Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Barzilai—Monna ea Neng a Tseba Mefokolo ea Hae

Barzilai—Monna ea Neng a Tseba Mefokolo ea Hae

BarzilaiMonna ea Neng a Tseba Mefokolo ea Hae

‘KE HOBANE’NG ha ke lokela ho ba moroalo oa hao?’ Monna ea lilemo li 80 ea bitsoang Barzilai, ke eena ea ileng a bolella Morena Davida oa Iseraele mantsoe ao. Ho ka etsahala hore e ne e le morui, ke kahoo Bibele e reng e ne e le “monna e moholo haholo.” (2 Samuele 19:32, 35) Barzilai o ne a lula Gileade, e leng sebaka se lithaba se ka bochabela ho Nōka ea Jordane.—2 Samuele 17:27; 19:31.

Barzilai o ile a bolella Davida mantsoe ao tlas’a maemo afe? Hona ke hobane’ng ha monna-moholo eo a ile a bua ka tsela eo?

Ho Tsohela Morena Matla

Davida o ne a le kotsing. Mora oa hae ea bitsoang Absalome o ne a nkile puso ka likhoka ka mor’a ho “hapa lipelo tsa batho ba Iseraele.” Ho ne ho hlakile hore Absalome o ne a ke ke a qenehela mang kapa mang ea tšepahalang ho ntat’ae. Kahoo Davida le bahlanka ba hae ba ile ba tloha Jerusalema. (2 Samuele 15:6, 13, 14) Ha Davida a fihla Mahanaime, sebakeng se ka bochabela ho Jordane, Barzilai o ile a mo thusa.

Barzilai le banna ba bang ba babeli ba ile ba fa Davida lintho tse ngata tseo a li hlokang. Bahlanka bana ba bararo ba tšepahalang ba ile ba bontša hore ba utloisisa tsietsi ea Davida ha ba re ka eena le banna ba hae: “Batho ba lapile ’me ba khathetse ebile ba nyoriloe lefeelleng.” Barzilai, Shobi le Makire ba ile ba etsa sohle seo ba neng ba ka se khona ho fa Davida le banna ba hae libethe, koro, harese, phofo, lijo-thollo tse halikiloeng, linaoa tse sephara, lensisi, mahe a linotši, sereleli, linku le lintho tse ling.—2 Samuele 17:27-29.

Ho thusa Davida e ne e le ho ipeha kotsing. Ho hlakile hore Absalome o ne a tla ahlola mang kapa mang ea tšehetsang morena ea tšoanelehang. Ka lebaka leo, Barzilai o ne a le sebete hore ebe o tšepahala ho Davida.

Boemo bo Khutlela Setloaeling

Kapele ka mor’a moo, mabotho a Absalome a marabele a ile a khahlana le banna ba Davida. Ntoa e ile ea kupa morung oa Efraime, mohlomong sebakeng se haufi le Mahanaime. Lebotho la Absalome le ile la hlōloa, “’me polao moo ea e-ba khōlō letsatsing leo.” Le hoja Absalome a ile a leka ho baleha, qetellong o ile a bolaoa.—2 Samuele 18:7-15.

Davida e ile ea boela ea e-ba morena oa Iseraele ea se nang mohanyetsi. Ha hoa ka ha hlola ho hlokahala hore balateli ba hae e be baphaphathehi. Ho feta moo, botšepehi ba bona ho Davida bo ile ba etsa hore a ba hlomphe le ho ba leboha.

Ha Davida a le haufi le ho khutlela Jerusalema, “Barzilai Mogileade a theoha Roglime e le hore a ka fetela pele Jordane le morena e le hore a mo felehetse ho ea Jordane.” Nakong eo, Davida o ile a kōpa Barzilai ea seng a hōlile, a re: “Tšela le ’na, ’me ka sebele ke tla u fa lijo u e-na le ’na Jerusalema.”—2 Samuele 19:15, 31, 33.

Ha ho pelaelo hore Davida o ne a ananetse thuso ea Barzilai haholo. Ha ho bonahale eka morena o ne a mpa a batla feela ho putsa Barzilai ka ho mo fa lintho tseo a li hlokang. Kaha Barzilai e ne e le morui, o ne a sa hloke thuso e joalo. E ka ’na eaba Davida o ne a batla hore monna-moholo eo a be ntlong ea borena ka lebaka la makhabane a hae. Ho lula ntlong ea borena ka nako eohle e ne e tla be e le tlotla e neng e tla fa Barzilai monyetla oa ho thabela melemo ea ho ba motsoalle oa morena.

Boikokobetso le ho ba le Pono e Loketseng

Ha Barzilai a araba Morena Davida mabapi le kōpo eo, o ile a re: “Matsatsi a lilemo tsa bophelo ba ka ke’ng, hoo nka nyolohelang Jerusalema le morena? Kajeno ke lilemo li mashome a robeli. Na nka lemoha pakeng tsa botle le bobe, kapa na mohlanka oa hao a ka latsoa seo ke se jeleng le seo ke se noeleng, kapa na nka hlola ke sa mamela lentsoe la libini tsa banna le tsa basali?” (2 Samuele 19:34, 35) Kahoo, ka tlhompho Barzilai o ile a hana kōpo eo le tlotla eo e tsotehang. Empa ke hobane’ng ha a ile a e hana?

E ka ’na eaba botsofali le mefokolo e tsamaisanang le bona ke lebaka le leng le entseng hore Barzilai a etse qeto eo. Mohlomong Barzilai o ile a nahana hore a ke ke a hlola a phela nako e telele. (Pesaleme ea 90:10) O ne a entse seo a ka se khonang ho tšehetsa Davida, empa o ne a boetse a tseba hore na o fokola hakae ka lebaka la botsofali. Barzilai ha aa ka a lumella takatso ea ho tuma le ho hlahella hore e mo sitise ho ba le pono e loketseng ka seo a ka khonang ho se etsa. Ho fapana le Absalome ea neng a rata maemo, ka bohlale Barzilai o ile a ikokobetsa.—Liproverbia 11:2.

E ka ’na eaba lebaka le leng le ileng la etsa hore Barzilai a etse qeto eo ke hore o ne a sa batle hore mefokolo ea hae e sitise mosebetsi oa morena ea khethiloeng ke Molimo. Barzilai o ile a botsa potso ena: “Ke hobane’ng ha mohlanka oa hao e ka hlola e e-ba moroalo ho khosi ea ka morena?” (2 Samuele 19:35) Le hoja a ne a ntse a tšehetsa Davida, mohlomong Barzilai o ne a lumela hore motho ea batlang a le mocha o ne a ka phetha likabelo tseo hantle. E ka ’na eaba Barzilai o ne a bua ka mora oa hae, ha a re: “Mohlanka oa hao Kimhame ke enoa. E-re a tšele le khosi ea ka morena; u mo etse se molemo mahlong a hao.” Ho e-na le hore Davida a halefe, o ile a amohela tlhahiso ena. Ha e le hantle, pele Davida a tšela Jordane, o ile a “aka Barzilai ’me a mo hlohonolofatsa.”—2 Samuele 19:37-39.

Ho Hlokahala Teka-tekano

Tlaleho ea Barzilai e hatisa hore ho hlokahala teka-tekano. Tabeng ea pele, ha rea lokela ho hana tokelo ea tšebeletso kapa hona ho qoba ho e hahamalla hobane feela re batla ho phela bophelo ba boiketlo kapa hobane re ikutloa re sa tšoanelehe bakeng sa ho jara boikarabelo. Molimo a ka re thusa moo re haelloang teng haeba re itšetleha ka eena hore a re fe matla le bohlale.—Bafilipi 4:13; Jakobo 4:17; 1 Petrose 4:11.

Ka lehlakoreng le leng, ho hlokahala hore re tsebe mefokolo ea rōna. Ka mohlala, a re re Mokreste ea itseng o se a ntse a tšoarehile haholo ka lintho tsa moea. Oa hlokomela hore ha a amohela boikarabelo bo eketsehileng, o ne a tla hlokomoloha boikarabelo bo bong ba Mangolo bo joaloka ho hlokomela lelapa la hae. Boemong bo joalo, na o tla be a sa bontše hore o ikokobelitse ebile o na le kahlolo e molemo ha a hana litokelo tse eketsehileng ka nako eo?—Bafilipi 4:5; 1 Timothea 5:8.

Barzilai o behile mohlala o motle, ’me e ka ba hantle hore re nahanisise ka oona. O ne a tšepahala, a le sebete, a fana ka seatla se bulehileng a bile a ikokobelitse. Ka holim’a tsohle, Barzilai o ne a ikemiselitse ho etelletsa mesebetsi ea Molimo ka pel’a ea hae.—Matheu 6:33.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 15]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Ha Barzilai a le lilemo li 80 o ile a nka leeto le lelelele e le hore a ka thusa Davida

GILEADE

Roglime

Sukothe

Mahanaime

Nōka ea Jordane

Gilgale

Jeriko

Jerusalema

EFRAIME

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ke hobane’ng ha Barzilai a ile a hana kōpo ea Davida?