Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebete se Tiisoang ke Lerato

Sebete se Tiisoang ke Lerato

Sebete se Tiisoang ke Lerato

“Molimo ha aa re fa moea oa bokoala, empa o re file moea oa matla le oa lerato le oa ho hlaphoheloa kelellong.”—2 TIMOTHEA 1:7.

1, 2. (a) Lerato le ka susumeletsa motho ho etsa’ng? (b) Ke hobane’ng ha sebete sa Jesu se ne se ikhetha?

BANYALANI ba bang ba bacha ba ne ba ntse ba sesa ka tlas’a metsi haufi le motse o lebōpong le ka bochabela la Australia. Ba ne ba le haufi le ho tsoa ha shaka e tšoeu e khōlō, e leng tlhapi ea tonanahali, e khorohela mosali. Ka sebete, monna o ile a sutumeletsa mosali oa hae thōko eaba o lumella shaka hore e nke eena. Tšebeletsong ea lepato mosali oa hae oa mohlolohali o ile a re: “O ile a ntella bophelo ba hae.”

2 Ka sebele, lerato le ka susumeletsa batho hore ba bontše sebete se tsotehang. Jesu Kreste ka boeena o ile a re: “Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Johanne 15:13) Pele ho feta lihora tse 24 Jesu a buile mantsoe ao, o ile a tela bophelo ba hae, eseng bakeng sa motho a le mong feela, empa bakeng sa moloko oa batho. (Matheu 20:28) Ho feta moo, Jesu ha aa ka a tela bophelo ba hae ka ketso feela ea tšohanyetso ea ho bontša sebete. O ne a tseba esale pele hore o ne a tla songoa le ho tšoaroa hampe, a ahloloe ka ho hloka toka ’me a bolaoe thupeng ea tlhokofatso. O ile a hlomella le barutuoa ba hae bakeng sa ketsahalo ena, a re: “Ke rōna bana, re nyolohela Jerusalema, ’me ho tla nehelanoa ka Mor’a motho ho baprista ba ka sehloohong le bangoli, ba tla mo ahlolela lefu ’me ba tla nehelana ka eena ho batho ba lichaba, ’me ba tla mo fetola litšeho ’me ba tla mo tšoela ka mathe le ho mo shapa ’me ba mo bolaee.”—Mareka 10:33, 34.

3. Ke lintho life tse ileng tsa etsa hore Jesu a be le sebete se sekaale?

3 Ke lintho life tse ileng tsa etsa hore Jesu a be le sebete se sa tloaelehang? Tumelo le ho tšaba Molimo ke tsona tse ileng tsa mo thusa haholo. (Baheberu 5:7; 12:2) Leha ho le joalo, habohlokoa ka ho fetisisa, Jesu o ile a ba sebete hobane o ne a rata Molimo le batho ba bang. (1 Johanne 3:16) Haeba re ka etsa hore re be le lerato le joalo ho phaella tumelong le tšabong ea Molimo, le rōna re ka khona ho bontša sebete se kang sa Kreste. (Baefese 5:2) Re ka etsa joang hore re be le lerato le joalo? Re lokela ho tseba Mohloli oa lerato lena.

“Lerato le Tsoa ho Molimo”

4. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jehova ke Mohloli oa lerato?

4 Jehova ke mothofatso oa lerato ebile ke Mohloli oa lona. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Baratuoa, a re tsoeleng pele ho ratana, hobane lerato le tsoa ho Molimo, ’me e mong le e mong ea ratang o tsoetsoe ke Molimo ’me o tseba Molimo. Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:7, 8) Ka hona, motho a ka ba le lerato le kang la Molimo hafeela a atamela ho Jehova ka ho ba le tsebo e nepahetseng ’me a sebelisa tsebo eo ka ho mamela ho tsoa pelong.—Bafilipi 1:9; Jakobo 4:8; 1 Johanne 5:3.

5, 6. Ke eng e ileng ea thusa balateli ba pele ba Jesu hore ba be le lerato le kang la Kreste?

5 Thapelong ea hae ea ho qetela a e-na le baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11, Jesu o ile a bontša kamano e teng pakeng tsa ho tseba Molimo le ho hōla leratong, a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa, e le hore lerato leo u nthatileng ka lona le ka ba ho bona ’me ’na ke be bonngoeng le bona.” (Johanne 17:26) Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae hore ba be le mofuta oa lerato le neng le le teng pakeng tsa hae le Ntate oa hae, a bontša ka mantsoe le ka liketso hore na lebitso la Molimo le emela eng—hore le emela litšoaneleho tsa Molimo tse babatsehang. Ke ka lebaka leo Jesu a neng a ka re: “Ea mponeng o bone le Ntate.”—Johanne 14:9, 10; 17:8.

6 Lerato le kang la Kreste le hlahisoa ke moea o halalelang oa Molimo. (Bagalata 5:22) Ka Pentekonta ea 33 C.E., ha Bakreste ba pele ba ne ba amohela moea o halalelang oo ba neng ba o tšepisitsoe, ha baa ka ba hopola feela lintho tse ngata tseo Jesu a neng a ba rutile tsona empa ba ile ba utloisisa le moelelo oa Mangolo haholoanyane. Ho hlakile hore temohisiso ena e tebileng e ile ea totisa lerato la bona ho Molimo. (Johanne 14:26; 15:26) Ka phello efe? Esita leha bophelo ba bona bo ne bo le kotsing, ba ile ba bolela litaba tse molemo ka sebete le ka cheseho.—Liketso 5:28, 29.

Ho Bontša Lerato le Sebete

7. Pauluse le Barnabase ba ile ba lokela ho mamella eng ha ba ne ba le leetong la bona la boromuoa?

7 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Molimo ha aa re fa moea oa bokoala, empa o re file moea oa matla le oa lerato le oa ho hlaphoheloa kelellong.” (2 Timothea 1:7) Pauluse o ne a tseba seo a se buang. Nahana ka se ileng sa etsahalla eena le Barnabase ha ba ne ba le leetong la bona la boromuoa. Ba ile ba bolela metseng e mengata, ho akarelletsa Antioke, Ikoniamo le Lystra. Motseng ka mong, batho ba bang e ile ea e-ba balumeli, empa ba bang ba ile ba ba hanyetsa ka lonya. (Liketso 13:2, 14, 45, 50; 14:1, 5) Ha ba le Lystra, letšoele le halefileng le ile la tlepetsa Pauluse ka majoe, la mo tlohela le nahana hore o shoele! “Leha ho le joalo, ha barutuoa ba mo lika-liketsa, [o ile] a tsoha eaba o kena motseng. Letsatsing le hlahlamang a tloha le Barnabase ho ea Derbe.”—Liketso 14:6, 19, 20.

8. Sebete sa Pauluse le Barnabase se ile sa bontša joang hore ba ne ba rata batho haholo?

8 Na boiteko boo ba ho bolaea Pauluse bo ile ba tšosa eena le Barnabase hore ba khaotse ho bolela? Che! Ka mor’a “ho etsa barutuoa ba bangata” Derbe, banna bana ba babeli ba ile “ba khutlela Lystra le Ikoniamo le Antioke.” Hobane’ng? E le hore ba e’o khothatsa barutuoa ba bacha hore ba lule ba matlafetse tumelong. Pauluse le Barnabase ba ile ba re: “Re tla kena ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.” Ho hlakile hore ba ile ba bontša sebete kahobane ba ne ba rata ‘linku tse nyenyane’ tsa Kreste haholo. (Liketso 14:21-23; Johanne 21:15-17) Ka mor’a ho beha banna ba baholo phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe e neng e sa tsoa thehoa, bara bana babo rōna ba babeli ba ile ba etsa thapelo eaba “ba ba beha ho Jehova eo ba neng ba lumetse ho eena.”

9. Baholo ba tsoang Efese ba ile ba etsa’ng ha ba bona kamoo Pauluse a neng a ba rata kateng?

9 Pauluse e ne e le motho ea lerato le ea sebete hoo Bakreste ba bangata ba pele ba ileng ba mo rata haholo. Hopola se ileng sa etsahala sebokeng seo Pauluse a neng a se tšoere le baholo ba tsoang Efese, e leng moo a neng a qetile lilemo tse tharo a ba a hanyetsoa haholo. (Liketso 20:17-31) Ka mor’a ho ba khothatsa hore ba lise mohlape oa Molimo o behiloeng tlhokomelong ea bona, Pauluse o ile a khumama le bona eaba oa rapela. Joale, “ha tsoha ho lla ho hoholo har’a bona kaofela, eaba ba itihela molaleng oa Pauluse ’me ba mo aka ka lerato, hobane ba ne ba utloisitsoe bohloko haholo-holo ke lentsoe leo a neng a le buile la hore ba ne ba ke ke ba hlola ba bona sefahleho sa hae.” Bara bana babo rōna ba ne ba rata Pauluse hakaakang! Ha e le hantle, ha nako ea hore ba arohane e fihla, Pauluse le metsoalle e tsamaeang le eena ba ile ba tlameha ho ‘tloha,’ hobane baholo bao ba ne ba sa batle hore ba tsamaee.—Liketso 20:36–21:1.

10. Lipaki Tsa Jehova tsa kajeno li bontšitse sebete sa hore lia ratana joang?

10 Kajeno, balebeli ba tsamaeang, baholo ba liphutheho le ba bang ba bangata ba ratoa haholo ka lebaka la sebete seo ba se bontšang molemong oa linku tsa Jehova. Ka mohlala, linaheng tse sohlokiloeng ke ntoa ea baahi kapa tseo mosebetsi oa boboleli o thibetsoeng ho tsona, balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing le ho ipeha kotsing ea ho tšoaroa e le hore ba etele liphutheho. Ka ho tšoanang, Lipaki tse ngata li ’nile tsa tšoaroa hampe ke babusi ba lonya le mahlahana a bona kahobane li ne li sa batle ho eka Lipaki tse ling kapa ho bolela hore na li fumana lijo tsa moea hokae. Tse ling tse likete li ile tsa hlorisoa, tsa hlokofatsoa esita le ho bolaoa kahobane li ne li sa batle ho khaotsa ho bolela litaba tse molemo kapa ho khaotsa ho kopana le balumeli-’moho le tsona libokeng tsa Bokreste. (Liketso 5:28, 29; Baheberu 10:24, 25) E se eka re ka etsisa tumelo le lerato tsa bara le barali bana babo rōna ba sebete!—1 Bathesalonika 1:6.

U se ke Ua Lumella Hore Lerato la Hao le Fole

11. Satane o sebelisa litsela life hore a loane ntoa ea moea le bahlanka ba Jehova, ’me ho hlokahala hore bona ba etse’ng?

11 Ha Satane a ne a liheloa lefatšeng, o ne a ikemiselitse ho ntšetsa bohale ba hae ho bahlanka ba Jehova hobane ‘ba boloka litaelo tsa Molimo ’me ba e-na le mosebetsi oa ho paka ka Jesu.’ (Tšenolo 12:9, 17) Leqheka le leng leo Diabolose a le sebelisang ke mahloriso. Leha ho le joalo, hangata, leqheka lena ha le sebetse hobane le etsa hore batho ba Molimo ba atamelane haholoanyane ka maqhama a lerato la Bokreste ebile le etsa hore ba bangata ba bona ba chesehe le ho feta. Leqheka le leng hape leo Satane a le sebelisang ke ho re hohela ka litšekamelo tsa botho tsa boetsalibe. Ho hlokahala mofuta o mong oa sebete hore re hanele leqheka lena hobane re loana le lintho tse ka hare ho rōna, re loana le litakatso tse sa lokang tse ka lipelong tsa rōna ‘tse bolotsana le tse tsitlellang seo li se batlang.’—Jeremia 17:9; Jakobo 1:14, 15.

12. Satane o sebelisa “moea oa lefatše” joang ha a leka ho fokolisa lerato la rōna ho Molimo?

12 Sebetsa se seng se matla seo Satane a se sebelisang ke “moea oa lefatše,” ke hore, matla kapa tšusumetso ea lona e re laolang—o hanyetsanang le moea o halalelang oa Molimo. (1 Bakorinthe 2:12) Moea oa lefatše o khothalletsa meharo le lerato la lintho tse bonahalang—“takatso ea mahlo.” (1 Johanne 2:16; 1 Timothea 6:9, 10) Le hoja lintho tse bonahalang le chelete li se kotsi ka botsona, haeba re li rata ho feta Molimo, joale Satane o tla be a hlōtse. “Matla” a moea oa lefatše ke ho ipiletsa ha oona nameng e etsang sebe, bolotsana ba oona, ho phehella ha oona ’me, joaloka moea o fokang, o hohle. U se ke ua lumella moea oa lefatše hore o tšoaetse pelo ea hao!—Baefese 2:2, 3; Liproverbia 4:23.

13. Sebete sa rōna sa ho lula re hloekile boitšoarong se ka lekoa joang?

13 Leha ho le joalo, e le hore re hanele moea o mobe oa lefatše, re lokela ho ba le sebete sa ho lula re hloekile boitšoarong. Ka mohlala, ho hlokahala sebete hore motho a tsoe ka holong ea libaeskopo kapa a time k’homphieutha kapa TV haeba ho hlaha litšoantšo tse sa lokang. Ho hlokahala sebete hore motho a hanele khatello e kotsi ea lithaka le ho khaohana le metsoalle e mebe. Ka ho tšoanang, ho hlokahala sebete hore motho a boloke melao le melao-motheo ea Molimo ho sa tsotellehe ho songoa ke liithuti-’moho, basebetsi-’moho, baahelani kapa beng ka eena.—1 Bakorinthe 15:33; 1 Johanne 5:19.

14. Re lokela ho etsa’ng haeba re tšoaelitsoe ke moea oa lefatše?

14 Ka hona, ka sebele ho bohlokoa hore re matlafatse lerato la rōna bakeng sa Molimo le bakeng sa bara le barali babo rōna ba moea! Hlahloba lipakane tsa hao le mokhoa oa hao oa bophelo ’me u bone hore na ebe ka tsela itseng, ha ua tšoaetsoa ke moea oa lefatše. Haeba moea ona o se o u tšoaelitse—esita le hanyenyane feela—joale u lokela ho rapela Jehova hore a u fe sebete sa hore u o ntše ka metso ’me u se ke ua hlola u o lumella. Jehova a ke ke a hlokomoloha likōpo tse joalo tse etsoang ka tieo. (Pesaleme ea 51:17) Ho feta moo, moea oa hae o matla haholo ho feta moea oa lefatše.—1 Johanne 4:4.

Ho Tobana ka Sebete le Liteko Tse re Hlahelang

15, 16. Lerato le kang la Kreste le ka re thusa hore re loantše liteko joang? Fana ka mohlala.

15 Liphephetso tse ling tseo bahlanka ba Jehova ba lokelang ho tobana le tsona li akarelletsa liphello tsa ho se phethahale le botsofali, tseo hangata li fellang ka boloetse, kholofalo, ho imeloa kelellong le mathata a mang a mangata. (Baroma 8:22) Lerato le kang la Kreste le ka re thusa hore re loantše liteko tsena. Nahana ka mohlala oa Namangolwa, ea hōletseng lelapeng la Bokreste Zambia. Ha Namangolwa a le lilemo li peli, o ile a holofala. O re: “Ke ne ke itšoha, ke nahana hore ke tla tšosa batho ka tsela eo ke neng ke shebahala ka eona. Empa barab’eso ba moea ba ile ba nthusa hore ke talime lintho ka tsela e fapaneng. Ka lebaka leo, ha kea ka ka hlola ke itšoha, ’me ka mor’a nako ke ile ka kolobetsoa.”

16 Le hoja Namangolwa a e-na le setulo sa likooa, hangata o tlameha ho khasa ka matsoho le mangole ha a fihla tseleng ea mobu. Leha ho le joalo, o kopanela tšebeletsong e le pula-maliboho ea thusang bonyane likhoeli tse peli selemo le selemo. Motho e mong o ile a lla ha Namangolwa a ne a le ha hae a mo pakela. O ne a llela’ng? O ne a lla hobane o ne a anngoe maikutlo ke tumelo le sebete sa morali’abo rōna. Ho bontša hore Jehova o hlohonolofalitse Namangolwa haholo, batho ba bahlano bao a ithutang Bibele le bona ba kolobelitsoe, ’me e mong oa bona ke moholo ka phuthehong. O re: “Hangata maoto a ka a opa haholo, empa ha ke lumelle seo ho ntšitisa.” Morali enoa oabo rōna e mpa feela e le e mong oa Lipaki tse ngata lefatšeng ka bophara tse fokolang ’meleng empa li cheseha haholo ka lebaka la ho rata Molimo le moahelani. Batho ba joalo kaofela ke ba lakatsehang hakaakang mahlong a Jehova!—Hagai 2:7.

17, 18. Ke eng e thusang ba bangata ho mamella ho kula le liteko tse ling? Bolela mehlala e itseng ea sebakeng sa heno.

17 Boloetse bo sa foleng le bona bo ka nyahamisa motho, ba ba ba mo tepeletsa maikutlo. Moholo e mong oa phutheho o re: “Sehlopheng sa rōna sa thuto ea buka, morali e mong oabo rōna o na le lefu la tsoekere le la liphio, e mong o na le kankere, ba babeli ba tšoeroe ke ramatiki ’me e mong eena o tšoeroe ke lefu la lupus le la fibromyalgia. Ka linako tse ling ba ikutloa ba nyahame. Leha ho le joalo, ba ba sieo libokeng hafeela ba kula haholo kapa ba le sepetlele. Kaofela ha bona ba ba teng kamehla tšebeletsong ea tšimo. Ba nkhopotsa Pauluse, ea ileng a re: ‘Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.’ Ke tsota lerato le sebete sa bona. Mohlomong boemo ba bona bo etsa hore ba be le pono e nepahetseng ka bophelo le ka lintho tseo ehlileng e leng tsa bohlokoa.”—2 Bakorinthe 12:10.

18 Haeba u ntse u loantša bofokoli bo itseng, boloetse, kapa bothata bo itseng, ‘rapela u sa phetse’ bakeng sa thuso e le hore u se ke ua nyahama. (1 Bathesalonika 5:14, 17) Ke ’nete hore ho ka ’na ha etsahala hore u thabe le ho hlonama ka linako tse ling, empa leka ho nahana ka lintho tse khothatsang, lintho tsa moea, haholo-haholo nahana ka tšepo ea rōna ea bohlokoa ea ’Muso. Morali e mong oabo rōna o ile a re: “’Na setlhare sa ka ke tšebeletso ea tšimo.” Ho bolella ba bang litaba tse molemo ho mo thusitse hore a be le pono e nepahetseng.

Lerato le Thusa Bafosi ho Khutlela ho Jehova

19, 20. (a) Ke eng e ka etsang hore ba entseng sebe ba be le sebete sa ho khutlela ho Jehova? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?

19 Batho ba bangata ba seng ba fokola moeeng kapa ba ileng ba etsa sebe ba thatafalloa ho khutlela ho Jehova. Empa ba tla ba le sebete se hlokahalang sa ho etsa joalo haeba ba baka e le kannete ’me ba tsosolosa lerato la bona bakeng sa Molimo. Nahana ka Mario, * ea lulang United States. Mario o ile a tlohela phutheho ea Bokreste, a fetoha lekhoba la tahi le la lithethefatsi ’me, ka mor’a lilemo tse 20, o ile a qetella a le chankaneng. Mario o re: “Ke ile ka qala ho nahana ka botebo ka bokamoso ba ka eaba ke qalella ho bala Bibele. Ka mor’a nako, ke ile ka qala ho utloisisa litšobotsi tsa Jehova, haholo tšobotsi ea hae ea mohau, e leng eona eo ke neng ke e rapella khafetsa. Ka mor’a ho lokolloa chankaneng, ke ile ka khaohana le metsoalle ea ka ea khale, ka ea libokeng tsa Bokreste ’me qetellong ke ile ka khutlisetsoa ka phuthehong. ’Meleng teng, ke kotula seo ke se jetseng, empa bonyane hona joale ke na le tšepo e babatsehang. Ke leboha Jehova haholo ka hore ebe o ile a nkutloela bohloko le ho ntšoarela.”—Pesaleme ea 103:9-13; 130:3, 4; Bagalata 6:7, 8.

20 Ke ’nete hore, batho ba leng maemong a tšoanang le ao Mario a bileng ho ’ona ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba khutlele ho Jehova. Empa lerato la bona le tsosolositsoeng—ka ho ithuta Bibele, thapelo le ka ho thuisa—le tla etsa hore ba be le sebete le boikemisetso boo ba bo hlokang. Mario o ile a boela a matlafatsoa ke tšepo ea ’Muso. Ka sebele, tšepo, hammoho le lerato, tumelo le ho tšaba Molimo li ka re susumetsa ka matla hore re etse se nepahetseng bophelong. Sehloohong se latelang, re tla hlahlobisisa haholoanyane mpho ena ea bohlokoa ea moea.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 19 Lebitso le fetotsoe.

Na U ka Araba?

• Lerato le ile la thusa Jesu joang hore a be le sebete se ikhethang?

• Lerato leo Pauluse le Barnabase ba neng ba e-na le lona bakeng sa barab’abo bona le ile la etsa hore ba be le sebete se ikhethang joang?

• Satane o sebelisa eng ha a leka ho senya lerato la Bokreste?

• Lerato bakeng sa Jehova le ka re fa sebete sa hore re mamelle liteko life?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho rata ha Pauluse batho ho ile ha mo fa sebete sa ho mamella

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho hlokahala sebete hore re boloke melao ea Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Namangolwa Sututu