Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa o Amme Liqeto Tsa ka Bophelong
Pale ea Bophelo
Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa o Amme Liqeto Tsa ka Bophelong
Joalokaha ho boletse Lynette Peters
Masole a ne a tlile ho tla re ntša ka sheshe. Rasethunya e mong ea nepang e ne e le malala-a-laotsoe ka holim’a mohaho. Masole a mang a ne a robetse ka limpa fatše, lithunya li ne li emetse ntho e le ’ngoe feela! Ha re ntse re tsamaea ka potlako ho ea sefofaneng sa se-roala-nkhoana hoseng ka Sontaha seo, ’na le baromuoa ba bang re ile ra iketsa eka ha rea tšoha. Ka ho panya ha leihlo feela, sefofane seo se ile sa fofa ka rōna. Metsotso e leshome hamorao, re ne re sireletsehile ka sekepeng sa sesole, se neng se eme lebōpong la leoatle.
HOSESANE hoseng, re ile ra utloa hore marabele a qhomisitse hotele eo re neng re balehetse ho eona bosiung bo fetileng. Merusu ea bana ba thari e nkileng lilemo tse telele Sierra Leone e ile ea fella ka ntoa e akaretsang. Batho ba linaha tse ling, ho akarelletsa le rōna, ba ne ba tsebisitsoe ka ho panya ha leihlo hore ba itlheke naheng eo. E-re ke qale litaba qalong e le hore ke u hlalosetse hore na ke hobane’ng ha ke ile ka ba boemong boo.
Ke hōletse British Guiana, e ileng ea tsejoa e le Guyana ho tloha ka 1966. Ke hōletse moo lilemong tsa bo-1950, ke se na mathata ebile ke thabile. Batsoali ba bangata ba ne ba nkela thuto holimo, ’me ho ne ho lebeletsoe hore bana ba fete litlhahlobo hantle sekolong. Ke hopola hore ka letsatsi le leng mosebeletsi e mong oa banka o ile a botsa Ntate a re, “Ke hobane’ng ha u lefella thuto ea bana ba hao chelete e ngata hakaale?” Ntate o ile a araba ka ho re, “Ba tla atleha feela ha ba ka fumana thuto e ntle haholo.” Nakong eo, o ne a nahana hore thuto e ntle haholo e ne e ka fumanoa likolong tsa maemo. E se khale, o ne a tla fetola maikutlo a hae.
Ha ke e-na le lilemo tse 11, ’Mè o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Eena le moahelani ba ne ba ile ba etela Holong ea ’Muso. Seo ba ileng ba se utloa mantsiboeeng ao se ile sa ba
kholisa ka bobeli hore ba fumane ’nete. Hamorao, ’Mè o ile a bolella moahelani e mong seo ba se utloileng moo. Kapele feela boraro ba bona ba ne ba ithuta le moromuoa ea bitsoang Daphne Harry (hamorao e ile ea e-ba oa ha Baird) le Rose Cuffie. Pele selemo se fela, ’Mè le metsoalle ea hae e ’meli ba ile ba kolobetsoa. Lilemo tse hlano hamorao, Ntate o ile a tsoa Kerekeng ea Sabatha ’me a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.Ha re sa le bacha, ’na le banab’eso ba babeli ba ntlhahlamang—boraro ba rōna re le ba baholo lelapeng la bana ba leshome—re ne re qeta lihora tse ngata re thabile lehaeng la baromuoa moo Daphne le Rose ba neng ba lula teng. Linakong tseo, re ne re mamela liphihlelo tsa tšimo tseo ba neng ba li pheta. Baromuoa bana ba ne ba tletse thabo hobane ba ne ba sa khathale ke ho hlokomela boiketlo ba moea ba batho ba bang. Mohlala oa bona ke oona o ileng oa ntšusumetsa hore ke lakatse ho ba moromuoa.
Leha ho le joalo, ke eng e ileng ea nthusa hore ke lule ke nahana ka pakane ea ka ea ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng empa beng ka ’na le bana ba bang ba sekolo ba ne ba thahasella ho ntšetsa thuto pele e le hore ba tle ba atlehe bophelong? Ho ne ho e-na le menyetla e mengata e hohelang—ke ne nka ikitlaelletsa ho ithuta molao, ’mino, bongaka, kapa ho hong feela. Mohlala o motle oa batsoali ba ka o ile oa ntataisa hantle. Ba ne ba phelela ’nete, ba khothaletse ho ithuta Bibele, ’me ba iteletse ho thusa ba bang hore ba ithute ka Jehova. * Ho feta moo, nako le nako basebeletsi ba nako e tletseng ba ne ba memeloa lapeng. Thabo le khotsofalo tse neng li bontšoa ke bara le barali bana babo rōna li ile tsa matlafatsa takatso ea ka ea hore mosebetsi oa ho etsa barutuoa o susumetse liqeto tsa ka bophelong.
Ke ile ka kolobetsoa ha ke e-na le lilemo tse 15. Hang ha ke qeta sekolong se phahameng, ke ile ka kena tšebeletsong ea nako e tletseng ea bopula-maliboho. Motho oa pele eo ke ileng ka mo thusa ho fihlela a inehela a ba a kolobetsoa ke Phiomena, ea neng a sebetsa sepetlele. Thabo ea ho mo bona a rata Jehova e ile ea matlafatsa takatso ea ka ea ho tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka fuoa mosebetsi o motle ’musong moo ke neng ke sebetsa ke le mongoli. Ke ile ka o hana eaba ke khetha ho tsoela pele ke le pula-maliboho.
Ke ne ke ntse ke lula lapeng, ’me baromuoa ba ne ba ntse ba re etela. Ruri ke ne ke thabela ho mamela liphihlelo tsa bona! Lintho tsena kaofela li ile tsa matlafatsa takatso ea ka ea ho ba moromuoa, le hoja ho ne ho bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala. Nakong eo, baromuoa ba ne ba ntse ba romeloa Guyana, ’me ba sa ntsane ba romeloa le kajeno. Ka letsatsi le leng ka 1969, ke ile ka makala empa ka thaba ha ke memeloa ho ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Brooklyn, New York.
Kabelo eo ke Neng ke sa e Lebella
Sehlopheng sa bo48 sa Gileade ho ne ho e-na le liithuti tse 54 tse tsoang linaheng tse 21. Tse 17 e ne e le baralib’abo rōna ba masoha. Le hoja sena se etsahetse lilemong tse fetileng tse 37, ke sa ntse ke hopola hantle se etsahetseng likhoeling tseo tse hlano. Re ne re ithuta lintho tse ngata—re ne re sa ithute linnete tsa Mangolo feela empa re ne re ithuta litlhahiso le likeletso tse neng li tla re thusa bophelong ba baromuoa. Ka mohlala, ke ile ka ithuta ho latela litaelo, ho qoba lifeshene tse feteletseng le ho mamella ho sa tsotellehe maemo a seng monate.
Ka linako tsohle batsoali ba ka ba ne ba lula ba re bolella hore ke habohlokoa ho ba teng libokeng kamehla. Ngoana ea neng a kula hoo a neng a sitoa ho ba teng sebokeng ka Sontaha, o ne a sa fole ka tšohanyetso ebe o lumelloa ho ea boikhathollong bo itseng mantsiboeeng a Mantaha. Leha ho le joalo, ka nakoana Sekolong sa Gileade, ke ile ka fosoa ke liboka tse ling. Mantsiboeeng a Labohlano le leng, ke ile ka leka ho behela Don le Dolores Adams lebaka la hore ke se ke ka ea libokeng. Ba ha Adams e ne e le banyalani ba Bethele bao ke neng ke tsamaea ka koloi ea bona. Ke ile ka ba bolella hore nka se khone mosebetsi oa sekolo o mongata o etsetsoang lapeng le litlaleho tseo ke lokelang ho li etsa. Ebe ke tla nka hokae nako ea ho ea Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Sebokeng sa Tšebeletso? Ha Mor’abo rōna Adams a qeta ho mpehela mabaka ka nakoana, o ile a re: “U tla tataisoa ke letsoalo la hao.” Ke ile ka nka keletso ea hae ’me ho tloha mantsiboeeng ao, ha kea ka ka fosoa ke seboka le se seng. Ka lilemo tsohle, ntle le ha maemo a le mabe haholo, ha kea lumella letho hore le ntšitise ho ba teng libokeng tsa Bokreste.
Hoo e ka bang bohareng ba thupelo, liithuti li ne li bua ka taba ea hore na li tla romeloa hokae. Kelellong ea ka, kamehla ke ne ke nahana hore ke tla romeloa Guyana, moo ho neng ho hlokahala thuso e khōlō mosebetsing oa boboleli. Nahana feela hore na ke ile ka makala hakaakang ha ke utloa hore nke ke ka khutlela teng. Ho e-na le hoo, ke ile ka abeloa ho ea Sierra Leone, Afrika Bophirimela. Ke ile ka leboha Jehova hakaakang hore ebe takatso ea ka ea ho ba moromuoa hōle le hae e ile ea qetella e phethahetse!
Ke Ithuta Lintho Tse Ngata
Maikutlo a ka ha ke qala ho bona Sierra Leone a ka hlalosoa feela ka ho re “e ntle,” ka maralla a eona a mangata le lithaba, likou le mabōpo a leoatle. Empa, ntho e ntle ka sebele naheng ena ea Afrika Bophirimela ke baahi ba eona, bao lerato la bona le mosa oa bona o etsang hore esita le balichaba ba ikutloe ba phutholohile. Sena se thusa haholo hore baromuoa ba bacha ba se ke ba hloloheloa hae haholo. Batho ba Sierra Leone ba rata ho bua ka meetlo le setso sa bona ’me haholo-holo ba rata ho thusa batho ba fihlang hore ba ithute puo ea Sekrio e sebelisoang haholo ka hare ho naha.
Batho ba buang Sekrio ba na le maele a mangata a hlakisang litaba hantle. Ka mohlala, ba na le maele a reng, Tšoene ea sebetsa, ho ja bobojane, a bolelang hore mofata-seliba ha a se noe. Maele ana a opa khomo lenaka hakaakang ka leeme le atileng lefatšeng lee!—Esaia 65:22.
Mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa o ne o thabisa. Hase hangata u neng u ka fumana motho ea sa thabeleng litaba tsa Bibele. Haesale mosebetsi oa baromuoa le bahlanka ba Jehova ba khale e le ho thusa batho—ba baholo le ba banyenyane
—ba maemo ’ohle a bophelo le ba merabe eohle hore ba amohele ’nete.Mphato oa ka oa pele oa moromuoa, Erla St. Hill, e ne e le sekhothali. Tsela eo a neng a khothaletse mesebetsi ea hae lehaeng la baromuoa ka eona, e ne e batla e tšoana le cheseho ea hae tšebeletsong. O ile a nthusa ho utloisisa bohlokoa ba lintho tse ngata, tse kang ho tloaelana le baahelani, ho etela Lipaki tse kulang le batho ba thabelang, le ho tšehetsa litokisetso tsa mapato haeba ho khoneha. Hape, o ile a ntlhokomelisa bohlokoa ba hore le ka mohla ke se ke ka tloha tšimong ka mor’a tšebeletso ea tšimo ke sa fapohela bara le baralib’abo rōna ba lulang sebakeng seo esita leha e ne e ka ba ka nakoana feela. Ka lebaka la ho etsa lintho tsena, ka potlako ke ile ka fumana bo-’mè, barab’eso, baralib’eso le metsoalle, ’me moo ke abetsoeng ho ba moromuoa teng e ile ea e-ba lehaeng la ka.—Mareka 10:29, 30.
Ke ile ka boela ka ba le setsoalle se matla le baromuoa-’moho le ’na ba molemo. Ba bang ba bona ke Adna Byrd eo ke neng ke lula le eena, ea ileng a sebeletsa Sierra Leone pakeng tsa 1978 le 1981, le Cheryl Ferguson, eo re lutseng le eena ka lilemo tse 24.
Ntoa ea Bana ba Thari e Tlisa Liteko
Ka 1997, hoo e ka bang khoeli ka mor’a ho neheloa ha mehaho e mecha ea lekala la Sierra Leone, re ile ra tlameha ho tloha ka lebaka la ntoa, joalokaha ho boletsoe pejana. Lilemo tse tšeletseng pele ho moo, re ne re khahliloe ke tumelo ea Lipaki tsa Liberia tse neng li balehetse Sierra Leone ka lebaka la ntoa ea Liberia. Tse ling li ile tsa fihla li itlhophere. Ho sa tsotellehe boemo bo thata, li ne li e-ea tšimong letsatsi le leng le le leng. Ho ne ho ama maikutlo ho bona kamoo li ratang Jehova le batho ba bang kateng.
Kaha joale le rōna re ne re le baphaphathehi naheng ea Guinea, re ile ra etsisa mohlala oa barab’abo rōna ba Liberia eaba re tsoela pele ho tšepa Jehova le ho etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso. Selemo hamorao, re ile ra khona ho khutlela Sierra Leone, empa likhoeli tse supileng hamorao ntoa e ile ea qhoma, ’me ra tlameha ho tsoa ka sheshe ho ea Guinea hape.
Kapele feela re ile ra bolelloa hore litho tsa sehlopha se seng se loanang li lula lehaeng la rōna la baromuoa le Kissy le hore thepa eohle ea rōna e utsoitsoe kapa e sentsoe. Ha rea ka ra nyahama empa re ile ra leboha feela hore ebe rea phela. Re ne re setse ka thepa e seng kae, empa re ile ra tsoela pele ka seo re neng re e-na le sona.
Ka mor’a ho tsoa Sierra Leone ka sheshe ka
lekhetlo la bobeli, ’na le Cheryl re ile ra sala Guinea. Ho ile ha hlokahala hore re ithute Sefora. Baromuoa-’moho le ’na ba bang ba ile ba potlakela ho bua Sefora seo ba neng ba ithutile sona, ba hlile ba sa itšoenye ka liphoso tseo ba neng ba li etsa. Empa ’na, ke ne ke sa rate ho etsa liphoso ha ke bua, kahoo ke ne ke bua Sefora feela ha ho hlile ho hlokahala. Ho ne ho nyahamisa. Ke ne ke lokela ho ikhopotsa kamehla hore ke tlile Guinea ho tla thusa batho ba bang ho tseba Jehova.Butle-butle ke ile ka tsoela pele ka ho ’na ke ithuta, ke mamela batho ba buang puo eo hantle, le ho batla thuso ea bana ba ka phuthehong, ba buang feela ba sa tšabe letho. Joale, ho sa lebelloa, litokisetso tse tsoang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova li ile tsa tla ka nako e nepahetseng. Ntle ho litlhahiso tsa ho nehelana ka libuka le libukana ho batho ba malumeli a sa tšoaneng, ho tloha ka khoeli ea September 2001, Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e ile ea kenyelletsa litlhahiso tsa ho nehelana ka limakasine. Hona joale ha ke sa tšoha letho ha ke le tšebeletsong, le hoja ke sa khone ho bua Sefora hantle joalokaha ke ne ke tla bua ka puo ea ka.
Ho hōlela lelapeng la bana ba bangata ho ile ha nthusa e le kannete hore ke tloaele ho phela le batho ba bangata, ka nako e ’ngoe re ne re le 17 lehaeng la baromuoa. Ka lilemo tse 37 ke le moromuoa, ke lutse le baromuoa ba bang ba fetang 100. E bile thabo e kaakang ho tseba batho ba bangata hakaalo, kaofela ba e-na le botho bo sa tšoaneng empa kaofela ba sebetsa ka sepheo se le seng! Hona ke thabo e kaakang ho ba mosebetsi-’moho le Molimo le ho ba le seabo sa ho bona batho ba amohela ’nete ea Bibele!—1 Bakorinthe 3:9.
Ka lilemo tse ngata tseo ke bileng moromuoa ka tsona, ke fetiloe ke liketsahalo tse ngata tse khōlō bophelong ba litho tsa lelapa leso, tse kang machato a banab’eso ba ntlhahlamang. Hape, ha ke bone bana ba banab’eso khafetsa kamoo ke ratang ho ba bona kateng. E bile boitelo ho ’na le lelapa leso, le ’nileng la nkhothatsa ntle ho boithati hore ke lule mosebetsing oa boromuoa.
Leha ho le joalo, lintho tse ileng tsa mpheta hae, ho na le nako eo ka eona ke ileng ka li thabela tšebeletsong ea boromuoa.Le hoja ke ile ka khetha ho lula ke le lesoha, ke na le bana ba bangata ba moea, eseng feela bao ke ileng ka ithuta Bibele le bona empa le ba bang ba fetohileng metsoalle ea ka. Ho feta moo, ke bone ha bana ba bona ba hōla, ba nyala kapa ba nyaloa, ka bona le ha bana bao ba hōlisetsa bana ba bona tseleng ea ’nete. Ba bang ba bona, joaloka ’na, le bona ba entse hore mosebetsi oa ho etsa barutuoa o ame liqeto tsa bona bophelong.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 9 ’Mè o ile a bula maliboho ka lilemo tse fetang tse 25, ’me Ntate eena e ile ea e-ba pula-maliboho ea thusang ha a tlohela mosebetsi.
[Limmapa tse leqepheng la 15]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ke ile ka abeloa ho ea Sierra Leone, Afrika Bophirimela
GUINEA
SIERRA LEONE
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Banab’eso ba babeli ba ntlhahlamang ba ileng ba qeta le ’na nako e ngata ba thabile le baromuoa ka bo-1950
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ke na le liithuti-’moho le ’na tsa sehlopha sa bo48 sa Gileade
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ho neheloa ha mehaho e mecha ea lekala la Sierra Leone