Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Melao ea Bibele e Thata ho Tlōla?

Na Melao ea Bibele e Thata ho Tlōla?

Na Melao ea Bibele e Thata ho Tlōla?

MOHLANKANA e mong oa Finland o re: “Ha ke le ngoana, ha kea ka ka rutoa melao leha e le efe ea Bibele. Ho ne ho sa buuoe letho ka Molimo.” Kajeno ho tloaelehile hore batho ba hōle ka tsela ena. Batho ba bangata, haholo-holo ba bacha, ba nahana hore Bibele e fetiloe ke linako ka ho feletseng le hore keletso ea eona e na le melao e thata ho tlōla. Ba bang ba nka hore batho ba batlang ho latela Bibele ke ba hateletsoeng ba phelang ka lithibelo le litaelo tse sa feleng. Kahoo, ba bangata ba nahana hore ho molemo ho tlohela ho bala Bibele ba mpe ba batle tataiso hosele.

Ho talima Bibele ka tsela ena ho bakoa haholo-holo ke pale e telele ea khatello e entsoeng ke likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Ka mohlala, nakong ea seo bo-rahistori ba bang ba se bitsang Mehla ea Lefifi, Europe koana Kereke e K’hatholike e ne e batla e laola karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba batho. Mang kapa mang ea neng a leka ho hanyetsa kereke o ne a ipeha kotsing ea ho hlokofatsoa kapa hona ho bolaoa. Likereke tsa Boprostanta, tse ileng tsa hlaha hamorao, le tsona li ne li thibela hore ba be le tokoloho. Kajeno, mantsoe a kang “Mocalvine” kapa “Lephurithane” ha a re hopotse balateli ba tumelo e itseng feela empa a re hopotsa le likahlolo tse sehlōhō tseo lihlopha tseo li ileng tsa ahlola ka tsona. Ka lebaka leo, kaha likereke li ne li hatella, batho ba etsa qeto e fosahetseng ea hore e tlameha ebe lithuto tsa Bibele lia hatella.

Lilemong tse makholo tsa morao tjena, likereke li feletsoe ke taolo e matla eo li neng li laola bophelo ba batho ka eona. Ka mor’a hore ho latoloe lithuto tse tloaelehileng tsa likereke, ho ile ha latela maikutlo a hore batho ba na le tokelo ea ho iketsetsa qeto ea hore na se nepahetseng kapa se fosahetseng ke sefe. Ka phello efe? Moprofesa oa thuto ea tlōlo ea molao le ea kahisano ea bitsoang le Ahti Laitinen o hlalosa tjena: “Ba boholong ha ba sa hlomphuoa ka ho feletseng, ’me batho ha ba sa hlaketsoe hantle hore na ke eng e amohelehang le hore na ke eng e sa amoheleheng.” Ho makatsang ke hore le baeta-pele ba bolumeli ba se ba inehetse monahanong ona. Mobishopo e mong ea hlahelletseng oa Molutere o ile a re: “Ke batla ke hanana le maikutlo a hore litaba tse amanang le boitšoaro li rarolloa ka ho batla thuso ka Bibeleng kapa ho baeta-pele ba itseng ba bolumeli.”

Na Tokoloho e se Nang Moeli e Ntle?

Khopolo ea tokoloho e se nang moeli e ka ’na ea utloahala e le ntle, haholo-holo ho bacha. Batho ba bangata ha ba rate ho tšoaroa joalokaha eka ha ba na tsebo kapa hore ba phele ka melao e ba bolellang hore na ba etse eng kapa ba se ke ba etsa eng. Leha ho le joalo, na motho e mong le e mong o lokolohile ho iketsetsa borata? Re tla araba potso ena ka ho etsa mohlala. Nahana ka toropo e se nang melao ea sephethephethe. Eo ho eona ho sa hlokoeng mangolo a tumello ea ho khanna kapa eo ho sa hlokoeng hore batho ba hlahlobeloe tsebo ea ho khanna. Batho ba ka khanna kamoo ba ratang kateng, esita leha ba noele haholo, ho sa hlokahale hore ba tšoenyehe ka meeli ea lebelo la ho khanna, matšoao a ho emelana, liroboto, literata tsa sephethephethe se lebang nģa e le ’ngoe, kapa ho ema moo ho tšelang litaaso. Na “tokoloho” e joalo e ne e tla ba ntle? Che! E ne e tla fella ka ho hloka molao, pherekano le tlokotsi. Le hoja melao ea tsela e thibela batho tokoloho, rea utloisisa hore melao ena e sireletsa baqhobi hammoho le litaaso.

Ka ho tšoanang, Jehova oa re tataisa hore na re lokela ho phela joang. Sena sea re thusa. Ha tataiso eo e ne e le sieo, re ne re tla tlameha ho ithuta ka liphoso, ebe rea itematsa re bile re lematsa le batho ba bang, ha re ntse re etsa joalo. Boemo boo bo se nang molao bo ne bo tla ba bobe hape bo be kotsi joaloka ho khanna toropong e se nang melao ea sephethephethe. ’Nete ke hore, re hloka melao le litaelo tse itseng—e leng ntlha eo batho ba bangata ba e lumelang ntle ho tikatiko.

“Mojaro oa ka o Bobebe”

Melao ea sephethephethe e ka ’na ea e-ba le letoto le lelelele le le qaqileng la litaelo—libakeng tse ling palo ea melao ea ho paka makoloi ea makatsa. Ha ho bapisoa, Bibele ha e na letoto le lelelele la litaelo. Ho e-na le hoo, e na le melao-motheo ea bohlokoa, ’me melao-motheo ena ha e boima ebile ha e hatelle. Jesu Kreste o ile a mema batho ba mehleng ea hae ka tsela e ipiletsang a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Matheu 11:28, 30) Lengolong le neng le e-ea phuthehong ea Bakreste ea Korinthe, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.”—2 Bakorinthe 3:17.

Leha ho le joalo, tokoloho eo e na le meeli. Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore lintho tseo Molimo a li hlokang li akarelletsa melao e bonolo. Ka mohlala, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ena ke taelo ea ka, hore le ratane feela joalokaha ke le ratile.” (Johanne 15:12) Nahana feela hore na bophelo bo ne bo tla ba joang haeba motho e mong le e mong a ne a ka sebelisa taelo eo! Kahoo, tokoloho ea Bakreste e na le meeli. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “E-bang joaloka batho ba lokolohileng, leha ho le joalo le se ke la ba le tokoloho ea lōna joaloka lesira le patang bobe, empa joaloka makhoba a Molimo.”—1 Petrose 2:16.

Kahoo, le hoja Bakreste ba sa tlangoa ke letoto la melao e qaqileng, ha ba etse lintho ho latela maikutlo a bona a hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. Batho ba hloka tataiso eo ba ka e fuoang ke Molimo feela. Bibele e bolela ka ho hlaka e re: “Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Ha re latela tataiso ea Molimo, re tla rua molemo haholo.—Pesaleme ea 19:11.

Molemo o mong ke thabo. Ka mohlala, mohlankana eo re buileng ka eena qalong, e ne e le lesholu ebile e le motho ea leshano. O ne a boetse a itšoere hampe. Ka mor’a hore a ithute melao e phahameng ea Bibele, o ile a fetola tsela eo a phelang ka eona hore e lumellane le melao eo. O ile a re: “Le hoja ke sa ka ka latela melao eohle ea Bibele hang-hang, ke ile ka utloisisa hore e molemo. Tsela eo ke neng ke phela ka eona pele ha ea ka ea ntlisetsa thabo eo ke nang le eona hona joale. Ho phela ka melao ea Bibele ho nolofatsa bophelo ba motho. Motho oa tseba hore na o phelela’ng le hore na se nepahetseng le se sa nepahalang ke sefe.”

Ho etsahetse se tšoanang ka batho ba limilione. Molemo o mong ke hore tataiso ea Bibele e ba thusitse ho ntlafatsa likamano tsa bona le batho ba bang, ho ithuta ho ba le pono e leka-lekaneng ka mosebetsi, ho tlohela mekhoa e kotsi ’me kahoo ba phele ka thabo haholoanyane. Mohlankana e mong ea bitsoang Markus, * ea kileng a phela ka melao ea Bibele ’me hamorao a e tlohela, o re ka bophelo ba hae: “Ka ho latela Bibele bophelong, ke khonne ho ntlafatsa seriti sa ka.” *

U Khetha’ng?

Kahoo, na melao ea Bibele e thata? E, e thata, feela e molemong oa rōna kaofela. Empa na melao ea Bibele e thata ho tlōla? Karabo ke che. Tokoloho e se nang moeli e baka mathata feela. Melao ea Bibele e tsitsitse, ’me e eketsa boiketlo ba rōna le thabo ea rōna. Markus o re: “Ha nako e ntse e feta, ke ile ka hlokomela bohlale ba ho sebelisa Lentsoe la Molimo bophelong. Le hoja bophelo ba ka bo fapane haholo le ba batho ba bangata, ha ke itšole ka letho bophelong.”

Ha u qala ho fumana melemo ea ho phela ka melao ea Bibele, u tla ananela Lentsoe la Molimo haholo. Kananelo ena e tla u ruisa molemo le ho feta—u tla rata Jehova Molimo, eena Moqapi oa eona. “Etsoe se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 Johanne 5:3.

Jehova ke ’Mōpi oa rōna le Ntate oa rōna oa leholimo. O tseba se molemohali bakeng sa rōna. Ho e-na le hore a re phelise ka thata, o re fa tataiso e lerato e re tsoelang molemo. Jehova o re khothatsa ka mantsoe ana a thothokiso: ‘Hoja le ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea lōna e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha lōna ho tšoane le maqhubu a leoatle.’—Esaia 48:18.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 Lebitso la hae le fetotsoe.

^ ser. 13 Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le bophelo boo Bibele e buang ka bona, bona khaolo ea 12 ea buka e bitsoang Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Jesu o ile a bolela hore litaelo tsa Molimo li ne li tla khatholla

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho latela tataiso ea Molimo hoa thabisa ebile ho fana ka seriti