Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebaka Leo Mahlomola ’Ohle a Tla Fela ka Lona Haufinyane

Lebaka Leo Mahlomola ’Ohle a Tla Fela ka Lona Haufinyane

Lebaka Leo Mahlomola ’Ohle a Tla Fela ka Lona Haufinyane

“Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse.”—DEUTERONOMA 32:4.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha u ananela tšepo ea ho phela ka ho sa feleng? (b) Ke eng e thibelang batho ba bangata ho lumela ho Molimo ea tšepisang hore nakong e tlang ho tla ba le lintho tse hlollang?

NA U rata ho nahana ka bophelo ba Paradeiseng? Mohlomong u ipona u hahlaula le polanete ena e ntle ’me u ithuta lintho tse se nang palo tse phelang ho eona. Kapa mohlomong u nahanisisa ka ho khotsofala hoo u tla ho utloa ha u sebetsa le ba bang ha le hlokometse lefatše lena le le fetola serapa se setle. Kapa e ka ’na eaba u thuisa ka mahlale ao u tla ithuta ’ona linthong tse amanang le bonono, kaho, ’mino, kapa tse ling tseo u se nang nako ea tsona ka lebaka la bophelo ba kajeno bo maphathaphathe. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, u ananela tšepo ea ho phela bophelo boo Bibele e reng ke “bophelo ba sebele”—e leng bophelo boo Jehova a neng a rerile hore re bo phele, re lebeletse ho phela ka ho sa feleng.—1 Timothea 6:19.

2 Na hase thabo le tokelo ea bohlokoa ho bolella ba bang ka tšepo eo e thehiloeng Bibeleng? Leha ho le joalo, ba bangata ba hana tšepo ena. Ba e hana ka hore ba re ke leshano, kapa toro ea batho ba thetsoang habonolo. Ba ka ba ba thatafalloa ho lumela ho Molimo ea tšepisang bophelo bo sa feleng Paradeiseng. Hobane’ng? Ntho e sitisang batho ba bang ho lumela ke bobe boo ba bo bonang. Ba nahana hore haeba Molimo a le teng ebile a le matla ’ohle hape a le lerato, ho thata ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le bobe le mahlomola lefatšeng. Ba beha lebaka la hore, ha ho na Molimo ea ka mamellang bokhopo—kapa, haeba o teng, mohlomong ha a matla ’ohle kapa ha a re tsotelle. Ho ba bang, mabaka ana aa utloahala. Ka sebele Satane o khonne ho foufatsa likelello tsa batho.—2 Bakorinthe 4:4.

3. Ke potso efe e thata eo re ka thusang batho ho e araba, ’me ke hobane’ng ha e le rōna ba boemong bo ikhethang ba ho ba thusa?

3 Rōna Lipaki Tsa Jehova, re boemong bo khethehileng ba ho thusa batho ba ntseng ba thetsoa ke Satane le bohlale ba lefatše lena. (1 Bakorinthe 1:20; 3:19) Rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa lumele litšepiso tsa Bibele. Ho hang ha ba tsebe Jehova. Ho ka etsahala hore ebe ha ba tsebe lebitso la hae kapa hore ke la bohlokoa, ’me mohlomong ha ba tsebe letho ka litšobotsi tsa hae kapa ka botumo ba hore o boloka litšepiso tsa hae. Re lehlohonolo hore ebe re tseba lintho tsena. Ka lebaka leo, hoa hlokahala hore nako le nako re hlahlobe kamoo re ka thusang batho bana ba “lefifing likelellong” hore ba fumane karabo ea e ’ngoe ea lipotso tse thata ka ho fetisisa, e reng: “Ebe ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bobe le mahlomola?” (Baefese 4:18) Taba ea pele, re tla hlahloba hore na re ka araba potso ena ka katleho joang. Ka mor’a moo, re tla tšohla kamoo litšobotsi tsa Jehova li totobetseng kateng tseleng eo a sebelitseng taba ea bobe ka eona.

Tsela e Nepahetseng ea ho Araba Potso Ena

4, 5. Ho ka ’na ha hlokahala hore re qale ka ho etsa’ng haeba motho a botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola? Hlalosa.

4 Ha motho a botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola, re mo araba joang? Re ka ’na ra potlakela ho mo fa karabo e qaqileng, re qala ka se ileng sa etsahala serapeng sa Edene. Maemong a mang, ho ka ’na ha e-ba hotle ho etsa joalo. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore re be seli. Ho ka ’na ha hlokahala hore re rale motheo pele. (Liproverbia 25:11; Bakolose 4:6) A re hlahlobeng lintlha tse tharo tsa Mangolo tseo re ka ratang ho li hlakisa ka bokhutšoanyane pele re araba potso eo.

5 Ntlha ea pele, haeba motho a hlile a tšoentsoe ke ho ata ha bobe lefatšeng, mohlomong o hlahetsoe ke bobe kapa bo hlahetse baratuoa ba hae. Kahoo, ho ka ba molemo hore u qale ka ho bontša hore u mo qenehela e le kannete. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste a re: “Llang le batho ba llang.” (Baroma 12:15) Ho bontša qenehelo kapa “ho utloelana bohloko” ho ka ’na ha susumetsa motho. (1 Petrose 3:8) Haeba a bona hore rea mo tsotella, a ka ’na a mamela seo re se buang.

6, 7. Ke hobane’ng ha ho nepahetse hore re babatse motho ea tšepahalang ea botsang potso e mo tšoenyang ka taba e tebileng ea Bibele?

6 Ntlha ea bobeli, re ka babatsa motho eo ea tšepahalang ea botsang potso ena. Batho ba bang ba nahana hore ho botsa lipotso tsa mofuta ona ho bontša hore ha ba lumele ho Molimo kapa hore baa mo hlompholla. Mohlomong ebile ho na le moruti ea ileng a ba bolella joalo. Empa ho botsa hase ho hloka tumelo. Ha e le hantle, batho ba tšepahalang ba boholo-holo le bona ba ile ba botsa lipotso tse tšoanang. Ka mohlala, mopesaleme Davida o ile a botsa: “Jehova, ke hobane’ng ha u ntse u emeletse hōle? Ke hobane’ng ha u lula u ipatile linakong tsa mahlomola?” (Pesaleme ea 10:1) Moprofeta Habakuke le eena o ile a botsa potso e tšoanang: “Jehova, ke tla hoeletsa halelele hakae ho kōpa thuso, ’me u sa utloe? Ke tla hoeletsa halelele hakae ho uena ho kōpa thuso pefong, ’me u sa pholose? Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone se kotsi, ’me u ntse u talima khathatso feela? Ke hobane’ng ha tlatlapo le pefo li le ka pel’a ka, hape ke hobane’ng ha qabang e e-ba teng, ’me ke hobane’ng ha tsekisano e ntšetsoa pele?”—Habakuke 1:2, 3.

7 Banna bana ba ne ba tšepahala ba bile ba hlompha Molimo haholo. Na ba ile ba khalemelloa ho botsa lipotso tseo? Ho fapana le seo, Jehova o ile a nka hore ho loketse hore lipotso tsa bona tse botsoang ka botšepehi li ngoloe ka Lentsoeng la hae. Mehleng ena, ho ka etsahala hore ebe motho ea amehileng ka bobe bo atileng, o labalabela likarabo tse fanoang ke Bibele feela. U hopole hore Jesu o ile a bua hantle ka batho ba lapileng moeeng, kapa “ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Ke tokelo e kaakang ho thusa batho ba joalo hore ba fumane thabo eo Jesu a e tšepisitseng!

8. Ke lithuto life tse ferekanyang tse entseng hore batho ba lumele hore ke Molimo ea bakang mahlomola, ’me re ka ba thusa joang?

8 Ntlha ea boraro, ho ka ’na ha hlokahala hore re thuse motho eo hore a bone hore hase Molimo ea bakang bokhopo bo atileng lefatšeng. Batho ba bangata ba rutiloe hore Molimo o busa lefatše lena leo re phelang ho lona, le hore lintho tsohle tse re hlahelang o li rerile khale, ebile o na le mabaka a sa hlaloseheng a ho bakela batho masisa-pelo. Lithuto tsena ke tsa bohata. Li hlompholla Molimo ’me li etsa eke ke eena ea bakang bokhopo le mahlomola lefatšeng. Kahoo, re ka sebelisa Lentsoe la Molimo ho otlolla lintho tseo. (2 Timothea 3:16) Jehova hase ’musi oa tsamaiso ena e khopo ea lintho, Satane Diabolose ke eena ’musi oa eona. (1 Johanne 5:19) Jehova ha a rere esale pele se tla hlahela libōpuoa tsa hae tse bohlale; o fa se seng le se seng bolokolohi le menyetla ea ho khetha pakeng tsa se molemo le se sebe, se nepahetseng le se fosahetseng. (Deuteronoma 30:19) Le ka mohla Jehova hase mohloli oa bokhopo; o hloile bokhopo ’me o hlokomela ba hlokofatsoang ka leeme.—Jobo 34:10; Liproverbia 6:16-19; 1 Petrose 5:7.

9. Lisebelisoa tse ling tseo “lekhoba le tšepahalang le le masene” le li lokiselitseng ke life ho thusa batho ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova Molimo a lumella hore ho be le mahlomola?

9 Ha u se u ralile motheo oo, ho ka etsahala hore ebe joale motho eo u buang le eena a ka ithuta hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le lokiselitse lisebelisoa tse ngata tse tla u thusa. (Matheu 24:45-47) Ka mohlala, likopanong tsa Setereke tsa “Ho Mamela Molimo” tsa 2005/06, ho ile ha lokolloa pampitšana e nang le sehlooho se reng, Mahlomola ’Ohle a Tla Fela Haufinyane! Haeba pampitšana ena e teng ka puo ea heno, ke hobane’ng ha u sa ithute seo e buang ka sona? Ka ho tšoanang, buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e fumanehang ka lipuo tse 157 hona joale, e na le khaolo e tšohlang taba ena. Sebelisa lingoliloeng tsena ka botlalo. Li qaqisa liketsahalo tse hlalosoang ke Bibele tsa tseko ea bobusi ba bokahohle e ileng ea hlahisoa Edene le hore na ke hobane’ng ha Jehova a sebelitse tseko ena ka tsela eo a entseng ka eona. Hape, u hopole hore ha le ntse le tšohla taba ena, u senolela motho eo u buang le eena tsebo ea bohlokoahali. Ke tsebo ea ho tseba Jehova le litšobotsi tsa hae tse hlollang.

Bua Haholo ka Litšobotsi Tsa Molimo

10. Ke eng eo batho ba bangata ba thatafalloang ho e utloisisa ka hore ebe Molimo o lumeletse mahlomola, ’me ba ka thusoa ke ho tseba eng?

10 Ha u ntse u thusa batho hore ba utloisise lebaka leo ka lona Jehova a lumeletseng batho hore ba ipuse ba susumetsoa ke Satane, leka ho ba hlokomelisa litšobotsi tse babatsehang tsa Jehova. Batho ba bangata baa tseba hore Molimo o matla; ba tloaetse ho utloa batho ba bang ba re ke Molimo ea Matla ’Ohle. Leha ho le joalo, ba ka ’na ba thatafalloa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a sa sebelise matla a hae a maholo hore a felise leeme le mahlomola hang-hang. Mohlomong ha ba tsebe litšobotsi tse ling tsa Jehova, tse kang khalalelo, toka, bohlale le lerato. Jehova o bontša litšobotsi tsena ka teka-tekano e feletseng le e phethahetseng. Ke kahoo Bibele e reng: “Mosebetsi oa hae o phethahetse.” (Deuteronoma 32:4) U ka totobatsa litšobotsi tsee joang ha u araba lipotso tseo batho ba li botsang hangata ka tseko ee? A re hlahlobeng mehlala e seng mekae.

11, 12. (a) Ke hobane’ng ha Adama le Eva ba ne ba sa tšepisoa hore ba tla tšoareloa haeba ba etsa sebe? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ke ke a mamella sebe ka ho sa feleng?

11 Na Jehova a ka be a ile a felisa litaba ka ho tšoarela Adama le Eva? Ba ne ba sa tšepisoa hore ba tla tšoareloa tabeng ena. Adama le Eva e ne e le batho ba phethahetseng. Kahoo, ha ba khetha ho hana bobusi ba Jehova, ’me ba amohela tataiso ea Satane, ba khethile ka morero. Ke kahoo ho sa makatseng hore ebe marabele ana ha aa ka a bontša pako. Leha ho le joalo, ha batho ba botsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a ba tšoarela, seo ba hlileng ba ipotsang sona ke hore na ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a fetola seo a neng a se lebeletse ho bona ebe o mamella sebe le borabele. Karabo e amana haholo le tšobotsi ea bohlokoa ea botho ba Jehova—e leng khalalelo ea hae.—Exoda 28:36; 39:30.

12 Bibele e bua ka makhetlo a mangata ka khalalelo ea Jehova. Empa ka masoabi ke batho ba seng bakae feela lefatšeng lena le bolileng ba utloisisang tšobotsi ena. Jehova o hloekile ebile ha a amane kae kapa kae le boetsalibe. (Esaia 6:3; 59:2) Tabeng ea sebe, o lokiselitse mokhoa oa ho se koahela, ho se felisa, leha ho le joalo a ke ke a se mamella ka ho sa feleng. Haeba Jehova a ne a ikemiselitse ho mamella sebe ka ho sa feleng, re ne re sa tl’o ba le tšepo ka bokamoso. (Liproverbia 14:12) Ka nako ea hae, Jehova o tla halaletsa pōpo eohle ea hae hape. Sena se tla etsahala, etsoe ke thato ea Mohalaleli.

13, 14. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a khetha hore a se ke a timetsa marabele Edene?

13 Na Jehova a ka be a ile a felisa litaba ka ho timetsa marabele Edene eaba o qala bocha? Ka sebele o ne a e-na le matla a ho etsa joalo, ’me haufinyane o tla sebelisa matla a hae ho timetsa bohle ba khopo. Ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Ke hobane’ng ha a sa ka a timetsa ba khopo nakong eo ho neng ho e-na le baetsalibe ba bararo feela bokahohleng? Na ho ka be ho sa ka ha thibeloa ho ata ha sebe le masisa-pelo ’ohle ao re a bonang lefatšeng?’ Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a khetha ho etsa joalo? Deuteronoma 32:4 e re: “Litsela tsohle tsa hae ke toka.” Jehova o nkela toka holimo haholo. Ha e le hantle, “Jehova o rata toka.” (Pesaleme ea 37:28) Kahobane Jehova o rata toka, ha aa ka a timetsa marabele Edene. Hobane’ng?

14 Borabele ba Satane bo ile ba tsosa lipelaelo ka bobusi ba Molimo. Ho rata toka ha Jehova ho ne ho hloka hore phephetso ea Satane e lokisoe ka toka. Ho ne ho loketse ka ho feletseng hore marabele ao a bolaoe hang-hang, empa ho a bolaea ho ne ho ke ke ha fana ka karabo e hlokahalang. E ne e tla ba bopaki bo bong feela ba hore Jehova o na le matla a maholo, empa tseko e ne e sa amane le matla a hae. Ho feta moo, Jehova o ne a boleletse Adama le Eva morero oa hae. Ba ne ba lokela ho ba le bana le ho tlatsa lefatše, ba le buse, ba be ba laole libōpuoa tsohle tsa lefatše. (Genese 1:28) Hoja Jehova a felisa litaba ka ho timetsa Adama le Eva, morero oo a neng a o boletse mabapi le motho o ne o sa tl’o atleha. Toka ea Jehova e ne e sa tl’o lumella hore ho be joalo, etsoe morero oa hae o phethahala kamehla.—Esaia 55:10, 11.

15, 16. Ha batho ba hlahisa ‘tharollo’ e ’ngoe bakeng sa phephetso e ileng ea hlahisoa Edene, re ka ba thusa joang?

15 Na ho na le motho bokahohleng ea neng a ka sebetsa borabele boo ka bohlale ho feta Jehova? Batho ba bang ba ka ’na ba hlahisa maikutlo a bona ka hore na borabele ba Edene bo ka be bo “rarolotsoe” joang. Ha batho ba buella ‘tharollo’ ea bona, na ha ba bolele hore tsela eo ba nahanang ka eona ke eona e molemo ho feta ea ho sebetsa tseko ee? Ba ka ’na ba etsa sena ka sepheo se setle, empa ha ba utloisise Jehova le bohlale ba hae bo tšosang. Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Roma, o ile a bua ka botebo ka bohlale ba Molimo, a akarelletsa le “sephiri se halalelang” se mabapi le morero oa Jehova oa hore ka ’Muso oa Bomesia, a lopolle batho ba tšepahalang le hore a hloekise lebitso la Hae le halalelang. Pauluse o ile a ikutloa joang ka bohlale ba Molimo ea qapileng morero oo? Moapostola o ile a phetha lengolo la hae ka mantsoe ana: “Ho Molimo, ea bohlale a le mong, e be khanya ka Jesu Kreste ka ho sa feleng. Amen.”—Baroma 11:25; 16:25-27.

16 Pauluse o ne a utloisisa hore Jehova o “bohlale a le mong” ebile ke eena ea bohlale ka ho fetisisa bokahohleng. Ebe ke motho ofe ea sa phethahalang ea ka nahanang ka tsela e molemo haholo ea ho sebetsa bothata bofe kapa bofe, re sa bale bothata bo boholo ka ho fetisisa boo ka bona ho ileng ha phephetsoa bobusi ba Molimo? Kahoo, ho hlokahala hore re thuse batho hore ba be le tšabo eo re nang le eona bakeng sa Molimo ea “pelo e bohlale.” (Jobo 9:4) Ha re utloisisa bohlale ba Jehova hantle, re tla tšepa hore tsela eo a sebetsang litaba ka eona e molemo ka ho fetisisa.—Liproverbia 3:5, 6.

Ela Hloko Tšobotsi ea Sehlooho ea Jehova

17. Kutloisiso e khōloanyane ea lerato la Jehova e ka thusa joang ba tšoenngoang ke hore Molimo o lumeletse mahlomola?

17 “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ka mantsoe ana a susumetsang maikutlo, Bibele e re tsebisa tšobotsi ea sehlooho ea Jehova, e leng tšobotsi e ratehang ho feta tsohle le e tšelisang haholo ho batho ba tšoenngoang ke ho ata ha bokhopo. Jehova o bontšitse lerato kahohle kamoo a sebelitseng tšenyo e matla eo lefu le e bakileng pōpong ea hae. Lerato le ile la susumelletsa Jehova hore a fe bana ba baetsalibe ba Adama le Eva tšepo, a ba bulele tsela ea hore ba bue le Eena le hore ba be le kamano e amohelehang le Eena. Lerato le ile la susumelletsa Molimo hore a fane ka thekollo e neng e tla bula tsela ea ho tšoarela batho libe ka ho feletseng le ho ba khutlisetsa bophelong bo phethahetseng, le bo sa feleng. (Johanne 3:16) Lerato le mo susumelelitse hore a mamelle moloko oa batho le hore a fe ba bangata kamoo ho ka khonehang monyetla oa ho furalla Satane ’me ba khethe eena hore e be ’Musi oa bona.—2 Petrose 3:9.

18. Re thabela hore ebe rōna re tseba eng, ’me re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

18 Nakong eo moruti e mong a neng a bua le batho ba neng ba bokane ho tla keteka sehopotso sa tlhaselo e sisimosang ea bokhukhuni, o ile a re: “Ha re tsebe lebaka leo ka lona Molimo a lumeletseng hore bobe le mahlomola li ’ne li tsoele pele.” Ke polelo e soabisang hakaakang! Na ha re thabe hore ebe rōna re tseba litaba tsa mofuta oo? (Deuteronoma 29:29) Kaha Jehova o bohlale, o na le toka ebile o lerato, rea tseba hore o tla tloha a felisa mahlomola ’ohle. Ha e le hantle, o tšepisitse hore o tla a felisa. (Tšenolo 21:3, 4) Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka batho bao esaleng ba ntse ba e-shoa ho tloha khale? Na tsela eo Jehova a sebelitseng phephetso ea Edene ka eona e ba tlohetse ba se na tšepo? Che. Lerato le mo susumelelitse hore le bona a ba etsetse tokisetso ka tsoho. Sehlooho se latelang se tla tšohla taba ena.

U ka Araba Joang?

• Re ka re’ng ho motho ea botsang hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola?

• Khalalelo ea Jehova le toka ea hae li ile tsa bonahala joang ka tsela eo a ileng a tšoara marabele a Edene ka eona?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho thusa batho hore ba utloisise lerato la Jehova haholoanyane?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Leka ho thusa ba tšoenngoang ke mahlomola a teng lefatšeng

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Davida ea tšepahalang le Habakuke ba ile ba botsa Molimo lipotso ka tieo