Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Morena, U ne U Thōletse’ng?”

“Morena, U ne U Thōletse’ng?”

“Morena, U ne U Thōletse’ng?”

MANTSOE ana a builoe ke Mopapa Benedict XVI, ea ileng a etela moo e neng e le kampo ea mahloriso ea Auschwitz, Poland, ka la 28 May, 2006. Setšeng sena seo ho sona Manazi a ileng a bolaea Bajuda le batho ba bang ba baloang ka makholo a likete, o ile a phaella ka ho re: “Ke lipotso tse ngata hakaakang tse botsoang sebakeng see! Nako le nako batho baa botsa: Ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a nka khato ka nako eo? O ne a thōletse’ng? Ke hobane’ng ha a ile a lumella polao e sa feleng le hore bobe bo hlōle? . . . Re lokela ho ipiletsa ho Molimo re sa khaotse empa e le ka boikokobetso, re re: Nka khato! U se ke ua lebala moloko oa batho, e leng libōpuoa tsa hao!”

Puo ea mopapa e ile ea qholotsa batho. Ba bang ba ile ba bona hore mopapa o tlohetse ka boomo ho bua ka litaba tse itseng tsa bohlokoa, tse kang ho hlouoa ha Bajuda ho ileng ha tsoala liketso tse sehlōhō tsa Auschwitz. Ba bang ba ile ba hlalosa mantsoe a hae e le boiteko ba ho leka ho bebofatsa kōpo ea Mopapa John Paul II ea tlileng pele ho eena ea hore kereke e tšoareloe libe tseo e ileng ea li etsa. Moqolotsi e mong oa litaba oa K’hatholike, Filippo Gentiloni, o ile a re: “Empa, hoa utloahala hore ebe ha bahlalosi ba bangata ba litaba ba botsoa potso e thata le e se nang karabo ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a nka khato, ba ile ba kōpa karabo ea potso ena e bonolo haholo e reng: Ke hobane’ng ha Mopapa Pius XII a sa ka a nka khato?” Bahlalosi bana ba ne ba bua ka ho thōla ha Mopapa Pius XII nakong ea Polao e Sehlōhō ea Bajuda Ntoeng ea II ea Lefatše.

Polao ena e Sehlōhō ea Bajuda le liketso tsohle tse tsamaeang le bohato bo reretsoeng ho timetsa morabe o mong ka ho feletseng tseo e sa leng li ntse li etsoa har’a batho, ke bopaki ba hore ‘motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Ho feta moo, Mōpi oa motho o ne a sa thōla ha ho ntse ho etsahala lintho tsena tse tšosang. O senotse mabaka a hae ka Bibeleng a hore na ke hobane’ng ha a lumeletse bokhopo. Molimo o boetse o re tiiselitse hore ha aa lebala moloko oa batho. Ha e le hantle, nako ena eo Molimo a lumeletseng motho hore a ipuse ka eona e tla tloha e fela. (Jeremia 10:23) Na u ka rata ho tseba haholo hore na Molimo o rerile eng ka rōna? Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u fumane karabo ea Bibele lipotsong tse ileng tsa tsietsa Mopapa Benedict XVI.

[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 32]

Oświęcim Museum