Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Kaha sechaba se ne se qala ho kotula ha banna bohle ba Baiseraele ba ne ba ile Moketeng oa Mahobe a sa Lomosoang, ke bo-mang ba neng ba kotula litholoana tsa pele tsa harese tse neng li tlisoa sehalalelong?

Molao oa Moshe o ile oa laela Baiseraele hore: “Hararo ka selemo e mong le e mong e motona ho uena o lokela ho hlaha ka pel’a Jehova Molimo oa hao sebakeng seo a tla se khetha: moketeng oa mahobe a sa lomosoang le moketeng oa libeke le moketeng oa maphephe.” (Deuteronoma 16:16) Ho tloha mehleng ea Morena Solomone ho ea pele, sebaka seo Molimo a neng a se khethile e ne e le tempele e Jerusalema.

Mokete oa pele ho ena e meraro o ne o ketekoa mathoasong a nako ea selemo. Mokete ona o neng o bitsoa Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang o ne o qala letsatsi ka mor’a mokete oa Paseka ea la 14 Nisane ’me o tsoela pele ka matsatsi a supileng ho fihlela ka la 21 Nisane. Ho latela almanaka e halalelang, ho ne ho qaloa kotulo ea pele ea selemo ka letsatsi la bobeli la mokete oo, e leng la la 16 Nisane. Letsatsing leo, moprista ea phahameng o ne a lokela ho nka “ngata ea litholoana tsa pele” tsa harese e kotutsoeng ’me a e tsokele “koana le koana ka pel’a Jehova” a le sehalalelong. (Levitike 23:5-12) Kaha banna bohle ba ne ba lokela ho ba teng Moketeng oa Mahobe a sa Lomosoang, ke bo-mang ba neng ba kotula nyehelo ee?

Taelo ea ho tlisetsa Jehova nyehelo ea litholoana tsa pele tsa kotulo nakong ea Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang e ne e filoe sechaba sohle. Ho ne ho sa hlokahale hore motho ka mong a qale ho kotula ebe o tlisa litholoana tsa hae tsa pele sehalalelong. Ho e-na le hoo, taelo eo e ne e phethoa ke baemeli ba sechaba. Kahoo, ngata ea Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang e ne e ka heloa ke moifo o rometsoeng tšimong ea harese e haufi. Ha Encyclopaedia Judaica e bua ka taba ena e re: “Ha harese e ne e butsoitse, e ne e latoa haufi le Jerusalema; ho seng joalo, e ne e ka latoa kae kapa kae naheng ea Iseraele. E ne e heloa ke banna ba bararo, e mong le e mong oa bona a tšoere sekele ea hae e telele le baskete.” Joale ngata ea harese e ne e ka tlisoa ho moprista ea phahameng e le hore a e nyehele ho Jehova.

Molao oa ho nyehela litholoana tsa pele tse kotutsoeng o ne o fa Baiseraele monyetla o babatsehang oa ho bontša hore ba ananela kamoo Molimo a neng a hlohonolofalitse naha le kotulo ea bona kateng. (Deuteronoma 8:6-10) Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa ho feta eo ke hore nyehelo eo e neng e etsoa moketeng e ne e “le seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla.” (Baheberu 10:1) Ho thahasellisang ke hore Jesu Kreste o ile a tsosoa ka la 16 Nisane, 33 C.E., e leng letsatsi leo ka lona ho neng ho nyeheloa litholoana tsa pele tsa kotulo ho Jehova. Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena ka Jesu: “Kreste o tsositsoe bafung, litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung. . . . Empa e mong le e mong boemong ba hae: Kreste ke litholoana tsa pele, ka mor’a moo bao e leng ba Kreste nakong ea ho ba teng ha hae.” (1 Bakorinthe 15:20-23) Ngata ea litholoana tsa pele eo moprista ea phahameng a neng a e tsokela koana le koana ka pel’a Jehova e ne e tšoantšetsa Jesu Kreste ea tsositsoeng—e leng eena oa pele ea kileng a tsosoa bafung e le hore a phele ka ho sa feleng. Ka tsela eo, Jesu o ile a betla tsela ea hore moloko oa batho o lopolloe sebeng le lefung.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

© 2003 BiblePlaces.com