Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Phela ka ho sa Feleng

U ka Phela ka ho sa Feleng

U ka Phela ka ho sa Feleng

BATHO ba bangata ba malumeli a lefatše ba na le tšepo e itseng ea ho phela ka ho sa feleng. Malumeli ana a ka ’na a bua lintho tse fapa-fapaneng, empa a batla a e-na le tšepo e tšoanang—e leng ho phela ka thabo maemong a matle ba sa tšoha lefu. Na le uena ha u lakatse ho phela ka ho sa feleng? Ebe ho ka hlalosoa joang hore na ke hobane’ng ha tumelo ea mofuta oo e atile hakaale? Hona na tšepo ea bophelo bo sa feleng e tla ke e phethahale?

Mangolo a bontša hore ho tloha qalong feela nakong eo ’Mōpi a neng a bōpa banyalani ba pele, o ile a tebisa likelellong tsa batho takatso ea ho phela ka ho sa feleng. Bibele e re: “[Molimo] o kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona.”—Moeklesia 3:11.

Leha ho le joalo, e le hore batho ba babeli ba pele ba finyelle takatso eo ea ho phela ka ho sa feleng, ba ne ba lokela ho lumela hore Molimo o na le tokelo ea ho etsa qeto ea hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. Hoja ba etsa joalo, Jehova a ka be a ile a etsa qeto ea hore ba lokela ho phela “ho isa nakong e sa lekanyetsoang” lehaeng leo a neng a ba lokiselitse lona, serapeng sa Edene.—Genese 2:8; 3:22.

Ho Lahloa Bophelo bo sa Feleng

Tlaleho ea Bibele e bontša hore Molimo o ile a lema “sefate sa tsebo ea botle le bobe” ka serapeng, eaba o hanela Adama le Eva ho ja litholoana tsa sona, hobane ha ba ne ba ka li ja ba ne ba tla ahloleloa lefu. (Genese 2:9, 17) Ha Adama le Eva ba ne ba sa je tholoana eo, ba ne ba tla be ba bontša Molimo hore ba amohela bolaoli ba hae. Ka lehlakoreng le leng, ho ja tholoana ea sefate seo, ho ne ho tla bontša hore ba hana bolaoli ba Molimo. Adama le Eva ha baa ka ba mamela litaelo tsa Jehova eaba ba ema le Satane, sebōpuoa sa moea se neng se fetohetse bolaoli ba Molimo. Ka lebaka leo, Molimo o ile a etsa qeto e nepahetseng ea hore Adama le Eva ba ne ba sa lokela ho phela ka ho sa feleng.—Genese 3:1-6.

Molimo o ne a tekile ka pel’a bona bophelo kapa lefu, ho ba teng kapa ho se be teng. Moputso oa ho se mamele e ne e le lefu kapa hore ba se ke ba e-ba teng ka ho feletseng. Ho ne ho ke ke ha etsahala hore Adama le Eva kapa bana leha e le bafe ba bona ba tsoele pele ba phela ka ho sebelisa moriana o itseng oa mohlolo kapa ka moea o sa shoeng. *

Bana bohle ba Adama ba ile ba ba mahlomoleng ka lebaka la borabele ba hae. Liphello tsa hona li hlalosoa ke moapostola Pauluse. O ile a ngola a re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Baroma 5:12.

Ho Fumanoa Bophelo bo sa Feleng Hape

Moapostola Pauluse o ile a tšoantša boemo ba bana ba Adama le ba lekhoba la lekholong la pele la lilemo. Ka lebaka la sebe se futsitsoeng, bana ba Adama le Eva ba tsoetsoe e le “makhoba a sebe” a se nang boikhethelo, a ahloletsoeng lefu. (Baroma 5:12; 6:16, 17) Ba ne ba ke ke ba qoba boemo bona hoja e ne e se ka lebaka la tokisetso ea molao eo Jehova a ileng a e etsa e le hore a reke tokoloho ea makhoba ana. Pauluse o ile a hlalosa: “Joalokaha ka tšito e le ’ngoe [ea Adama] phello ho batho ba mefuta eohle e ile ea e-ba tsuo, ka ho tšoanang ka ketso e le ’ngoe ea tokafatso phello ho batho ba mefuta eohle ke ho bolela hore ba lokile bakeng sa bophelo.” “Ketso [eo] e le ’ngoe ea tokafatso” e ile ea etsa hore Jesu a tele ’mele oa hae o phethahetseng hore e be “thekollo e lekanang bakeng sa bohle.” Jehova o ile a amohela matla a molao a thekollo eo hore a lokolle moloko oa batho ‘kahlolong’ ea “tsuo.”—Baroma 5:16, 18, 19; 1 Timothea 2:5, 6.

Ke ka lebaka leo bo-rasaense ba ke keng ba rarolla bothata ba bophelo bo sa feleng ka ho sheba liphatsa tsa motho tsa lefutso. Tharollo ha e liphatseng tsa motho tsa lefutso. Ho ea ka Bibele, sesosa sa ho shoa ha batho ke taba e amanang le boitšoaro le toka, eseng liphatsa tsa lefutso. Tsela eo bophelo bo sa feleng bo tla tsosolosoa ka eona—e leng sehlabelo sa thekollo sa Jesu—le eona e amana le toka. Thekollo le eona ke pontšo ea ho loka ha Molimo le mosa oa hae o lerato. Ebe ke bo-mang ba tla rua molemo thekollong ebe ba fumana bophelo bo sa feleng?

Mpho ea ho se Shoe

Jehova Molimo o “tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Ha a shoe. (Pesaleme ea 90:2) Motho oa pele eo Jehova a ileng a mo fa mpho ea ho se shoe ke Jesu Kreste. Moapostola Pauluse oa hlalosa: “Kreste, kaha joale o tsositsoe bafung, ha a sa hlola a shoa; lefu ha le sa mo laola.” (Baroma 6:9) Ka sebele, ha Pauluse a bapisa Jesu ea tsositsoeng le babusi ba lefatše, o hlalosa hore ke eena a le mong ea nang le ho se shoe. Jesu o tla tsoela pele a “phela ka ho sa feleng.” Bophelo ba hae ‘bo ke ke ba timela.’—Baheberu 7:15-17, 23-25; 1 Timothea 6:15, 16.

Hase Jesu feela ea tla amohela mpho ea ho se shoe. Bakreste ba tlotsitsoeng ba khethetsoeng ho ea busa e le marena khanyeng ea leholimo ba tsosoa ka tsela eo Jesu a ileng a tsosoa ka eona. (Baroma 6:5) Moapostola Johanne o bontša hore mpho ena e fuoa batho ba 144 000. (Tšenolo 14:1) Le bona ba fuoa ho se shoe. Ha Pauluse a bua ka tsoho ea bona, o re: “Nama le mali li ke ke tsa rua ’muso oa Molimo . . . Terompeta e tla lla, ’me bafu ba tla tsosoa ba ke ke ba bola, ’me re tla fetoloa. Etsoe sena se ka bolang se tla apara ho se bole, ’me sena se shoang se tla apara ho se shoe.” Lefu ha le na matla ho ba fuoang tsoho ea ho se shoe.—1 Bakorinthe 15:50-53; Tšenolo 20:6.

Ka sebele Molimo o re senoletse ntho ena ea bohlokoa. Esita le mangeloi ha aa ka a bōptjoa a sa shoe, le hoja e le libōpuoa tsa moea. Sena se bontšoa ke ’nete ea hore libōpuoa tsa moea tse ileng tsa ikopanya le Satane borabeleng ba hae, li tla ahloleloa lefu. (Matheu 25:41) Ka lehlakoreng le leng, ba tlang ho busa le Jesu, ba fuoa mpho ea ho se shoe, eo e leng bopaki ba hore Jehova ha a na pelaelo le e nyenyane ea hore baa tšepahala.

Na see se bolela hore ha ho bapisoa le batho ba likete tse limilione ba kileng ba phela, ke batho ba palo e nyenyane feela ba 144 000, ba tla phela ka ho sa feleng? Che. A re boneng lebaka.

Bophelo bo sa Feleng Lefatšeng la Paradeise

Buka ea Bibele ea Tšenolo e fana ka pono e ntle ea batho ba bongata bo se nang palo ba fuoang bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ba bo fuoa hammoho le ba ileng ba shoa empa ba tsosoa ’me ba khutlisetsoa bophelong le mahlahahlaheng a bocha. (Tšenolo 7:9; 20:12, 13; 21:3, 4) Ba isoa ‘nōkeng ea metsi a bophelo, e hlakileng joaloka kristale, e phallang ho tsoa teroneng ea Molimo.’ Mabōpong a eona ho na le “lifate tsa bophelo . . . [’me] makhasi a lifate e ne e le a ho phekola lichaba.” Jehova Molimo o mema ka mosa o re: “Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle; mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.”—Tšenolo 22:1, 2, 17.

Lifate tsena le metsi ana hase makhona-tsohle ao litsebi tsa mekhoa ea ho lelefatsa bophelo le bafuputsi ba ileng ba a batla ka makholo a lilemo, ebile hase seliba sa bocha seo ba neng ba se batla. Ho e-na le hoo, li emela litokisetso tsa Molimo tseo a li entseng ka Jesu Kreste bakeng sa ho khutlisetsa moloko oa batho boemong bo phethahetseng bo neng bo le teng tšimolohong.

Morero oa Molimo oa ho fa batho ba mamelang bophelo bo sa feleng lefatšeng, ha oa fetoha. Morero oo o tla phethahatsoa, hobane Jehova oa tšepahala. Pesaleme ea 37:29 e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” Tšepiso ena e re susumetsa hammoho le batho ba fuoang ho se shoe leholimong, hore re phatlalatse re re: “Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, mesebetsi ea hao e meholo ’me ea hlolla. Morena oa bosafeleng, litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete. Jehova, ka sebele ke mang ea ke keng a u tšaba, ’me a tlotlisa lebitso la hao, hobane ke uena feela ea tšepahalang?”—Tšenolo 15:3, 4.

Na u rata ho fumana mpho ea bohlokoa ea bophelo bo sa feleng? Haeba ho joalo, u tlameha ho tšepahala le ho mamela “Morena oa bosafeleng.” U lokela ho ithuta ka Jehova le ka Jesu Kreste, eo re fumanang bophelo boo ka eena. Bohle ba ikemiselitseng ho amohela litekanyetso tsa Molimo tsa se nepahetseng le se fosahetseng ba tla fuoa mpho ea “bophelo bo sa feleng.”—Johanne 17:3.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Bakeng sa boitsebiso bo qaqileng ba thuto ea ho se shoe ha moea, re kōpa u bone bukana e nang le sehlooho se reng Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]

Takatso ea Nako e Telele

Thothokiso ea Gilgamesh, e leng pale ea Mesopotamia eo ho nahanoang hore ke ea seketeng sa bobeli sa lilemo B.C.E., e hlalosa kamoo mohale enoa a ileng a batla hore na ke eng se ka etsang hore motho a lule a le mocha ka ho sa feleng. Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba tlotsa litopo ka metsoako e li thibelang ho bola, ka khopolo ea hore meea, eo ba neng ba lumela hore ha e shoe, e tla khutlela hape ’meleng ea eona. Ka lebaka leo, mabitla a mang a Baegepeta a ne a kenngoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo bafu ba neng ba ka ’na ba e hloka ho seo ho neng ho thoe ke bophelo ba ka mor’a lefu.

Ho bonahala ho tloha lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., litsebi tsa metsoako tsa Machaena li ile tsa e-ba le tumelo ea hore ’mele ha o shoe, ’me ho bonahala tumelo ea hore ho na le monyetla oa hore motho a se ke a shoa ka lebaka la ho sebelisa metsoako e itseng, eona e le ea lekholong la bone la lilemo B.C.E. Litsebi tsa boholo-holo tsa metsoako tsa Europe le tsa Maarabia li ile tsa batla metsoako ea tsona ea ho lelefatsa bophelo le ho leka ho e etsa. Metsoako e meng ea tsona e ne e e-na le metsoako ea arsenic, ea mercury le ea sebabole. Ha ho ea tsebang hore na ke batho ba bakae ba ileng ba noa chefo ka ho noa metsoako ena.

Ka nako e ’ngoe ho kile ha tlala lipale tsa seo ho neng ho thoe ke Seliba sa Bocha—seliba seo ho neng ho boleloa hore se khutlisa mahlahahlaha a bohle ba noang ho sona.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Bophelo bo sa Feleng—Na bo Tla Tena Batho?

Ba bang ba pheha khang ea hore bophelo bo sa feleng bo tla tena, bo tla tšoana le ho pheta-pheta ntho e le ’ngoe ka ho sa feleng. Mohlomong bo-sa-feleng boo ba nahanang ka bona ke ho pheta-phetoa ha mekhoa ea hona joale ea bophelo le maemo, tseo batho ba bangata ba bonang li tena ebile li se na morero. Empa, Paradeiseng eo Molimo a tla e tsosolosa, o tšepisa motho “thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:11) Bophelo boo bo tla fa batho monyetla oa ho tseba pōpo ea Jehova le oa ho ipha nako ea ho ntlafatsa tsebo, thuto le mesebetsi leha e le efe kapa eohle eo hona joale re ka nahanang ka eona feela.

Dr. Aubrey de Grey, eo e leng setsebi sa liphatsa tsa lefutso sa Univesithing ea Cambridge, se tšoarehileng ka liphuputso tsa ho lelefatsa bophelo, o re: “Batho ba rutehileng le ba nang le nako ea ho sebelisa thuto eo ha ho mohla ba tenehang kajeno ’me ha ba nahane ka ho felloa ke lintho tse ncha tseo ba ka ratang ho li etsa.” Leha ho le joalo, Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le re, “moloko oa batho o [ke ke] oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.”—Moeklesia 3:11.