Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsoho—Na ke ea Sebele ho Uena?

Tsoho—Na ke ea Sebele ho Uena?

Tsoho—Na ke ea Sebele ho Uena?

“Ho tla ba le tsoho.”—LIKETSO 24:15.

1. Ke hobane’ng ha ho bonahala eka lefu le ke ke la qojoa?

“LEFATŠENG lena ha ho letho leo re ka kholisehang ka lona hore le tla etsahala, ntle ho lefu le ho lefa makhetho.” Batho ba bang ba nka polelo ena e ileng ea ngoloa ka 1789 ke setsebi sa lipolotiki sa Moamerika Benjamin Franklin, e le ea bohlokoa. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba sa tšepahaleng baa qhekella tabeng ea ho lefa makhetho. Lefu lona ho bonahala le ke ke la qojoa. Ha re sa thusoe, ha ho kamoo re ka le qobang. Le re bolaea kaofela. Sheole—e leng lebitla le tloaelehileng la batho—ha e khathale ho metsa baratuoa ba rōna. (Liproverbia 27:20) Empa nahana ka khopolo ena e tšelisang.

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa hlokomele hore ho na le batho ba sa tl’o shoa? (b) Re tla tšohla eng sehloohong see?

2 Lentsoe la Jehova le fana ka tšepo e tiileng ea tsoho, e leng ho tsohela ho phela hape. Taba ena hase toro feela, ’me ha ho na matla bokahohleng a ka thibelang Jehova hore a phethahatse tšepo ena. Leha ho le joalo, batho ba bangata kajeno ha ba hlokomele hore ho na le batho ba bang ba sa tl’o shoa. Hobane’ng? Hobane “bongata bo boholo” bo se nang palo bo tla pholoha “matšoenyehong a maholo” a tla tla haufinyane. (Tšenolo 7:9, 10, 14) Ka mor’a ’ona ba tla phela, ba lebeletse ho phela ka ho sa feleng. Kahoo, ba ke ke ba shoa. Ho feta moo, “lefu le tla etsoa lefeela.”—1 Bakorinthe 15:26.

3 Re lokela ho hloka pelaelo ka tsoho joaloka moapostola Pauluse ea ileng a re: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) A re tšohleng lipotso tse tharo mabapi le tsoho. Ea pele, ke eng e etsang hore tšepo ee e be ea sebele? Ea bobeli, uena ka bouena u ka tšelisoa joang ke tšepo ea tsoho? Ea boraro, ebe tšepo ee e ka ama tsela eo u phelang ka eona joang hona joale?

Tsoho ke Ntho ea Sebele

4. Ke joang tsoho e leng eona ntho e ka sehloohong e tla phethahatsa morero oa Jehova?

4 Ho na le lintho tse ngata tse etsang hore tsoho e be ntho ea sebele. Ho feta tsohle, ke eona ntho e ka sehloohong e tla phethahatsa morero oa Jehova. U hopole hore Satane o ile a lihela batho sebeng le phellong ea sona e ke keng ea qojoa, e leng lefu. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a bua tjena ka Satane: “E ne e le ’molai ha a qala.” (Johanne 8:44) Empa Jehova o ile a tšepisa hore “mosali” oa hae, kapa mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae oa leholimong o kang mosali, o ne o tla hlahisa “peō” e neng e tla khoba “noha [eo] ea pele” hlooho, ’me e felise Satane ka ho feletseng. (Genese 3:1-6, 15; Tšenolo 12:9, 10; 20:10) Ha butle-butle Jehova a ntse a senola morero oa hae o amanang le Peō eo ea Bomesia, ho ile ha totobala hore Peō ena e ne e sa tl’o timetsa Satane feela. Lentsoe la Molimo le re: “Mora oa Molimo o ile a bonahatsoa ka morero ona, e leng, ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Johanne 3:8) Lefu le bakoang ke sebe seo re se futsitseng ho Adama ke lona le ka sehloohong har’a mesebetsi ea Satane eo Jehova a rerang ho e etsolla, kapa ho e senya, ka Jesu Kreste. Ntlheng ena, sehlabelo sa thekollo sa Jesu le tsoho ea hae ke tsa bohlokoa haholo.—Liketso 2:22-24; Baroma 6:23.

5. Ke hobane’ng ha tsoho e tla tlotlisa lebitso la Jehova?

5 Jehova o ikemiselitse ho tlotlisa lebitso la hae le halalelang. Satane o sentse lebitso la Molimo eaba o ntšetsa mashano pele. O ile a qala leshano a re Adama le Eva ‘ka sebele ba ne ba sa tl’o shoa’ haeba ba ne ba ka ja tholoana eo Molimo a e hanetseng. (Genese 2:16, 17; 3:4) Haesale ho tloha ka nako eo, Satane o ntšelitse pele mashano a tšoanang le leo, a kang thuto ea bohata ea hore moea o sala o phela ha ’mele o e-shoa. Leha ho le joalo, Jehova o tla senola mashano ana ’ohle ka tsoho. O tla bontša ka ho sa feleng hore ke eena feela ’Moloki le Motsosolosi oa bophelo.

6, 7. Jehova o ikutloa joang ka ho tsosa batho, hona re tseba maikutlo a hae joang?

6 Jehova o hloloheloa ho tsosa batho. Bibele e totobatsa maikutlo a Jehova ntlheng ena. Ka mohlala, nahana ka mantsoe ana a bululetsoeng a monna ea tšepahalang Jobo: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape? Ke tla leta ka matsatsi ’ohle a mosebetsi oa ka o qobelloang, ho fihlela phomolo ea ka e fihla. U tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.” (Jobo 14:14, 15) Mantsoe aa a bolela’ng?

7 Jobo o ne a tseba hore ka mor’a hore a shoe, o tla tlameha ho leta ka nakoana a robetse lefung. O ne a nka hore nako eo a neng a lokela ho letela tokollo ka eona, ke “mosebetsi . . . o qobelloang.” O ne a se na pelaelo ea hore o tla lokolloa. Jobo o ne a hlokomela hore phomolo ea hae e tla fihla. Hobane’ng? Hobane o ne a tseba hore na Jehova o ikutloa joang. Jehova o ne a tla “hloloheloa” ho bona mohlanka oa hae ea tšepahalang hape. Ha ho pelaelo hore Molimo o hloloheloa ho tsosa batho bohle ba lokileng. Jehova o tla boela a fe ba bang monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. (Luka 23:43; Johanne 5:28, 29) Kaha ke thato ea Molimo ho phethahatsa morero oo, na ho na le ea ka mo thibelang?

8. Jehova “o fane ka tiiso” joang bakeng sa tšepo ea rōna ea bokamoso?

8 Tšepo ea rōna ea bokamoso e tiisoa ka tsoho ea Jesu. Ha Pauluse a ne a behile puo Athene o ile a re: “[Molimo] o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng, ’me o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore o mo tsositse bafung.” (Liketso 17:31) Ba bang ba batho bao Pauluse a neng a bua le bona ba ile ba soma ha ba utloa a bua ka tsoho. Empa, ba seng ba kae, e ile ea e-ba balumeli. Mohlomong ba ile ba khahloa ke khopolo ea hore ho fanoe ka tiiso bakeng sa tšepo ena. Jehova o ile a etsa mohlolo o moholo ka ho fetisisa ha a tsosa Jesu. O ile a tsosa mora oa hae lefung e le moea o matla. (1 Petrose 3:18) Jesu ea tsositsoeng o ne a bile a le moholo le ho feta kamoo a neng a le kateng pele e e-ba motho oa nama. Kaha hona joale Jesu ha a shoe ebile o hlahlama Jehova ka matla, o boemong ba ho etsa mesebetsi e babatsehang eo a e fuoang ke Ntate oa hae. Jesu ke eena eo Jehova a tsosang ba bang kaofela ka eena, ba tsohelang ho ea phela leholimong kapa ba tsohelang ho tla phela lefatšeng. Jesu ka boeena o ile a re: “Ke ’na tsoho le bophelo.” (Johanne 5:25; 11:25) Ka hore Jehova a tsose Mora oa hae, o ile a fana ka tiiso ea tšepo ea hore batho bohle ba tšepahalang ba tla tsohela ho ea phela leholimong kapa lefatšeng.

9. Tlaleho ea Bibele e tiisa bonnete ba tsoho joang?

9 Tsoho e entsoe ka pel’a batho ba e boneng ka mahlo ea ba ea tlalehoa ka Lentsoeng la Molimo. Tlaleho ea Bibele e na le litlhaloso tse qaqileng tsa batho ba robeli ba ileng ba tsosoa hore ba phele hape lefatšeng. Mehlolo ena e ne e sa etsoe sephiring empa e ne e etsoa pontšeng, hangata ka pel’a batho ba neng ba e bona ka mahlo. Jesu o ile a tsosa Lazaro, ea neng a e-na le matsatsi a mane a shoele, ka pel’a letšoele la batho ba llang—bao ntle ho pelaelo ba neng ba akarelletsa lelapa labo, metsoalle le baahelani. Bopaki bona ba hore Jesu o ne a romiloe ke Molimo bo ne bo le matla hoo lira tsa Jesu tsa bolumeli li sa kang tsa bo latola. Ho e-na le hoo, li ile tsa rera hore ha li na ho bolaea Jesu feela empa li tla bolaea le Lazaro! (Johanne 11:17-44, 53; 12:9-11) Re ka kholiseha hore tsoho ke ntho ea sebele. Molimo o re file tlaleho ea batho ba ileng ba tsoha nakong e fetileng e le hore a re tšelise le ho matlafatsa tumelo ea rōna.

Ho Tšelisoa ke Tšepo ea Tsoho

10. Ke eng e tla re thusa ho tšelisoa ke litlaleho tsa Bibele tsa tsoho?

10 Na u lakatsa ho tšelisoa ha u shoetsoe? Mohloli o mong oa ’nete oa matšeliso ke litlaleho tsa Bibele tse buang ka tsoho. Ho bala litlaleho tsena, ho thuisa ka tsona le ho bona liketsahalo tseo ka kelello, ho ka etsa hore tšepo ea tsoho e be ea sebele haholo ho uena. (Baroma 15:4) Liketsahalo tsena hase litšōmo feela tjee. Li fetse tsa etsahala ho batho ba sebele ba tšoanang le rōna, ba phetseng ka nako ea sebele le libakeng tsa sebele. A re ke re bueng hakhutšoanyane ka mohlala o le mong—tsoho ea pele e tlalehiloeng ka Bibeleng.

11, 12. (a) Mohlolohali oa Sarepta o ile a oeloa ke tlokotsi efe, ’me o ile a etsa joang qalong? (b) Hlalosa seo Jehova a ileng a fa moprofeta oa hae Elia matla a hore a se etsetse mohlolohali eo.

11 Nahana ka boemo bona. E se e le libeke moprofeta Elia e le moeti oa mohlolohali oa Sarepta, a lula phaposing e ka holim’a ntlo ea mohlolohali eo. Ke nako ea masoabi. Sebaka sena se hlasetsoe ke komello le tlala. Batho ba bangata baa shoa. Jehova o se a sebelisitse Elia hore a etse mohlolo oa nako e telele hore a putse tumelo ea mohlolohali enoa oa moikokobetsi. Eena le mora oa hae e monyenyane ba ne ba le lintšing tsa tlala ea bo-ja-likata, ba ne ba saletsoe ke ho ja ka lekhetlo le le leng feela, ha Molimo a ne a fa Elia matla a ho etsa mohlolo oa hore ba se ke ba felloa ke phofo le oli. Joale, mosali enoa o oeloa ke tlokotsi. Ngoana o kula ka tšohanyetso, ’me kapele feela ha a sa hema. Ka sebele mosali enoa oa mohlolohali o eme hlooho! Ho thata ho phela a se na monna ea matla le ea mo thusang, empa joale o shoetsoe ke ngoana ea mong feela. Ka lebaka la mahlomola a mo hlahetseng, o bile o beha Elia le Molimo oa hae, Jehova molato! Ebe moprofeta Elia o tla etsa joang?

12 Elia ha a khalemele mohlolohali enoa ha a mo etselletsa le Molimo oa hae. Ho e-na le hoo, o re: “Mphe mora oa hao.” Ka mor’a hore Elia a ise ngoana ea shoeleng phaposing e ka holimo, o rapela ka ho pheta-pheta hore ngoana eo a tsosoe. Qetellong, Jehova oa mo tsosa! U ka inahanela feela hore na Elia o ile a thaba hakaakang ha a bona sefuba sa moshanyana eo se phahama ha a hema moea. Mahlo a ngoana eo aa tutuboloha, ’me aa phatsima ho bontša hore oa phela. Elia o theolela moshanyana eo ho ’mè oa hae ’me o re: “Bona, mora oa hao oa phela.” ’Mè enoa o thabile hoo a sa tsebeng hore na a iketse’ng. O re: “Joale, ka sebele, kea tseba hore u monna oa Molimo le hore lentsoe la Jehova le molomong oa hao ke ’nete.” (1 Marena 17:8-24) Tumelo ea hae ho Jehova le ho moemeli oa hae e tota ho feta leha e le neng pele.

13. Ke hobane’ng ha kajeno re tšelisoa ke tlaleho ea hore Elia o ile a tsosa mora oa mohlolohali?

13 Ha ho pelaelo hore ho thuisa ka tlaleho ea mofuta ona ho u tšelisa haholo. Ho totobetse hakaakang hore Jehova o khona ho hlōla sera sa rōna lefu! Nahana feela ka letsatsi leo ka lona thabo ea mohlolohali eo e tla phetoa ka makhetlo a mangata ha ho tsosoa baahi ba lefatše ba likete-kete tsohong e akaretsang ea bafu! Leholimong le teng thabo e tla ba khōlō ha Jehova a nyakallela ho laela Mora oa hae hore a tsose bafu lefatšeng lohle. (Johanne 5:28, 29) Na u na le moratuoa ea hlokahetseng? Ho hlolla hakaakang ho tseba hore Jehova a ka tsosa bafu le hore ka sebele o tla ba tsosa!

Tšepo ea Hao le Tsela eo U Phelang ka Eona Hona Joale

14. Tšepo ea tsoho e ka ama bophelo ba hao joang?

14 Tšepo ea tsoho e ka ama tsela eo u phelang ka eona hona joale joang? Tšepo ena e ka u matlafatsa ha u tobane le mathata, mahloriso, kapa boemo bo kotsi. Satane o batla hore u tšohe lefu hoo u ka bang ua tela botšepehi ba hao hobane feela u tšepisoa tšireletso ea lefeela. Hopola hore Satane o ile a re ho Jehova: “Motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.” (Jobo 2:4) Ha Satane a bua joalo, o ile a re etselletsa kaofela, ha aa ka a u siea ka thōko. Na ke ’nete hore u tla tlohela ho sebeletsa Molimo ha u le boemong bo kotsi? Ha u nahana ka tšepo ea tsoho, u ka tiisa boikemisetso ba hao ba ho tsoela pele u etsa thato ea Ntate oa hao oa leholimong.

15. Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 10:28 a ka re tšelisa joang ha re le boemong bo kotsi?

15 Jesu o ile a re: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele empa ba ke ke ba bolaea moea; empa ho e-na le hoo le tšabe ea ka timetsang moea le ’mele Gehena.” (Matheu 10:28) Ha ho hlokahale hore re tšohe Satane le batho ba hae. Ke ’nete hore ba bang ba na le matla a ho ntša kotsi, esita le a ho bolaea. Leha ho le joalo, ntho e mpe ka ho fetisisa eo ba ka e etsang ke ea nakoana feela. Jehova o tla etsolla tšenyo eohle e etselitsoeng bahlanka ba tšepahalang ba hae, ebile o tla ba tsosa. Ke Jehova feela eo re lokelang ho mo tšaba, ho mo hlompha le ho mo tlotlisa. Ke eena feela ea nang le matla a ho amoha batho bophelo le tšepo ea bophelo ba ka moso, haesita le ho timetsa ’mele le moea Gehenna. Se thabisang ke hore Jehova ha a batle hore u timele. (2 Petrose 3:9) Ka lebaka la tšepo ea tsoho, rōna bahlanka ba Molimo, re ka kholiseha hore re sireletsehile. Re tla fumana bophelo bo sa feleng hafeela re tšepahala, ’me ha ho letho leo Satane le mahlahana a hae ba ka le etsang tabeng ena.—Pesaleme ea 118:6; Baheberu 13:6.

16. Pono ea rōna ea bophelo e ka ama lintho tseo re nkang hore li tla pele bophelong joang?

16 Haeba tšepo ea tsoho e le ea sebele ho rōna, e ka lokisa maikutlo ao re nang le ’ona ka bophelo. Rea hlokomela hore ‘haeba re phela kapa re shoa, re ba Jehova.’ (Baroma 14:7, 8) Ka lebaka lena, ha re khetha lintho tse tlang pele bophelong, re sebelisa keletso ea Pauluse e reng: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Batho ba bangata ba etsa lehlaphahlapha la ho khotsofatsa tabatabelo e ’ngoe le e ’ngoe, maikutlo a mang le a mang le takatso e ’ngoe le e ’ngoe e tlang hona hoo. Kaha ba nka hore bophelo bo bokhutšoanyane, ba bonahala ba le tsietsing ea ho lelekisa menate, ’me haeba ba e-na le sebōpeho sa borapeli, ka sebele ha se lumellane le ‘thato ea Molimo e phethahetseng.’

17, 18. (a) Lentsoe la Jehova le lumela joang hore bophelo ba motho bo bokhutšoanyane, empa Molimo o batla hore ho etsahale joang ka rōna? (b) Ke eng se re susumeletsang ho rorisa Jehova letsatsi le leng le le leng?

17 Ha ho pelaelo hore bophelo bo bokhutšoanyane. Bo “lokela ho feta kapele, ’me rea fofa,” mohlomong ka mor’a lilemo tse 70 kapa tse 80. (Pesaleme ea 90:10) Batho ba nyamela kapele joaloka joang bo botala, joaloka seriti se fetang le joaloka pululo. (Pesaleme ea 103:15; 144:3, 4) Empa e ne e se morero oa Molimo hore re qete lilemo tse mashome a seng makae re ntse re hōla, re fumana bohlale bo itseng le boiphihlelo ebe lilemo tse mashome a seng makae hamorao re qala ho fokola, rea kula ’me re theohela lebitleng. Jehova o bōpelletse batho le takatso ea ho phela ka ho sa feleng. Bibele e re: “O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona.” (Moeklesia 3:11) Na Molimo a ka ba sehlōhō hoo a ka re fang takatso eo ebe o re thatafaletsa ho e phethahatsa? Ka sebele ha ho joalo, hobane “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) O tla tsosa batho ba shoeleng e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.

18 Ka lebaka la tšepo ea tsoho, re ka ba le bokamoso bo sireletsehileng. Ha ho hlokahale hore re etse lehlaphahlapha la ho finyella sohle seo re se khonang hona joale. Ha ho hlokahale hore re sebelise lefatše lena le shoang “ka botlalo.” (1 Bakorinthe 7:29-31; 1 Johanne 2:17) Ho fapana le ba se nang tšepo ea sebele, rōna re na le mpho ena e babatsehang ea ho tseba hore haeba re lula re tšepahala ho Jehova Molimo, re tla ba le nako e sa feleng ea hore re mo rorise le hore re thabele bophelo. Kahoo, letsatsi le leng le le leng a re roriseng Jehova ea etsang tšepo ea tsoho ntho ea sebele!

U ka Araba Joang?

• Re lokela ho ikutloa joang ka tsoho?

• Ke lintlha life tse etsang hore tšepo ea tsoho e be ea sebele?

• Tšepo ea tsoho e ka u tšelisa joang?

• Tšepo ea tsoho e ka ama tsela eo u phelang ka eona joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Jobo o ne a tseba hore Jehova o hloloheloa ho tsosa ba lokileng

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

“Bona, mora oa hao oa phela”