Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jafeta o Phetha Kano eo a e Entseng ho Jehova

Jafeta o Phetha Kano eo a e Entseng ho Jehova

Jafeta o Phetha Kano eo a e Entseng ho Jehova

MOHLABANI oa mohale o boela hae ha a qeta ho lopolla sechaba sa habo. Morali oa hae o tla a matha a tl’o mo khahlanyetsa, a ntse a tjeka ka thabo a bile a letsa moropa o monyenyane. Ha ntat’ae a mo bona, ho e-na le ho thaba o hahola liaparo tsa hae. Hobane’ng? Na ha a thabe joaloka morali oa hae ha e le moo a khutlile a sireletsehile? O hlōtse ntoeng efe? Hona monna eo ke mang?

Monna enoa ke Jafeta, e mong oa baahloli ba Iseraele ea boholo-holo. Empa hore re arabe lipotso tsena tse ling le hore re bone kamoo tlaleho ena e ka re tsoelang molemo kateng, ho hlokahala hore re hlahlobe lintho tse ileng tsa etsahala pele ba boela ba kopana ka tsela ena e sa tloaelehang.

Maqakabetsi Iseraele

Jafeta o phela nakong ea maqakabetsi. Baiseraele ba habo ba lahlile borapeli bo hloekileng ’me ba sebeletsa melimo ea Sidone, Moabe, Ammone le Filistia. Kahoo, Jehova o tlohella sechaba sa hae hore se hatelloe ke Baammone le Bafilista, ’me ba se hatella ka lilemo tse 18. Baahi ba Gileade, e ka bochabela ho Nōka ea Jordane, ke bona ba hateletsoeng le ho feta. * Qetellong, Baiseraele ba lemoha liphoso tsa bona ’me baa baka ebile ba kōpa Jehova hore a ba thuse, ’me ba qala ho mo sebeletsa le ho tlosa melimo esele har’a bona.—Baahloli 10:6-16.

Baammone ba hloma liahelo Gileade, ’me Baiseraele baa bokelloa e le hore ba e’o ba khahlanyetsa. Empa Baiseraele ha ba na molaoli. (Baahloli 10:17, 18) Ka nako e tšoanang, Jafeta le eena o na le mathata. Barab’abo ka ntat’a bona ba meharo ’me ba mo lelekile e le hore ba tle ba utsoe lefa la hae. Kahoo, Jafeta o fallela Tobe, e leng sebaka se ka bochabela ho Gileade se ka hlaseloang habonolo ke lira tsa Iseraele. “Banna ba sa sebetseng,” mohlomong bao bahatelli ba ileng ba ba leleka mosebetsing kapa ba ileng ba hana ho etsoa makhoba a bona, ba khobokana ho Jafeta. Ba “tsoa le eena,” mohlomong sena se bolela hore ba tsamaea le Jafeta ha a ntse a hlasela baahelani ba bona ba mabifi. Mangolo a bitsa Jafeta “monna ea matla, ea sebete,” ’me mohlomong lebaka la sena ke hobane e le mohale. (Baahloli 11:1-3) Joale, ke mang ea tla etella Baiseraele pele ha ba loantša Baammone?

“Tloo U be Molaoli oa Rōna”

Banna ba baholo ba Gileade ba phehella Jafeta ba re: “Tloo u be molaoli oa rōna.” Ba ipoleletse lefeela haeba ba nahana hore o tla ea le khongoana holimo ha a utloa sena. O re: “Na hase lōna ba neng ba ntlhoile hoo le ileng la nteleka ka tlung ea Ntate? Ke hobane’ng ha le tlile ho ’na hona joale feela ha le le mahlomoleng?” Banna baa ba hōlileng ha ba na toka hakaakang hore ebe pele ba ile ba lahla Jafeta empa joale ba se ba batla thuso ea hae!—Baahloli 11:4-7.

Jafeta e tla ba molaoli Gileade hafeela ho ka etsahala ntho e le ’ngoe. O re: ‘Haeba Jehova a tlohela bara ba Ammone ho ’na, ke tla ba hlooho ea lōna!’ Ha ba ka hlōla, seo se ne se tla bontša hore Molimo o ba tšehelitse, empa Jafeta o boetse o labalabela ho tiisa hore batho ba ke ke ba khaotsa ho batla tataiso ea Molimo ka mor’a hore ba tsoe bothateng.—Baahloli 11:8-11.

Litšebelisano le Baammone

Jafeta o leka ho buisana hantle le Baammone. O romela manģosa ho morena oa bona ho ea batlisisa hore na ke hobane’ng ha ba batla ho ba loantša. Morena eo o bolella manģosa lintho tseo a ba qosang ka tsona, o re: Ha Baiseraele ba tsoa Egepeta, ba ile ba hapa naha ea Baammone, kahoo, ba lokela ho e khutlisa.—Baahloli 11:12, 13.

Kaha Jafeta o ne a tseba litaba tsa Baiseraele ka botlalo, ka masene o hanyetsa seo Baammone ba se buang. O ba bolella hore ha Baiseraele ba tloha Egepeta ha baa ka ba tšoenya Baammone, Bamoabe kapa Baedomo; hape o re naha eo Baammone ba e tsekang e ne e se ea bona ha Baiseraele ba ne ba Falla. E ne e le ea Baamore, empa Molimo o ile a nehelana ka morena oa bona, Sihone, matsohong a Baiseraele. Ho feta moo, Baiseraele ba ne ba lutse naheng eo ka lilemo tse 300. Ke hobane’ng ha e le hona Baammone ba e tsekang?—Baahloli 11:14-22, 26.

Jafeta o boetse o qolla taba eo e hlileng e leng sesosa sa bothata ba Baiseraele: Molimo oa ’nete ke mang? Na ke Jehova kapa ke melimo ea naha eo Baiseraele ba e hapileng? Haeba Kemoshe a fela a e-na le matla, na o ne a ke ke a a sebelisa hore naha ea batho ba hae e se ke ea hapuoa? Ena ke ntoa pakeng tsa bolumeli ba bohata, bo tšehetsoang ke Baammone, le borapeli ba ’nete. Kahoo, hoa utloahala hore ebe Jafeta o phetha ka ho re: “Jehova Moahloli a ke a ahlole kajeno pakeng tsa bara ba Iseraele le bara ba Ammone.”—Baahloli 11:23-27.

Morena oa Ammone ha a mamele molaetsa ona oa Jafeta o tiileng. “Joale moea oa Jehova oa tla holim’a Jafeta, ’me a feta Gileade le Manase ’me a feta Mizpe ea Gileade,” mohlomong a ntse a hlohlelletsa banna ba shahlileng ho ea ntoeng.—Baahloli 11:28, 29.

Kano ea Jafeta

Kaha Jafeta o ne a hlile a batla hore Molimo a mo tataise, o ikana tjena ho Molimo: “Haeba ruri u nehelana ka bara ba Ammone letsohong la ka, hape ea tsoang, ea tsoelang ka ntle ho mamati a ntlo ea ka ho nkhahlanyetsa ha ke khutla ka khotso ho bara ba Ammone, e tla ba oa Jehova, ’me ke tla mo nyehela e le nyehelo ea secheso.” Molimo oa mo utloa ’me o hlohonolofatsa Jafeta ka ho mo fa matla a ho hlasela metse e 20 ea Baammone ka “polao e khōlō,” kahoo o hlōla lira tsa Baiseraele ka tsela eo.—Baahloli 11:30-33.

Ha Jafeta a khutla ntoeng, o khahlanyetsoa ke morali oa hae eo a mo ratang haholo, eo e bileng e leng ngoana oa hae ea mong to! Tlaleho ena e re: “Eitse ha a re heli! ’me a mo bona, a qala ho hahola liaparo tsa hae a re: ‘Oho, morali oa ka! Ka sebele u entse hore ke kokobele, ’me u fetohile eo ke neng ke mo khetholla. ’Na—’na ke ahlamisitse molomo oa ka ho Jehova, ’me ha ke khone ho koeneha.’”—Baahloli 11:34, 35.

Na Jafeta o tla fela a etse morali oa hae sehlabelo? Che. Hase sona seo a ikemiselitseng ho se etsa. Jehova o hloile mahlabelo a sebele a etsoang ka batho, e leng e ’ngoe ea lintho tse nyonyehang tse neng li etsoa ke Bakanana. (Levitike 18:21; Deuteronoma 12:31) Ntle le hore moea oa Molimo o ne o susumetsa Jafeta ha a ne a etsa kano eo, Jehova o ile a boela a mo hlohonolofatsa. Mangolo a babatsa Jafeta ka tumelo ea hae le ka seo a ileng a se etsa mabapi le morero oa Molimo. (1 Samuele 12:11; Baheberu 11:32-34) Kahoo, ho etsa sehlabelo ka motho—e leng polao—ho hang hase seo a neng a se nahanne. Joale, ekaba Jafeta o ne a nahanne’ng ha a ikana hore o tla nyehela motho ho Jehova?

Ho bonahala eka Jafeta o ne a bolela hore motho ea tla mo khahlanyetsa, o ne a tla nehelana ka eena hore a etse tšebeletso ea Molimo feela. Molao oa Moshe o ne o lumella motho hore a etse kano ea ho nehela batho ho Jehova. Ka mohlala, basali ba ne ba sebeletsa sehalalelong, mohlomong ba etsa mesebetsi e kang ho kha metsi. (Exoda 38:8; 1 Samuele 2:22) Ha re tsebe ho hokaalo ka tšebeletso eo le hore na ebe e ne e etsoa kamehla. Ho bonahala hore Jafeta o ne a nahanne ka boinehelo bo joalo ha a ne a etsa kano ena, ’me ho bonahala hore tšepiso ea hae e ne e bolela tšebeletso e tsoelang pele ho ea ho ile.

Morali oa Jafeta, hamorao le Samuele e monyenyane, ba ile ba tšehetsa kano e entsoeng ke batsoali ba bona ba tšabang Molimo. (1 Samuele 1:11) Joaloka morapeli ea tšepahalang oa Jehova, morali oa Jafeta le eena o ne a kholisehile joaloka ntat’ae hore kano eo ea hae e lokela ho phethoa. Ke ’nete hore o ile a itela haholo, hobane kano eo e ne e bolela hore ha ho mohla a neng a tla nyaloa. O ile a llela boroetsana ba hae hobane Moiseraele e mong le e mong o ne a labalabela ho ba le bana e le hore a boloke lebitso la lelapa le lefa la lelapa. Ho Jafeta, ho phetha kano eo ho ne ho bolela hore a ke ke a hlola a lula le ngoana oa hae ea mong eo a mo ratang.—Baahloli 11:36-39.

Bophelo ba moroetsana enoa ea tšepahalang ha ea ka ea e-ba ba lefeela. Tšebeletso ea nako e tletseng ka tlung ea Jehova e ne e le tsela e molemohali, e khotsofatsang le e khabane ea ho rorisa Molimo. Kahoo, “selemo le selemo barali ba Iseraele ba ne ba ea ho babatsa morali oa Jafeta Mogileade.” (Baahloli 11:40) Ka sebele ntat’ae o ile a thaba ha morali eo oa hae a sebeletsa Jehova.

Kajeno batho ba bangata ba Molimo ba khetha bophelo ba ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho, baromuoa, balebeli ba tsamaeang, kapa litho tsa malapa a Bethele. Sena se ka ’na sa etsa hore ba se ke ba khona ho bona malapa abo bona hangata kamoo ba neng ba ka rata kateng. Leha ho le joalo, bana bohle ba ka thabela tšebeletso e joalo e halalelang eo ba e etsetsang Jehova.—Pesaleme ea 110:3; Baheberu 13:15, 16.

Ho Fetohela Tataiso ea Molimo

Ha re nahana ka se ileng sa etsahala mehleng ea Jafeta, rea bona hore Baiseraele ba bangata ba hana tataiso ea Jehova. Esita le ha ba bona bopaki ba hore Molimo o hlohonolofatsa Jafeta, Baefraime ba qoaketsana le eena. Ba batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha a sa ka a ba bitsa ha a e-ea ntoeng. Ba bile ba ikemiselitse ho “cheselletsa” Jafeta ka tlung!—Baahloli 12:1.

Jafeta o re o ile a bitsa Baefraime empa ha baa ka ba tla. Ho sa tsotellehe seo, Molimo o ile a hlōla ntoeng eo. Na joale ba halefetse hore ebe Bagileade ha baa buisana le bona ha ba ne ba khetha Jafeta hore e be molaoli? Ha e le hantle, bohale ba Baefraime bo bontša hore ba fetohela Jehova, ’me ha ho ntho e ’ngoe e ka etsoang haese feela ho ba futuhela. Ntoeng eo, Baefraime baa hlōloa. Kaha banna ba Baefraime ba balehang ba sitoa ho re “Shibolethe,” ba fumaneha habonolo. Ka kakaretso, ho bolaoa Baefraime ba 42 000 ntoeng eo.—Baahloli 12:2-6.

Ee ke nako e bohloko hakaakang historing ea Baiseraele! Lintoa tse ileng tsa hlōloa ke Baahloli bana, Othniele, Ehude, Barake le Gideone, li ile tsa tlisa khotso. Empa lekhetlong lena ha ho buuoe ka khotso. Tlaleho ena e mpa feela e phetha ka ho re: “Jafeta a tsoela pele ho ahlola Baiseraele ka lilemo tse tšeletseng, ka mor’a moo Jafeta Mogileade a shoa ’me a patoa motseng oa habo oa Gileade.”—Baahloli 3:11, 30; 5:31; 8:28; 12:7.

Ke’ng seo re ka ithutang sona ho see sohle? Re ithuta hore le hoja bophelo ba Jafeta bo ne bo tletse litsietsi, o ne a tšepahala ho Molimo. Mohale enoa o ile a sebelisa lebitso la Jehova ha a ne a bua le banna ba hōlileng ba Gileade, le ha a bua le Baammone, le ha a bua le morali oa hae, le ha a bua le Baefraime, ’me ka ho totobetseng o ile a le sebelisa le nakong ea ha a etsa kano. (Baahloli 11:9, 23, 27, 30, 31, 35; 12:3) Molimo o ile a hlohonolofatsa Jafeta bakeng sa boinehelo ba hae, a mo sebelisa a ba a sebelisa le morali oa hae ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng. Nakong ea ha ba bang ba ne ba lahlile melao ea Molimo, Jafeta eena o ile a e boloka. Joaloka Jafeta, na u tla mamela Jehova ka linako tsohle?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Baammone ba ne ba le sehlōhō haholo. Hamorao, le pele ho feta lilemo tse 60, ba ile ba jesetsa baahi ba motse o mong oa Bagileade khoebeleng ’me ba ba sokela ka hore ba tla honya moahi e mong le e mong oa motse oo leihlo le letona. Moprofeta Amose o ile a bua ka nako eo ka eona ba ileng ba tabola basali ba baimana ba Gileade limpa.—1 Samuele 11:2; Amose 1:13.