Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho ba Sebete ka Lebaka la Tumelo le ho Tšaba Molimo

Ho ba Sebete ka Lebaka la Tumelo le ho Tšaba Molimo

Ho ba Sebete ka Lebaka la Tumelo le ho Tšaba Molimo

“E-ba sebete ’me u be matla. . . . Jehova Molimo oa hao o na le uena.”—JOSHUA 1:9.

1, 2. (a) Ho ea ka pono ea batho, Baiseraele ba ne ba e-na le monyetla ofe oa ho hlōla Bakanana? (b) Joshua o ile a fuoa tiisetso efe?

KA 1473 B.C.E., sechaba sa Iseraele se ne se itokiselitse ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Moshe o ile a hopotsa sechaba ka mathata a neng a larile ka pele, a re: “Kajeno [le] tšela Jordane ho kena le ho leleka lichaba tse khōlō le tse matla ho [le] feta, metse e meholo le e etselitsoeng liqhobosheane ho fihlela maholimong, sechaba se seholo le se selelele, bara ba Baanake, bao . . . [le utloileng] ho thoe ka bona, ‘Ke mang ea ka emang a tiile ka pel’a bara ba Anake?’” (Deuteronoma 9:1, 2) Ka sebele, bahlabani bana ba liqhenqha ba ne ba tsebahala! Ho feta moo, Bakanana ba bang ba ne ba e-na le mabotho a hlometseng hantle, ba e-na le lipere le likoloi tsa ntoa tse neng li e-na le mahare a tšepe mabiling.—Baahloli 4:13.

2 Baiseraele bona, e ne e bile sechaba sa makhoba ’me ba ne ba sa tsoa qeta lilemo tse 40 lefeelleng. Kahoo, ho ea ka pono ea batho, ho ne ho bonahala ba se na monyetla oa ho hlōla. Empa Moshe o ne a e-na le tumelo; o ne a khona ho ‘bona’ Jehova a ba etelletse pele. (Baheberu 11:27) Moshe o ile a bolella sechaba a re: “Jehova Molimo oa hao o tšela ka pel’a hao. . . . O tla ba felisa, ’me o tla ba kokobetsa ka pel’a hao.” (Deuteronoma 9:3; Pesaleme ea 33:16, 17) Ka mor’a lefu la Moshe, Jehova o ile a tiisetsa Joshua hore O tla mo tšehetsa, a re: “Ema, u tšele Jordane ena, uena le sechaba sena sohle, le kene naheng eo ke se fang eona, bara ba Iseraele. Ha ho ea tla ema a tiile ka pel’a hao matsatsing ’ohle a bophelo ba hao. Ke tla ba le uena feela joalokaha ke bile le Moshe.”—Joshua 1:2, 5.

3. Ke eng e ileng ea thusa Joshua hore a be le tumelo le sebete?

3 Haeba Joshua a batla thuso le tataiso ea Jehova, o lokela ho bala le ho thuisa ka Molao oa Molimo ’me a phele ka oona. Jehova o ile a re: “Ka ho etsa joalo u tla atlehisa tsela ea hao ’me ka ho etsa joalo u tla etsa ka bohlale. Na ha kea u laela? E-ba sebete ’me u be matla. U se ke ua haroha letsoalo kapa ua tšoha, etsoe Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u eang teng.” (Joshua 1:8, 9) Kaha Joshua o ile a mamela Molimo, o ile a ba sebete, a ba matla ’me a atleha. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba mehleng ea hae ha baa ka ba mamela. Ka lebaka leo, ha baa ka ba atleha, ’me ba ile ba shoella lefeelleng.

Batho ba se Nang Tumelo le ba se Nang Sebete

4, 5. (a) Boikutlo ba lihloela tse leshome bo ne bo le joang ha bo bapisoa le ba Joshua le Kalebe? (b) Jehova o ile a re’ng ha a bona ho hloka tumelo ha sechaba?

4 Lilemo tse 40 pejana ha Baiseraele ba ne ba fihla Kanana ka lekhetlo la pele, Moshe o ile a romela banna ba 12 hore ba e’o hloela naha eo. Ba leshome ba ile ba khutla ba tšohile. Ba ile ba belaela ba re: “Batho bohle bao re ba boneng har’a eona ke batho ba boholo bo sa tloaelehang. Moo re bone Banefilime, bara ba Anake, ba tsoang ho Banefilime; hoo mahlong a rōna re ileng ra tšoana le marutle.” Na “batho bohle”—e seng Baanake feela—e ne e le liqhenqha? Che. Na Baanake e ne e le litloholo tsa Banefilime ba ileng ba phela pele ho Moroallo? Le mona karabo ke che! Leha ho le joalo, ka lebaka la ho feteletsoa hona ha litaba, kampo e ile ea apareloa ke tšabo. Batho ba ne ba bile ba batla ho khutlela Egepeta, naheng eo e neng e bile makhoba ho eona!—Numere 13:31–14:4.

5 Leha ho le joalo, Joshua le Kalebe, e leng banna ba babeli ba lihloela, ba ne ba labalabela ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ba ile ba re Bakanana “ke bohobe ho rōna. Tšireletso ea bona e tlohile holim’a bona, ’me Jehova o na le rōna. Le se ke la ba tšaba.” (Numere 14:9) Na tšepo eo Joshua le Kalebe ba neng ba e-na le eona e ne e se na motheo? Che! Bona hammoho le sechaba kaofela, ba ne ba ile ba bona ha Jehova a tlotlolla Egepeta e matla le melimo ea eona ka Likotlo Tse Leshome. Joale ba ile ba bona ha Jehova a ne a etsa hore Faro le lebotho la hae la sesole ba khangoe ke metsi Leoatleng le Lefubelu. (Pesaleme ea 136:15) Ho hlakile hore lihloela tseo tse leshome hammoho le bahlohlelletsi ba tsona ba ne ba se na lebaka le utloahalang la ho ba le tšabo. Jehova o ile a bua mantsoe a latelang a utloile bohloko haholo: “Se ke ke sa beha tumelo ho ’na bakeng sa lipontšo tsohle tseo ke li entseng har’a sona halelele hakae?”—Numere 14:11.

6. Sebete se amana joang le tumelo, hona see se bonahala joang mehleng ea kajeno?

6 Jehova o ile a bolela sesosa sa bothata ba sona—ho ba boi ha sechaba ho ile ha bontša hore se hloka tumelo. Ka sebele tumelo le sebete li amana haholo hoo, moapostola Johanne a ileng a ngola mantsoe a latelang mabapi le phutheho ea Bokreste le ka ntoa ea eona ea moea: “Ena ke tlhōlo e hlōtseng lefatše, tumelo ea rōna.” (1 Johanne 5:4) Kajeno, tumelo e kang ea Joshua le Kalebe e entse hore Lipaki Tsa Jehova tse ka holimo ho limilione tse tšeletseng, tsa bacha le batho ba baholo, tse matla le tse fokolang ’meleng, li bolele litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle. Ha ho sera se atlehileng ho koala melomo ea lebotho lena le matla le le sebete.—Baroma 8:31.

U se ke Ua ‘Ikhula’

7. ‘Ho ikhula’ ho bolela’ng?

7 Kajeno bahlanka ba Jehova ba bolela litaba tse molemo ka sebete hobane ba e-na le boikutlo bo tšoanang le ba moapostola Pauluse, ea ileng a ngola: “Ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong, empa re mofuta o nang le tumelo hore moea o bolokoe o phela.” (Baheberu 10:39) Joalokaha Pauluse a boletse, ‘ho ikhula’ ha ho bolele feela ho ba le tšabo ka nakoana, hobane bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Molimo ba ’nile ba tšoha ka linako tse ling. (1 Samuele 21:12; 1 Marena 19:1-4) Ho fapana le moo, dikishinari e ’ngoe ea Bibele e hlalosa hore ho bolela “ho chechela morao, ho emella thōko,” ho se “tšoare ’nete ka tieo.” E phaella ka hore mohlomong ‘ho ikhula’ ke puo ea tšoantšetso e theiloeng tabeng ea ho “theola seile [ea sekepe] ’me kahoo ho bolela ho khoehlisa” tšebeletsong ea Molimo. Ho hlakile hore ba leng matla tumelong ha ba nahane ka ho “khoehlisa” ha ho hlaha mathata—ebang ke mahloriso, ho kula kapa teko leha e le efe. Ho fapana le moo, ba hatela pele ka matla tšebeletsong ea Jehova, ba lemoha hore o ba tsotella haholo ebile o tseba mefokolo ea bona. (Pesaleme ea 55:22; 103:14) Na u na le tumelo ea mofuta oo?

8, 9. (a) Jehova o ile a matlafatsa tumelo ea Bakreste ba pele joang? (b) Re lokela ho etsa’ng e le hore re matlafatse tumelo ea rōna?

8 Ka lekhetlo le leng baapostola ba ile ba nahana hore ba ne ba haelloa ke tumelo, eaba ba re ho Jesu: “Re fe tumelo e eketsehileng.” (Luka 17:5) Kōpo ea bona e tiileng e ile ea arabeloa, haholo-holo ka Pentekonta ea 33 C.E., ha moea o halalelang oo ba neng ba o tšepisitsoe o ne o theohela holim’a barutuoa bao ’me o etsa hore ba be le temohisiso e matla ea Lentsoe la Molimo le morero oa hae. (Johanne 14:26; Liketso 2:1-4) Ba matlafalitsoe tumelong, barutuoa bana ba ile ba qalisa letšolo la ho bolela leo ho sa tsotellehe khanyetso, le ileng la etsa hore litaba tse molemo li boleloe “pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakolose 1:23; Liketso 1:8; 28:22.

9 E le hore re matlafatse tumelo ea rōna le ho hatela pele tšebeletsong ea rōna, le rōna re lokela ho ithuta le ho thuisa ka Mangolo ’me re rapelle moea o halalelang. Ke feela ka ho hatisa ’nete ea Molimo likelellong le lipelong tsa rōna—joalokaha Joshua, Kalebe le barutuoa ba pele ba Bakreste ba ile ba etsa—re ka bang le tumelo e re fang sebete seo re se hlokang e le hore re mamelle ntoeng ea rōna ea moea ’me re e hlōle.—Baroma 10:17.

Ha Hoa Lekana ho Lumela Feela Hore Molimo o Teng

10. Tumelo ea ’nete e akarelletsa eng?

10 Joalokaha baboloki ba botšepehi ba boholo-holo ba bontšitse, tumelo e etsang hore re be le sebete le mamello ha e akarelletse ho lumela feela hore Molimo o teng. (Jakobo 2:19) E hloka hore re tsebe hore na Jehova ke motho ea joang ’me re mo tšepe ka ho feletseng. (Pesaleme ea 78:5-8; Liproverbia 3:5, 6) E bolela ho lumela ka lipelo tsohle hore ho boloka melao le melao-motheo ea Molimo ho re ruisa molemo haholo. (Esaia 48:17, 18) Tumelo e boetse e akarelletsa ho kholiseha ka ho feletseng hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae ’me e be “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheberu 11:1, 6; Esaia 55:11.

11. Joshua le Kalebe ba ile ba hlohonolofatsoa joang ka lebaka la tumelo le sebete sa bona?

11 Tumelo e joalo ha ea ema nģa e le ’ngoe. Ea hōla ha re ntse re phelela ’nete, re ‘latsoa’ melemo, re ‘bona’ ha lithapelo tsa rōna li arabeloa ’me, ka litsela tse itseng, re bona ha Jehova a tataisa bophelo ba rōna. (Pesaleme ea 34:8; 1 Johanne 5:14, 15) Re ka kholiseha hore tumelo ea Joshua le Kalebe e ile ea matlafala ha ba ntse ba latsoa molemo oa Molimo. (Joshua 23:14) Nahana ka lintlha tse latelang: Ba ile ba khona ho tsoela pele ba phela leetong la lilemo tse 40 lefeelleng, joalokaha Molimo a ne a tšepisitse hore ho tla ba joalo. (Numere 14:27-30; 32:11, 12) Ba ile ba e-ba le seabo ha ho ne ho hlōloa Kanana ka lilemo tse tšeletseng. Qetellong, ba ile ba thabela bophelo bo bolelele le bo molemo ’me ba fuoa le mafa. Ka sebele Jehova o putsa ba mo sebeletsang ka botšepehi le ka sebete!—Joshua 14:6, 9-14; 19:49, 50; 24:29.

12. Jehova o ‘hōlisa polelo ea hae joang’?

12 Mosa o lerato oo Molimo a ileng a o bontša Joshua le Kalebe o re hopotsa mantsoe ana a mopesaleme: “U hōlisitse polelo ea hao esita le ka holim’a lebitso lohle la hao.” (Pesaleme ea 138:2) Ha Jehova a sebelisa lebitso la hae hore a tiise tšepiso e itseng, ho phethahala ha tšepiso eo ho ‘hōlisoa’ ka kutloisiso ea hore ho feta hōle sohle seo re neng re ka se lebella. (Baefese 3:20) Ka sebele, ha ho mohla Jehova a soetsang ba ‘ithabelang ho eena ka ho phethehileng.’—Pesaleme ea 37:3, 4.

Monna ea Ileng a ‘Khahlisa Molimo’

13, 14. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Enoke a be le tumelo le sebete?

13 Re ka ithuta ho hongata ka tumelo le sebete ka ho hlahloba mohlala o behiloeng ke paki e ’ngoe ea pele ho Bokreste—e leng Enoke. Esita le pele Enoke a qala ho profeta, mohlomong o ne a tseba hore tumelo ea hae le sebete li ne li tla lekoa. Joang? Hobane Jehova o ne a ile a bolela serapeng sa Edene hore, ho ne ho tla ba le bora kapa lehloeo pakeng tsa ba sebeletsang Molimo le ba sebeletsang Satane Diabolose. (Genese 3:15) Enoke o ne a boetse a tseba hore lehloeo lena le ne le ile la hlaha qalong ea histori ea moloko oa batho ha Kaine a ne a bolaea Abele moen’ae. Ha e le hantle, ntat’a bona, e leng Adama, o ile a phela lilemo tse ka bang 310 ka mor’a hore Enoke a tsoaloe.—Genese 5:3-18.

14 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe lintlha tsena, ka sebete Enoke o ile “a tsoela pele ho tsamaea le Molimo oa ’nete” ’me a nyatsa “lintho tsohle tse tšosang” tseo batho ba neng ba li bua khahlanong le Jehova. (Genese 5:22; Juda 14, 15) Ho hlakile hore ho emela ha Enoke borapeli ba ’nete ka sebete ho ile ha etsa hore a be le lira tse ngata, tse ileng tsa beha bophelo ba hae kotsing. Boemong bona, Jehova o ile a sireletsa moprofeta oa hae hore a se ke a utloa bohloko ba lefu. Ka mor’a ho senolela Enoke hore “o ne a khahlisitse Molimo,” Jehova o ile a mo ‘fallisa’ ho tloha bophelong ho ea lefung, mohlomong sena se etsahetse nakong eo kelello ea hae e neng e hapehile torong ea boprofeta.—Baheberu 11:5, 13; Genese 5:24.

15. Enoke o behetse bahlanka ba Jehova ba kajeno mohlala ofe o motle?

15 Kapele-pele ka mor’a ho bua ka ho fallisoa ha Enoke, Pauluse o ile a boela a hatisa bohlokoa ba tumelo, a re: ‘Ho feta moo, kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa Molimo.’ (Baheberu 11:6) Ha ho pelaelo hore tumelo e ile ea fa Enoke sebete sa ho tsamaea le Jehova le ho phatlalatsa molaetsa oa Hae oa kahlolo lefatšeng le sa tšabeng Molimo. Enoke o re behetse mohlala o motle ntlheng ena. Le rōna re lokela ho etsa mosebetsi o tšoanang lefatšeng le hanyetsang borapeli ba ’nete le le tletseng bobe ba mofuta o mong le o mong.—Pesaleme ea 92:7; Matheu 24:14; Tšenolo 12:17.

Sebete se Tlisoang ke ho Tšaba Molimo

16, 17. Obadia e ne e le mang, hona o ile a iphumana a le boemong bofe?

16 Ntle le tumelo, ho na le tšobotsi e ’ngoe e etsang hore motho a be sebete, eona ke ho tšaba Molimo ka tsela e nang le tlhompho. A re hlahlobeng mohlala o ikhethang oa monna ea tšabang Molimo ea phetseng mehleng ea moprofeta Elia le Morena Akabe, ea neng a busa ’muso o ka leboea oa Iseraele. Pusong ea Akabe, borapeli ba Baale bo ne bo silafalitse ’muso o ka leboea ka tsela e neng e e-s’o ka e bonoa. Ha e le hantle, baprofeta ba 450 ba Baale le baprofeta ba 400 ba palo e halalelang, e neng e tšoantšetsa setho sa botona, ba ne ba ‘jella tafoleng ea Jezebele,’ e leng mosali oa Akabe.—1 Marena 16:30-33; 18:19.

17 Jezebele, eo e neng e le sera se mabifi sa Jehova, o ile a leka ho felisa borapeli ba ’nete naheng. O ile a bolaea ba bang ba baprofeta ba Jehova a ba a leka ho bolaea le Elia, eo Molimo a ileng a mo laela hore a phonyohe ka ho balehela ka mose ho Jordane. (1 Marena 17:1-3; 18:13) U ka inahanela feela hore na e tlameha ebe ho ne ho le thata hakae ho tšehetsa borapeli bo hloekileng ’musong o ka leboea mehleng eo! Ho thata le ho feta, ho thoe’ng haeba u ne u sebetsa hona ntlong ea borena? Bona ke boemo boo Obadia * ea tšabang Molimo, eo e neng e le molebeli oa ntlo ea Akabe, a neng a le ho bona.—1 Marena 18:3.

18. Ke eng e ileng ea etsa hore Obadia e be morapeli oa Jehova ea ikhethang?

18 Ha ho pelaelo hore Obadia o ne a le seli a bile a le masene borapeling ba hae ho Jehova. Ho sa tsotellehe seo, ha aa ka a sekisetsa. Ha e le hantle, 1 Marena 18:3 e re: “Obadia o ne a tšaba Jehova haholo.” Ka sebele, Obadia o ne a tšaba Molimo ka tsela e ikhethang! Ka lebaka leo, tšabo ena e ile ea mo fa sebete se ikhethang, joalokaha ho ile ha bonahala kapele ka mor’a hore Jezebele a bolaee baprofeta ba Jehova.

19. Obadia o ile a etsa’ng e bontšang hore o ne a le sebete?

19 Rea bala: “Eare ha Jezebele a felisa baprofeta ba Jehova, Obadia a nka baprofeta ba lekholo ’me a ba boloka ba patiloe ka lihlopha tsa ba mashome a mahlano ka lehaheng, ’me a ba fa bohobe le metsi.” (1 Marena 18:4) Joalokaha u ka inahanela, ho fepa banna ba lekholo ka sekhukhu e ne e le mosebetsi o kotsi haholo. Obadia o ne a sa lokela ho qoba feela hore Akabe le Jezebele ba mo tšoare, empa o ne a boetse a lokela ho etsa hore a se ke a bonoa ke baprofeta ba bohata ba 850 ba neng ba etela ntlong ea borena khafetsa. Ho phaella moo, barapeli ba bang ba bangata ba bohata naheng, ho tloha ho batho ba boemo bo tlaase ho isa ho likhosana, ha ho pelaelo hore ba ne ba ka sebelisa monyetla leha e le ofe hore ba senole Obadia e le ha ba batla ho ithatisa morena le mofumahali. Leha ho le joalo, ka sebete Obadia o ile a hlokomela litlhoko tsa baprofeta ba Jehova, moo barapeli bana kaofela ba litšoantšo ba neng ba ka mo bona. Ho tšaba Molimo ho ka ba le tšusumetso e matla hakaakang!

20. Ho tšaba ha Obadia Molimo ho ile ha mo thusa joang, hona mohlala oa hae o u thusa joang?

20 Kaha Obadia o ile a bontša sebete ka lebaka la ho tšaba Molimo, kamoo ho bonahalang kateng, Jehova o ile a mo sireletsa lireng tsa hae. Liproverbia 29:25 e re: “Ho thothometsoa ke batho ho cheha leraba, empa ea tšepang Jehova o tla sireletsoa.” Obadia e ne e le motho oa nama le mali; o ne a tšaba ho tšoaroa le ho bolaoa, feela joalokaha le rōna re ne re ka tšaba. (1 Marena 18:7-9, 12) Leha ho le joalo, ho tšaba Molimo ho ile ha mo fa sebete sa ho hlōla tšabo leha e le efe ea batho eo e ka ’nang eaba o ne a e-na le eona. Obadia ke mohlala o motle ho rōna kaofela, haholo-holo ho ba sebeletsang Jehova ba behile tokoloho ea bona kapa esita le bophelo ba bona kotsing. (Matheu 24:9) E se eka kaofela ha rōna re ka loanela ho sebeletsa Jehova “ka tšabo ea bomolimo le tšabo e nang le tlhompho.”—Baheberu 12:28.

21. Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?

21 Tumelo le ho tšaba Molimo hase tsona feela litšobotsi tse etsang hore motho a be sebete; lerato le ka ba le tšusumetso e matla ho feta. Pauluse o ile a ngola a re: “Molimo ha aa re fa moea oa bokoala, empa o re file moea oa matla le oa lerato le oa ho hlaphoheloa kelellong.” (2 Timothea 1:7) Sehloohong se latelang, re tla bona kamoo lerato le ka re thusang ho sebeletsa Jehova ka sebete matsatsing ana a ho qetela a mahlonoko.—2 Timothea 3:1.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 Eseng moprofeta Obadia.

Na U ka Araba?

• Ke eng e ileng ea etsa hore Joshua le Kalebe ba be sebete?

• Tumelo ea ’nete e akarelletsa eng?

• Ke hobane’ng ha Enoke a ile a phatlalatsa molaetsa oa Molimo oa kahlolo ka sebete?

• Ho tšaba Molimo ho fa motho sebete joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Jehova o ile a laela Joshua a re: “E-ba sebete ’me u be matla”

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Obadia o ile a hlokomela baprofeta ba Molimo a ba a ba sireletsa

[Litšoantšo tse leqepheng la 19]

Enoke o ile a bolela lentsoe la Molimo ka sebete