Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Likarabo Tse Sebetsang!

Likarabo Tse Sebetsang!

Likarabo Tse Sebetsang!

BOHOLO ba keletso e leng libukeng tse ngata tsa likeletso tse fumanehang kajeno bo thehiloe tabeng ea ho thusa batho ba aparetsoeng ke mathata hona joale. Empa Bibele eona e fapane. Keletso ea Bibele ha e thuse feela ba leng mahlomoleng. Keletso ea eona e thusa motho ho qoba liphoso tse ka mo thatafaletsang bophelo ho sa hlokahale.

Bibele e ka “fa ba se nang phihlelo masene, ho fa mohlankana tsebo le matla a ho nahana.” (Liproverbia 1:4) Haeba u sebelisa keletso ea Bibele, “matla a ho nahana a tla u lebela, temoho e tla u sireletsa, ho u lopolla tseleng e mpe.” (Liproverbia 2:11, 12) Nahana ka mehlala e meng e tobileng ea kamoo ho latela keletso ea Bibele ho ka sireletsang bophelo ba hao, ha ntlafatsa bophelo ba lelapa la hao, ha ba ha etsa hore u be mosebetsi le mohiri ea molemo haholo.

Qoba ho Sebelisa Joala Hampe

Bibele ha e thibele ho sebelisa joala ka ho lekanyetsa. Moapostola Pauluse o ile a bua ka tsela eo veine e leng molemo kateng litabeng tsa phekolo ha a ne a eletsa mohlankana Timothea tjena: “U sebelise veine e nyenyane ka lebaka la mala a hao le maemo a hao a ho kula khafetsa.” (1 Timothea 5:23) Litemana tse ling tsa Bibele li bontša hore Molimo o ne a sa rera hore veine e nooe e le moriana feela. Veine e hlalosoa e le ntho “e thabisang pelo ea motho ea shoang.” (Pesaleme ea 104:15) Leha ho le joalo, Bibele e lemosa ka ho ba “makhoba a veine e ngata.” (Tite 2:3) E re: “U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo, har’a ba jang nama ka bonyollo. Etsoe letahoa le monyollo ba tla futsaneha.” (Liproverbia 23:20, 21) o etsahala’ng ha keletso e joalo e leka-lekaneng e hlokomolohuoa? Hlokomela lintlha tse latelang tse tsoang linaheng tse seng kae feela.

Global Status Report on Alcohol 2004 ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo e re: “Mathata a bakoang ke joala a qosa batho ba Ireland liranta tse limilione tse likete tse 22,5 ka selemo.” Tlaleho ena e re: Cheleteng ena e ngata-ngata ho akarellelitsoe litšenyehelo tse phahameng tsa “bophelo bo botle tse fihlang ho (liranta tse limilione tse likete tse 2,6), litšenyehelo tsa likotsi tsa mebileng (liranta tse limilione tse likete tse 3), litšenyehelo tsa tlōlo ea molao tse bakiloeng ke joala (liranta tse limilione tse 938), ho se tsoele pele ha mosebetsi ka lebaka la batho ba lofisoang ke ho noa (liranta tse limilione tse likete tse 9,7).”

Mahlomola a bakoang ke tšebeliso e mpe ea joala a bohloko ho feta litšenyehelo tsa chelete. Ka mohlala, Australia, nakong ea likhoeli tse 12 feela, batho ba fetang milione ba ile ba hlekefetsoa ke batho ba noeleng joala. Naheng ea Fora, karolo ea 30 lekholong ea lintoa tsohle tsa ka lapeng e bakoa ke tšebeliso e mpe ea joala. Ka lebaka la lintlha tsena, na keletso ea Bibele ka joala ea utloahala ho uena?

Qoba Mekhoa e Silafatsang ’Mele

Khale koana ka 1942, ha ho tsuba ho ne ho sa ntse ho nkoa e le feshene, makasine ena e ile ea thusa babali ba eona ho utloisisa hore ho sebelisa koae ho khahlanong le melao-motheo ea Bibele ebile ho lokela ho qojoa. Sehlooho se ileng sa hatisoa selemong seo se ile sa bontša hore batho ba batlang ho khahlisa Molimo ba lokela ho latela taelo ea Bibele ea hore ba ‘itlhatsoe litšila tsohle tsa nama le tsa moea.’ (2 Bakorinthe 7:1) Joale, lilemo tse ka bang 65 hamorao, na keletso ee e thehiloeng Bibeleng e ntse e le bohlale?

Ka 2006, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o ile oa hlalosa ho tsuba koae e le “eona ntho ea bobeli e ka sehloohong e bakang lefu lefatšeng.” Selemo le selemo, ho shoa batho ba ka bang limilione tse hlano ka lebaka la ho tsuba. Ha ho bapisoa, selemo le selemo ho shoa batho ba ka bang limilione tse tharo ka lebaka la HIV/AIDS. Lekholong la bo20 la lilemo, ho tsuba ho bolaile batho ba ka bang limilione tse 100, e leng palo e batlang e lekana le ea ba bolailoeng lintoeng tsohle tsa lekholong leo la lilemo. Ka sebele, hona joale hohle batho baa lumela hore ho se sebelise koae ho molemo.

“Balehelang Bohlola”

Batho ba bangata ha baa ikemisetsa ho lumela seo Bibele e se buang ka litaba tsa ho kopanela liphate.Ho fapana le kamoo batho ba bangata ba rutiloeng kateng, Bibele ha e nyatse takatso e ’ngoe le e ’ngoe ea ho kopanela liphate ka hore ke ntho e hlabisang lihlong. Empa e fana ka keletso e utloahalang mabapi le kamoo batho ba lokelang ho itšoara kateng litabeng tsa ho kopanela liphate. Bibele e ruta hore monna le mosali ba nyalaneng ke bona feela ba lokelang ho kopanela liphate. (Genese 2:24; Matheu 19:4-6; Baheberu 13:4)Ho kopanela liphate ho fa balekane ba lenyalo monyetla oa ho bontšana lerato. (1 Bakorinthe 7:1-5) Bana leha e le bafe bao banyalani bana ba bang le bona ba rua molemo ka ho ba le batsoali ba babeli ba ratanang.—Bakolose 3:18-21.

Bibele e fana ka taelo e latelang mabapi le boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate: “Balehelang bohlola.” (1 Bakorinthe 6:18) Lebaka le leng la see ke lefe? Temana ena ha e tsoela pele e re: “Sebe se seng le se seng seo motho a ka se etsang se ka ntle ho ’mele oa hae, empa ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.” Liphello e ba life ha batho ba hlokomoloha keletso ea Bibele litabeng tsa ho kopanela liphate?

Nahana ka se etsahalang United States. Har’a linaha tse ruileng, hona joale naha ena ke eona e nang le palo e phahameng ka ho fetisisa ea bacha ba imang—ba ka bang 850 000 ka selemo. Masea a mangata a sa bolaoeng ka ho ntšoa ha limpa a belehoa ke bo-mè ba sa nyaloang. Ha ho pelaelo hore bo-’mè bana ba bacha ba bangata ba leka ka hohle hore ba hōlise bana ba bona ka lerato le taeo, ’me ba bang baa atleha. Leha ho le joalo, bonnete ba taba ke hore, bara ba bo-’mè bana ba bacha lilemong ba ka ’na ba qetella ba le chankaneng ’me barali ba bona le bona, ba ka ’na ba qetella e le bo-’mè ba ntse ba le bacha lilemong. Ka mor’a ho hlahloba lipalo-palo tsa lilemo tse ’maloa tse fetileng, Robert Lerman eo e leng ’matlisisi o ile a ngola: “Ho ka etsahala hore ebe ho eketseha ha malapa a motsoali a le mong ho tlatselitse haholo mathateng a mang a sechaba, a kang manane a phahameng a bacha ba tlohelang sekolo, tšebeliso e mpe ea joala le lithethefatsi, bacha ba imang le ba bang le bana, hammoho le botlokotsebe ba bana.”

Batho ba itšoereng hampe litabeng tsa ho kopanela liphate ba boetse ba tobana le mathata a maholo a bophelo, ’meleng le kelellong. Ka mohlala, makasine e bitsoang Pediatrics ea tlaleha: “Boitsebiso bo bontša hore bacha ba kopanelang liphate ba kotsing e khōlō ea ho sithabela maikutlo le ho ipolaea.” Mabapi le likotsi tse ling tsa bophelo bo botle, Mokhatlo oa Amerika oa Sechaba oa Bophelo bo Botle o re: “Karolo e ka holimo ho halofo ea batho bohle [ba United States] e tla tšoaetsoa ke STD [e leng lefu le tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate] neng-neng bophelong ba eona.” Nahana ka masisa-pelo le bohloko bo neng bo ka qojoa ha ho ne ho latetsoe keletso e sebetsang ea Bibele litabeng tsa ho kopanela liphate!

Tiisa Maqhama a Lelapa

Bibele ha e re lemose feela ka mekhoa e kotsi. Hlokomela keletso ea eona e molemo e bontšang kamoo bophelo ba lelapa bo ka ntlafatsoang kateng.

Lentsoe la Molimo le re: “Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona.” (Baefese 5:28) Ho e-na le ho hlokomoloha basali ba bona, banna ba eletsoa hore ba lule le bona “ho ea ka tsebo, [ba] ba abela tlhompho joaloka sejana se fokolang haholo, se setšehali.” (1 Petrose 3:7) Mabapi le liqabang tse ka ’nang tsa hlaha, banna baa eletsoa: “Le ’ne le rate basali ba lōna ’me le se ke la ba halefela ka matla.” (Bakolose 3:19) ,Na ha u lumele hore mosali o tla rata a be a hlomphe monna ea sebelisang keletso ee?

Bibele e fa basali keletso e latelang: “Basali ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona joalokaha ba ipeha tlas’a Morena, hobane monna ke hlooho ea mosali oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho . . . Mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” (Baefese 5:22, 23, 33)Na ha u nahane hore mosali ea sebelisang keletso ee ha a bua le monna oa hae kapa a bua ka eena o tla etsa hore monna oa hae a mo rate haholo?

Tabeng ea ho ruta bana, Bibele e eletsa lōna batsoali hore le buisane le bana ba lōna ‘ha le lutse ka tlung le ha le tsamaea tseleng le ha le robala le ha le tsoha.’ (Deuteronoma 6:7) Bo-ntate ke bona bao haholo-holo ba laeloang hore ba fe bana ba bona melao ea boitšoaro le keletso e lerato. Lentsoe la Molimo le re: “Bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Ka lehlakoreng le leng, bana baa bolelloa: “,Le mamele batsoali ba lōna,” hape ho thoe le ‘hlomphe bo-ntate ba lōna le bo-’mè ba lōna.’ *Baefese 6:1, 2.

Na u nahana hore malapa a ne a ka rua molemo ka ho sebelisa keletso ee? U ka ’na ua re, ‘Ke ’nete, keletso ena eona ea utloahala, empa na ehlile ea sebetsa?’ Re u khothalletsa hore u etele Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova e sebakeng sa heno. Ha u le moo u tla kopana le malapa a lekang ho sebelisa keletso e bohlale ea Bibele. Bua le ’ona. Hlokomela kamoo litho tsa lelapa li sebelisanang kateng. U tla iponela ka bouena kamoo ho phela ka melao-motheo ea Bibele ho hlileng ho etsang hore malapa e be a thabileng!

Mosebetsi ea Khothetseng le Mohiri ea Hlokang Leeme

Bibele e fana ka tharollo efe bothateng bo ntseng bo tsoela pele ba ho leka ho se lahleheloe ke mosebetsi? E bolela hore motho ea tsebang mosebetsi oa hae hantle o tla ananeloa a be a fumane moputso. Morena Solomone ea bohlale o ile a botsa: “Na u bone motho ea nang le tsebo mosebetsing oa hae? O tla ema ka pel’a marena.” (Liproverbia 22:29) Ka lehlakoreng le leng, “motho ea botsoa” o khathatsa joaloka “mosi mahlong” a mohiri oa hae. (Liproverbia 10:26) Bibele e khothalletsa basebetsi hore ba tšepahale ’me e be batho ba khothetseng. “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae.” (Baefese 4:28) Keletso ena e sebetsa esita leha mohiri a sa re bone. “Le mamele beng ba lōna ka kutloisiso ea nama, eseng ka liketso tsa tšebeletso ea ha le shebiloe, joaloka ba khahlisang batho, empa ka botšepehi ba pelo, ka ho tšaba Jehova.” (Bakolose 3:22) Haeba u mohiri, na u ne u ke ke ua nka mosebetsi ea sebelisang keletso ee e le motho oa bohlokoa?

Bibele e fana ka khopotso e latelang ho bahiri: “Mosebetsi o tšoaneloa ke moputso oa hae.” (1 Timothea 5:18) Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele o ne o laetse hore bahiri ba lefe basebetsi ba bona kapele le hona ba ba lefe moputso o tšoanetseng. Moshe o ile a ngola a re: “U se ke ua etsetsa oa heno bolotsana, ’me u se ke ua tlatlapa. Moputso oa mosebetsi ea hiriloeng ha oa lokela ho lula bosiu bohle ho uena ho fihlela hoseng.” (Levitike 19:13) Na u ne u ke ke ua thabela ho sebeletsa mohiri ea neng a mamela taelo ee ea Bibele ea hore a u lefe kapele le hona ka tšoanelo?

Mohloli o Phahameng oa Bohlale

Na ha ho u makatse hore ebe buka ea khale joaloka Bibele e na le keletso e sebetsang mehleng ee? Lebaka leo Bibele e bileng teng ka lona ka nako e telele hakana empa libuka tse ling tsona li se li sa sebetse ke hobane e na le “lentsoe la Molimo” eseng lentsoe la batho.—1 Bathesalonika 2:13.

Re u khothalletsa hore u iphe nako ea ho tloaelana le Lentsoe la Molimo hamolemo. Haeba u etsa joalo, u tla qala ho rata Mongoli oa Bibele, e leng Jehova Molimo. Sebelisa keletso eo a fanang ka eona, ’me u tla hlokomela hore e u sireletsa kotsing ebile e u thusa ho ntlafatsa bophelo ba hao. Ka ho etsa joalo u tla ‘atamela ho Molimo, ’me o tla atamela ho uena.’ (Jakobo 4:8) Ha ho buka e ’ngoe e ka u thusang ka tsela e joalo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 20 E le hore u fumane boitsebiso bo qaqileng ka melao-motheo ea Bibele e ka thusang lelapa la hao, bona buka e bitsoang Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Na u nahana hore pono ea Bibele mabapi le tšebeliso ea joala e na le thuso?

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Na u lumellana le keletso e thehiloeng Bibeleng ea ho se sebelise koae?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]

Ho sebelisa keletso ea Bibele ho ntlafatsa bophelo ba lelapa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

Globe: Based on NASA Photo