Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Ipeha ka Boikokobetso Tlas’a Balisa ba Lerato

Ho Ipeha ka Boikokobetso Tlas’a Balisa ba Lerato

Ho Ipeha ka Boikokobetso Tlas’a Balisa ba Lerato

“Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase.”—BAHEBERU 13:17.

1, 2. Ke mangolo afe a bontšang hore Jehova le Jesu ke Balisa ba lerato?

JEHOVA MOLIMO le Mora oa hae, Jesu Kreste, ke Balisa ba lerato. Esaia o ile a profeta a re: “Bonang! ’Musi Morena Jehova o tla tla joaloka ea matla, ’me letsoho la hae le tla busa bakeng sa hae. . . . O tla alosa mohlape oa hae joaloka molisa. O tla bokella likonyana ka letsoho la hae; o tla li beha sefubeng. Tse anyesang o tla li tsamaisa ka tlhokomelo.”—Esaia 40:10, 11.

2 Boprofeta boo ba tsosoloso bo ile ba phethahala ka lekhetlo la pele ha masala a Bajuda a ne a khutlela Juda ka 537 B.C.E. (2 Likronike 36:22, 23) Bo ile ba phethahala hape ha masala a tlotsitsoeng a ne a lokolloa “Babylona e Moholo” ka 1919 ke Cyruse e Moholo, e leng Jesu Kreste. (Tšenolo 18:2; Esaia 44:28) Ke “letsoho” leo ka lona Jehova a busang, a bokellang linku le ho li lisa ka bonolo. Jesu ka boeena o ile a re: “Ke ’na molisa ea khabane, ’me ke tseba linku tsa ka le linku tsa ka lia ntseba.”—Johanne 10:14.

3. Jehova o bontša kameho e lerato joang tseleng eo linku tsa hae li tšoaroang ka eona?

3 Boprofeta ba Esaia 40:10, 11 bo bua haholo ka bonolo boo Jehova a lisang batho ba hae ka bona. (Pesaleme ea 23:1-6) Jesu le eena o ile a bontša kameho e bonolo ho barutuoa ba hae le batho ka kakaretso, nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng. (Matheu 11:28-30; Mareka 6:34) Jehova le Jesu ba ne ba hloile ho hloka mohau ha balisa, kapa baeta-pele ba Iseraele, ba neng ba se na lihlong tsa ho hlokomoloha mehlape ea bona le ho e tlatlapa. (Ezekiele 34:2-10; Matheu 23:3, 4, 15) Jehova o ile a tšepisa: “Ke tla pholosa linku tsa ka, ’me ha li sa tla hlola li fetoha ntho e ka tlatlapuoang; ’me ke tla ahlola pakeng tsa nku le nku. Ke tla li hlahisetsa molisa a le mong, ’me o tla li fepa, eena mohlanka oa ka Davida. O tla li fepa, ’me e tla ba molisa oa tsona.” (Ezekiele 34:22, 23) Mehleng ena ea bofelo, Jesu Kreste, Davida e Moholo, ke “molisa a le mong” eo Jehova a mo behileng hore a okamele bahlanka bohle ba Hae lefatšeng, e leng Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea le “linku tse ling.”—Johanne 10:16.

Limpho Tsa Phutheho Tse Tsoang ho Jehova

4, 5. (a) Jehova o file batho ba hae ba lefatšeng mpho efe ea bohlokoa? (b) Jesu o file phutheho ea hae mpho efe?

4 Jehova o file phutheho ea Bokreste mpho ea bohlokoa ka hore ebe o behile “molisa a le mong”—Jesu Kreste—hore a okamele bahlanka ba Hae ba lefatšeng. Mpho ena ea Moeta-pele oa leholimo e ile ea profetoa ho Esaia 55:4 ka tsela ena: “Bonang! Ke fane ka eena e le paki ho lichaba, e le moeta-pele le molaoli oa lichaba.” Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le “bongata bo boholo,” ba bokelloa lichabeng, melokong, bathong le malemeng kaofela. (Tšenolo 5:9, 10; 7:9) Ba etsa phutheho ea machaba, e leng “mohlape o le mong,” o eteletsoeng pele ke ‘molisa a le mong,’ Kreste Jesu.

5 Jesu le eena o file phutheho ea hae ea lefatšeng mpho ea bohlokoa. O fane ka balisa ba tlaase ba tšepahalang, ba etsisang Jehova le Jesu ka ho lisa mohlape ka bonolo. Moapostola Pauluse o ile a bua ka mpho ena ea bohlokoa lengolong la hae le neng le e-ea ho Bakreste ba Efese. O ile a ngola a re: “‘Ha a nyolohela holimo o ile a nka baholehuoa; a fana ka limpho tseo e leng banna.’ O ile a fana ka ba bang e le baapostola, ba bang e le baprofeta, ba bang e le baevangeli, ba bang e le balisa le mesuoe, ka sepheo sa ho khutlisetsa bahalaleli tseleng, bakeng sa mosebetsi oa bosebeletsi, bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste.”—Baefese 4:8, 11, 12.

6. Balebeli ba tlotsitsoeng ba neng ba sebeletsa lihlopheng tsa baholo ba tšoantšelitsoe ka eng ho Tšenolo 1:16, 20, ’me ho ka thoe’ng ka baholo ba linku tse ling ba behiloeng?

6 “Limpho [tsena] tseo e leng banna” ke balebeli, kapa baholo, ba behiloeng ke Jehova le Mora oa hae, ka moea o halalelang, hore ba lise linku ka bonolo. (Liketso 20:28, 29) Qalong, balebeli bana kaofela e ne e le banna ba tlotsitsoeng ba Bakreste. Ho Tšenolo 1:16, 20, ba neng ba sebeletsa lihlopheng tsa baholo ka phuthehong ea batlotsuoa ba ile ba tšoantšetsoa ka “linaleli” kapa “mangeloi” a ka letsohong le letona la Kreste, ke hore, a taolong ea hae. Leha ho le joalo, nakong ena ea bofelo, ha palo ea balebeli ba tlotsitsoeng ba lefatšeng e ntse e qepha, baholo ba bangata ba Bakreste ka liphuthehong ke ba linku tse ling. Kaha ba behoa ke baemeli ba Sehlopha se Busang ka tataiso ea moea o halalelang, le bona ho ka boleloa hore ba tlas’a letsoho le letona (kapa, tlas’a tataiso) ea Molisa ea Molemo, e leng Jesu Kreste. (Esaia 61:5, 6) Kaha baholo ba liphutheho tsa rōna ba ipeha tlas’a Kreste, Hlooho ea phutheho, ho loketse hore re sebelisane le bona ka botlalo.—Bakolose 1:18.

Ho Mamela le ho Ipeha Tlaase

7. Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso efe mabapi le boikutlo ba rōna ka balebeli ba Bakreste?

7 Balisa ba rōna ba leholimong, e leng Jehova Molimo le Jesu Kreste, ba lebeletse hore re mamele re be re ipehe tlas’a balisa ba tlaase bao ba ba behileng maemong a boikarabelo ka phuthehong. (1 Petrose 5:5) Moapostola Pauluse o ile a bululeloa ’me a ngola a re: “Hopolang ba etellang pele har’a lōna, ba le boleletseng lentsoe la Molimo, ’me ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang kateng le etsise tumelo ea bona. Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.”—Baheberu 13:7, 17.

8.Pauluse o re kōpa hore re ‘nahanisise’ ka eng, hona re lokela ho ‘mamela’ joang?

8 Hlokomela hore Pauluse o re kōpa hore re ‘nahanisise’ kapa re shebisise phello ea boitšoaro ba baholo bo bontšang botšepehi, ebe re latela mehlala ena ea tumelo. Ho feta moo, o re eletsa hore re mamele le hore re ipehe tlas’a tataiso ea banna bana ba behiloeng. Setsebi sa Bibele se bitsoang R. T. France se hlalosa hore Segerikeng sa pele, lentsoe le fetoletsoeng mona e le “mamelang” hase “lentsoe la ho mamela hoo re ho tloaetseng, empa le bolela ‘ho susumelletsoa ho lumela,’ ho fanang ka maikutlo a ho amohela boeta-pele ba bona ka boithatelo.” Re mamela baholo eseng hobane feela Lentsoe la Molimo le re laela hore re etse joalo empa le hobane re susumelletsoa ho lumela hore ba thahasella litaba tsa ’Muso oa Molimo ebile ba thahasella hore re phele hantle nameng le moeeng. Ka sebele re tla thaba haeba re amohela boeta-pele ba bona ka boithatelo.

9. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ‘ipehe tlaase’ re be re mamele?

9 Leha ho le joalo, re lokela ho etsa joang haeba tabeng e itseng re sa kholiseha hore tataiso ea baholo ke eona tsela e molemohali ea ho etsa lintho? Ke tabeng ena moo ho hlokahalang hore re ipehe tlaase. Ho bonolo ho mamela ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlakile ebile re lumellana le eona, empa re tla bontša hore re ipehile tlaase e le kannete ha re tenyetseha le moo re sa utloisiseng tataiso e fanoang. Petrose, eo e ileng ea e-ba moapostola hamorao, o ile a bontša ho ipeha tlaase ha mofuta ona.—Luka 5:4, 5.

Mabaka a Mane a ho Bontša Tšebelisano ka Boithatelo

10, 11. Lekholong la pele la lilemo le kajeno, balebeli ba ‘boleletse Bakreste-’moho le bona lentsoe la Molimo’ joang?

10 Ho Baheberu 13:7, 17, e qotsitsoeng ka holimo, moapostola Pauluse o re fa mabaka a mane a hore na ke hobane’ng ha re lokela ho mamela le ho ipeha tlas’a balebeli ba Bakreste. La pele ke hore ba re ‘boleletse Lentsoe la Molimo.’ Hopola hore Jesu o fa liphutheho “limpho tseo e leng banna” molemong oa “ho khutlisetsa bahalaleli tseleng.” (Baefese 4:8, 11, 12) O ile a khutlisetsa tseleng monahano le boitšoaro ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, a sebelisa balisa ba tlaase ba tšepahalang, bao ba bang ba bona ba ileng ba bululeloa hore ba ngole mangolo a neng a e-ea liphuthehong. O ile a sebelisa balebeli bao ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang hore ba tsamaise ba be ba matlafatse Bakreste ba pele.—1 Bakorinthe 16:15-18; 2 Timothea 2:2; Tite 1:5.

11 Kajeno, Jesu o re tataisa ka “lekhoba le tšepahalang le le masene,” le emeloang ke Sehlopha se Busang sa lona le baholo ba behiloeng. (Matheu 24:45) Ka lebaka la ho hlompha “molisa ea ka sehloohong,” e leng Jesu Kreste, re mamela keletso ea Pauluse e reng: ‘Le hlomphe ba sebetsang ka thata har’a lōna le ba le okametseng Moreneng le ba le eletsang.’—1 Petrose 5:4; 1 Bathesalonika 5:12; 1 Timothea 5:17.

12. Balebeli “ba lebetse meea ea [rōna]” joang?

12 Lebaka la bobeli la hore re sebelisane le balebeli ba Bakreste ke hobane “ba lebetse meea ea [rōna].” Haeba ho e-na le seo ba se lemohang boikutlong ba rōna kapa boitšoarong ba rōna se ka ’nang sa re ntša kotsi moeeng, ba potlakela ho re fa keletso e hlokahalang ka morero oa ho re khutlisetsa tseleng. (Bagalata 6:1) Poleloana ea Segerike e fetoletsoeng e le “ba lebetse” e bolela “ho itima boroko.” Ho ea ka setsebi se seng sa Bibele, e “fetisa maikutlo a ho falimeha ha molisa.” Ho phaella tabeng ea ho lula ba falimehile moeeng, ho ka etsahala hore baholo ba se ke ba robala hobane ba amehile ka hore re phele hantle moeeng. Na ha rea lokela ho ithaopela ho sebelisana le balisa baa ba tlaase ba lerato, ba etsang sohle seo ba ka se khonang ho etsisa tlhokomelo e bonolo e fanoang ke Jesu Kreste, “molisa e moholo oa linku”?—Baheberu 13:20.

13. Balebeli hammoho le Bakreste bohle ba ikarabella ho mang hona e le ka litsela life?

13 Lebaka la boraro leo ka lona re ithaopelang ho sebelisana le balebeli ke hore ba re lebetse “joaloka ba tla ikarabella.” Balebeli baa hopola hore ke balisa ba tlaase, ba sebetsang tlas’a Balisa ba leholimo, e leng Jehova Molimo le Jesu Kreste. (Ezekiele 34:22-24) Jehova ke Mong’a linku, tseo a li “rekileng ka mali a Mora oa hae,” ’me O nka hore balebeli ba behiloeng baa ikarabella ka tsela eo ba tšoarang mohlape oa Hae ka eona, hobane ba lokela ho o tšoara “ka mosa.” (Liketso 20:28, 29) Kahoo, bohle re ikarabella ho Jehova ka tsela eo re itšoarang ka eona ha a re tataisa. (Baroma 14:10-12) Ha re mamela baholo ba behiloeng re boetse re fana ka bopaki ba hore re ipehile tlas’a Kreste, Hlooho ea phutheho.—Bakolose 2:19.

14. Ke eng e ka etsang hore balebeli ba Bakreste ba sebeletse “ka ho feheloa,” ’me liphello e ka ba life?

14 Pauluse o ile a fana ka lebaka la bone la hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ipeha tlas’a balebeli ba Bakreste ka boikokobetso. O ile a ngola a re: “E le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.” (Baheberu 13:17) Kaha ba na le boikarabelo bo boholo ba ho ruta, ho lisa, ho etella pele mosebetsing oa boboleli, ho hōlisa bana ba bona le ho sebetsa mathata a liphutheho, baholo ba Bakreste ba jere mojaro o boima. (2 Bakorinthe 11:28, 29) Haeba re sa sebelisane le bona, re ba ekeletsa mojaro. Sena se ka fella ka hore ba ‘feheloe.’ Jehova ha a khahloe ha re bontša moea oa ho hloka tšebelisano, ’me moea ona o ka ba kotsi ho rōna. Ho e-na le hoo, ha re bontša tlhompho e tšoanetseng le tšebelisano, baholo ba ka phetha mesebetsi ea bona ka thabo, ’me sena se ka etsa hore ho be le bonngoe le ho kopanela ka thabo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso.—Baroma 15:5, 6.

Ho Bontša Hore re Ipeha Tlaase

15. Re ka bontša joang hore rea mamela ebile re ipeha tlaase?

15 Ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona re ka sebelisanang le balebeli ba behiloeng. Molemong oa ho ikamahanya le maemo a macha a tšimo, na baholo ba lokiselitse ho tšoara liboka tsa tšebeletso ea tšimo ka matsatsi le ka linako tse hlokang hore re fetole kemiso ea rōna ea kamehla? A re etseng boiteko ba ho tšehetsa litokisetso tseo tse ncha. Re ka ’na ra fumana meputso eo re neng re sa e lebella. Na molebeli oa tšebeletso o tla re etela Thutong ea Buka ea Phutheho? A re kopaneleng ka hohle kamoo re ka khonang mosebetsing oa boboleli bekeng eo. Na re abetsoe puo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? Re lokela ho leka hore re be teng ’me re fane ka puo eo re e abetsoeng. Na molebeli oa Thuto ea Buka ea Phutheho o tsebisitse hore ke nako ea sehlopha sa rōna ea ho hloekisa Holo ea ’Muso? A re mo tšehetseng ka hohle, ho ea kamoo bophelo ba rōna le matla a rōna a re lumellang kateng. Ka tsela ena le tse ling tse ngata, re bontša hore re ipehile tlas’a banna bao Jehova le Mora oa hae ba ba behileng hore ba hlokomele mohlape.

16. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ba marabele haeba moholo a sa etse lintho kamoo a laetsoeng kateng?

16 Ka linako tse ling, ho ka etsahala hore moholo a se ke a etsa lintho kamoo li laetsoeng ke lekhoba le tšepahalang le Sehlopha se Busang sa lona. Haeba a tsoela pele a ntse a etsa joalo, o tla tlameha ho ikarabella ho Jehova, e leng “molisa le molebeli oa meea ea [rōna].” (1 Petrose 2:25) Empa haeba baholo ba itseng ba sa etse seo ba tšoanetseng ho se etsa kapa ba etsa liphoso, seo hase lebaka la hore re be le moea oa ho se ipehe tlaase. Jehova ha a hlohonolofatse batho ba sa mameleng le ba marabele.—Numere 12:1, 2, 9-11.

Jehova o Hlohonolofatsa ba Bontšang Tšebelisano ka Boithatelo

17. Re lokela ho ikutloa joang ka balebeli ba rōna?

17 Jehova Molimo oa tseba hore banna bao a ba behileng hore e be balebeli ha baa phethahala. Leha ho le joalo, oa ba sebelisa, ’me o lisa batho ba hae ba lefatšeng ka moea oa hae. Taba ena ke ’nete ka baholo le ka rōna bohle hore “matla a fetang se tloaelehileng [ke] a Molimo eseng a tsoang ho rōna.” (2 Bakorinthe 4:7) Kahoo, re lokela ho leboha Jehova ka seo a se finyellang ka balebeli ba rōna ba tšepahalang, ’me re lokela ho sebelisana le bona ka boithatelo.

18. Ha e le hantle re etsa’ng ha re ipeha tlas’a balebeli ba rōna?

18 Balebeli ba ikitlaelletsa ho phelela tlhaloso eo Jehova a faneng ka eona ho Jeremia 3:15 ea balisa ba behiloeng hore ba lise mohlape oa hae matsatsing ana a ho qetela: “Ke tla le fa balisa ba tumellanong le pelo ea ka, ’me ka sebele ba tla le fepa tsebo le temohisiso.” Ka sebele baholo ba har’a rōna ba etsa mosebetsi o babatsehang oa ho ruta le ho sireletsa linku tsa Jehova. E se eka re ka tsoela pele ho bontša teboho ea rōna bakeng sa mosebetsi oa bona o matla ka ho sebelisana le bona ka boithatelo, ka ho ba mamela le ka ho ipeha tlas’a bona. Ha re etsa joalo, re tla bontša hore re ananela Balisa ba rōna ba leholimong, e leng Jehova Molimo le Jesu Kreste.

Tlhahlobo

• Jehova le Jesu Kreste ba bontšitse joang hore ke Balisa ba lerato?

• Ntle ho ho mamela, ke hobane’ng ha ho ipeha tlaase ho hlokahala?

• Re ka bontša ka litsela life tse sebetsang hore re ipehile tlaase?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Baholo ba Bakreste ba ipeha tlas’a boeta-pele ba Kreste

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho na le litsela tse ngata tsa ho bontša hore re ipehile tlas’a balisa ba behiloeng ke Jehova