Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Bohlale ke Tšireletso”

“Bohlale ke Tšireletso”

“Bohlale ke Tšireletso”

LENGOLO la Liproverbia 16:16 le re: “Ho fumana bohlale ho molemo hakaakang ho feta khauta! Ho fumana kutloisiso ho lokela ho khethoa ho feta silevera.” Ke hobane’ng ha bohlale e le ba bohlokoa hakana? Hobane “bohlale ke tšireletso joalokaha chelete e le tšireletso; empa molemo oa tsebo ke hore bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela.” (Moeklesia 7:12) Leha ho le joalo, ke joang bohlale bo bolokang ba nang le bona ba phela?

Ho fumana bohlale ba bomolimo, ke hore, ho ba le tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo, Bibele, le ho phela tumellanong le eona, ho re thusa ho tsamaea ka tsela eo Jehova a e amohelang. (Liproverbia 2:10-12) Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o re: “Tsela e khōlō ea ba lokileng ke ho furalla bobe. Ea sireletsang tsela ea hae o boloka moea oa hae.” (Liproverbia 16:17) E, bohlale bo lopolla batho ba nang le bona litseleng tse mpe ’me bo ba boloka ba phela! Mantsoe a tobileng le a bohlale a fumanoang ho Liproverbia 16:16-33 a bontša kamoo bohlale ba bomolimo bo ka amang boikutlo, lipuo le liketso tsa rōna hamolemo kateng. *

‘Ikokobetse Moeeng’

Ho boleloa hore bohlale bo mothofalitsoeng bo re: “Ke hloile boiphahamiso le boikakaso.” (Liproverbia 8:13) Boikakaso le bohlale ke lintho tse sa kopaneng, joalokaha metsi a sa kopane le oli. Re lokela ho etsa lintho ka bohlale ’me re be hlokolosi hore re se ke ra ikhohomosa kapa ra ikakasa. Re lokela ho ba hlokolosi haholo-holo haeba re atlehile likarolong tse itseng tsa bophelo kapa re filoe boikarabelo bo itseng ka phuthehong ea Bokreste.

Lengolo la Liproverbia 16:18 le fana ka temoso ena: “Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.” Nahana ka ho oa ho hoholo ka ho fetisisa bokahohleng—ho oa ha mora oa moea ea phethahetseng oa Molimo ea ileng a iphetola Satane Diabolose. (Genese 3:1-5; Tšenolo 12:9) Na ha aa ka a bonahatsa moea oa boikhohomoso pele a oa? Bibele e bua ka moea oa hae oa boikhohomoso ha e re monna ea sa tsoa sokoloha ha aa lokela ho khetheloa hore a sebeletse boemong ba bolebeli ka phuthehong ea Bokreste “esere a ikhohomosa ka boikakaso eaba o oela kahlolong eo Diabolose a ahlotsoeng ka eona.” (1 Timothea 3:1, 2, 6) Ke habohlokoa hakaakang ho ba hlokolosi hore re se ke ra kenya ba bang moea oa boikakaso le ho itumella hore re be le oona!

Lengolo la Liproverbia 16:19 le re: “Ho molemo ho ikokobetsa moeeng hammoho le ba bonolo ho feta ho arola thepa e hapuoeng hammoho le ba iphahamisang.” Mohlala oa Morena Nebukadnezare oa Babylona ea boholo-holo o bontša kamoo keletso ena e leng ea bohlokoa kateng. Ka boikakaso o ile a etsa setšoantšo sa setonanahali—mohlomong e le setšoantšo sa hae—thoteng ea Dura. E ka ’na eaba seemahale seo se ne se haheletsoe pilareng e phahameng haholo hoo se neng se fihla bophahamong ba limithara tse 27. (Daniele 3:1) Morero oa seemahale sena sa setonanahali e ne e le hore e be letšoao le tsotehang la ’muso oa Nebukadnezare. Le hoja batho ba ka ’na ba hlolloa ke lintho tse telele le tse phahameng tse joaloka seemahale seo, hammoho le lipilara tse likhutlo li ’nè tse litlhōrō li chorileng, litora tsa likereke le mehaho e melelele, empa lintho tse joalo ha li khahle Molimo. Mopesaleme o ile a re ha a bina: “Jehova o phahame, leha ho le joalo o bona ea ikokobetsang; empa ea iphahamisang o mo tsebella hōle.” (Pesaleme ea 138:6) Ha e le hantle, “se phahameng har’a batho ke ntho e nyonyehang mahlong a Molimo.” (Luka 16:15) Ho molemo hore re “tsamaisane le lintho tse tlaase” ho e-na le hore re ‘nahane ka lintho tse phahameng.’—Baroma 12:16.

E-ba le “Temohisiso” le “Tšusumetso” ha U Bua

Ho fumana bohlale ho ama lipuo tsa rōna joang? Morena ea bohlale o re ho rōna: “Ea bontšang temohisiso tabeng o tla fumana se molemo, ’me ho thaba ea tšepang Jehova. Ea pelo e bohlale o tla bitsoa ea nang le kutloisiso, ’me ea molomo o mosa o eketsa tšusumetso. Temohisiso ke seliba sa bophelo ho ba nang le eona; ’me taeo ea maoatla ke booatla. Pelo ea ea bohlale e etsa hore molomo oa hae o bontše temohisiso, ’me e eketsa tšusumetso molomong oa hae.”Liproverbia 16:20-23.

Bohlale bo re thusa hore re be le temohisiso le tšusumetso ha re bua. Hobane’ng? Hobane motho ea pelo e bohlale o leka ho “fumana se molemo” tabeng e itseng ’me o ‘tšepa Jehova.’ Ha re ikitlaelletsa ho batla se molemo ho batho ba bang, ho tla ba bonolo hore re ba bue hantle. Ho e-na le ho pheha khang kapa ho hlaba batho ka mantsoe, re bua ka mokhoa o mosa le o susumetsang. Ho lemoha maemo a batho ba bang ho re thusa hore re utloisise bothata boo e ka ’nang eaba ba na le bona le kamoo ba sebetsanang le bona kateng.

Ho hlokahala hore lipuo tsa rōna li susumetsoe ke bohlale mosebetsing oa rōna oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa. Ha re ruta batho Lentsoe la Molimo, sepheo sa rōna hase ho ba fa boitsebiso ba Mangolo feela. Sepheo sa rōna ke ho finyella lipelo tsa batho. Sena se hloka hore re eketse tšusumetso melomong ea rōna. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa mosebetsi-’moho le eena Timothea hore a tsoele pele linthong tseo a neng a ‘susumelelitsoe hore a li lumele.’—2 Timothea 3:14, 15.

An Expository Dictionary of New Testament Words, ea W. E. Vine e re lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng bakeng sa “ho susumetsa” le bolela “ho fetola tsela eo motho a nahanang ka eona ka ho mo behela mabaka kapa ka ho mo thusa ho nahana ka boitšoaro bo amohelehang.” Ho beha mabaka a kholisang a tlang ho fetola tsela eo motho ea re mametseng a nahanang ka eona, ho hloka hore re lemohe monahano oa hae, lintho tseo a li thahasellang, maemo le semelo sa hae. Ke joang re ka bang le temohisiso e joalo? Morutuoa Jakobo o araba potso eo tjena: ‘Potlakela ho utloa, u liehe ho bua.’ (Jakobo 1:19) Ha re botsa motho ea re mametseng lipotso re bile re mo mamela ka hloko, re ka khona ho tseba se ka pelong ea hae.

Moapostola Pauluse o ile a beha mohlala o ikhethang tseleng eo ka eona a neng a sebelisa bokhoni ba hae ba ho susumetsa ba bang. (Liketso 18:4) Esita le e mong oa bahanyetsi ba hae, Demetriase eo e neng e le setei sa silevera, o ile a lumela hore: ‘Hase Efese feela empa hoo e batlang e le seterekeng sa Asia kaofela Pauluse enoa o susumelitse bongata bo boholo eaba o ba retelletsa maikutlong a mang.’ (Liketso 19:26) Na Pauluse o ile a ikotla sefuba hobane a atlehile mosebetsing oa boboleli? Le hanyenyane. O ile a nka boboleli ba hae e le “bopaki ba moea le matla [a Molimo].” (1 Bakorinthe 2:4, 5) Le rōna re thusoa ke moea o halalelang oa Jehova. Kaha re tšepa Jehova, re kholisehile hore o tla re thusa ha re ntse re ikitlaelletsa ho ba le temohisiso le tšusumetso ha re bua tšebeletsong ea rōna.

Hase feela motho “ea pelo e bohlale” a bitsoang “ea hlalefileng” kapa “ea nang le temoho”! (Liproverbia 16:21, Bibele ea Sesotho; New International Version) Ka sebele, temohisiso ke “seliba sa bophelo” ho ba nang le eona. Empa ho thoe’ng ka maoatla? A ‘nyelisa bohlale le taeo.’ (Liproverbia 1:7) A kotula eng ka ho furalla taeo ea Jehova? Joalokaha ho boletsoe ka holimo, Solomone o re: “Taeo ea maoatla ke booatla.” (Liproverbia 16:22) Maoatla a fumana taeo e eketsehileng, hangata e le kotlo e matla. A ka boela a ipakela mathata, mahlabisa-lihlong, maloetse, esita le ho shoa kapele.

Ha morena oa Iseraele a bua ka molemo o mong oo bohlale bo bang le oona lipuong tsa rōna, o re: “Lipolelo tse khahlehang ke khekhe ea linotši, li monate moeeng ’me ke pholiso masapong.” (Liproverbia 16:24) Joalokaha mahe a linotši a le monate ’me a fa motho ea lapileng matla kapele, lipolelo tse khahlehang lia khothatsa le ho khatholla. Mahe a linotši a boetse a khona ho phelisa motho hantle le ho mo folisa ebile a molemo ho eena. Le lipolelo tse khahlehang li joalo; li phelisa motho hantle moeeng.—Liproverbia 24:13, 14.

Hlokomela ‘Tsela e Bonahalang e Lokile’

Solomone o re: “Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.” (Liproverbia 16:25) Mantsoe ana a re lemosa hore re se ke ra ba le menahano e fosahetseng ’me re se ke ra hahamalla tsela e khahlanong le molao oa Molimo. Tsela e itseng e ka ’na ea bonahala e lokile mahlong a motho ea sa phethahalang empa ha e le hantle e le khahlanong le melao-motheo e lokileng ea Lentsoe la Molimo. Ho feta moo, Satane a ka ’na a etsa hore motho a be le pono e joalo e fosahetseng e le hore a ka phehella tsela eo a nahanang hore e lokile, athe ha e le hantle phello ea eona ke lefu.

Tšireletso e molemo ka ho fetisisa khahlanong le ho ithetsa ke pelo e bohlale le e nang le kutloisiso le letsoalo le koetlisitsoeng ka tsebo ea Lentsoe la Molimo. Ho tataisoa ke litekanyetso tsa Molimo tsa botle le bobe ke tsela e molemo ka ho fetisisa e tla re thusa ho itebela hore re se ke ra ithetsa ha re etsa liqeto bophelong—ebang ke litabeng tsa boitšoaro kapa tsa borapeli kapa nthong leha e le efe.

“Takatso ea Lijo ea Motho ea Sebetsang ea mo Sebeletsa”

Morena ea bohlale o tsoela pele ka ho re: “Moea oa ea sebetsang ka thata o mo sebelelitse ka thata, hobane molomo oa hae o mo khannile ka thata.” (Liproverbia 16:26) Solomone o re takatso ea lijo ea motho ea sebetsang ‘e ka mo sebeletsa ka thata’ hobane tlala ‘e mo khanna ka thata,’ kapa ea mo susumetsa. An American Translation e re: “Takatso ea lijo ea motho ea sebetsang ea mo sebeletsa; etsoe o susumetsoa ke tlala ea hae.” Takatso e tloaelehileng, joaloka ho lakatsa lijo, e ka re susumelletsa hore re sebetse ka thata. Takatso e joalo e molemo. Leha ho le joalo, ho ka etsahala’ng haeba takatso e ntle e lumelloa hore e be e feteletseng hoo e fetohang meharo? Liphello e ba tse tšoanang le tsa ha ho besitsoe mollo oa ho pheha lijo ebe o tsoa taolong ’me o chesa hlaha. Meharo ke takatso e sa laoleheng ’me e ka baka tšenyo. Ha motho ea bohlale a hlokomela kotsi eo, o laola esita le litakatso tsa hae tse loketseng.

U se “Tsamaee ka Tsela e Seng Molemo”

Mantsoe a rōna a ka baka tšenyo joaloka khanare ea mollo. Ha Solomone a hlalosa tšenyo e bakoang ke ho fata liphoso tsa ba bang le ho li pepesa, o re: “Motho ea se nang molemo o epolla se sebe, ’me, kamoo ho ka boleloang kateng, molomong oa hae ho na le mollo o tlabolang. Motho ea bolotsana o ntse a hlahisa ho hloka kutloano, ’me moetselletsi o arola ba tloaelaneng.”Liproverbia 16:27, 28.

Motho ea lekang ho senya oa habo lebitso ‘ha a na molemo.’ Re lokela ho leka ho batla makhabane a batho ’me re ba bue hantle e le hore batho ba bang ba ba hlomphe. Empa ho ka etsahala’ng ha re mamela batho ba jalang lesebo le kotsi? Ho ka ba bonolo hore lipuo tsa bona li susumelletse ba bang hore ba be le lipelaelo tse se nang mabaka, tse ka arolang metsoalle le ho baka karohano ka phuthehong. Bohlale bo tla re susumelletsa hore re se ke ra mamela batho ba joalo.

Ha a re lemosa ka matla a ho eka a ka etsang hore motho a latele tsela e fosahetseng, Solomone o re: “Motho ea mabifi o tla eka oa habo, ’me ka sebele o etsa hore a tsamaee ka tsela e seng molemo. O roba leihlo ho rera bolotsana. O fupa molomo oa hae, ka sebele o phetha bobe.”Liproverbia 16:29, 30.

Na pefo e ka ba le matla a ho eka barapeli ba ’nete? Kajeno batho ba bangata ba ekiloe hore ‘ba rere bolotsana.’ Ba buella pefo kapa baa e hlohlelletsa. Ho ka ’na ha e-ba bonolo hore re qobe ho kopanela ka ho toba pefong. Empa na re ka hoheloa hore re kopanele ho eona ka litsela tse poteletseng? Na batho ba bangata ha baa hoheloa hore ba shebelle boithabiso kapa lipapali tse etsang hore pefo e bonahale e le ntho e ntle? Mangolo a fana ka temoso ena e hlakileng: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Bohlale ba bomolimo ke tšireletso e khōlō hakaakang!

Ho ka thoe’ng ka motho ea qetileng nako e telele a sebelisa bohlale le kutloisiso ’me ‘a sa ka a tsamaea ka tsela e seng molemo’? Bophelo boo motho a bo qetang tseleng ea ho loka boa khahlisa mahlong a Molimo ebile boa hlompheha. Liproverbia 16:31 e re: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.”

Ka lehlakoreng le leng, bohale bo sa laoleheng bo bobe. Kaine, mora oa letsibolo oa Adama le Eva, ‘o ile a tukela moen’ae Abele ka bohale eaba oa mo hlasela ’me oa mo bolaea.’ (Genese 4:1, 2, 5, 8) Le hoja ka linako tse ling re ka ba le mabaka a utloahalang a ho halefa, re tlameha ho itebela hore re se ke ra lumella bohale hore bo tsoe taolong. Ka ho hlakileng Liproverbia 16:32 e re: “Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla, ’me ea laolang moea oa hae o molemo ho feta ea hapang motse.” Bohale bo sa laoleheng hase pontšo ea matla kapa ea ho loka. Ke bofokoli bo ka ‘etsang hore motho a tsamaee ka tsela e seng molemo.’

Ha ‘Qeto e ’Ngoe le e ’Ngoe e Tsoa ho Jehova’

Morena oa Iseraele o re: “Lotho e lahleloa kotleng ea seaparo, empa qeto e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang ka eona e tsoa ho Jehova.” (Liproverbia 16:33) Iseraeleng ea boholo-holo, ka linako tse ling Jehova o ne a senola thato ea hae ka ho sebelisa lotho. Lotho e ne e le majoana a chitja kapa a sephara kapa likotoana tsa lepolanka. Ntho ea pele e neng e etsoa ke ho ipiletsa ho Jehova hore a etse qeto tabeng. Ka mor’a moo, lotho e ne e tšeloa lemenong la seaparo se selelele sa ka holimo ebe ea ntšoa. Qeto e fihletsoeng e ne e nkoa e tsoa ho Molimo.

Jehova ha a sa sebelisa lotho ho tsebisa batho ba hae seo a se rerileng. O senotse thato ea hae ka Lentsoeng la hae, Bibele. Hore re fumane bohlale ba bomolimo, ke habohlokoa hore re be le tsebo e nepahetseng ea se boletsoeng ka Bibeleng. Ka lebaka leo, ha rea lokela ho lumella hore ho likele leha e le letsatsi le le leng feela re e-s’o bale karolo e itseng ea Mangolo a bululetsoeng.—Pesaleme ea 1:1, 2; Matheu 4:4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ke hobane’ng ha bohlale bo le molemo haholo ho feta khauta?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ke eng e eketsang tšusumetso molomong oa hao ha u le tšebeletsong?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

“Motho ea se nang molemo o epolla se sebe”

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Bohale bo sa laoleheng bo ka etsa hore motho “a tsamaee ka tsela e seng molemo”

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Pefo e na le matla a ho eka