Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ea Libokeng?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ea Libokeng?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ea Libokeng?

MONNA oa Christine o ile a mo lahla ka tšohanyetso—ka mor’a lilemo tse 20 ba nyalane. Christine o ile a iphumana a siiloe kherehloa ’me a tlameha ho hōlisa bara ba supileng le morali a le mong. Lilemo tsa bona li ne li tloha ho tse 7 ho ea ho tse 18. O re: “Joale e ne e se e le ’na ea lokelang ho etsa liqeto tsa bohlokoa. Boikarabelo bona bo ile ba etsa hore ke ikutloe ke sithabetse ’me ke ne ke labalabela ho khothatsoa le ho tataisoa.” Ekaba o ile a fumana thuso hokae?

Christine o re: “’Na le lelapa la ka re ile ra fumana thuso e khōlō libokeng tsa Bokreste. Ha re le libokeng metsoalle ea rōna e ile ea re khothatsa ’me Lentsoe la Molimo la re tataisa. Ho ba teng kamehla libokeng ho ile ha re thusa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlokoa e neng e ama lelapa la rōna.”

Kaha tsena ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” kaofela ha rōna re lokela ho tobana le liteko tse fapa-fapaneng. (2 Timothea 3:1) Joaloka Christine, mohlomong le uena u nka liboka tsa Lipaki Tsa Jehova e le tsona tse u thusang haholo moeeng, e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba hao ho Jehova. E tlameha ebe liboka tse hlano tsa phutheho tsa beke le beke li u susumelletsa hore u rate Molimo, u be le tšepo e tiileng ka bokamoso, li bile li u fa tataiso e thehiloeng Bibeleng mabapi le kamoo u ka sebetsanang le liteko kateng.

Leha ho le joalo, ho na le ba thatafalloang ho ba teng libokeng kamehla. Kaha mantsiboea ba shoele ke mokhathala, ha ba nahana ho apara ka tsela e loketseng le ho ea libokeng, ho ka bonahala ho nyolosetsa. Ba bang ba fumana hore kamehla mosebetsi oa bona o ba sitisa ho ba teng libokeng. E le hore ba be teng libokeng tsohle, ba tla lokela ho khotsofalla moputso o monyenyane kapa ba ka ’na ba lahleheloa ke mosebetsi. Ba bang ba ka ’na ba sitoa ho ea libokeng kahobane feela ba nahana hore boithabiso bo itseng bo ka ba khatholla ho feta ho ea libokeng.

Kahoo, ebe ke mabaka afe a bohlokoa a re qobellang ho ea libokeng tsa Bokreste? Ke eng seo u ka se etsang hore liboka tsee li u khatholle? Hore re khone ho araba lipotso tsena, a re ke re hlahlobeng memo ea Jesu e mofuthu e hlahang ho Matheu 11:28-30. O ile a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”

“Tloong ho ’Na”

Jesu o ile a re: “Tloong ho ’na.” Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang hore re amohela memo ena ka eona ke ka ho ba teng libokeng kamehla. Ho na le mabaka a utloahalang a hore re be teng libokeng, hobane ka lekhetlo le leng Jesu o ile a re: “Moo ho nang le ba babeli kapa ba bararo ba bokaneng ka lebitso la ka, ke teng moo har’a bona.”—Matheu 18:20.

Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a mema batho ba fapa-fapaneng ka ho toba hore ba mo latele. Kahoo, o ile a ba fa monyetla oa hore ba atamele haufi le eena. Ba bang ba ile ba lumela hang-hang. (Matheu 4:18-22) Ba bang bona ba ile ba lumella hore lintho tse kang lintho tse bonahalang li ba sitise hore ba amohele memo eo. (Mareka 10:21, 22; Luka 9:57-62) Ha a buisana le ba ileng ba mo latela, Jesu o ile a bua mantsoe ana a khothatsang: “Ha lea nkhetha, empa ke le khethile.”—Johanne 15:16.

Ka mor’a lefu la hae le tsoho ea hae, Kreste ha aa ka a hlola a e-ba le barutuoa ba hae ka seqo. Empa o ne a ntse a e-na le bona kaha ke eena ea neng a tataisa mosebetsi oa bona a bile a ela hloko hore na ba amohela keletso ea hae. Ka mohlala, ka mor’a lilemo tse ka bang 70 Jesu a tsositsoe, o ile a fa liphutheho tse supileng tsa Asia Minor keletso a ba a li khothatsa. Mantsoe a hae a ile a bontša hore o ne a tseba hantle matla a litho tsa liphutheho tseo le mefokolo ea tsona.—Tšenolo 2:1–3:22.

Jesu o ntse a amehile haholo ka morutuoa e mong le e mong oa hae. O tšepisa hore: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:20) Hona joale re phela linakong tsa bofelo, kahoo, ho hlokahala hore re amohele memo ea Jesu ea hore re mo latele. E ’ngoe ea lintho tseo re lokelang ho li etsa ho bontša hore re amohela memo ena ke ho ba teng libokeng kamehla. Jesu o batla hore re mo mamele ’me re ‘rutoe ho sebelisoa eena’ ka hore re utloe lithuto le lipuo tse thehiloeng Bibeleng, tseo kamehla re li fumanang libokeng. (Baefese 4:20, 21) Na u amohela memo ea Jesu e reng: “Tloong ho ’na”?

“Lōna Bohle ba Sehlang le ba Imetsoeng”

Lebaka la bohlokoa la hore re be teng libokeng tsa Bokreste ke hore re il’o khothatsoa. (Baheberu 10:24, 25) Ka sebele bongata ba rōna rea ‘sehla ’me re imetsoe’ ka litsela tse ngata. Ho ka etsahala hore ebe u imetsoe ke mathata a mangata a botho, a kang ho kula. Ha u le libokeng tsa Bokreste, u ka thabela ho khothatsana le ba bang. (Baroma 1:11, 12) Ka mohlala, u tla utloa likarabo tse hahang moeeng, u hopotsoe ka tšepo ea hao e thehiloeng Bibeleng, u be u bone tumelo ea ba bang ba mamellang liteko. Sena sohle se ka u thusa hore u mamelle ’me u se ke ua sithabetsoa ke mathata.

Nahana ka mantsoe a morali e mong oabo rōna ea tšoenngoang ke lefu le sa foleng. O re: “Lefu le ntšoereng le etsa hore ke qete nako e itseng ke le sepetlele. Ho ee ho be boima ho ea libokeng ha ke tsoa sepetlele, empa ke hona moo ke lokelang ho ea teng. Mofuthu le lerato la bara le barali babo rōna le eketsa thabo ea ka, ’me thuto le tataiso tseo Jehova le Jesu ba fanang ka tsona li etsa hore ke tsebe hore na ke phelela eng.”

“Joko ea ka e Mosa le Mojaro oa ka o Bobebe”

Hlokomela hore litemaneng tseo re ntseng re li hlahloba, Jesu o ile a re: “Le ithute ho ’na.” Ka ho ithuta ho Jesu, re fetoha barutuoa ba hae ’me re nka joko ea hae nakong ea ha re inehela ho Molimo ’me re kolobetsoa. (Matheu 28:19, 20) Ho ba le karolo kamehla libokeng ke habohlokoa e le hore re ’ne re be barutuoa ba Jesu. Hobane’ng? Hobane libokeng tsa Bokreste ke hona moo re rutoang ka Jesu, ka lithuto tsa hae le ka mekhoa eo a neng a e sebelisa.

Mojaro oo Kreste a batlang hore re o jare ke eng? Ke oona mojaro oo le eena a o jereng—e leng tlotla ea ho etsa thato ea Molimo. (Johanne 4:34; 15:8) Ho hlokahala boiteko e le hore re mamele litaelo tsa Molimo, empa mojaro ona ha o boima haholo hoo o ka re sitang. O ka ’na oa bonahala o le boima haeba re leka ho o jara ka matla a rōna. Leha ho le joalo, haeba re rapella moea oa Molimo ’me re iphepa lijo tsa moea tse fanoang libokeng, re tla fumana “matla a fetang se tloaelehileng” a tsoang ho Molimo. (2 Bakorinthe 4:7) Ha re lokisetsa liboka re bile re e-ba le karolo ho tsona, lerato la rōna ho Jehova le ba matla haholoanyane. Haeba re susumetsoa ke lerato, litaelo tsa Molimo “ha li boima.”—1 Johanne 5:3.

Batho ka kakaretso ba tobana le mathata a kang a ho iphelisa, ho kula, le ho rarolla mathata a botho. Leha ho le joalo, ha re leke ho a rarolla ka ho tšepa bohlale ba batho. Liboka tsa phutheho li re thusa hore re ‘khaotse ho tšoenyeha’ kaha Jehova o re fa seo re se hlokang ’me o re thusa hore re mamelle mathata. (Matheu 6:25-33) Ruri liboka tsa Bokreste ke bopaki ba kamoo Molimo a re ratang kateng.

“Ke na le Maikutlo a Bonolo ’me ke Ikokobelitse Pelong”

Jesu o ne a tloaetse ho ea synagogeng, moo ho neng ho tšohloa Lentsoe la Molimo. Ka lekhetlo le leng ha Jesu a le moo, o ile a nka moqolo oa Esaia ’me a bala moo ho thoeng: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo, o nthometse hore ke bolelle baholehuoa tokollo le hore ba foufetseng ba boele ba bone, ho etsa hore ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile, ho bolela selemo se amohelehang sa Jehova.” (Luka 4:16, 18, 19) E ne e tla ba ho thabisang hakaakang ho utloa ha Jesu a phethahatsa mantsoe ao ka ho re: “Kajeno lengolo lena leo le sa tsoa le utloa le phethahetse”!—Luka 4:21.

Jesu, e leng “molisa ea ka sehloohong” ea maikutlo a bonolo, o ntse a hlokometse mosebetsi oa ho lisa balateli ba hae. (1 Petrose 5:1-4) Tlas’a tataiso ea hae, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le khethile banna hore e be balisa ka liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle. (Matheu 24:45-47; Tite 1:5-9) Banna bana ba ‘lisa phutheho ea Molimo’ ka bonolo ’me ba beha mohlala o motle ka ho ba teng libokeng kamehla. U ka bontša hore u ananela ‘limpho tsena tseo e leng banna’ ka ho ba teng libokeng, moo u ka khothatsang ba bang ka boteng ba hao le ka ho ba le karolo ho tsona.—Liketso 15:30-33; 20:28; Baefese 4:8, 11, 12.

“Le Tla Fumanela Meea ea Lōna Khatholoho”

Ha u le libokeng tsa Bokreste, ke joang u ka etsang hore e be tse khathollang e le kannete? Tsela e ’ngoe ke ka ho sebelisa keletso ea Jesu e reng: “Le ele hloko kamoo le mamelang kateng.” (Luka 8:18) Batho ba neng ba hlile ba batla ho ithuta, ba ne ba mamela Jesu ka hloko. Ba ne ba kōpa hore a ba hlalosetse lipapiso, ’me sena se ile sa etsa hore ba utloisise haholoanyane.—Matheu 13:10-16.

U ka etsisa batho bao ba neng ba lapile moeeng ka hore u mamele ka hloko lipuo tse fanoang libokeng tsa rōna. (Matheu 5:3, 6) E le hore kelello ea hao e se ke ea lelera, leka ho mamela tsela eo sebui se behang mabaka ka eona. Ka kelellong ipotse lipotso tse kang tsena: ‘Nka sebelisa boitsebiso boo joang bophelong ba ka? Nka bo sebelisa joang ho thusa ba bang? Nka hlalosa ntlha ee joang?’ Ho feta moo, phetla mangolo a sebelisoang ke sebui ha se tšehetsa lintlha tsa sona tsa sehlooho. Ha u ela hloko kamoo u mamelang kateng, liboka le tsona li tla u khatholla haholo.

Ha liboka li tsoa, buisana le ba bang ka lintlha tseo ho buisanoeng ka tsona. Ela hloko lintlha tse tšohliloeng le kamoo li ka sebelisoang kateng. Moqoqo o hahang o etsa hore liboka e be tse khathollang haholo.

Ha ho pelaelo hore re na le mabaka a utloahalang a hore re be teng libokeng. Ka mor’a ho hlahloba melemo ena eo re e tšohlileng, ke hobane’ng ha u sa ipotse hore, ‘Ke bontša joang hore ke amohela memo ea Jesu e reng: “Tloong ho ’na”?’

[Litšoantšo tse leqepheng la 11]

Na lintho tse ling li u sitisa hore u be teng libokeng?