Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšaba Jehova ’me U Thabe!

Tšaba Jehova ’me U Thabe!

Tšaba Jehova ’me U Thabe!

“Ho thaba motho ea tšabang Jehova.”—PESALEME EA 112:1.

1, 2. Ho tšaba Jehova ho ka re tlisetsa eng?

THABO ha e tle habonolo. Thabo ea sebele e fumanoa ka ho khetha lintho tse nepahetseng, ka ho etsa lintho tse molemo le ka ho furalla lintho tse mpe. ’Mōpi oa rōna, e leng Jehova, o re neile Lentsoe la hae, Bibele, e le hore a re rute kamoo re ka thabelang bophelo bo molemo ka ho fetisisa. Re ka khotsofala ra ba ra thaba e le kannete ha re batla tataiso ea Jehova ebile re e latela, kahoo re bontša hore re tšaba Molimo.—Pesaleme ea 23:1; Liproverbia 14:26.

2 Sehloohong sena, re tla tšohla mehlala ea batho bao Bibele e buang ka bona le ea batho ba kajeno e bontšang kamoo ho tšaba Molimo e le kannete ho thusang motho ho hanela lintho tse mo hatellang hore a fose le kamoo ho mo fang sebete sa ho etsa se nepahetseng. Re tla bona hore ho tšaba Molimo ho ka re tlisetsa thabo ka ho re susumelletsa hore joaloka Morena Davida, re lokise metsamao e fosahetseng. Hape re tla bona hore ho tšaba Jehova ke lefa la bohlokoa e le kannete leo batsoali ba ka le fang bana ba bona. Ka sebele, Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa: “Ho thaba motho ea tšabang Jehova.”—Pesaleme ea 112:1.

Ho Boela re Fumana Thabo

3. Davida o ile a thusoa ke eng hore a hlaphoheloe libeng tsa hae?

3 Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, ka makhetlo a mararo Davida o ile a hlōleha ho hlompha Molimo ka tsela e nepahetseng eaba o etsa libe. Leha ho le joalo, khato eo a ileng a e nka ha Jehova a mo khalemela, e ile ea bontša hore le hoja a entse libe, e ne e le motho ea tšabang Molimo. Kaha o ne a hlompha Molimo a bile a mo tšaba, o ile a susumelletseha hore a lumele liphoso tsa hae, a lokise mekhoa ea hae, a be a tsosolose kamano ea hae e ntle le Jehova. Le hoja liphoso tsa hae li ile tsa bakela eena le batho ba bang mahlomola, Jehova o ile a tsoela pele ho mo thusa le ho mo hlohonolofatsa kahobane a ne a bakile e le kannete. Ha ho pelaelo hore Bakreste ba ka ’nang ba oela sebeng se seholo kajeno ba ka khothatsoa ke mohlala oa Davida.

4. Ho tšaba Molimo ho ka thusa motho joang hore a boele a thabe?

4 Nahana ka se ileng sa etsahalla Sonja. * Le hoja Sonja a ne a sebetsa e le moevangeli oa nako e tletseng, o ile a tloaelana le batho ba itšoereng hampe, a oela boitšoarong boo e seng ba Bokreste, eaba o tlameha ho khaoloa phuthehong ea Bokreste. Ha Sonja a hlaphoheloa, o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho lokisa kamano ea hae le Jehova. Ka mor’a nako, o ile a khutlisetsoa ka phuthehong. Ketsahalong ena eohle, Sonja ha aa ka a felloa ke takatso ea ho sebeletsa Jehova. Qetellong, o ile a khutlela tšebeletsong ea nako e tletseng ea bopula-maliboho. Hamorao, o ile a nyaloa ke moholo oa Mokreste ea behang mohlala o motle, ’me hona joale o thabela ho sebeletsa le eena ka phuthehong. Le hoja Sonja a ikoahlaea hore ebe o kile a fapoha tsela ea Bokreste ka nakoana, o thabela hore ebe ho tšaba Molimo ho ile ha mo khutlisetsa ho Jehova.

Ho Molemo ho Utloa Bohloko ho E-na le ho Etsa Sebe

5, 6. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ka makhetlo a mabeli Davida a sa ka a bolaea Saule, hona see o ile a se etsa joang?

5 Ha e le hantle, ho molemo haholo ha ho tšaba Molimo ho thusa motho hore a qobe ho etsa liphoso tse khōlō. ’Nete ea sena e ile ea bonahala ka Davida. Ka lekhetlo le leng ha Saule a ne a lelekisa Davida ka lebotho la banna ba likete tse tharo, o ile a kena ka lehaheng leo Davida le banna ba hae ba neng ba ipatile ka ho lona. Banna ba Davida ba ile ba mo phehella hore a bolaee Saule. Na Jehova o ne a sa nehela sera se kotsi sa Davida matsohong a hae? Davida o ile a ea ka lenyele ho Saule, ’me a poma moleka oa seaparo sa hae. Kaha Davida o ne a tšaba Molimo, le eona ketso ena e bonahalang e fokola e ile ea tšoenya letsoalo la hae. Davida o ile a qhala banna ba hae ba ferekaneng ka ho re: “Ke ho sa utloahaleng, ponong ea Jehova, hore ke etse ntho ena ho moren’a ka, motlotsuoa oa Jehova.” *1 Samuele 24:1-7.

6 Ketsahalong e ’ngoe hamorao, Saule o ne a hlomme liahelo bosiu, ’me eena le banna bohle ba hae ba ile ba ea le “boroko bo tebileng bo tsoang ho Jehova.” Davida le mochana oa hae ea sebete Abishai, ba ile ba kena ka lenyele ka hare-hare ho liahelo ’me ba ema hantle moo Saule a neng a robetse teng. Abishai o ne a batla ho bolaela Saule ruri. Davida o ile a thiba Abishai, eaba oa mo botsa: “Ke mang ea otlolotseng letsoho la hae khahlanong le motlotsuoa oa Jehova ’me a lula a hloka molato?”—1 Samuele 26:9, 12.

7. Ke eng se ileng sa thibela Davida ho etsa sebe?

7 Ke hobane’ng ha Davida a sa ka a bolaea Saule ka makhetlo a mabeli ao a ileng a ba le ’ona? Ke hobane o ne a tšaba Jehova ho feta Saule. Kaha Davida o ne a tšaba Molimo ka tsela e loketseng, o ne a ikemiselitse hore ha ho hlokahala, a utloe bohloko ho e-na le hore a etse sebe. (Baheberu 11:25) O ne a kholisehile kahohle hore Jehova o hlokomela batho ba Hae le hore le eena oa mo hlokomela. Davida o ne a tseba hore ho mamela Molimo le ho mo tšepa ho tla mo thabisa ho be ho mo tlisetse melemo e mengata empa ho mo hlokomoloha ho tla mo bakela bohale ba Molimo. (Pesaleme ea 65:4) O ne a boetse a tseba hore Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea Hae ea ho etsa Davida morena le hore o ne a tla tlosa Saule ka nako ea Hae le ka tsela ea Hae.—1 Samuele 26:10.

Ho Tšaba Molimo Hoa Thabisa

8. Boitšoaro ba Davida ha a ne a hateletsoe bo beha mohlala joang?

8 Joaloka Bakreste, re ka lebella ho songoa, ho hlorisoa le liteko tse ling. (Matheu 24:9; 2 Petrose 3:3) Ka linako tse ling, mathata a rōna a ka ba a amana le barapeli-’moho le rōna. Leha ho le joalo, rea tseba hore Jehova o bona lintho tsohle, o utloa lithapelo tsa rōna le hore ka nako e nepahetseng, o tla lokisa litaba tumellanong le thato ea hae. (Baroma 12:17-21; Baheberu 4:16) Kahoo, ho e-na le ho tšaba bahanyetsi ba rōna, re tšaba Molimo ’me re kōpa eena hore a re lopolle. Joaloka Davida, ha re iphetetse, ebile ha re qobe mahlomola ka hore re sekisetse melao-motheo e lokileng. Qetellong, rea thaba ha re entse lintho tsena. Joang?

9. Fana ka mohlala o bontšang kamoo ho tšaba Molimo ho ka fellang ka thabo le har’a mahloriso.

9 Moromuoa e mong oa khale oa Afrika o re: “Ke hopola ’mè e mong le morali oa hae ea neng a le lilemong tsa bocha ba ileng ba hana ho reka likarete tsa bopolotiki hobane e ne e le Bakreste ’me ba sa jele paate. Ba ile ba otloa ka sehlōhō ke mokhopi oa banna ’me ka mor’a moo ba bolelloa hore ba ee hae. Ha ba ntse ba tsamaea tseleng, ’mè o ile a leka ho tšelisa morali oa hae ea neng a ntse a lla, ea neng a sa utloisise hore na ba hlasetsoe joalo ka lebaka lefe. Ba ne ba sa thaba ka nako eo empa matsoalo a bona a ne a hloekile. Hamorao, ba ile ba thaba haholo hore ebe ba ile ba mamela Molimo. Hoja ba reka likarete tsa mokha oa lipolotiki, mokhopi oo o ka be o ile oa tlōla-tlōla ke thabo. Banna bao ba ka be ba ile ba ba fa libotlolo tsa lino-mapholi ’me ba ba pota-pota ba ntse ba tjeka ho ea fihla hae. Empa ngoanana eo le ’mè oa hae, ba ne ba tla soaba ka ho fetisisa ke ho tseba hore ba ne ba sekiselitse.” Ho tšaba Molimo ho ile ha ba sireletsa masoabing ao.

10, 11. Ho tšaba Molimo ho ile ha tlisetsa mosali e mong liphello life tse molemo?

10 Ho tšaba Molimo ho ka boetse ha fella ka thabo ha re le litekong tse amang khalalelo ea bophelo. Nakong eo Mary e neng e le moimana oa ngoana oa hae oa boraro, ngaka e ile ea mo khothaletsa hore a ntše mpa eo. E ile ea re: “Bophelo ba hao bo kotsing. U ka ’na ua ba le mathata neng kapa neng eaba u shoa pele ho feta lihora tse 24. Ngoana le eena a ka shoa. Ho sa tsotellehe boemo, re ke ke ra tiisa hore ngoana o tla hlaha a phela hantle.” Mary o ne a ntse a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova empa a e-s’o kolobetsoe. Mary o re, “Leha ho le joalo, ke ne ke entse qeto ea ho sebeletsa Jehova, ’me ke ne ke ikemiselitse ho mo mamela, ho sa tsotellehe se hlahang.”—Exoda 21:22, 23.

11 Ha Mary e ntse e le moimana, o ile a tšoareha haholo ka ho ithuta Bibele le ho hlokomela lelapa la hae. Qetellong ngoana o ile a hlaha. Mary o re: “Ke ile ka beleha ka boima ho feta ha ke ne ke beleha bana ba bang ba pele ba babeli, empa ha hoa ka ha e-ba le mathata a maholo.” Ho tšaba Molimo ho ile ha thusa Mary ho lula a e-na le letsoalo le letle, ’me o ile a kolobetsoa kapele ka mor’a moo. Ha ngoana eo a hōla, le eena o ile a ithuta ho tšaba Jehova, ’me hona joale o sebetsa ofising e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova.

‘Imatlafatse ka Jehova’

12. Ho tšaba Molimo ho ile ha matlafatsa Davida joang?

12 Ho tšaba Jehova ha hoa ka ha etsa feela hore Davida a se ke a etsa liphoso. Ho ile ha mo matlafatsa hore ha a le maemong a thata a nke khato e matla le e bohlale. Ka nako e etsang selemo le likhoeli tse ’nè, Davida le banna ba hae ba ile ba ipatela Saule Ziklage naheng ea Bafilista. (1 Samuele 27:5-7) Ka lekhetlo le leng ha banna ba Davida ba le sieo, Baamaleke ba futuhileng ba ile ba chesa motse eaba ba nkela banna bao basali, bana le mehlape kaofela. Ha Davida le banna ba hae ba khutla ’me ba bona se etsahetseng, ba ile ba bokolla. Ka potlako feela masoabi a ile a fetoha khalefo, ’me banna ba Davida ba bolela hore ba tla mo tlepetsa ka majoe. Le hoja Davida a ile a tšoenyeha, ha aa ka a nyahama. (Liproverbia 24:10) Ho tšaba Molimo ho ile ha mo susumelletsa hore a rapele Jehova, ’me o ile “a imatlafatsa ka Jehova.” Ka thuso ea Molimo, Davida le banna ba hae ba ile ba tšoara Baamaleke eaba ba khutlisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.—1 Samuele 30:1-20.

13, 14. Ho tšaba Molimo ho ile ha thusa Mokreste e mong joang hore a etse liqeto tse molemo?

13 Kajeno bahlanka ba Molimo ba tobana le maemo a hlokang hore ba tšepe Jehova le hore ba be le sebete sa hore ba nke khato. Nahana ka mohlala ona oa Kristina. Kristina o ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova e sa le ngoana. Empa o ne a batla ho ba sebapali sa piano meketeng ea ’mino, ’me o ne a se a tseba ho bapala piano haholo. Ho feta moo, o ne a le lihlong ho bolela litaba tse molemo ’me kahoo a tšaba boikarabelo boo a neng a tla ba le bona ha a kolobetsoa. Ha Kristina a ntse a tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo, o ile a qala ho utloa matla a lona. O ne a ithuta ho tšaba Jehova, ’me o ile a hlokomela hore Jehova o lebeletse hore bahlanka ba hae ba mo rate ka lipelo tsohle, likelello tsohle, meea eohle le matla ’ohle. (Mareka 12:30) Sena se ile sa mo susumelletsa hore a inehele ho Jehova ebe oa kolobetsoa.

14 Kristina o ile a kōpa Jehova hore a mo thuse hore a tsoele pele moeeng. Kristina o re: “Ke ne ke tseba hore ho bapala piano meketeng ea ’mino ho akarelletsa ho ba ntlo-tseleng le litumellano tsa ho bapala piano hoo e ka bang meketeng ea ’mino e 400 ka selemo. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea hore nka mpa ka ba mosuoe e le hore ke tsebe ho iphelisa ebe ke sebetsa ke le moevangeli oa nako e tletseng.” Ka nako eo, ho ne ho se ho lokiselitsoe hore Kristina a e’o bapala piano ka lekhetlo la pele holong e tsebisahalang ea ’mino ea naha ea habo. O re: “Mokete oa ka oa pele oa ’mino e ile ea e-ba oa ho qala le oa ho qetela.” Hona joale Kristina o nyetsoe ke moholo oa Mokreste. ’Me eena le monna oa hae ba se ba sebetsa ofising e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. O thabetse hore ebe Jehova o ile a mo fa matla a hore a etse qeto e nepahetseng le hore hona joale a ka sebelisa nako ea hae le matla a hae mosebetsing oa Hae.

Lefa la Bohlokoa

15. Davida o ne a batla ho fa bana ba hae lefa la eng, ’me o ile a etsa seo joang?

15 Davida o ile a ngola a re: “Tloong, lōna bara, le ’mamele; ke tla le ruta ho tšaba Jehova.” (Pesaleme ea 34:11) Kaha Davida e ne e le ntate, o ne a ikemiselitse ho fa bana ba hae lefa la bohlokoa—e leng ho tšaba Jehova e le kannete, ka tsela e tsitsitseng le e molemo. Ka mantsoe le ka liketso, Davida o ile a tšoantšetsa Jehova e le Ntate oa bana ba Hae ba lefatšeng ea lerato, ea tsotellang le ea tšoarelang, eseng e le Molimo ea thata le ea tšosang, ea hanang feela ha motho a fanya. Davida o ile a botsa: “Ke mang ea ka balang liphoso?” Ka mor’a moo, ha a bontša hore o kholisehile hore Jehova ha aa sala liphoso tsa rōna morao, o ile a phaella ka ho re: “U ntšoarele lintho tseo ke sa kang ka li lemoha!” Davida o ne a kholisehile hore ha a ka ikitlaetsa, Jehova a ka amohela mantsoe a hae le menahano ea hae.—Pesaleme ea 19:12, 14, Byington.

16, 17. Batsoali ba ka ruta bana ho tšaba Jehova joang?

16 Davida ke mohlala ho batsoali ba kajeno. Ralph le moena oa hae ba sebetsa ofising e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, ’me o re: “Batsoali ba rōna ba ile ba re hōlisa ka tsela e ileng ea etsa hore re thabele ho ba ’neteng. Ha re sa le bana, ba ne ba re akarelletsa ha ba qoqa ka mesebetsi ea phutheho, ’me re ile ra chesehela ’nete joaloka bona. Ba ile ba re hōlisetsa hore re lumele hore re ka etsa lintho tse molemo tšebeletsong ea Jehova. Ha e le hantle lelapa leso le ile la lula ka lilemo tse ngata naheng eo ho eona ho neng ho hlokahala baboleli ba eketsehileng ba ’Muso, ’me le ile la thusa hore ho thehoe liphutheho tse ncha.

17 “Ha rea ka ra thusoa ke melao e mengata le e thata hore re lule tseleng e nepahetseng, empa re ile ra thusoa ke ’nete ea hore batsoali ba rōna ba ne ba nka hore Jehova oa phela, o mosa, ebile o molemo haholo le ka ho fetisisa. Ba ne ba rata ho tseba Jehova hamolemo le ho mo khahlisa, ’me ho tšaba le ho rata ha bona Molimo e le kannete, ho ile ha re ruta ho hong. Esita leha re ne re entse phoso e itseng, batsoali ba rōna ba ne ba sa nahane hore Jehova ha a sa re rata, ebile ba ne ba sa re halefele ebe ba re behela melao e sa hlokahaleng. Hangata, ba ne ba lula fatše le rōna ebe ba buisana le rōna, ka linako tse ling ’Mè o ne a bua le rōna a sekisitse meokho, a leka ho finyella lipelo tsa rōna. ’Me o ne a atleha. Re ile ra ithuta ka mantsoe le ka liketso tsa batsoali ba rōna hore ho tšaba Jehova ke ntho e babatsehang le hore ho ba Paki ea hae ke ntho e thabisang le e nyakallisang, hase ntho e boima.”—1 Johanne 5:3.

18. Re tla fumana eng ka ho tšaba Molimo oa ’nete?

18 Har’a “mantsoe a ho qetela a Davida,” re bala ana: “Ha ea busang holim’a moloko oa batho a lokile, a busa ka ho tšaba Molimo, joale ho joaloka leseli la hoseng, ha letsatsi le chaba.” (2 Samuele 23:1, 3, 4) Solomone, mora oa Davida le mohlahlami oa hae, o ile a ithuta bohlale ba mantsoe ana, hobane o ile a kōpa hore Jehova a mo fe “pelo e mamelang” le bokhoni ba “ho lemoha pakeng tsa botle le bobe.” (1 Marena 3:9) Solomone o ile a hlokomela hore qetello ea ho tšaba Jehova ke bohlale le thabo. Hamorao, o ile a akaretsa buka ea Moeklesia ka mantsoe ana: “Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa. Etsoe Molimo oa ’nete o tla tlisa mosebetsi oa mofuta o mong le o mong kahlolong kamanong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e patiloeng, ebang e ntle kapa e mpe.” (Moeklesia 12:13, 14) Haeba re mamela keletso eo, ka sebele re tla bona hore “phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova” hase bohlale le thabo feela empa hape ke “maruo le khanya le bophelo.”—Liproverbia 22:4.

19. Ke eng se tla re thusa ho utloisisa ‘ho tšaba Jehova’?

19 Mehlala ea batho bao Bibele e buang ka bona le lintho tse hlahelang batho mehleng ena, li re bontša hore ho tšaba Molimo ka tsela e loketseng ho phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba bahlanka ba ’nete ba Jehova. Ho tšaba Jehova ho ke ke ha re thibela feela ho etsa lintho tse khopisang Ntat’a rōna oa leholimo empa ho ka boetse ha re fa sebete sa ho thulana le lira tsa rōna le matla a hore re mamelle liteko le mathata a re hlahelang. Kahoo, e se eka bohle, bana le batho ba baholo, re ka khothalla ho ithuta Lentsoe la Molimo, ra nahanisisa ka seo re ithutang sona le ho atamela ho Jehova ka ho rapela kamehla le ho tloha botebong ba pelo. Ha re etsa joalo, re ke ke ra fumana feela “tsebo ea Molimo” empa hape re tla utloisisa “ho tšaba Jehova.”—Liproverbia 2:1-5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 5 Ho ka etsahala hore ebe ketsahalo ena ke e ’ngoe ea tse ileng tsa susumelletsa Davida ho qapa Pesaleme ea 57 le ea 142.

Na U ka Hlalosa?

Ho tšaba Molimo ho ka

• thusa motho joang hore a hlaphoheloe sebeng se seholo?

• fella joang ka thabo har’a liteko le mahloriso?

• re matlafatsa joang hore re etse thato ea Molimo?

• fetoha lefa la bohlokoa joang bakeng sa bana ba rōna?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho tšaba Jehova ho ile ha thibela Davida ho bolaea Morena Saule

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Ho tšaba Jehova ke lefa la bohlokoa leo batsoali ba ka le fang bana ba bona