Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tlhōlo Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho

Tlhōlo Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho

Tlhōlo Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho

KA LA 11 January, 2007, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le Strasbourg, Fora, le ile la e-ba ntsoe-leng ha le phatlalatsa qeto e emelang Lipaki Tsa Jehova tse 103 tsa Russia nyeoeng ea tsona khahlanong le Puso ea Russia. Qeto eo e ile ea tšehetsa tokoloho ea bolumeli ea Lipaki Tsa Jehova le tokelo ea tsona ea hore li mameloe ntle ho leeme. Empa a re qaleng ka ho hlahloba se ileng sa tsoala nyeoe ena.

Boholo ba litho tsa Phutheho ea Lipaki Tsa Jehova toropong ea Chelyabinsk, Russia, ke batho ba sa utloeng litsebeng. Ba ne ba hirile sebaka seo ba kopanelang ho sona kolecheng ea ho koetlisetsoa mesebetsi ea matsoho. Ka Sontaha sa la 16 April, 2000, seboka sa bona se ile sa sitisoa ke molula-setulo oa mosali, kapa Mokomishinara oa Komisi ea Litokelo Tsa Botho ea tikolohong eo, hammoho le liofisiri tse peli tsa sepolesa le lepolesa le leng le neng le sa apara junifomo. Haholo-holo ka lebaka la leeme la Mokomishinara eo, kopano eo e ile ea emisoa ka liqoso tsa bohata tsa hore seboka seo se ne se tšoeroe ka thōko ho molao. Ho tloha ka la 1 May, 2000, tumellano ea ho hira mohaho oo e ile ea hlakoloa.

Lipaki Tsa Jehova li ile tsa teka boipelaetso ba tsona ho mochochisi oa toropo ea Chelyabinsk, empa ha se ke ha e-ba nko ho tsoa lemina. Molao-motheo oa Russia le Mokhatlo oa ho Sireletsa Litokelo Tsa Botho le Tokoloho ea Mantlha li fana ka tokoloho ea bolumeli le ea ho kopana. Ka lebaka leo, ho ile ha hlahleloa nyeoe ka lekhotleng la setereke e ileng ea lateloa ke boipiletso lekhotleng la tikoloho. Ka la 30 July, 1999, lekhotla le phahameng le ne le ile la liha kahlolo ea hore “ho ea ka Molao oa Russia oa tokoloho ea letsoalo le ho kopana ka litaba tsa bolumeli, poleloana e reng ‘ntle ho tšitiso’ e bolela hore ha ho na tumello e hlokoang esale pele e tsoang ho ba boholong hore ho tšoaroe litšebeletso tsa bolumeli mehahong e lokiselitsoeng [morero oo].” (Mantsoe a ka masakaneng ke a bona.) Empa boipelaetso bo neng bo tekiloe ka pel’a lekhotla la setereke le la tikoloho bo ile ba qhaloa.

Ka la 17 December, 2001, nyeoe eo e ile ea tlisoa ka pel’a Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho, ’me ea mameloa ka la 9 September, 2004. Ka tlaase mona ho qotsitsoe tse ling tsa lipolelo tse hlahang kahlolong ea ho qetela e ileng ea lihuoa ke Lekhotla leo:

“Lekhotla le hlokometse hore tokelo ea baqosi ea tokoloho ea bolumeli e ile ea sitisoa, ka hore ka la 16 April 2000, basebeletsi ba ’Muso ba emise seboka sa bona pele ho nako.”

“Ho totobetse hore ho ne ho se na mabaka a molao a ho sitisa seboka sa bolumeli se neng se tšoaretsoe mohahong o hiriloeng ka molao bakeng sa morero oo.”

“[Lekhotla lena] le hlokomela molao o ipapisitseng le linyeoe tse fetileng tse ileng tsa lihoa ke Lekhotla le Phahameng la Russia oa hore likopano tsa bolumeli ha li hloke tumello e tlang pele ho nako e tsoang ho ba boholong, kapa hore ba boholong ba tsebisoe esale pele ka kopano e joalo.”

“Ka hona, ka la 16 April 2000, Mokomishinara le bathusi ba hae ba tlōtse Molao oa 9 [oa tokoloho ea bolumeli] oa Mokhatlo oa [ho Sireletsa Litokelo Tsa Botho le Tokoloho ea Mantlha] ka hore ba sitise seboka sa bolumeli sa baqosi.”

“Lekhotla le hlokomela hore makhotla a sebakeng seo a hlōlehile ho phetha boikarabello ba ’ona . . . ba ho bontša hore ba tsekisanang molaong ba mametsoe ka mokhoa o se nang leeme le o bontšang teka-tekano. Ho tlōtsoe Molao oa 6 [oa tokelo ea ho mameloa ntle ho leeme] oa Mokhatlo oa [ho Sireletsa Litokelo Tsa Botho le Tokoloho ea Mantlha].”

Lipaki Tsa Jehova li leboha Molimo hore ebe o li file tlhōlo Lekhotleng la Europe la Litokelo tsa Botho. (Pesaleme ea 98:1) Phello ea qeto e nkiloeng ke Lekhotla lee e tla ata hakae? Joseph K. Grieboski, eo e leng mopresidente oa Mokhatlo o Shebaneng le Bolumeli le Maano a Mebuso, o re: “Ena ke e ’ngoe ea liqeto tsa bohlokoa haholo tse amang tokoloho ea bolumeli Europe kaofela, kaha qeto ena e tla ama litokelo tsa bolumeli linaheng tsohle tse tlas’a Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho.”