Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Merero ea Hao e Tla Tiisoa ka Thata”

“Merero ea Hao e Tla Tiisoa ka Thata”

“Merero ea Hao e Tla Tiisoa ka Thata”

MOPESALEME Davida o ile a rapela pineng ena eo a ileng a e qapa, a re: “Molimo, bōpa ka ho ’na pelo e hloekileng, u kenye ka hare ho ’na moea o mocha, o tiileng. U busetse ho ’na thabo e khaphatsehang ea poloko ea hao, e se eka u ka ntšehetsa esita le ka moea o ratang.” (Pesaleme ea 51:10, 12) Ka mor’a hore Davida a etse sebe le Bathe-sheba, o ile a baka ’me a ipiletsa ho Jehova Molimo hore a hloekise pelo ea hae le hore a kenye ka ho eena moea, kapa maikutlo a hore a etse se nepahetseng.

Na Jehova o hlile o bōpa ka ho rōna lipelo tse ncha le ho kenya ka hare ho rōna moea o mocha le o ratang? Kapa na pelo e hloekileng ke ntho eo re lokelang ho loanela ho ba le eona le ho e sireletsa? “Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo,” empa o kenella hakae ho se etsahalang ka lipelong tsa rōna? (Liproverbia 17:3; Jeremia 17:10) O susumetsa bophelo ba rōna, merero ea rōna le liketso tsa rōna hakae?

Litemaneng tsa pele tse robong tsa buka ea Liproverbia khaolo ea 16, lebitso la Molimo le sebelisoa ka makhetlo a robeli ho re bontša kamoo re ka lumellang Molimo hore a laole bophelo ba rōna e le hore ‘merero ea rōna e tle e tiisoe ka thata.’ (Liproverbia 16:3) Temaneng ea 10 ho ea ho ea 15 ho totobatsoa boikarabelo ba morena kapa ’musi.

“Litokisetso Tsa Pelo” li Etsoa ke Mang?

Liproverbia 16:1a, e re: “Litokisetso tsa pelo ke tsa motho oa lefatše.” Ho hlakile hore “litokisetso tsa pelo” li etsoa ke rōna. Jehova ha a lokise lipelo tsa rōna ka mohlolo ebile ha a re fe moea o tiileng ka mohlolo. Re lokela ho ikitlaelletsa ho fumana tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la hae, e leng Bibele, re thuise ka seo re ithutang sona ’me re etse hore menahano ea rōna e lumellane le ea hae.—Liproverbia 2:10, 11.

Leha ho le joalo, hore ebe Davida o ile a kōpa “pelo e hloekileng” le “moea o mocha,” ho bontša hore o ne a hlokomela hore o na le bofokoli ba ho etsa libe le hore o hloka thuso e tsoang ho Molimo hore a hloekise pelo ea hae. Kaha ha rea phethahala, re ka ’na ra lekeha hore re etse “mesebetsi ea nama.” (Bagalata 5:19-21) E le hore re “bolaee litho tsa ’mele ea [rōna] tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono,” re hloka thuso ea Jehova. Ke habohlokoa hore re rapelle hore a re thuse e le hore re se ke ra inehela litekong le hore re tlose mekhoa ea boetsalibe lipelong tsa rōna!

Na re ka thusa ba bang ka “litokisetso” tsa lipelo tsa bona? Bibele e re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.” (Liproverbia 12:18) Maleme a rōna a folisa batho ba bang neng? A folisa feela ha “karabo ea leleme e tsoa ho Jehova,” ke hore, ha re bua mantsoe a nepahetseng a ’nete ea Bibele.—Liproverbia 16:1b.

Bibele e re: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.” (Jeremia 17:9) Lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso li rata ho itokafatsa le ho ithetsa. Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o bua se latelang ha a lemosa ka kotsi ena: “Litsela tsohle tsa motho li hloekile mahlong a hae, empa Jehova o lekanya meea.”Liproverbia 16:2.

Ka lebaka la boithati, re ka ’na ra emela liphoso tsa rōna, ra pata mekhoa e sa rateheng le ho hlokomoloha bobe ba rōna. Leha ho le joalo, Jehova a ke ke a thetsoa. O lekanya meea. Moea oa motho ke maikutlo a mo laolang ’me o hokahana le pelo ea hae. Se etsahalang moeeng oa motho se itšetlehile haholo ka se etsahalang ka pelong ea tšoantšetso, ’me se amana le lintho tse kang monahano, maikutlo le sepheo. “Ea hlahlobang lipelo” o lekanya moea, ’me likahlolo tsa hae ha li ee ka leeme kapa ka tšobotsi. Re lokela ho lisa meea ea rōna.

“Rōlela Mesebetsi ea Hao ho Jehova”

Lipelo tsa rōna lia ameha tabeng ea ho etsa merero. Ka tloaelo merero e lateloa ke liketso. Na merero ea rōna e tla atleha? Solomone o re: “Rōlela mesebetsi ea hao ho Jehova ’me merero ea hao e tla tiisoa ka thata.” (Liproverbia 16:3) Ho rōlela mesebetsi ea rōna ho Jehova ho bolela ho mo tšepa, ho itšetleha ka eena, ho ikokobeletsa eena—joalokaha eka re rōla moroalo o mahetleng a rōna ’me re o beha mahetleng a hae. Mopesaleme o ile a bina a re: “Rōlela tsela ea hao ho Jehova, u itšetlehe ka eena, ’me o tla nka bohato.”—Pesaleme ea 37:5.

Leha ho le joalo, e le hore merero ea rōna e tiisoe ka thata, e tlameha ho lumellana le Lentsoe la Molimo, e be e etsoe ka sepheo se setle. Ho feta moo, re lokela ho rapella hore Jehova a re thuse ’me re ikitlaelletse ho etsa se matleng a rōna ho latela keletso ea Bibele. Ho bohlokoa haholo ho ‘lahlela moroalo oa rōna ho Jehova,’ ha re le har’a liteko kapa mathata, hobane ‘o tla re tšehetsa.’ Ka sebele, “le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.”—Pesaleme ea 55:22.

“Jehova o Entse Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe Bakeng sa Morero oa Hae”

Ho tla etsahala’ng hape ha re rolela mesebetsi ea rōna ho Jehova? Morena ea bohlale o re: “Jehova o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa morero oa hae.” (Liproverbia 16:4a) ’Mōpi oa bokahohle ke Molimo ea nang le morero. Ha re rōlela mesebetsi ea rōna ho eena, re etsa mesebetsi e nang le morero, eo eseng ea lefeela bophelong. Morero oa Jehova ka lefatše le batho ba lulang ho lona ke oa ka ho sa feleng. (Baefese 3:11) O ile a etsa lefatše a ba a le bōpela “hore le be le baahi.” (Esaia 45:18) Ho feta moo, seo a neng a se rerile tšimolohong bakeng sa moloko oa batho le lefatše joang kapa joang se tla etsahala. (Genese 1:28) Bophelo ba motho ea inehetseng ho Molimo oa ’nete bo ke ke ba fela ebile bo tla ba le morero ka ho sa feleng.

Jehova o entse “esita le ea khopo bakeng sa letsatsi le lebe.” (Liproverbia 16:4b) Hase eena ea bōpileng ba khopo, hobane “mosebetsi oa hae o phethahetse.” (Deuteronoma 32:4) Leha ho le joalo, o ba lumeletse hore ba be teng le hore ba tsoele pele ba phela ho fihlela a bona hore ho loketse hore a ba ahlole ka kahlolo ea hae e bohale. Ka mohlala, Jehova o ile a re ho Faro oa Egepeta: “Ke u bolokile u phela ka lebaka lena, ka morero oa hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.” (Exoda 9:16) Likotlo tse Leshome le ho bolaoa ha Faro le mabotho a hae Leoatleng le Lefubelu e ne e le pontšo e ke keng ea lebaloa ea matla a Molimo ao ho seng a lekanang le ’ona.

Jehova a ka boetse a etsa hore maemo a sebetse ka tsela eo ka eona ba khopo ba phethang merero ea hae ba sa hlokomela. Mopesaleme o ile a re: “Khalefo ea motho e tla u roka; [uena Jehova] u tla itlama ka khalefo e setseng.” (Pesaleme ea 76:10) Jehova a ka ’na a lumella lira tsa hae hore li halefele bahlanka ba hae, empa e le feela kamoo ho hlokahalang hore a ba khalemele le hore a ba koetlise. Ho fetang hoo, ho tla etsoa ke Molimo ka boeena.

Ke ’nete hore Jehova o thusa bahlanka ba hae ba ikokobetsang, empa ba ikakasang le ba ikhohomosang bona ho etsahala joang ka bona? Morena enoa oa Iseraele o re: “E mong le e mong ea pelo e ikakasang ke ntho e manyala ho Jehova. Matsoho a ka ’na a kopana, empa leha ho le joalo motho a ke ke a lokoloha kotlong.” (Liproverbia 16:5) Ba ‘lipelo li ikakasang’ ba ka ’na ba iketsa khokanyana ea phiri, empa ba ke ke ba pholoha kotlo. Kahoo, re lokela ho hlaolela boikokobetso ho sa tsotellehe hore na re na le tsebo e kae, bokhoni bo bokae, kapa litokelo life tse khethehileng tsa tšebeletso.

“Ka ho Tšaba Jehova”

Kaha re tsoaletsoe sebeng, hangata re etsa liphoso. (Baroma 3:23; 5:12) Ke eng e tla re qobisa merero e tla re isa tseleng ea boetsalibe? Liproverbia 16:6 e re: “Ka mosa o lerato le ’nete phoso ea koaheloa, ’me ka ho tšaba Jehova motho o furalla bobe.” Ke ’nete hore Jehova ka mosa oa hae o lerato le ka ’nete ea hae o re tšoarela libe, empa ho tšaba Jehova ke hona ho re thibelang ho etsa libe. Ka sebele ke habohlokoa hore ntle ho ho rata Molimo le ho mo leboha ka mosa oa hae o lerato, re ithute ho tšaba ho mo halefisa!

Ho tšaba Molimo ho kena lipelong tsa rōna ha re ithuta ho hlompha matla a Molimo a tšosang. Nahana feela ka matla a hae a bonahalang pōpong! Mopatriareka Jobo o ile a thusoa ho lokisa monahano oa hae ha a hopotsoa ka matla a bonahalang mesebetsing ea Molimo ea pōpo. (Jobo 42:1-6) Na le rōna ha re thusoe ho lokisa menahano ea rōna ha re bala le ha re nahanisisa ka litlaleho tsa litšebelisano tsa Jehova le batho tse ngotsoeng ka Bibeleng? Mopesaleme o ile a bina a re: “Tloong ’me le bone mesebetsi ea Molimo. Tšebelisano ea hae le bara ba batho ea tšabeha.” (Pesaleme ea 66:5) Ha rea lokela ho bapala ka mosa o lerato oa Jehova. Ha Baiseraele ba ne ba ‘rabela ’me ba utloisa moea oa hae o halalelang bohloko, Jehova o ne a fetoha sera sa bona; a ba loantša.’ (Esaia 63:10) Ka lehlakoreng le leng, “ha Jehova a khahlisoa ke litsela tsa motho o etsa hore esita le lira tsa hae li lule le eena ka khotso.” (Liproverbia 16:7) Ka sebele ho tšaba Jehova hoa sireletsa!

Morena enoa ea bohlale o re: “Bonyenyane bo nang le ho loka bo molemo ho feta lihlahisoa tse ngata tse se nang toka.” (Liproverbia 16:8) Liproverbia 15:16 e re: “Ho molemo ho ba le ho honyenyane tšabong ea Jehova ho feta ho ba le phepelo e ngata e tsamaeang le pherekano.” E le hore motho a lule tseleng ea ho loka, ho hlokahala hore ka sebele a hlomphe Molimo.

“Pelo ea Motho oa Lefatše e ka ’Na ea Nahana ka Tsela ea Hae”

Motho o ile a bōptjoa a e-na le boikhethelo, a lokolohile ho khetha pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. (Deuteronoma 30:19, 20) Lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso li na le matla a ho sekaseka maikutlo a sa tšoaneng le ho tsepama ho a le mang kapa ho feta. Ha Solomone a bontša hore ke boikarabelo ba rōna hore re khethe, o re: “Pelo ea motho oa lefatše e ka ’na ea nahana ka tsela ea hae.” Ha pelo e se e nahanne, “Jehova o tsamaisa mehato ea hae.” (Liproverbia 16:9) Kaha Jehova a ka tsamaisa mehato ea rōna, re lokela ho batla thuso ea hae ha re ‘etsa hore merero ea rōna e tiisoe ka thata.’

Joalokaha re se re hlokometse, pelo e mano ’me e ka ithetsa. Ka mohlala, motho a ka etsa sebe, eaba pelo ea hae e re a itokafatse. Ho e-na le ho tlohela ho etsa libe, motho eo a ka ’na a beha lebaka la hore Molimo o lerato, o mosa, o mohau ebile oa tšoarela. Motho ea joalo o itse pelong ea hae: “Molimo o lebetse. O patile sefahleho sa hae. Ka sebele le ka mohla a ke ke a ho bona.” (Pesaleme ea 10:11) Leha ho le joalo, ha hoa lokela ebile ho kotsi ho bapala ka mohau oa Molimo.

“Kofuto e Lekanyang le Sekala se Nang le Toka ke Tsa Jehova”

Solomone o fetola taba, ha a sa bua ka pelo le liketso tsa motho oa lefatše, o se a bua ka morena, o re: “Qeto e bululetsoeng e lokela ho ba molomong oa morena; molomo oa hae ha oa lokela ho se tšepahale kahlolong.” (Liproverbia 16:10) Ka sebele sena ke se tla etsoa ke Morena Jesu Kreste ea behiloeng teroneng. Puso ea hae holim’a lefatše e tla lumellana le thato ea Molimo.

Morena enoa ea bohlale o supa mohloli oa toka le ho loka ha a re: “Kofuto e lekanyang le sekala se nang le toka ke tsa Jehova; majoe ’ohle a ho bekha a mokotla ke mosebetsi oa hae.” (Liproverbia 16:11) Jehova ke eena ea fanang ka likofuto tse lekanyang le likala. Lintho tseo tse lekanyang li ke ke tsa fanoa ke morena kamoo a ratang kateng. Jesu ha a ne a le lefatšeng o ile a re: “Nke ke ka etsa ntho le e ’ngoe e itsoelang ho ’na; feela joalokaha ke utloa, kea ahlola; ’me kahlolo eo ke fanang ka eona e lokile, hobane ha ke batle thato ea ka, empa ke batla thato ea ea nthomileng.” Re ka lebella toka e phethahetseng ho Mora eo Ntate a mo ‘fileng ho ahlola hohle.’—Johanne 5:22, 30.

Ke eng hape e ka lebelloang ho morena ea emelang Jehova? Morena enoa oa Iseraele o re: “Ho etsa bokhopo ke ntho e manyala ho marena, etsoe ka ho loka terone e tiisoa ka thata.” (Liproverbia 16:12) ’Muso oa Mesia o laoloa ke melao-motheo ea Molimo e lokileng. Ha o na selekane le “terone e bakang litsietsi.”—Pesaleme ea 94:20; Johanne 18:36; 1 Johanne 5:19.

Ho Fumana Mohau oa Morena

Bafo ba morena ea phahameng ba lokela ho etsa joang? Solomone o re: “Molomo oa ho loka o khahlisa morena e moholo; ’me o rata motho ea buang lintho tse lokileng. Khalefo ea morena e bolela manģosa a lefu, empa motho ea bohlale oa e qoba.” (Liproverbia 16:13, 14) Kajeno barapeli ba Jehova ba mamela mantsoe ana ’me ba phathahane mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Baa tseba hore Jesu Kreste, Morena oa Bomesia, oa thaba ha ba sebelisa melomo ea bona ka tsela ena. Ka sebele e ne e le bohlale hore motho a se ke a halefisa morena ea matla oa motho le hore a batle mohau oa hae. Se bontšang bohlale le ho feta ke hore motho a batle ho amoheleha ho Morena oa Bomesia!

Solomone o tsoela pele o re: “Leseling la sefahleho sa morena ho na le bophelo, ’me kamohelo ea hae e joaloka leru la pula ea selemo.” (Liproverbia 16:15) ‘Leseli la sefahleho sa morena’ le bolela mohau oa hae, feela joalokaha ‘leseli la sefahleho sa Jehova’ le bolela mohau oa Molimo. (Pesaleme ea 44:3; 89:15) Feela joalokaha maru a pula e le tiiso ea hore pula e tla na ho etsa hore lijalo li butsoe, mohau oa morena ke bopaki ba hore ho sa na le lintho tse molemo tse tlang. Pusong ea Morena oa Bomesia ho tla pheloa bophelo ba thabo le nala, feela joaloka pusong ea Morena Solomone, le hoja e ne e le ka tekanyo e nyenyane.—Pesaleme ea 72:1-17.

Ha re ntse re letetse ’Muso oa Molimo hore o laole litaba tsohle tsa lefatše, e se eka re ka batla thuso ea hae ha re ntse re hloekisa lipelo tsa rōna. E se eka re ka tšepa Jehova le ho hlaolela ho tšaba Molimo. Ka tsela eo re ka kholiseha ka ho feletseng hore ‘merero ea rōna e tla tiisoa ka thata.’—Liproverbia 16:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Re utloisisa’ng ha ho thoe Jehova o entse “ea khopo bakeng sa letsatsi le lebe”?