Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Batla Likarabo Tse Nepahetseng

Ho Batla Likarabo Tse Nepahetseng

Ho Batla Likarabo Tse Nepahetseng

Nka sireletsa bophelo ba ka joang?

Nka etsa joang hore bophelo ba lelapa la ka e be bo thabisang?

Nka etsa joang hore ke se ke ka lahleheloa ke mosebetsi?

NA U kile ua botsa leha e le efe ea lipotso tsee? Na u ile ua fumana likarabo tse utloahalang tse ileng tsa sebetsa e le kannete? Selemo le selemo, ho hatisoa libuka tse sa tšoaneng tse ka bang 2 000 tse fanang ka keletso litabeng tsena le litabeng tse ling tsa bohlokoa. Naheng ea Brithani feela, babali ba sebelisa liranta tse limilione tse likete tse 1,1 ka selemo libukeng tse fanang ka keletso mabapi le kamoo ho ka sebetsanoang le mathata a bophelo. United States, thekiso ea libuka tsa likeletso e fihla ho liranta tse limilione tse likete tse 4,4 ka selemo. Ka sebele hase uena feela ea batlang keletso e molemo tabeng ea ho sebetsana le maemo a bophelo ba letsatsi le letsatsi.

Mabapi le keletso ena e fumanehang libukeng tsena tse ngata, mongoli e mong oa libuka o ile a re: “Libuka tse ngata tse ncha li mpa feela li pheta lintho tse seng li ngotsoe.” Ha e le hantle, boholo ba keletso e leng libukeng tsena e mpa feela e le ho phetoa ha bohlale bo tlalehiloeng ho e ’ngoe ea libuka tsa khale ka ho fetisisa lefatšeng. Ka sebele buka ena ke eona e abiloeng haholo lefatšeng. E fetoletsoe e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse ka bang 2 400. Ka kakaretso, ho se ho hatisitsoe likopi tse fetang limilione tse likete tse 4 lefatšeng lohle. Buka ena ke Bibele.

Ka ho toba Bibele e re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Timothea 3:16) Ke ’nete hore, Bibele e ne e sa ngolloa ho ba buka eo motho a ipatlelang likeletso ho eona. Morero oa eona o ka sehloohong ke ho senola thato ea Molimo bakeng sa moloko oa batho. Leha ho le joalo, Bibele e na le boitsebiso bo bongata bo mabapi le kamoo ho ka sebetsanoang le mathata a re amang kaofela, ebile e tšepisa hore ba latelang tataiso ea eona ba tla ithuta hore ba itsoele molemo. (Esaia 48:17, 18) Ha keletso ea eona e molemo e sebelisoa, e sebetsa kamehla, ho sa tsotellehe morabe oa motho, setso sa habo kapa thuto eo a nang le eona. Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe sehlooho se latelang ebe u iketsetsa qeto ka bouena mabapi le hore na seo Bibele e se buang ka litaba tsa bophelo bo botle, lelapa le mosebetsi se na le thuso na?