Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Ile a Nthusa ho Sebetsana ka Katleho le Mathata a Bophelo

Jehova o Ile a Nthusa ho Sebetsana ka Katleho le Mathata a Bophelo

Pale ea Bophelo

Jehova o Ile a Nthusa ho Sebetsana ka Katleho le Mathata a Bophelo

JOALOKAHA HO BOLETSE DALE IRWIN

“BA BANE BA LEKANE! BA BANE HAPE KE MATHATA A MANG.” Sehlooho se seholo sa koranta ea haeso se ile sa e-ba le mantsoe ao ha se phatlalatsa hore lelapa la rōna la banana ba bane le ekelitsoe ka mafahla a mane. Ha ke sa le mohlankana, ke ne ke sa rera ho nyala, ke se ke sa bue letho ka ho ba le bana. Empa joale, ke ne ke e-na le bana ba robeli!

KE HLAHETSE toropong ea Mareeba, Australia, ka 1934. Ke ne ke le oa ho fela lelapeng la bana ba bararo. Hamorao lelapa leso le ile la fallela Brisbane, moo ’Mè e neng e le mosuoe oa sekolo sa Sontaha kerekeng ea Methodiste.

Mathoasong a 1938, likoranta tsa Brisbane li ile tsa tlaleha hore Joseph F. Rutherford, ea neng a tsoa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova, o ne a ka ’na a haneloa ho kena Australia. ’Mè o ile a botsa Paki e ileng ea tla lapeng: “Ba mo hanela ka lebaka lefe?” Paki eo e ile ea re ho eena: “Na Jesu ha aa ka a re batho ba ne ba tla hlorisa balateli ba hae?” Ka mor’a moo ’Mè o ile a amohela buka e bitsoang Cure, e neng e thathamisitse ho se tšoane ho hongata pakeng tsa bolumeli ba ’nete le ba bohata. * ’Mè o ile a khahloa ke bukana ena, eaba ka Sontaha se latelang o ea le rōna bana sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova. Qalong Ntate o ne a hanyetsa haholo, empa ka linako tse ling o ne a ngola lipotso tsa Bibele a li fa ’Mè hore a li fe e mong oa barab’abo rōna. Ka mor’a moo, mor’abo rōna le eena o ne a ngolla ’Mè likarabo tsa Mangolo hore a li fe Ntate.

Ka Sontaha se seng Ntate o ile a ea le rōna sebokeng ka morero oa ho ea bolela tletlebo ea hae ka Lipaki. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Ntate a bue le molebeli ea tsamaeang ea neng a etetse phutheho ka nako eo, o ile a fetola maikutlo a hae a ba a lumela hore lelapa leso le sebelisoe e le setsi sa thuto ea Bibele ea beke le beke, eo ho eona ho neng ho tla batho ba thabelang ba sebakeng sa habo rōna.

Ka September 1938, batsoali ba ka ba ile ba kolobetsoa. ’Na le banab’eso re ile ra kolobetsoa ka December 1941 kopanong ea naha eohle e neng e tšoaretsoe Hargreave Park, Sydney, New South Wales. Ke ne ke e-na le lilemo tse supileng. Ka mor’a moo, ke ne ke kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo le batsoali ba ka. Mehleng eo, Lipaki li ne li tsamaea li nkile likeramafono ka ntlo le ntlo ’me li letsetsa beng ba matlo lirekoto tsa lipuo tsa Bibele.

Paki e ’ngoe eo ke e hopolang hantle ke Bert Horton. O ne a e-na le koloi e nang le sebuela-hole se seholo. Ho sebetsa le Bert ho ne ho le monate, haholo-holo ho moshanyana oa lilemo tsa ka. Ka mohlala, hangata ha re ne re letsa rekoto ea puo ea Bibele re le holimo leralleng, re ne re ee re bone koloi ea mapolesa e tla e re lebile. Bert o ne a tima mochine oa hae kapele, a khanne ho ea leralleng le leng le hōle, ebe o letsa rekoto e ’ngoe hape. Bert le bara ba bang babo rōna ba tšepahalang joaloka eena ba ile ba nthuta ho hongata ka ho tšepa Jehova le ka ho ba sebete.—Matheu 10:16.

Ha ke e-na le lilemo tse 12, ke ne ke paka ke le mong kamehla ha ke tsoa sekolong. Ka lekhetlo le leng ke ile ka kopana le lelapa la ha Adshead. Ka mor’a nako, batsoali, bana ba bona ba robeli hammoho le litloholo tse ngata ba ile ba ithuta ’nete. Ke leboha Jehova hore ebe o ile a lumella ’na, moshanyana feela tjena hore ke tsebise lelapa lena le molemo ’nete ea Bibele.—Matheu 21:16.

Likabelo Tsa Tšebeletso ke sa le Monyenyane

Ha ke e-na le lilemo tse 18, ke ile ka ba pula-maliboho oa nako e tletseng eaba ke abeloa ho ea Maitland, New South Wales. Ka 1956, ke ile ka memeloa ho ea sebetsa ofising ea lekala ea Australia e Sydney. Har’a basebetsi ba 20 ba neng ba le moo, hoo e ka bang ba 6 e ne e le batlotsuoa, ba na le tšepo ea ho ea busa le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo. E ne e le tlotla e kaakang ho sebetsa le bona!—Luka 12:32; Tšenolo 1:6; 5:10.

Qeto ea ka ea ho lula ke le lesooa e ile ea fetoha ha ke kopana le Judy Helberg, morali’abo rōna e motle oa pula-maliboho ea neng a bitsitsoe hore a tle ka nakoana ofising ea lekala hore a tl’o nthusa ka mosebetsi o mong o moholo. ’Na le Judy re ile ra ratana, ’me ra nyalana lilemo tse peli hamorao. Ka mor’a moo, re ile ra qala mosebetsi oa potoloho, o neng o akarelletsa ho etela phutheho e le ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova ka beke ho khothatsa bara le barali babo rōna.

Ka 1960, Judy o ile a beleha morali oa rōna oa pele, Kim. Kajeno, ho ba le ngoana ho ne ho tla bolela ho tlohela mosebetsi oa ho potoloha ebe re lula sebakeng se le seng. Empa re ile ra makala haholo ha re kōptjoa hore re tsoele pele ho etela liphutheho. Ka mor’a ho rapela halelele, re ile ra lumela ho tsoela pele, ’me ka likhoeli tse latelang tse supileng, Kim o ile a tsamaea lik’hilomithara tse 13 000 ka libese, lifofane le literene ha re ntse re sebeletsa liphutheho tse qalikaneng Queensland le Tikolohong e ka Leboea. Re ne re se na koloi ka nako eo.

Kamehla re ne re lula malapeng a bara le baralib’abo rōna. Ka lebaka la mocheso o nang le mongobo, likamore tsa mehleng eo li ne li koaloa ka likharetene eseng mamati, ’me sena se ne se re ekeletsa ho tšoenyeha ha Kim a lla bosiu. Qetellong boikarabelo ba ho hlokomela lesea le kabelo ea rōna bo ile ba e-ba boima haholo. Kahoo re ile ra lula Brisbane, eaba ke qala mosebetsi oa ho penta matšoao, e leng mofuta o mong oa khoebo ea bonono. Ha Kim a e-na le lilemo tse peli, re ile ra ba le morali e mong, Petina.

Ho Sebetsana le Tlokotsi ka Katleho

Ka 1972, ha ngoanana e mong a e-na le lilemo tse 12 e mong a e-na le tse 10, Judy o ile a bolaoa ke kankere. Lefu lena le ile la imela lelapa la rōna haholo. Leha ho le joalo, ha Judy a ntse a kula le ka mor’a lefu la hae, Jehova o ile a re tšelisa ka Lentsoe la hae, moea oa hae o halalelang le ka mokhatlo oa barab’abo rōna. Re ile ra matlafatsoa hape ke makasine ea Molula-Qhooa eo re ileng ra e fumana hang ka mor’a ho oeloa ke tlokotsi ena. E ne e e-na le sehlooho se buang ka liteko tse hlahelang motho ka ho toba, ho akarelletsa ho shoeloa, ’me sa bontša kamoo liteko li ka re thusang ho ithuta ho ba le litšobotsi tsa bomolimo, tse kang mamello, tumelo le botšepehi. *Jakobo 1:2-4.

Ka mor’a lefu la Judy, ’na le barali ba ka re ile ra atamelana haholo. Empa ho bua ’nete, ho ne ho le thata ho leka ho ba ntate le ’mè ka lapeng. Leha ho le joalo, barali ba ka ba babeli ba molemo ba ile ba mpebofaletsa mosebetsi.

Ho Nyala Hape le Bana ba Bang Hape

Ka mor’a nako ke ile ka nyala hape. ’Na le mosali oa ka e mocha, Mary, re ne re tšoana ka lintho tse ngata. Le eena monna oa hae o ne a bolailoe ke kankere. Hape, o ne a e-na le barali ba babeli—e leng Colleen le Jennifer. Colleen o ne a le monyenyane ho Petina ka lilemo tse ka bang tharo. Joale, lelapa la rōna le ne le e-na le banana ba bane, ba nang le lilemo tse 14, 12, 9, le 7.

’Na le Mary re ile ra etsa qeto ea hore qalong e mong le e mong a khalemele bana ba hae ho fihlela ba phutholoha ho amohela tataiso ea motho eo e seng motsoali oa bona. Tšebelisanong ea rōna re le monna le mosali, ’na le Mary re ile ra iketsetsa melao e ’meli ea bohlokoa. Oa pele, re ne re sa hanyetsane ka pel’a bana, oa bobeli, tumellanong le molao-motheo oa Bibele o ho Baefese 4:26, re ne re buisana ho fihlela re rarolla mathata—le haeba hoo ho ne ho ka nka lihora tse ngata!

E mong le e mong o ile a lokisa maemo a hae ka tsela e makatsang hore a lumellane le bophelo lelapeng lena le lecha la bobeli, empa ha rea ka ra lebala baratuoa ba rōna ba shoeleng hang-hang. Ka mohlala, Mantaha mantsiboea e ne e le “bosiu ba ho lla” ba Mary. Ka mor’a thuto ea rōna ea lelapa, ha banana ba robetse, hangata Mary o ne a ntša bohloko ba pelo ea hae ka ho lla.

Mary o ne a batla hore re be le ngoana oa rōna. Ka masoabi, ngoana eo o ile a hlaha a khathetse. Ha Mary a ima hape, re ile ra tleloa ke ntho eo re neng re sa e lebella. Tlhahlobo ea lesea le ka mpeng e ile ea senola hore o imme bana ba bane eseng a le mong! Ke ile ka haroha letsoalo. Ke ne ke e-na le lilemo tse 47, empa ke ne ke tla tloha ke e-ba le bana ba robeli! Ka la 14 February, 1982, ka mor’a hore Judy e be moimana ka libeke tse 32, o ile a pepisoa ka thipa. Mafahla a ile a hlahlamana ka tsela e latelang, Clint, a le boima ba lik’hilograma tse 1,6, Cindy, lik’hilograma tse 1,9; Jeremy, lik’hilograma tse 1,4 le Danette, lik’hilograma tse 1,7. Ba ne ba sa tšoane ho hang.

Ha Mary a qeta ho beleha, ngaka ea hae e ile ea tla ’me ea lula pel’a ka.

E ile ea botsa: “Na u tšoenyehile ka hore na u tla hlokomela bana baa joang?”

Ke ile ka re: “Ntho e tjena e ncha ho ’na.”

Mantsoe a eona a latelang a ile a ’makatsa empa a nkhothatsa.

E ile ea re: “Phutheho ea heno e ke ke ea u lahla. Etlare le pele u bua, thuso e tla hlaha!”

Ka lebaka la bokhoni bo fetisisang ba ngaka ena e belehisang le sehlopha seo e neng e sebetsa le sona, bana ba bane ba phetseng hantle ba ile ba lokolloa sepetlele ’me ba tla lapeng pele ho fela likhoeli tse peli.

Mathata a ho Hōlisa Mafahla a Mane

E le hore ho be le taolo, ’na le Mary re ile ra etsa kemiso ea lihora tse 24. Banana ba bane ba baholo ba ne ba thusa haholo ka ho hlokomela mafahla. Mantsoe a ngaka le ’ona a ile a netefala—‘le pele re bua’ phutheho e ne e re phallela. Pejana, motsoalle oa rōna oa khale ea bitsoang John MacArthur o ne a ile a hlophisa Lipaki tse tsebang mesebetsi ea matsoho hore li atolose ntlo ea rōna. Ha mafahla a tla lapeng, sehlopha sa baralib’abo rōna se ile sa thusa ka ho hlokomela mafahla. Mosa ona kaofela o ne o bontša lerato la Bokreste.—1 Johanne 3:18.

Kamoo ho neng ho le kateng, mafahla ana e ne e le “bana ba phutheho.” Ho tla fihlela joale, ba habo mafahla ana ke bara le baralib’abo rōna ba ileng ba re thusa. Mary eena, e bile mosali le ’mè ea babatsehang ea iteletseng ho hlokomela bana ba hae. Ka sebele o sebelisitse seo a ithutileng sona Lentsoeng la Molimo le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. Ha ho letho le ka fanang ka likeletso tse molemo ho feta Molimo le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng!—Pesaleme ea 1:2, 3; Matheu 24:45.

Liboka tsa Bokreste le mosebetsi oa boboleli li ile tsa tsoela pele e le karolo ea bohlokoa ea mesebetsi ea rōna ea beke le beke, le hoja ho ne ho le boima ka lebaka la masea a mane. Lehlohonolo la nakong eo ke lithuto tsa Bibele tseo re neng re li khanna le banna ba babeli le basali ba bona bao ka mosa ba neng ba e-tla lelapeng la rōna bakeng sa thuto. Le hoja sena se ne se re nolofalletsa lintho, ka linako tse ling Mary o ne a khathala hoo a neng a robala a ntse a nkile ngoana ea robetseng nakong ea thuto. Qetellong, banna bana le basali ba bona e ile ea e-ba bara le baralib’abo rōna ba moea.

A Rutoa Litaba Tsa Moea a sa le Manyenyane

Le pele mafahla a qala ho tsamaea, ’na, Mary le banana ba baholo, re ne re e-ea le ’ona tšimong. Ha a ithuta ho tsamaea, ke ne ke tsamaea le a mabeli Mary le eena a tsamaea le a mabeli, kahoo e ne e se moroalo. Ha e le hantle, ka lebaka la ’ona, re ne re khona ho bua le beng ba matlo ba botsoalle. Ka letsatsi le leng ke ile ka kopana le monna ea neng a bolela hore ha u tsoetsoe ka nako ea letšoao le itseng la bolepi ba linaleli, botho ba hao bo tla ba ka tsela e itseng. Ha kea ka ka mo phehisa khang, empa ke ile ka mo kōpa hore na nka tla hamorao hona hoseng hoo. O ile a lumela, kahoo ke ile ka khutla ke e-na le mafahla. Ha a a shebile ka ho makala, ke ile ka a kolokisa ka tlhaho ea ’ona. Ka mor’a moo re ile ra ba le puisano e monate, eseng feela ka ho se tšoane ha libōpeho tsa ’ona empa le ka ho se tšoane ho totobetseng ha botho ba ’ona, e leng ho ileng ha senya khopolo ea hae. O ile a re: “Ke booatla hore ebe ke buile taba ena ho uena. Ke tla tlameha ho etsa liphuputso tse eketsehileng, na ha ho joalo?”

Ha mafahla a sa le manyenyane, a ne a sa rate ho khalemeloa hammoho haeba a entse phoso, ka lebaka lena re ne re a khalemela ka bomong. Leha ho le joalo, a ile a ithuta hore bohle ba khalemeloa ka melao e tšoanang. Ha a ne a thulana le mathata a litaba tse amang letsoalo sekolong, a ne a emela melao-motheo ea Bibele ka tieo ’me a tšehetsana, Cindy e le eena ea a buellang. Batho ba ile ba ithuta kapele hore mafahla a mane ha a bapalloe!

’Na le Mary re ne re e-na le mathata a tloaelehileng a ho thusa bana hore ba lule ba tšepahala ho Jehova lilemong tsa bocha. Mosebetsi oo o ka be o ile oa e-ba thata haholo hoja ra se ke ra thusoa ke phutheho e lerato le lijo tse ngata tsa moea tse tsoang karolong e bonahalang ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Re ne re leka ho ba le thuto ea kamehla ea lelapa ea Bibele le ho buisana ka bolokolohi, le hoja ka linako tse ling ho ne ho se bonolo. Leha ho le joalo, boiteko ba rōna bo bile le litholoana hobane bana bohle ba rōna ba robeli ba ile ba khetha ho sebeletsa Jehova.

Ho Mamella Botsofali

Ke bile le likabelo tse ngata ka phuthehong: ho ba moholo oa phutheho, molebeli oa motse le molebeli oa potoloho ea tšoarang molepo. Hape, ke sebelelitse ke le setho sa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele, eo mosebetsi oa eona e leng ho thusa lingaka ho sebelisana le bakuli ba Lipaki ha ho hlaha khang ea ho tšela mali. Ka lilemo tse 34 ke boetse ka ba le tokelo ea ho tiisa manyalo. Ke tiisitse manyalo a ka bang 350, a akarelletsang a barali ba ka ba tšeletseng.

Ke leboha Jehova khafetsa hore ebe mosali oa ka oa pele Judy o ile a ntšehetsa ka botšepehi, ’me mosali oa ka oa bobeli Mary, le eena o entse ka ho tšoanang. (Liproverbia 31:10, 30) Ba ile ba ntšehetsa ha ke ne ke sebeletsa ke le moholo oa phutheho, ba ba ba beha mohlala o motle tšebeletsong le ho nthusa ho kenya litšoaneleho tsa moea baneng ba rōna.

Ka 1996, lingaka li ile tsa fumana hore ke na le boloetse ba boko bo etsang hore ke thothomele matsoho le bo etsang hore ke thekesele. Kahoo, ke ile ka tlohela mosebetsi oa ho penta matšoao. Leha ho le joalo, ke sa ntse ke thaba haholo tšebeletsong ea Jehova le hoja ke se ke sa etse lintho ka sekhahla. Empa se nkhothatsang ke hore ke na le qenehelo e khōlō ho ba bang ba hōlileng.

Ha ke nahana ka bophelo ba ka, ke leboha Jehova hore ebe kamehla o ne a nthusa le lelapa la ka hore re sebetsane le mathata a rōna a mangata re thabile. (Esaia 41:10) ’Na le Mary, hammoho le bana ba rōna ba robeli, re boetse re leboha bara le baralib’abo rōna ka phuthehong ba re tšehelitseng. Bohle ba re bontšitse lerato ka litsela tse ngata ho feta kamoo re ka hlalosang.—Johanne 13:34, 35.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.

^ ser. 17 Bona Molula-Qhooa oa September 15, 1972, leqepheng la 417-422.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Ke ’na le ’Mè, moholoane oa ka Garth le khaitseli ea ka Dawn, re loketse ho nka leeto la ho ea kopanong ea Sydney ea 1941

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ke na le Judy le Kim ha e sa le lesea ha ke ne ke le mosebetsing oa ho potoloha Queensland

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ka mor’a ho hlaha ha mafahla a mane, re ile ra thusoa ke barali ba rōna ba bane hammoho le phutheho