Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Re lokela ho utloisisa joang mantsoe a Pauluse a reng mohlolohali e lokela ho ba “mosali oa monna a le mong” e le hore a ka tšoaneleha hore phutheho ea Bokreste e mo thuse?—1 Timothea 5:9.

Kaha moapostola Pauluse o ne a bua ka mohlolohali, ho hlakile hore e tlameha ebe poleloana e reng “mosali oa monna a le mong” e bua ka mosali eo pele e e-ba mohlolohali. ,Na ebe see se bolela hore mohlolohali eo o tlameha a be a ile a nyaloa ka lekhetlo le le leng feela? Kapa na mohlomong mantsoe a Pauluse a bolela ho hong ho fapaneng? *

Ba bang ba ’nile ba bolela hore Pauluse o ne a bua ka bahlolohali ba neng ba nyetsoe ka lekhetlo le le leng feela. Ke ’nete hore litsong tse ngata le lichabeng tse ngata, mohlolohali ea neng a lula a sa nyaloa o ne a thoholetsoa haholo. Leha ho le joalo, pono ena ha e lumellane le mantsoe a Pauluse a mangolong a mang. Ka mohlala, o ile a hlakisetsa Bakreste ba Korinthe hore le hoja a e-na le maikutlo a hore mohlolohali o ne a tla thaba haholo haeba a ka lula a sa nyaloa, feela “o lokolohile ho nyaloa ke eo a mo batlang, e mpe e be feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39, 40; Baroma 7:2, 3) Ho phaella moo, lengolong la hae le eang ho Timothea, Pauluse o ile a re: “Ke lakatsa ha bahlolohali ba banyenyane ba nyaloa.” (1 Timothea 5:14) Kahoo, mohlolohali o ne a ke ke a nyatsoa haeba a ne a ka khetha ho nyaloa hape.

Kahoo, re lokela ho utloisisa mantsoe a Pauluse a eang ho Timothea joang? Poleloana e reng “mosali oa monna a le mong” e hlaha temaneng ena feela. Se thabisang ke hore poleloana ena e tšoana le eo Pauluse a ileng a e sebelisa ka makhetlo a mangata mangolong a hae, e reng, “monna oa mosali a le mong.” (1 Timothea 3:2, 12; Tite 1:6) Ha Pauluse a ne a thathamisa litšoaneleho tsa balebeli le bahlanka ba sebeletsang ba Bakreste, o ile a sebelisa poleloana ena e reng “monna oa mosali a le mong.” Litemaneng tsena, moelelo o ka sehloohong oa poleloana ena ke hore haeba monna a nyetse, o tlameha ho tšepahala ho mosali oa hae hape a be le boitšoaro bo sa nyatsuoeng e le hore a tšoanelehele boikarabelo ka phuthehong ea Bokreste. * Kaha sena ke ’nete, poleloana e ho 1 Timothea 5:9 e bolela ntho e tšoanang: E le hore mohlolohali a tšoanelehe hore a thusoe ke phutheho, ho ne ho hlokahala hore ebe e ne e le mosali ea itetseng le ea neng a tšepahala ho monna oa hae ha monna a ne a sa ntse a phela, hape o ne a tlameha hore ebe o ne a sa nyatsuoe ka boitšoaro bo bobe. Lintho tsena tse hlokahalang tse eketsehileng tse thathamisitsoeng ke Pauluse kaofela li bua ka mohlolohali ea joalo.—1 Timothea 5:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Linaheng tsa Bagerike le Baroma ho ne ho sa amohelehe mehleng ea moapostola Pauluse hore mosali a be le banna ba bangata ka nako e le ’ngoe. Kahoo, ha ho bonahale eka Pauluse o ne a ngolla Timothea mabapi le mokhoa ona kapa hore o ne a nyatsa ba o latelang.

^ ser. 5 Bona tokollo ea Molula-Qhooa oa October 15, 1996, leqepheng la 17, le “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” tokollong ea April 15, 1981, leqepheng la 31, moo ho tšohloang taba ena.