho thaba.”

Ke ne ke le hlokolosi haholo hore ke se ke ka bua hampe ka ntate oa bona kapa ka mang kapa mang ea ka phuthehong. Ke ile ka hlokomela hore ho bua hampe ka batho ba bang ho ka senya bana ba ka. Ba ne ba ka ’na ba felloa ke tlhompho ho ea buuoang hampe le ho ea buang hampe.

Ho Hlōla Litšitiso Tsa ho Hatela Pele

Ka 1963 mosebetsi oa monna oa ka o ile oa etsa hore re fallele Taiwan. O ile a mpolella hore ha nka bolela litaba tse molemo har’a batho ba Majapane ba moo, ke tla baka likhathatso. Re ne re tla khutlisetsoa Japane, ’me k’hamphani eo a e sebeletsang e ne e tla kena likhathatsong. O ne a batla hore re be hōle le Lipaki.

Ha re le Taiwan, moo liboka tsohle li neng li tšoaroa ka Sechaena, Lipaki li ile tsa re amohela ka thabo haholo. Ke ile ka rera ho ithuta Sechaena e le hore nka pakela batho ba moo ho e-na le ho pakela Majapane. Ka tsela eo, ke ne ke tla qoba likhathatso tseo monna oa ka a neng a buile ka tsona.

Setsoalle sa rōna le Lipaki tsa Taiwan se ile sa re matlafatsa. Banyalani ba bang ba baromuoa, e leng Harvey le Kathy Logan, ba ile ba re thusa haholo. Mor’abo rōna Logan e ile ea e-ba ntate oa moea oa bara ba ka. O ile a ba bontša hore ho sebeletsa Jehova hase bophelo bo bosula le bo thata. Ke lumela hore bara ba ka ba ile ba etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova ha ba ne ba le Taiwan.

Tomoyoshi le Masahiko ba ile ba kena sekolo sa Maamerika, moo ba ileng ba ithuta Senyesemane hammoho le Sechaena. Thuto eo e ile ea ba hlomella bakeng sa tšebeletso eo ba neng ba tla e etsa ha e se e le basebeletsi ba Molimo oa ’nete, Jehova. Ke leboha Jehova haholo hore ebe o ile a fetola nako eo ho neng ho bonahala e tla re bakela mathata hore e be nako ea melemo ea nako e telele. Ka mor’a ho lula Taiwan ka lilemo tse tharo le halofo tseo re sa li lebaleng, lelapa la rōna le ile la khutlela Japane.

Bashemane ba rōna ba ne ba se ba le lilemong tsa bocha ’me ba qalile ho bontša hore ba batla ho ikemela bophelong. Ke ne ke qeta nako e telele ke buisana le bona ka melao-motheo ea Mangolo, ’me Jehova o ile a ba thusa hore ba fete nakong eo e thata. Tomoyoshi o ile a qala ho bula maliboho ha a qeta lithuto tsa sekolo se phahameng. Ka lilemo tsa pele tse ’maloa e le pula-maliboho, o ile a thusa batho ba bane hore ba inehele ba be ba kolobetsoe. Masahiko o ile a etsisa ngoan’abo eaba o qala ho bula maliboho hang feela ha a qeta sekolong sa sekondari. Ka lilemo tsa pele tse ’nè e le pula-maliboho, o ile a thusa bacha ba bane hore e be Lipaki.

Joale, Jehova o ile a hlohonolofatsa bana bana ba ka haholoanyane. Tomoyoshi o ile a ithuta Bibele le monna oa mosali eo ke neng ke mo rutile linnete tsa Bibele. Barali ba bona le bona e ile ea e-ba Lipaki. Hamorao, Tomoyoshi o ile a nyala morali e moholo, ea bitsoang Nobuko, ’me Masahiko a nyala e monyenyane, ea bitsoang Masako. Hona joale Tomoyoshi le Nobuko ba sebetsa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York. Athe Masahiko le Masako bona ke baromuoa Paraguay.

Monna oa ka o Fetoha Butle-butle

Monna oa ka, o ne a bonahala eka ha a rate tumelo ea rōna lilemong tseo, empa re ile ra bona matšoao a hore oa fetoha. Ha batho ba bang ba ne ba nkhanyetsa, o ne a emela seo ke se lumelang ’me ha e le hantle o ne a tšehetsa linnete tsa Bibele a sa hlokomele. O ne a thusa Lipaki tse hlokang ka lintho tse bonahalang. Puong e khutšoanyane eo a ileng a fana ka eona lenyalong la mora e mong oa rōna, o ile a re: “Ho ruta batho tsela e nepahetseng ea ho phela ke mosebetsi o molemo ka ho fetisisa, empa o thata ka ho fetisisa. Bara ba ka le basali ba bona ba khethile ho sebetsa mosebetsi ona o thata ka ho fetisisa bophelong. Ke kōpa hore le ba thuse.” Liketsahalo tsena tsohle li ile tsa etsa hore ke nahane hore ka sebele ka letsatsi le leng o tla sebeletsa Jehova le rōna.

Ke ne ke lokisetsa hore a tloaelane le Lipaki tse ling ka hore li tle lapeng la rōna. Ke ne ke memela Kazuhiko libokeng tsa Bokreste le likopanong hammoho le Sehopotsong sa lefu la Kreste. Ha mosebetsi oa hae o ne o mo lumella, o ne a e-ba teng libokeng tsena, le hoja a ne a e-ea ka lekhonono. Ke ne ke sa felloe ke tšepo ea hore a ka ’na a lumela ho ithuta Bibele, ’me ka lebaka lena, ke ne ke mema baholo ba Bakreste hore ba re etele lapeng. Empa o ne a hana ho ithuta Bibele. Ke ne ke ipotsa hore na bothata ba hae ke bofe.

Ke ne ke hopola mantsoe ana a moapostola Petrose: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:1, 2) Ke ile ka lemoha hore ke ne ke sa latele keletso eo kamehla. E le hore ke e latele ka botlalo, ho ne ho hlokahala hore ke ntlafatse bomoea ba ka.

Kahoo, ka 1970, ke ile ka ba pula-maliboho ka sepheo sa hore ke ntlafatse bomoea ba ka haholoanyane. Ho ile ha feta lilemo tse 10, ka mor’a moo ha feta tse 20. Leha ho le joalo, ha kea ka ka bona phetoho ea letho ho monna oa ka linthong tsa moea. Mosali e mong ea neng a ithuta Bibele o ile a re: “Ke lumela hore ho bohloko ho thusa batho ba bang empa u sitoa ho thusa monna oa hao.” Mantsoe ana a ile a ’nyahamisa, empa ha aa ka a nqeta matla.

Mafelong a lilemo tsa bo-1980, batsoali ba rōna ba ne ba se ba hōlile haholo. Ho ba hlokomela le ho etsa mesebetsi e meng ea ka ho ne ho qeta matla ebile ho le boima. Ba ne ba hanyelitse tumelo ea ka ho Jehova ka lilemo tse telele, empa ke ile ka leka ho ba rata kahohle kamoo ho neng ho khoneha. Nakoana pele ’Mè a hlokahala a le lilemo li 96, o ile a re ho ’na, “Sumiko, ha nka tsosoa, ke tla kena kereke ea hao.” Ke ile ka hlokomela hore boiteko ba ka ha ea ba ba lefeela.

Monna oa ka o ile a bona sohle seo ke neng ke se etselitse batsoali ba rōna. O ile a bontša teboho ka hore a qale ho ba teng libokeng kamehla. O ile a qeta lilemo a e-ea libokeng empa a sa tsoele pele ka letho moeeng. Ke ile ka tsoela pele ke leka ho mo khahlisa. Ke ne ke mema metsoalle ea hae esita le basebetsi-’moho le eena ba tsoang linaheng lisele hore ba tle lijong lapeng la rōna. Ke ne ke e-ea le eena boikhathollong. Ha ho ne ho fokotsoa nako hore bo-pula-maliboho ba sebetse lihora tse 70 ka khoeli, ke ile ka fumana nako e eketsehileng ea ho ba le eena.

Ho Tlohela Mosebetsi ho Tlisa Phetoho

Monna oa ka o ile a tlohela mosebetsi ka 1993. Ke ile ka nahana hore joale o tla ba le nako ea ho ithuta Bibele. Empa o ile a bolela hore o tla be a nyefola haeba a ka rapela Molimo feela hobane a e-na le nako. Ho e-na le hoo, o ile a bolela hore o tla rapela Molimo mohla pelo ea hae e mo susumelletsang ho etsa joalo le hore ha kea tšoanela ho mo qobella.

Ka letsatsi le leng Kazuhiko o ile a mpotsa hore na joale nka qeta bophelo bohle ba ka ke mo phelela. Mantsoe a hae a ile a ntlhaba, etsoe ke ne ke mo etselitse sohle seo ke neng ke se khona esale re nyalana. Ke ne ke lekile ka thata ho mo thabisa, empa o ne a nahana hore ke pheletse Jehova ho feta eena. Ka mor’a ho inahana ka nako e itseng, ke ile ka mo bolella hore nke ke ka etsa se fetang matla a ka. Empa haeba a ka etsa seo ke se etsang, re ka qalisa hammoho bophelo bo bocha bo thabisang bo tla tšoarella ka ho sa feleng, eseng ka lilengoana feela. Monna oa ka o ile a qeta matsatsi a sa bue ka taba ena. Qetellong, o ile a botsa, “Haeba ho joalo, na u tla nthuta Bibele?” Nako le nako ha ke hopola mantsoe ao, pelo ea ka e tlōla ke thabo.

Qalong ke ile ka lokisetsa hore moholo e mong oa Mokreste a ithute le monna oa ka, empa o ile a re ho ’na, “Ke tla ithuta le uena eseng motho e mong.” Kahoo, re ile ra qala thuto ea Bibele ea letsatsi le letsatsi. Kaha ke kopanela phuthehong ea Sechaena ’me monna oa ka o tseba puo eo hantle, re ile ra ithuta ka Sechaena. Hape, pele selemo se fela, re ne re balile Bibele eohle hammoho.

Nakong ena, moholo e mong oa phutheho ena ea Sechaena le mosali oa hae, ba ile ba itloaetsa ’na le monna oa ka. Le hoja ba le banyenyane ho bana ba rōna, e ile ea e-ba metsoalle ea rōna ea hlooho ea khomo. Lipaki tse ling tse ngata li ile tsa itloaetsa monna oa ka haholo. Li ile tsa bontša moea oa botsoalle ’me tsa qoqa le Kazuhiko joalokaha eka e ne e le ntat’a tsona. Seo se ile sa mo thabisa haholo.

Ka letsatsi le leng, re ile ra amohela memo ea lenyalo e tsoang phuthehong, ’me e ne e ngotsoe ka lebitso la monna oa ka. O ile a thaba haholo ha a bona hore o hlomphuoa joaloka hlooho ea lelapa, ’me o ile a etsa qeto ea ho ea lenyalong leo. O ile a fetoha motsoalle oa Lipaki ’me hang ka mor’a moo a qala ho ithuta Bibele le moholo e mong oa Mokreste. Ho ithuta Bibele, ho ba teng libokeng le ho ratoa ke phutheho, ho ile ha mo thusa hore a hatele pele kapele moeeng.

Qetellong re Lelapa le Momahaneng

Ka December 2000, monna oa ka o ile a kolobetsoa e le pontšo ea hore o inehetse ho Jehova. Bara ba ka le basali ba bona ba ile ba tla ba tsoa hōle ho tla bona “mohlolo” ona oa mehleng ena. Mohlolo ona o nkile lilemo tse 42 pele o etsahala, empa qetellong re lelapa le momahaneng.

Hona joale hoseng ho hong le ho hong, re buisana ka temana ea letsatsi ebe re bala Bibele hammoho. Letsatsi le leng le le leng, re thabela ho qoqa le ho kopanela liketsong tsa borapeli. Hona joale monna oa ka ke mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong ’me o sa tsoa fana ka puo ea phatlalatsa ea Bibele ka Sechaena. Ke leboha Jehova ha a re momahantse. ’Na le lelapa la ka le ratehang le metsoalle, re lebeletse ka thabo ho emela lebitso la hae le bobusi ba hae ka ho sa feleng.

[’Mapa o leqepheng la 13]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

CHAENA

DEMOCRATIC PEOPLE’S REPUBLIC OF KOREA

REPUBLIC OF KOREA

Leoatle la Japane

JAPANE

Tokyo

Leoatle la Chaena Bochabela

TAIWAN

Taipei

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

’Na le lelapa la ka ka 1958, e leng selemo seo ke kolobelitsoeng ka sona

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Re ile ra matlafatsoa moeeng ke metsoalle e kang Harvey le Kathy Logan ha re ne re fallela Taipei re tloha Tokyo

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Kajeno lelapa la ka le momahane borapeling ba ’nete