Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho ba le Tšepo Lefatšeng le Tletseng Mathata

Ho ba le Tšepo Lefatšeng le Tletseng Mathata

Ho ba le Tšepo Lefatšeng le Tletseng Mathata

“KAJENO ho feta leha e le neng pele historing, batho ba ka khona ho etsa lintho tse tla tsoela batho ba bang molemo le ho rarolla mathata a tloaelehileng.” Bill Clinton, eo e kileng ea e-ba mopresidente oa United States o ile a bua mantsoe ana sebokeng se neng se tšoaretsoe Ottawa, Canada, ka March 2006. O ile a re ho tloha ka tsunami ea 2004, ho bonahala batho ba lichaba tsohle ba ’nile ba tela nako ea bona ho tšehetsa mekhatlo ea liphallelo, ’me ka tšepo o ile a re hona joale lefatše le “ikentse ngatana-’ngoe ho feta leha e le neng pele.”

Na re lokela ho lebella hore likoluoa tsa tlhaho e be tsona tse susumetsang batho libakeng tsohle hore ba leke ho fumana bokamoso bo thabisang? Na hore ebe batho ba “ikentse ngatana-’ngoe ho feta leha e le neng pele” ke hona ho ka etsang hore re be le tšepo ea hore ho tla ba le khotso ea ’nete le tšireletseho e sa feleng?

Se re Fang Tšepo ea ’Nete

Histori ea seo batho ba ’nileng ba leka ho se etsa ka lilemo tse fetang likete tse tšeletseng e bontša hore batho ba lula ba soetsana. Ke kahoo Mangolo a bululetsoeng a re fang keletso ena: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.” (Pesaleme ea 146:3) Re tla soetseha haeba re tšepa mekhatlo ea lefatše lena, le maruo a lona hammoho le lintho tseo le li labalabelang. Hobane’ng? Hobane “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona.”—1 Johanne 2:17.

Leha ho le joalo, lilemong tse makholo tse fetileng, Molimo e ’nile ea e-ba tšepo e tiileng ea batho ba lokileng. Bibele e re ke “tšepo ea Iseraele [ea boholo-holo]” ebile ke “tšepo ea baholo-holo ba [Iseraele],” ’me ka Bibeleng ho na le lipolelo tse ngata tse buang ka ho mo tšepa, ho itšetleha ka eena le ho kholiseha ka eena. (Jeremia 14:8; 17:13; 50:7) Ha e le hantle, Mangolo a re khothalletsa hore re “tšepe Jehova.”—Pesaleme ea 27:14.

Liproverbia 3:5, 6 e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” U na le mabaka a utloahalang a ho kholiseha ka tšepiso ena hobane Jehova Molimo ha a fetohe, a ka tšeptjoa ebile kamehla o phetha seo a se buileng. (Malakia 3:6; Jakobo 1:17) O re batlela lintho tse molemo feela, ’me haeba kamehla u etsa se boleloang ka Lentsoeng la hae, Bibele, ke sona se tla u tataisa hore u atlehe linakong tsena tse tšabehang.—Esaia 48:17, 18.

Motho ea latelang tataiso ea Molimo ka pelo eohle a ka kholiseha hore tšepiso ena e tla phethahala: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.” (Esaia 41:10) Ho rapela ka tieo esita le ho thuisa ka mantsoe ana a khothatsang ke matšeliso a maholo ho bohle ba ratang Jehova Molimo e le kannete, hobane ho ba thusa hore ba tobane le maemo a boima le matšoenyeho.

Mohlala oa sena ke Andrea, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova ebile e le ’mè oa bana ba babeli. O re: “Thapelo le ho thuisa ka litšepiso tsa Jehova ke tsona feela tse ntsosang molota ha ke khoehla mangole. Haeba ke etsa hore Jehova a lule e le eena oa bohlokoahali bophelong ba ka, ke ikutloa ke tiea moko.”

Matlafatsa Tšepo ea Hao ho Jehova

Ha mopesaleme e mong a bontša bohlokoa ba ho tšepa Jehova, o ile a re: “Ba ratang molao oa hao ba na le khotso e ngata, ha ho khopiso ho bona.” (Pesaleme ea 119:165) Ho ithuta Lentsoe la Molimo ka tieo ho ka tlatsa pelo ea hao le kelello ea hao lintho tsa moea tse hahang le tse molemo ‘tsa ’nete, tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, tse buuoang hantle, tse khabane le tse lokeloang ke thoriso.’ Haeba u ikitlaetsa ho mamela, ho ithuta, ho amohela le ho sebelisa lintho tseo, “Molimo oa khotso o tla ba le [uena].”—Bafilipi 4:8, 9.

Ha John a bua ka lintho tse mo hlahetseng ka lilemo tse mashome tse fetileng, o re: “E le hore ke fetole maikutlo a ka ka bokamoso, ho ile ha hlokahala hore ke fetole botho ba ka haholo le tsela eo ke neng ke nahana ka eona pele nka lebella hore nka ba le kamano le Molimo ea phethahetseng, ea sa bonahaleng. Tsela feela eo ke neng ke tla ba le kamano eo ka eona e ne e le ka hore ke be motho oa moea. Sena se ne se kopanyelletsa hore ke fetohe ’me ke tataisoe ke Molimo, ke nahane joaloka eena ka hore ke bale Lentsoe la hae le bululetsoeng ke be ke thuise ka seo ke se balileng.”

Haeba u noa metsi a khathollang a ’nete, a fanang ka bophelo, a hlahang Mangolong a bululetsoeng, u tla be u noa setlhare sa sebele se tšepahalang se tla u thusa hore u se ke ua sithabetsoa ke lintho tse ngata tse bohloko tseo re li bolelloang letsatsi le letsatsi ke ba mecha ea litaba. Ho sebelisa se boletsoeng ka Bibeleng ho ka boela ha momahanya lelapa la hao ha ba ha fokotsa matšoenyeho. Ho feta moo, Molimo o tšepisa hore o lula a loketse hore a “bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) O tla rarolla bothata ka tsela e tla etsa hore ho se ke ha hlokahala hore u tšabe letho.

Phinehas, ea boneng ntoa le polao ea batho ba bangata o re: “Ke ithutile ho beha bophelo ba ka matsohong a Jehova a lerato. Ho boloka melao-motheo ea Bibele ho nqobisitse mathata a mangata.” Haeba u tšepa Jehova Molimo e le kannete, a ka u thusa hore u hlōle bothata leha e le bofe bo ka bonahalang bo le boholo joaloka lerako. (Pesaleme ea 18:29) Ngoana ea nang le kamano e ntle le batsoali ba hae o ba tšepa ka ho feletseng ’me o ikutloa a sireletsehile ha ba mo hlokometse le ha a kula kapa a le bothateng bofe kapa bofe. Le uena u ka ikutloa joalo haeba u etsa boiteko bona ’me u lumela ho tšepa Jehova.—Pesaleme ea 37:34.

Se Etsang Hore re be le Tšepo e Tiileng

Jesu Kreste o ile a re ho balateli ba hae: “Le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.’” (Matheu 6:9, 10) ’Muso oo oa leholimo—e leng puso e matsohong a Jesu Kreste—ke tsela eo ka eona Molimo a bontšang hore O na le tokelo ea ho busa lefatše.—Pesaleme ea 2:7-12; Daniele 7:13, 14.

Lintho tse ngata tse tšosang tse amang likarolo tsohle tsa bophelo kajeno li bontša ka ho hlaka hore re hloka thuso ea Molimo. Rea thaba hobane nako ea hore a re thuse e se e le haufi! Molimo o se a behile Jesu Kreste teroneng e le Morena eo e leng Mesia, ’me o mo file matla a ho tlosa qoso boreneng ba Jehova le ho halaletsa lebitso la Hae. (Matheu 28:18) Haufinyane ’Muso ona o tla busa lefatše ’me o felise lintho tsohle tse bakang tšabo le matšoenyeho. Esaia 9:6 e fana ka bopaki bo bontšang hore Jesu ke ’Musi ea tšoanelehang ea ka re lokollang tšabong. Ka mohlala, o bitsoa “Ntate oa ka ho sa Feleng,” “Moeletsi ea Hlollang” le “Khosana ea Khotso.”

Ak’u nahane ka mantsoe ana a monate a reng “Ntate oa ka ho sa Feleng.” Kaha Jesu o boemong bona, o na le matla—ebile o lakatsa—ho fa batho ba mamelang monyetla oa hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng motheong oa sehlabelo sa hae sa thekollo. Sena se bolela hore ba tla qetella ba lokolotsoe sebeng le ho se phethahaleng tseo ba li futsitseng ho motho oa pele oa moetsalibe, Adama. (Matheu 20:28; Baroma 5:12; 6:23) Hape Kreste o tla sebelisa matla ao a a filoeng ke Molimo hore a tsose bafu ba bangata.—Johanne 11:25, 26.

Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša hore ke “Moeletsi ea Hlollang.” Kahobane Jesu o ne a tseba Lentsoe la Molimo a bile a utloisisa sebōpeho sa batho ka mokhoa o ikhethang, o ne a khona ho rarolla mathata a letsatsi le letsatsi. Ho tloha ha Kreste a behoa teroneng leholimong, o ’nile a tsoela pele e le “Moeletsi ea Hlollang,” e le eena ea ka sehloohong eo Jehova a mo sebelisang ho buisana le batho. Keletso ea Jesu e tlalehiloeng ka Bibeleng, kamehla e bohlale ebile ha e fose. Ho tseba sena le ho se lumela ho ka etsa hore u phele bophelo bo se nang matšoenyeho le tšabo e tepelletsang.

Esaia 9:6 e boetse e re Jesu ke “Khosana ea Khotso.” Kaha Kreste o boemong bona, haufinyane o tla sebelisa matla a hae ho felisa ho hloka toka hohle—lipolotiking, sechabeng le moruong. Joang? Ka ho etsa hore batho ba be tlas’a puso e le ’ngoe feela e nang le khotso, e leng ’Muso oa Mesia.—Daniele 2:44.

’Musong oo, ho tla ba le khotso e sa feleng lefatšeng lohle. Ke hobane’ng ha u lokela ho kholiseha ka see? Esaia 11:9 e hlalosa lebaka, ha e re: “[Litho tseo e leng bafo ba ’Muso] li ke ke tsa ntša kotsi leha e le efe kapa tsa baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang; hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” Qetellong, motho e mong le e mong ea lefatšeng o tla ba le tsebo e nepahetseng ka Molimo ’me o tla mo mamela. Na ho lebella seo hoa u thabisa? Haeba ho joalo, u se ke ua lieha ho fumana “tsebo ea Jehova,” eo e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa.

U ka iphumanela tsebo ena ea Molimo e hahang tumelo le e fanang ka bophelo ka hore u hlahlobe seo ha e le hantle Bibele e se rutang ka lintho tse etsahalang mehleng ea rōna le ka bokamoso bo thabisang bo tšepisitsoeng ka Bibeleng. Kahoo, re u khothalletsa hore u amohele thuto ea mahala eo Lipaki Tsa Jehova li ka u lokisetsang eona sebakeng sa heno. Ena ke eona tsela ea ho fokotsa tšabo le ho fumana tšepo ea ’nete lefatšeng le aparetsoeng ke mathata.

[Lebokose le leqepheng la 7]

Lebaka Leo ka Lona ’Muso oa Molimo o Fanang ka Tšepo

Kaha Jesu Kreste ke Morena oa ’Muso oa Molimo, o filoe matla le tokelo ea ho busa leholimong le lefatšeng. (Matheu 28:18) O tla etsa hore tikoloho ea lefatše e boele e be e phethahetseng. Hape o na le matla a ho felisa ho kula le maloetse. Mesebetsi e meholo eo Jesu a ileng a e etsa ha a le lefatšeng e ne e bontša esale pele litlhohonolofatso tse khōlō ka ho fetisisa tse tla fumanoa ’musong oa hae joalokaha e le Morena ea phethahetseng le ea ka tšeptjoang. Ke litšobotsi life tse boletsoeng tlaase moo tsa Morena eo oa Mesia tseo u li ratang haholo?

Ho bonolo hore bohle ba buisane le eena.—Mareka 10:13-16.

O na le kahlolo e molemo ebile ha a ee ka tšobotsi.Mareka 10:35-45.

O na le boikarabelo ebile hase moithati.Matheu 4:5-7; Luka 6:19.

O lokile ebile o na le toka.—Esaia 11:3-5; Johanne 5:30; 8:16.

Oa nahanela, o mosa ebile o ikokobelitse.Johanne 13:3-15.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Ho bala Bibele le ho thuisa li ka etsa hore re tšepe Jehova