Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Nyehela Mahlabelo a Khahlisang Molimo

Ho Nyehela Mahlabelo a Khahlisang Molimo

Ho Nyehela Mahlabelo a Khahlisang Molimo

BUKA e bitsoang The Mighty Aztecs e re: “Maaztec a neng a tumme ka ho etsa mahlabelo ka batho karolong e Amerika Bohareng le Amerika Leboea-boroa a ne a lumela hore “lefu le tsoala bophelo.” Buka ena e tsoela pele ka hore “ha ’muso ona o ntse o hōla, ho etsa mahlabelo ka batho ke hona feela ho ileng ha tiisa ’muso oo.” Ho latela encyclopedia e ’ngoe, mahlabelo ao Maaztec a neng a a etsa ka batho a ne a fihla ho 20 000 ka selemo.

Ho pholletsa le histori, batho ba ’nile ba nyehela mahlabelo a itseng ho melingoana ea bona ka lebaka la tšabo le ho se tiisehe kapa ka lebaka la ho susumetsoa ke maikutlo a ho ba molato le ho ikoahlaea. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e bontša hore Molimo ea matla ’ohle, e leng Jehova, o ne a laetse hore mahlabelo a itseng a etsoe. Ka hona, ho loketse ho botsa: Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a mofuta ofe? Hona na batho ba lokela ho etsa linyehelo le mahlabelo borapeling kajeno?

Linyehelo le Mahlabelo Borapeling ba ’Nete

Ha sechaba sa Iseraele se ne se thehoa, Jehova o ile a fana ka litaelo tse hlakileng mabapi le tsela eo a neng a batla hore Baiseraele ba mo rapele ka eona, ’me litaelo tsena li ne li akarelletsa ho etsa linyehelo le mahlabelo. (Numere, khaolo ea 28 le ea 29) Linyehelo tse ling e ne e le lijalo; tse ling e le liphoofolo tse kang lipoho, linku, lipōli, maeba le maebana-khoroana. (Levitike 1:3, 5, 10, 14; 23:10-18; Numere 15:1-7; 28:7) Ho ne ho e-na le linyehelo tse feletseng tsa secheso tse neng li lokela ho chesoa ka ho feletseng ka mollo. (Exoda 29:38-42) Ho ne ho boetse ho e-na le mahlabelo a kopanetsoeng, ao ba neng ba a etsa ba neng ba kopanela ka ho ja se neng se hlabetsoe Molimo.—Levitike 19:5-8.

Linyehelo tsohle le mahlabelo ’ohle a neng a etsetsoa Molimo tlas’a Molao oa Moshe e ne e le tsela ea ho rapela Molimo le ho bontša ho mo ela hloko joaloka ’Musi oa bokahohleng. Ka mahlabelo a joalo, Baiseraele ba ne ba leboha Jehova ka molemo le tšireletso ea hae ’me ba ne ba tšoareloa libe. Hafeela ba ne ba tšepahalla ho boloka litaelo tsa Jehova tsa borapeli, ba ne ba hlohonolofatsoa haholo.—Liproverbia 3:9, 10.

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho Jehova e ne e le boikutlo ba batho ba neng ba nyehela mahlabelo ao. A sebelisa moprofeta oa hae Hosea, Jehova o ile a re: “Ke khahliloe ke mosa o lerato, eseng sehlabelo; le tsebo ea Molimo ho e-na le linyehelo tse feletseng tsa secheso.” (Hosea 6:6) Kahoo, ha batho ba ne ba furalla borapeli ba ’nete ’me ba kopanela boitšoarong bo hlephileng le ho tšolla mali a se nang molato, mahlabelo ao ba neng ba a nyehela aletareng ea Jehova a ne a se na thuso. Ke ka lebaka leo Jehova, a sebelisa ,Esaia, a ileng a bolella sechaba sa Iseraele a re: “Mahlabelo a lōna a mangata a ntsoela molemo oa eng? . . . Ke khathetse ke linyehelo tse feletseng tsa secheso tsa lipheleu le mafura a liphoofolo tse fepehileng hantle; ha kea khahloa ke mali a lipohoana le likonyana tse tona le liphooko.”—Esaia 1:11.

“Ntho eo ke Neng ke sa ka ka e Laela”

Baiseraele ba ne ba fapane hōle le baahi ba Kanana, ba neng ba etsetsa melimo ea bona mahlabelo ka bana ba bona, ’me melimo eo e ne e akarelletsa molimo oa Moammone o bitsoang Moloke, oo hape o neng o tsejoa e le Milkome. (1 Marena 11:5, 7, 33; Liketso 7:43) Halley’s Bible Handbook e re: “Bakanana ba ne ba rapela ka ho etsa boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate, e le tšebeletso ea bolumeli ka pel’a melimo ea bona; ebe ka mor’a moo, ba bolaea bana ba bona ba matsibolo e le sehlabelo se etsetsoang melimo eona ena.”

,Na mekhoa e joalo e ile ea khahlisa Jehova Molimo? Ha ho pelaelo hore ha ea ka ea mo khahlisa. Ha Baiseraele ba le haufi le ho kena naheng ea Kanana, Jehova o ile a ba fa taelo e tlalehiloeng ho Levitike 20:2, 3: “U tla re ho bara ba Iseraele, ‘Motho leha e le ofe oa bara ba Iseraele, le mojaki leha e le ofe ea lulang e le mojaki Iseraele, ea fanang ka leha e le ofe oa bana ba hae ho Moloke, ruri o lokela ho bolaoa. Batho ba naha ba lokela ho mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a shoa. Ha e le ’na, ke tla tjamela motho eo, ’me ke tla mo felisa har’a sechaba sa habo, hobane o fane ka ba bang ba bana ba hae ho Moloke ka morero oa ho silafatsa sebaka sa ka se halalelang le ho hlompholla lebitso la ka le halalelang.’”

Ho makatsang ke hore, Baiseraele ba bang ba neng ba furaletse borapeli ba ’nete, ba ile ba nka mokhoa ona oa bodemona oa ho etsetsa melimo ea bona ea bohata mahlabelo ka bana ba bona. Mabapi le sena, Pesaleme ea 106:35-38 e re: “Ba qala ho itsoakanya le lichaba ba ithuta mesebetsi ea tsona. Ba ’na ba sebeletsa litšoantšo tsa tsona tse rapeloang, tsa fetoha leraba ho bona. Ba ne ba hlabela bademona bara ba bona le barali ba bona. Kahoo ba ’na ba tšolla mali a hlokang molato, mali a bara ba bona le barali ba bona, bao ba ileng ba ba hlabela litšoantšo tse rapeloang tsa Kanana; naha ea silafala ke tšollo ea mali.”

Ha Jehova a bolela kamoo a neng a nyonya mokhoa ona kateng, o ile a re ka moprofeta oa hae ,Jeremia malebana le bara ba ,Juda: “Ba behile lintho tsa bona tse nyonyehang ka tlung e ’nileng ea bitsoa ka lebitso la ka, e le hore ba e silafatse. Ba hahile libaka tse phahameng tsa Tofethe, e phuleng ea bara ba Hinome, e le hore ba chese bara ba bona le barali ba bona mollong, e leng ntho eo ke neng ke sa ka ka e laela le e neng e sa ka ea hlaha pelong ea ka.”—Jeremia 7:30, 31.

Qetellong sechaba sa Iseraele ha sea ka sa hlola se amoheloa ke Molimo ka lebaka la ho kopanela mekhoeng e joalo e nyonyehang. Motse-moholo oa sona, e leng Jerusalema, qetellong o ile oa timetsoa, ’me sechaba sa isoa botlamuoeng Babylona. (Jeremia 7:32-34) Ho hlakile hore, mokhoa oa ho etsa mahlabelo ka batho ha o tsoe ho Molimo oa ’nete ebile hase karolo ea borapeli bo hloekileng. Ho etsa sehlabelo sa mofuta leha e le ofe ka motho ke ketso ea bodemona, ’me barapeli ba ’nete ba Molimo ba hana ntho leha e le efe e amanang le mokhoa o joalo.

Sehlabelo sa Thekollo sa Kreste Jesu

Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Ke hobane’ng ha Molao oa Jehova ho Baiseraele o ne o hloka hore ho etsoe mahlabelo ka liphoofolo?’ Moapostola Pauluse o ile a tšohla potso ena eaba oa araba: “Joale, Molao o bile teng hobane’ng? O ile oa eketsoa ho bonahatsa litlōlo, ho fihlela ho ka fihla peō eo tšepiso eo e neng e entsoe ho eona . . . Ka lebaka leo Molao o fetohile motataisi oa rōna ea isang ho Kreste.” (Bagalata 3:19-24) Molaong oa Moshe, mahlabelo a liphoofolo a ne a tšoantšetsa sehlabelo se seholo seo Jehova Molimo a neng a tla fana ka sona molemong oa moloko oa batho—e leng sehlabelo sa Mora oa hae, Jesu Kreste. Jesu o ne a bua ka ketso ena e lerato ha a ne a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

Ka lebaka la ho rata Molimo le batho, Jesu o ile a ithaopela ho nehelana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo bakeng sa bana ba Adama. (Baroma 5:12, 15) Jesu o itse: “Feela joalokaha Mor’a motho a sa ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Ha ho motho lefatšeng ea neng a ka lopolla batho bokhobeng ba sebe le lefu, boo ba ileng ba rekisoa ho bona ha Adama a ne a qala ho etsa sebe. (Pesaleme ea 49:7, 8) Kahoo, Pauluse o ile a hlalosa hore, Jesu “ha aa ka a kena ka mali a lipōli le a lipohoana, empa o kene ka mali a hae, hang le ka ho ke keng ha phetoa sebakeng se halalelang ’me a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rōna.” (Baheberu 9:12) Ka ho amohela mali a Jesu a sehlabelo, Molimo o ile a “hlakola tokomane e ngotsoeng ka letsoho khahlanong le rōna.” Ka mantsoe a mang, Jehova o ile a behella ka thōko selekane sa Molao se neng se hloka hore ho etsoe linyehelo le mahlabelo, ’me kahoo a tlisa ‘mpho ea bophelo bo sa feleng.’—Bakolose 2:14; Baroma 6:23.

Mahlabelo le Linyehelo Tsa Moea

Kaha mahlabelo a liphoofolo le linyehelo ha e sa le karolo ea borapeli ba ’nete, na ho na le mahlabelo leha e le afe ao ho sa ntseng ho hlokahala hore re a etse kajeno? E, a teng. Jesu Kreste o ile a phela bophelo ba boitelo e le hore a sebeletse Molimo ’me qetellong o ile a inehela molemong oa moloko oa batho. Kahoo o ile a re: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse.” (Matheu 16:24) Sena se bolela hore ho na le boitelo bo itseng boo mang kapa mang ea batlang ho ba molateli oa Jesu a lokelang ho bo etsa. Ke bofe?

Boitelo bo bong boo molateli oa ’nete oa Kreste a bo etsang ke hore ha aa sa iphelela empa o phelela ho etsa thato ea Molimo. Thato ea hae le litakatso tsa hae ha li tle pele ho tsa Molimo. Hlokomela kamoo moapostola Pauluse a behang taba ena kateng: “Ke le kōpa ka tieo ka qenehelo ea Molimo, barab’eso, hore le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana. Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”—Baroma 12:1, 2.

Ho feta moo, Bibele e bontša hore lipolelo tsa rōna tsa thoriso li ka nkoa e le mahlabelo a etsetsoang Jehova. Moprofeta Hosea o ile a sebelisa polelo e reng “lipohoana tsa melomo ea rōna,” ho bontša hore Molimo o nka thoriso e tsoang melomong ea rōna e le se seng sa mahlabelo a molemo ka ho fetisisa. (Hosea 14:2) Moapostola Pauluse o ile a khothatsa Bakreste ba ,aheberu a re: ‘,Le nyehele kamehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa.’ (Baheberu 13:15) Kajeno, Lipaki Tsa Jehova li lula li phathahane haholo ka ho bolela litaba tse molemo le ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Li, nyehela mahlabelo a thoriso ho Molimo bosiu le motšehare lefatšeng lohle.—Tšenolo 7:15.

Ho phaella mosebetsing oa ho bolela, sehlabelo se seng se khahlisang Molimo, ke ho etsetsa ba bang se molemo. Pauluse o ile a fana ka keletso e latelang: “,Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.” (Baheberu 13:16) Ha e le hantle, ba nyehelang mahlabelo a thoriso ho Molimo ba lokela ho itšoara hantle haeba ba batla hore mahlabelo a bona a khahlise Molimo. Pauluse o ile a eletsa: “,Le itšoare ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.”—Bafilipi 1:27; Esaia 52:11.

Joaloka mehleng ea boholo-holo, mahlabelo ’ohle a etsoang bakeng sa ho tšehetsa borapeli ba ’nete a tla tlisetsa ba a etsang thabo e khōlō hammoho le litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova. Ka hona, a re etseng sohle seo re ka se khonang hore re nyehele mahlabelo a khahlisang Molimo e le kannete!

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

‘Bara ba bona le barali ba bona . . . ba ile ba ba hlabela litšoantšo tse rapeloang tsa Kanana’

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Bakreste ba ’nete ba nyehela mahlabelo a khahlisang Molimo ka ho bolela litaba tse molemo le ka ho thusa ba bang ka litsela tse ling