Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšepahala ho Kreste le Lekhoba la Hae le Tšepahalang

Tšepahala ho Kreste le Lekhoba la Hae le Tšepahalang

Tšepahala ho Kreste le Lekhoba la Hae le Tšepahalang

“Mong’a lona . . . o tla le beha hore le okamele lintho tsohle tsa hae.”—MATHEU 24:45-47.

1, 2. (a) Ho ea ka Bibele, Moeta-pele oa rōna ke mang? (b) Ke eng e bontšang hore Kreste o hlile o etelletse pele phutheho ea Bokreste?

“LE SE ke la lumela ha batho ba le bitsa ‘baeta-pele’—le na le moeta-pele a le mong feela, e leng Kreste!” (Matheu 23:10, The New Testament in Modern English) Ka mantsoe ana, Jesu o ile a hlakisetsa balateli ba hae hore ha ho motho eo e neng e tla ba moeta-pele oa bona lefatšeng. Moeta-pele a le mong feela oa bona e ne e tla ba oa leholimong—e leng Jesu Kreste ka boeena. Jesu o khethiloe ke Molimo hore e be Moeta-pele. Jehova o ile a “mo tsosa bafung [’me] . . . o mo entse hlooho holim’a lintho tsohle ho phutheho, eo e leng ’mele oa hae.”—Baefese 1:20-23.

2 Kaha Kreste ke “hlooho holim’a lintho tsohle” tsa phutheho ea Bokreste, o laola sohle se etsahalang ka phuthehong ena. O bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang ka phuthehong. O thahasella haholo ho bona hore sehlopha se seng le se seng sa Bakreste, kapa phutheho, se phela ka melao-motheo ea Bokreste le hore se na le kamano e matla le Molimo. Sena se bonahala ka ho hlaka tšenolong e ileng ea fuoa moapostola Johanne qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E. Ka makhetlo a mahlano Jesu o ile a bolella liphutheho tse supileng hore o tseba liketso tsa tsona, matla a tsona le bofokoli ba tsona, eaba o li fa keletso le khothatso moo ho hlokahalang teng. (Tšenolo 2:2, 9, 13, 19; 3:1, 8, 15) Ha ho pelaelo hore Kreste o ne a boetse a tseba boemo ba moea ba liphutheho tse ling tsa Asia Minor, Palestina, Syria, Babylonia, Greece, Italy le libakeng tse ling. (Liketso 1:8) Kajeno teng ho etsahala’ng?

Lekhoba le Tšepahalang

3. Ke hobane’ng ha ho loketse ho tšoantša Kreste le hlooho le ho tšoantša phutheho ea hae le ’mele?

3 Ka mor’a hore Jesu a tsohe le nakoana pele a nyolohela ho Ntate oa hae leholimong, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” Hape o ile a re: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:18-20) O ne a tla tsoela pele a e-na le bona e le Hlooho ea bona e neng e hlile e ba etella pele. Mangolong ao moapostola Pauluse a ileng a a ngolla Bakreste ba Efese le ba Kolose, o ile a tšoantša phutheho ea Bokreste le “’mele,” oo Kreste e leng Hlooho ea oona. (Baefese 1:22, 23; Bakolose 1:18) The Cambridge Bible for Schools and Colleges e bolela hore tšoantšetso ena “ha e hlalose feela hore litho li lokela ho ba bonngoeng le Hlooho, empa e boetse e hlalosa hore litho li etsa thato ea Hlooho. Litho tsena ke lisebelisoa tsa Hae.” Ke sehlopha sefe seo Kreste a se sebelisitseng ho tloha ha a fuoa matla a ’Muso ka 1914?—Daniele 7:13, 14.

4. Joalokaha ho boletsoe esale pele boprofeteng ba Malakia, Jehova le Kreste Jesu ba ile ba fumana eng ha ba ne ba tla ka tempeleng ea moea ho tla hlahloba?

4 Boprofeta ba Malakia bo ile ba bolela esale pele hore Jehova “Morena oa ’nete,” o ne a tla tla le Mora oa hae ea sa tsoa behoa teroneng, e leng Kreste Jesu, “lenģosa la selekane” la hae, ho tla ahlola le ho hlahloba ‘tempele’ ea Hae, kapa ntlo ea moea ea borapeli. Ho hlakile hore “nako e behiloeng” ea hore ‘kahlolo ea ntlo ea Molimo’ e qale e ile ea fihla ka 1918. * (Malakia 3:1; 1 Petrose 4:17) Ba bolelang hore ba emela Molimo le borapeli ba hae ba ’nete lefatšeng ba ile ba hlahlobisisoa. Likereke tsa Bokreste-’mōtoana, tse ileng tsa ruta lithuto tse hlomphollang Molimo ka makholo a lilemo le tse ileng tsa kenella haholo lipolaong tsa Ntoa ea I ea Lefatše, li ile tsa lahloa. Sehlotšoana se tšepahalang sa masala a Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea se ile sa lekoa, sa hloekisoa joalokaha eka ke ka mollo, eaba sea amoheloa, ’me e ba “batho [ba Jehova] ba hlahisang nyehelo ea mpho ka ho loka.”—Malakia 3:3.

5. Ho ea ka boprofeta ba Jesu bo mabapi le “ho ba teng” ha hae, ke bo-mang ba ileng ba fumanoa e le “lekhoba” le tšepahalang?

5 Ho ea ka boprofeta ba Malakia, pontšo e likarolo li ngata eo Jesu a ileng a e fa barutuoa ba hae ho ba thusa hore ba tle ba lemohe nako ea “ho ba teng ha [hae] le ea qetello ea tsamaiso ea lintho” e ile ea akarelletsa mokhoa oa ho tseba “lekhoba” le entsoeng ka batho ba bangata. Jesu o ile a re: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng? Ho thaba lekhoba leo haeba mong’a lona ha a fihla a le fumana le etsa joalo! Kannete ke re ho lōna, O tla le beha hore le okamele lintho tsohle tsa hae.” (Matheu 24:3, 45-47) ‘Ha Kreste a fihla’ ho tla hlahloba “lekhoba” lena ka 1918, o ile a fumana masala a tlotsitsoeng ka moea a barutuoa ba tšepahalang bao, ho tloha ka 1879, ba neng ba ntse ba sebelisa makasine ena le lingoliloeng tse ling tse thehiloeng Bibeleng hore ba fane ka ‘lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng.’ O ile a a amohela kaofela hore e be sesebelisoa sa hae kapa “lekhoba” le entsoeng ka batho ba bangata, eaba ka 1919 o a fa boikarabelo ba ho tsamaisa lintho tsohle tsa hae tse lefatšeng.

Le Tsamaisa Lintho Tsa Kreste Tse Lefatšeng

6, 7. (a) Jesu o ile a sebelisa mantsoe afe hape ha a bua ka “lekhoba” le tšepahalang la hae? (b) Jesu o ne a bolela eng ka lentsoe “motsamaisi”?

6 Likhoeli tse seng kae pele Jesu a bolela boprofeta ba pontšo ea ho ba teng ha hae, bo akarelletsang ho ba teng ha “lekhoba” le mo emelang lefatšeng, o ile a bua ka “lekhoba” lena a sebelisa lentsoe le leng le fapaneng le neng le senola boikarabelo ba lekhoba lena. Jesu o ile a re: ‘Ha e le hantle ke mang eo e leng motsamaisi ea tšepahalang, ea masene, eo mong’a hae a tla mo beha hore a okamele sehlopha sa hae sa bahlanka hore a ’ne a ba fe tekanyo ea bona ea lijo ka nako e tšoanetseng? Kannete kea le bolella, O tla mo beha hore a okamele lintho tsohle tsa hae.’—Luka 12:42, 44.

7 Mona lekhoba le bitsoa motsamaisi, e leng lentsoe leo ka Segerike le bolelang “motsamaisi oa lelapa kapa oa thepa.” Motsamaisi enoa ea entsoeng ka batho ba bangata e ne e sa tl’o ba feela sehlopha sa bahlalefi ba hlalosang lintlha tse khahlisang tsa Bibele. “Motsamaisi ea tšepahalang” o ne a sa tl’o fana feela ka lijo tse matlafatsang tsa moea “ka nako e tšoanetseng,” o ne a tla behoa le hore a okamele sehlopha sohle sa bahlokomeli ba Kreste a be a tsamaise phutheho eohle ea Bokreste le mesebetsi ea eona e lefatšeng, e leng “lintho tsohle tsa hae.” See se ne se tla akarelletsa eng?

8, 9. Ke “lintho” life tseo lekhoba le behiloeng hore le li tsamaise?

8 Boikarabelo ba lekhoba lena bo akarelletsa ho laoloa ha mehaho le thepa e kang liofisi tsa ntlo-khōlō ea lefatše le tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova, hammoho le libaka tsa tsona tsa borapeli—e leng Liholo tsa ’Muso le Liholo Tsa Kopano—tse lefatšeng lohle tseo balateli ba Kreste ba li sebelisetsang ho phetha mesebetsi ea bona ea Bokreste. Sa bohlokoa haholo, lekhoba le boetse le okamela mananeo a matlafatsang tumelo a thuto ea Bibele a sebelisoang libokeng tsa beke le beke le likopanong tse khōlō le tse nyenyane tse tšoaroang nako le nako. Libokeng tsena, ho fanoa ka boitsebiso bo mabapi le ho phethahatsoa ha boprofeta ba Bibele, ’me ho fanoa ka tataiso e nakong ea kamoo ho ka sebelisoang melao-motheo ea Bibele bophelong.

9 Boikarabelo ba motsamaisi bo boetse bo akarelletsa ho laoloa ha mosebetsi oa bohlokoahali oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” le oa ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’ Sena se akarelletsa ho ruta batho ho etsa lintho tsohle tseo Kreste, Hlooho ea phutheho, a laelang hore li etsoe nakong ena ea bofelo. (Matheu 24:14; 28:19, 20; Tšenolo 12:17) Ka lebaka la mosebetsi oa ho bolela le ho ruta, ho hlahile “bongata bo boholo” ba metsoalle e tšepahalang ea masala a tlotsitsoeng. Ha ho pelaelo hore “lintho [tsena] tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” ke tse ling tsa “lintho” tsa bohlokoa tsa Kreste tse tsamaisoang ke lekhoba le tšepahalang.—Tšenolo 7:9; Hagai 2:7.

Sehlopha se Busang se Emelang Sehlopha sa Lekhoba

10. Ke sehlopha sefe se etsang liqeto se neng se le teng lekholong la pele la lilemo, ’me liphutheho li ne li rua molemo ofe ka boteng ba sona?

10 Ho hlakile hore boikarabelo bo boima ba lekhoba le tšepahalang bo ne bo tla akarelletsa ho etsa liqeto tse ngata. Phuthehong ea pele ea Bokreste, baapostola le baholo ba Jerusalema ba ne ba emela sehlopha sa lekhoba, ba etsa liqeto tse molemong oa phutheho eohle ea Bokreste. (Liketso 15:1, 2) Liqeto tsa sehlopha sena se busang sa lekholong la pele la lilemo li ne li fetisetsoa liphuthehong ka mangolo le ka baemeli ba tsamaeang. Bakreste ba pele ba ne ba thabela ho fumana tataiso ena e hlakileng, ’me ho ikemisetsa ha bona ho sebelisana le sehlopha se busang ho ne ho etsa hore ho be le khotso le bonngoe.—Liketso 15:22-31; 16:4, 5; Bafilipi 2:2.

11. Kreste o sebelisa bo-mang kajeno hore ba tataise phutheho ea hae, ’me re lokela ho ba le pono efe ka sehlopha see sa Bakreste ba tlotsitsoeng?

11 Joaloka qalong ea mehla ea Bokreste, sehlopha se senyenyane sa balebeli ba tlotsitsoeng ke sona Sehlopha se Busang sa balateli ba Kreste ba lefatšeng kajeno. Kreste, Hlooho ea phutheho, o sebelisa ‘letsoho le letona’ la hae la matla ao a a sebelisang hore a tataise banna bana ba tšepahalang ha ba ntse ba tsamaisa mosebetsi oa ’Muso. (Tšenolo 1:16, 20) Paleng ea bophelo ea Albert Schroeder, eo e bileng setho sa Sehlopha se Busang ka nako e telele le ea sa tsoa qeta mosebetsi oa hae oa lefatšeng, o ile a ngola a re: “Sehlopha se Busang se kopana Laboraro le leng le le leng, se qala seboka ka thapelo ho kōpa tataiso ea moea oa Jehova. Ho etsoa boiteko ba sebele ho bona hore taba e ’ngoe le e ’ngoe e sebetsoang le qeto e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang li tumellanong le Lentsoe la Molimo, e leng Bibele.” * Re ka tšepa Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba tšepahalang. Haholo-holo mabapi le Sehlopha se Busang, re lokela ho mamela taelo ena ea moapostola Pauluse: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna.”—Baheberu 13:17.

Ho Bontša Tlhompho e Tšoanelang Lekhoba le Tšepahalang

12, 13. Re na le mabaka afe a Mangolo a ho hlompha sehlopha sa lekhoba?

12 Lebaka la bohlokoa la ho bontša tlhompho e tšoanelang sehlopha sa lekhoba le tšepahalang ke hore ka ho etsa joalo, re hlile re bontša hore re hlompha Monghali, e leng Jesu Kreste. Pauluse o ile a ngola ka batlotsuoa a re: “Ea ileng a bitsoa ha e le motho ea lokolohileng ke lekhoba la Kreste. Le rekiloe ka theko.” (1 Bakorinthe 7:22, 23; Baefese 6:6) Kahoo, haeba ka botšepehi re ikokobeletsa tataiso ea lekhoba le tšepahalang le Sehlopha se Busang sa lona, re ikokobeletsa Kreste, Mong’a lekhoba. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ‘bolelang pepenene hore [re] ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate,’ ke ka ho bontša tlhompho e tšoanelang mocha oo Kreste a o sebelisang ho tsamaisa lintho tsa hae tse lefatšeng.—Bafilipi 2:11.

13 Lebaka le leng la Mangolo la hore re hlomphe lekhoba le tšepahalang ke hobane Bakreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng ba tšoantšoa le “tempele” eo Jehova a lulang ho eona “ka moea.” Kahoo, baa “halalela.” (1 Bakorinthe 3:16, 17; Baefese 2:19-22) Jesu o behile lintho tsa hae tse lefatšeng matsohong a sehlopha sena se halalelang sa tempele, ’me sena se bolela hore boikarabelo bo itseng le litokelo tse itseng ka phuthehong ea Bokreste, ka ho toba ke tsa sehlopha sena sa lekhoba. Ka lebaka lena, bohle ba ka phuthehong ba nka hore ke boikarabelo ba bona bo halalelang ho latela le ho tšehetsa tataiso e tsoang ho lekhoba le tšepahalang le Sehlopha se Busang sa lona. Ka sebele, “linku tse ling” li nka hore ke tlotla ea sebele ho thusa sehlopha sa lekhoba ha se hlokomela thepa ea Monghali.—Johanne 10:16.

Re se Tšehetsa ka Botšepehi

14. Ho latela boprofeta ba Esaia, linku tse ling li tsamaea ka mor’a sehlopha sa lekhoba le tlotsitsoeng le ho sebeletsa e le “basebetsi ba sa lefuoeng” joang?

14 Taba ea hore linku tse ling li ne li tla ipeha ka botšepehi tlas’a litho tsa batlotsuoa tsa “Iseraele ea Molimo,” e ile ea boleloa esale pele boprofeteng ba Esaia bo reng: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: ‘Basebetsi ba sa lefuoeng ba Egepeta le bahoebi ba Ethiopia le Basabea, banna ba balelele, ba tla tla ho uena, ’me e tla ba ba hao. Ba tla tsamaea ka mor’a hao; ba tla tla ba le litlamong, ’me ba tla u inamela. Ba tla u rapela, ba re, “Ruri Molimo o bonngoeng le uena, ’me ha ho e mong; ha ho Molimo e mong.”’” (Esaia 45:14) Ka tsela ea tšoantšetso, kajeno linku tse ling li tsamaea ka mor’a sehlopha sa lekhoba le tlotsitsoeng le Sehlopha se Busang sa lona, li latela tataiso ea sona. Joaloka “basebetsi ba sa lefuoeng,” linku tse ling li sebelisa matla a tsona le lintho tse ling tseo li nang le tsona ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle oa ho bolela oo Kreste a o fileng balateli ba hae ba lefatšeng ba tlotsitsoeng.—Liketso 1:8; Tšenolo 12:17.

15. Boprofeta ba Esaia 61:5, 6 bo bolela esale pele joang ka kamano e teng pakeng tsa linku tse ling le “Iseraele ea Molimo”?

15 Linku tse ling lia thaba ebile lia leboha hore ebe li sebeletsa Jehova li alositsoe ke sehlopha sa lekhoba le Sehlopha se Busang sa lona. Lia hlokomela hore batlotsuoa ke litho tsa “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16) Joalokaha ka tšoantšetso e le “basele,” ba kopanelang le Iseraele ea moea, li thabela ho sebeletsa e le “lihoai” le “balemi ba . . . morara” ba tataisoang ke batlotsuoa, e leng “baprista ba Jehova” le “basebeletsi ba Molimo.” (Esaia 61:5, 6) Li thabela ho kenya letsoho ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etseng batho ba lichaba tsohle barutuoa. Li tšehetsa sehlopha sa lekhoba ka lipelo tsohle ha se alosa le ho hlokomela batho ba fumanoeng bocha ba kang linku.

16. Ke eng e susumeletsang linku tse ling hore ka botšepehi li tšehetse lekhoba le tšepahalang le le masene?

16 Linku tse ling li hlokomela hore li fumane molemo o moholo boitekong bo sa khaotseng ba lekhoba le tšepahalang ba ho li fa lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng. Li lumela ka boikokobetso hore hoja e ne e se ka lebaka la lekhoba le tšepahalang le le masene, li ne li tla tseba hanyenyane kapa li ne li sa tl’o tseba letho ka linnete tsa bohlokoa tsa Bibele, tse kang bobusi ba Jehova, ho halaletsoa ha lebitso la hae, ’Muso, maholimo a macha le lefatše le lecha, moea, boemo ba bafu le hore na ha e le hantle Jehova ke mang, Mora oa hae ke mang le hore na moea o halalelang ke eng. Kaha linku tse ling li na le kananelo ebile lia tšepahala, ka lerato li tšehetsa “barab’abo” Kreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng nakong ena ea bofelo.—Matheu 25:40.

17. Sehlopha se Busang se bone ho hlokahala hore ho etsoe eng, ’me ke eng e tla tšohloa sehloohong se latelang?

17 Kaha batlotsuoa ba ntse ba fokotseha ka palo, ba ke ke ba e-ba teng liphuthehong kaofela ho tiisa hore lintho tsa Kreste li tsamaisoa hantle. Ka lebaka leo, Sehlopha se Busang se beha banna ba linku tse ling maemong a bolebeli liofising tsa makala, literekeng, lipotolohong le liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova. Na maikutlo a rōna ka balisa baa ba tlaase a ama botšepehi ba rōna ho Kreste le ho lekhoba le tšepahalang la hae? Taba ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka taba ena, bona Molula-Qhooa oa March 1, 2004, leqepheng la 13-18, le oa December 1, 1992, leqepheng la 13.

^ ser. 11 E hatisitsoe tokollong ea March 1, 1988, ea makasine ena, leqepheng la 10-17.

Tlhahlobo

• Moeta-pele oa rōna ke mang, ’me ke eng e bontšang hore o bona maemo a ka liphuthehong?

• Ha ho ne ho hlahlojoa “tempele,” ke bafe ba ileng ba fumanoa ba sebetsa joaloka lekhoba le tšepahalang, ’me ke lintho life tse ileng tsa behoa matsohong a bona?

• Ho na le mabaka afe a Mangolo a ho tšehetsa lekhoba le tšepahalang ka botšepehi?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

“Lintho” tse tsamaisoang ke “motsamaisi” li akarelletsa thepa e bonahalang, mananeo a matlafatsang tumelo le mosebetsi oa boboleli

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Litho tsa linku tse ling li thusa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang ka ho bolela litaba tse molemo ka cheseho