Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Tla ‘’ne U Tsamaee ka Moea’?

Na U Tla ‘’ne U Tsamaee ka Moea’?

Na U Tla ‘’ne U Tsamaee ka Moea’?

“Le ’ne le tsamaee ka moea ’me ho hang le ke ke la phetha takatso ea nama.”—BAGALATA 5:16.

1. Ke eng e ka thusang motho hore a se ke a tšoenyeha ka hore o sitetsoe moea?

HO NA le ntho e ka re thusang hore re se ke ra tšoenyeha ka hore re sitetsoe moea o halalelang oa Jehova. Ke ho etsa seo moapostola Pauluse a ileng a se bua ha a re: “Le ’ne le tsamaee ka moea ’me ho hang le ke ke la phetha takatso ea nama.” (Bagalata 5:16) Haeba re lumella moea oa Molimo hore o re tataise, litakatso tse sa lokang tsa nama li ke ke tsa re hlōla.—Baroma 8:2-10.

2, 3. Haeba re tsoela pele ho tsamaea ka moea, seo se tla re ama joang?

2 Ha re ‘ntse re tsamaea ka moea,’ matla a sebetsang a Molimo a tla re susumelletsa ho mamela Jehova. Re tla etsisa litšobotsi tsa Molimo tšebeletsong ea rōna, ka phuthehong, ka lapeng le libakeng tse ling. Tsela eo re sebelisanang ka eona le balekane ba rōna ba lenyalo, bana ba rōna, balumeli-’moho le rōna le ba bang, e tla bontša hore re susumetsoa ke tholoana ea moea.

3 Ho phela “mabapi le moea ponong ea Molimo” ho re thusa ho sesefa sebe. (1 Petrose 4:1-6) Haeba re susumetsoa ke moea, ka sebele re ke ke ra etsa sebe se sa tšoareloeng. Empa haeba re tsoela pele ho tsamaea ka moea seo se tla re ama ka litsela life tse ling tse molemo?

Lula Haufi le Molimo le Kreste

4, 5. Ho tsamaea ka moea ho ama tsela eo re talimang Jesu ka eona joang?

4 Kaha re tsamaea ka moea o halalelang, re ka lula re e-na le kamano e haufi le Molimo le Mora oa hae. Ha Pauluse a ne a ngola ka limpho tsa moea, o ile a re ho balumeli-’moho le eena ba Korinthe: “Ke lakatsa ha [lōna bao le neng le le barapeli ba litšoantšo] le tseba hore ha ho eo e reng ha a bua ka moea oa Molimo a re: ‘Jesu o rohakiloe!’ ’me ha ho ea ka reng: ‘Jesu ke Morena!’ haese ka moea o halalelang.” (1 Bakorinthe 12:1-3) Ka sebele moea leha e le ofe o susumelletsang batho ho rohaka Jesu o tsoa ho Satane Diabolose. Leha ho le joalo, kaha re Bakreste ba tsamaeang ka moea o halalelang, re kholisehile hore Jehova o ile a tsosa Jesu bafung ’me a mo beha ka holim’a pōpo eohle e ’ngoe. (Bafilipi 2:5-11) Re na le tumelo sehlabelong sa Kreste sa thekollo ebile re nka Jesu e le Morena oa rōna ea hlomamisitseng ke Molimo.

5 Ba bang ba neng ba ipolela hore ke Bakreste lekholong la pele la lilemo C.E. ba ne ba hana hore Jesu o tlile e le motho oa nama. (2 Johanne 7-11) Ka lebaka la ho amohela pono eo e fosahetseng, ba bang ba ile ba hana lithuto tsa ’nete tse mabapi le Jesu, Mesia. (Mareka 1:9-11; Johanne 1:1, 14) Ho samaea ka moea o halalelang ho re thusa hore re se ke ra susumetsoa ke bokoenehi ba mofuta oo. Empa ke feela ka ho lula re le seli moeeng re ka tsoelang pele re fumana mosa o sa tšoanelang oa Jehova le ho “tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 3, 4) Kahoo, a re ikemisetseng ho qhelela bokoenehi hōle e le hore re ka lula re e-na le kamano e matla le Ntat’a rōna ea maholimong.

6. Moea oa Molimo o etsa hore ba tsamaeang ka moea ba be le litšobotsi life?

6 Pauluse o ile a balella borapeli ba litšoantšo ba bakoenehi le maquloana har’a “mesebetsi ea nama” e kang bohlola le boitšoaro bo hlephileng. Ka lehlakoreng le leng, o ile a re: “Ba Kreste Jesu ba ile ba khokhothela nama thupeng hammoho le litšusumetso le litakatso tsa eona. Haeba re phela ka moea, a re tsoeleng pele re tsamaea ka mokhoa o laolehileng le ka moea.” (Bagalata 5:19-21, 24, 25) Matla a sebetsang a Molimo a etsa hore batho ba phelang ka moea ’me ba tsamaea ka oona ba be le litšobotsi life? Pauluse o ile a ngola tjena: “[Tholoana ea] moea ke lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” (Bagalata 5:22, 23) A re ke re tšohleng litšobotsi tsena tsa tholoana ea moea.

‘Le Ratane’

7. Lerato ke eng, hona litšobotsi tse ling tsa lona ke life?

7 Hangata lerato—e leng tšobotsi e ’ngoe ea tholoana ea moea—le akarelletsa boikutlo bo mofuthu le bo tebileng le ho ameha ka batho ba bang ka tsela e se nang boithati, hammoho le ho ba le kamano e haufi-ufi le bona. Mangolo a re “Molimo ke lerato” hobane ke eena ea behang mohlala o phethahetseng oa lerato. Lerato le leholo la Molimo le Mor’a hae le bonahatsoa ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. (1 Johanne 4:8; Johanne 3:16; 15:13; Baroma 5:8) Re le balateli ba Jesu, re tsejoa ka tsela eo re ratanang ka eona. (Johanne 13:34, 35) Ha e le hantle, re laeloa hore “re ratane.” (1 Johanne 3:23) Hape Pauluse o re lerato lea tiisetsa ebile le mosa. Ha le boulele, ebile ha le ithorise, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, kapa ho batla lithahasello tsa lona. Lerato ha le halefe kapa ho boloka tlaleho ea bobe. Le thabela ’nete, eseng ho se loke. Lerato le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle ebile le mamella lintho tsohle. Ho feta moo, ha le fele le ka mohla.—1 Bakorinthe 13:4-8.

8. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša hore re rata batho ba bang ba rapelang Jehova ’moho le rōna?

8 Haeba re lumella moea oa Molimo hore o hlahise lerato ka hare ho rōna, tšobotsi eo e tla ba teng likamanong tsa rōna le Molimo le moahelani. (Matheu 22:37-39) Moapostola Johanne o ile a ngola tjena: “Ea sa rateng o lula lefung. E mong le e mong ea hloileng mor’abo ke ’molai, ’me lea tseba hore ha ho ’molai eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena.” (1 Johanne 3:14, 15) ’Molai o ne a ka sireletsoa motseng oa setšabelo oa Baiseraele hafeela a ne a sa hloea motho eo a mo bolaileng. (Deuteronoma 19:4, 11-13) Haeba re tataisoa ke moea o halalelang, re tla bontša hore re rata Molimo, barapeli-’moho le rōna hammoho le batho ba bang.

“Thabo ea Jehova ke Qhobosheane ea Lōna”

9, 10. Thabo ke eng, hona ke mabaka afe a mang a etsang hore re thabe?

9 Thabo ke boemo ba nyakallo e khōlō. Jehova ke “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11; Pesaleme ea 104:31) Mora o thabela ho etsa thato ea Ntat’ae. (Pesaleme ea 40:8; Baheberu 10:7-9) ’Me “thabo ea Jehova ke qhobosheane ea [rōna].”—Nehemia 8:10.

10 Thabo eo re e fuoeng ke Molimo e etsa hore re khotsofale haholo ha re etsa thato ea Molimo esita le linakong tse thata, tsa ho siama kapa tsa mahloriso. Ka sebele “tsebo ea Molimo” e re thabisa haholo. (Liproverbia 2:1-5) Hore kamano ea rōna le Molimo e be e thabisang, re lokela ho ba le tsebo e nepahetseng le tumelo ho eena le sehlabelong sa thekollo sa Jesu. (1 Johanne 2:1, 2) Ho ba karolo ea mokhatlo o le mong feela oa ’nete oa bara ba motho ke sesosa se seng sa thabo. (Sofonia 3:9; Hagai 2:7) Re thabisoa ke tšepo ea rōna ea ’Muso le tokelo e babatsehang ea ho bolela litaba tse molemo. (Matheu 6:9, 10; 24:14) Re boetse re thabisoa ke tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Johanne 17:3) Kaha re na le tšepo e joalo e hlollang, ‘ho rōna e lokela ho ba thabo feela.’—Deuteronoma 16:15, Bibele—Phetolelo e Ncha.

E-ba le Khotso le Tiisetso

11, 12. (a) U ne u ka hlalosa khotso joang? (b) Khotso ea Molimo e re ama joang?

11 Khotso—e leng tšobotsi e ’ngoe ea tholoana ea moea—ke boemo ba khutso le ho se tšoenyehe. Ntate oa rōna oa leholimo ke Molimo oa khotso, ebile re tiisetsoa hore “Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba hae ka khotso.” (Pesaleme ea 29:11; 1 Bakorinthe 14:33) Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka.” (Johanne 14:27) E ne e tla thusa balateli ba hae joang?

12 Khotso eo Jesu a ileng a e fa barutuoa ba hae e ile ea etsa hore lipelo le likelello tsa bona li be le khutso ’me ea ba khoba matšoafo. Ka ho khetheha ba ile ba e-ba le khotso ha ba fumana moea o halalelang oo ba neng ba o tšepisitsoe. (Johanne 14:26) Kajeno, ha re susumetsoa ke moea ’me lithapelo tsa rōna li arajoa, re ba le “khotso ea Molimo” e ke keng ea bapisoa, e thobang lipelo le ho khutsisa likelello tsa rōna. (Bafilipi 4:6, 7) Ho feta moo, moea oa Jehova o re thusa ho ba le khutso le khotso le balumeli-’moho le rōna le batho ba bang.—Baroma 12:18; 1 Bathesalonika 5:13.

13, 14. Tiisetso ke eng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho e bontša?

13 Tiisetso e amana le ho ba le khotso, kaha ke ho mamella re sa fele pelo ha re halefisoa kapa re etsoa hampe hobane re tšepa hore boemo bo tla ntlafala. Molimo o na le tiisetso. (Baroma 9:22-24) Jesu le eena o bontša tšobotsi ena. Tiisetso ea Jesu e ka re ruisa molemo, kaha Pauluse o ile a ngola a re: “Lebaka leo ka lona ke ileng ka bontšoa mohau e ne e le hore ka ’na ke le mohlala o ka pele-pele Kreste Jesu a ka bontša tiisetso eohle ea hae hore e be mohlala bakeng sa ba tlang ho beha tumelo ea bona ho eena bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—1 Timothea 1:16.

14 Tiisetso e re thusa ho mamella ha batho ba bang ba bua kapa ba etsa lintho ka tsela e sa bontšeng mosa kapa e sa nahaneleng. Pauluse o ile a re ho Bakreste-’moho le eena: “Le be le tiisetso ho bohle.” (1 Bathesalonika 5:14) Kaha kaofela ha rōna ha rea phethahala ebile re etsa liphoso, ka sebele re batla hore batho ba re mamelle, ba be le tiisetso ha re etsa liphoso litšebelisanong tsa rōna le bona. Kahoo, a re ikemisetseng ho ‘tiisetsa ka thabo.’—Bakolose 1:9-12.

Bontša Mosa le Molemo

15. Hlalosa mosa, ’me u fane ka mehlala ea ba ileng ba o bontša.

15 Mosa o bonahala ha re bontša ho ameha ka batho ba bang ka mantsoe le ka liketso tse lerato le tse molemo. Jehova o mosa, ’me le Mora oa hae o mosa. (Baroma 2:4; 2 Bakorinthe 10:1) Ho lebeletsoe hore bahlanka ba Molimo le Kreste ba bontše mosa. (Mikea 6:8; Bakolose 3:12) Esita le batho ba bang ba se nang kamano e khethehileng le Molimo ba ’nile ba bontša “mosa o fetang o tloaelehileng.” (Liketso 27:3; 28:2) Ka lebaka leo, ruri re ka bontša mosa haeba ‘re ntse re tsamaea ka moea.’

16. Ke maemo afe a lokelang ho re susumelletsa ho bontša mosa?

16 Re ka bontša mosa esita le haeba re e-na le mabaka a utloahalang a ho halefa ka lebaka la mantsoe a hlabang a motho e mong kapa liketso tsa hae tse bontšang ho se nahanele. Pauluse o ile a re: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile, hape le se ke la lumella Diabolose sebaka. . . . Le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.” (Baefese 4:26, 27, 32) Ka ho khetheha, ho loketse hore re be mosa ho batho ba hlahetsoeng ke liteko. Bonneteng, moholo oa Mokreste o ne a tla be a se mosa haeba a sa fane ka keletso ea Mangolo hobane feela a sa batle ho khopisa motho ea kotsing ea ho kheloha tseleng ‘e molemo le ea ho loka le ’nete.’—Baefese 5:9.

17, 18. Molemo o hlalosoa joang, hona tšobotsi ee e lokela ho re ama joang bophelong?

17 Molemo ke ho loka, ho se be le sekoli, kapa ho ba molemo. Molimo o molemo ka ho feletseng. (Pesaleme ea 25:8; Zakaria 9:17) Jesu o lokile ebile ha a na sekoli. Leha ho le joalo, o ile a hana tlotla ea ho bitsoa “ea Molemo” ha motho e mong a ne a re ke “Mosuoe ea Molemo.” (Mareka 10:17, 18) Ho hlakile hore lebaka la seo e ne e le hobane a elelloa hore Molimo ke eena ea behang mohlala o ka sehloohong oa molemo.

18 Sebe seo re se futsitseng se re sitisa ho etsa se molemo. (Baroma 5:12) Leha ho le joalo, re ka bontša tšobotsi ena haeba re rapela hore Molimo a re ‘rute molemo.’ (Pesaleme ea 119:66) Pauluse o ile a re ho balumeli-’moho le eena ba Roma: “Ke kholisehile mabapi le lōna, barab’eso, hore le boetse le tletse molemo, kaha le tlatsitsoe tsebo eohle.” (Baroma 15:14) Molebeli oa Mokreste e lokela ho ba motho “ea ratang molemo.” (Tite 1:7, 8) Haeba re tsamaisoa ke moea oa Molimo, re tla tsebahala ka ho ba batho ba molemo, ebile Jehova o tla ‘re hopola bakeng sa se molemo.’—Nehemia 5:19; 13:31.

‘Tumelo e se Nang Boikaketsi’

19. Hlalosa tumelo ho latela Baheberu 11:1.

19 Tumelo—e leng tšobotsi e ’ngoe ea tholoana ea moea—“ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) Haeba re e-na le tumelo, re kholisehile hore joang kapa joang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e tšepisitseng e tla phethahala. Bopaki bo kholisang ba lintho tsa sebele tse sa bonoeng bo matla hoo tumelo e bapisoang le bona. Ka mohlala, lintho tse bōpiloeng li re kholisa hore ho na le ’Mōpi. Haeba re tsoela pele ho tsamaea ka moea, re tla bontša tumelo ea mofuta oo.

20. “Sebe se re tšoasang habonolo” ke eng, hona re ka se qoba joang hammoho le mesebetsi ea nama?

20 Ho hloka tumelo ke “sebe se re tšoasang habonolo.” (Baheberu 12:1) Re lokela ho itšetleha ka moea oa Molimo e le hore re qobe mesebetsi ea nama, ho rata lintho tse bonahalang le lithuto tsa bohata tse ka senyang tumelo. (Bakolose 2:8; 1 Timothea 6:9, 10; 2 Timothea 4:3-5) Moea oa Molimo o thusa bahlanka ba Jehova ba kajeno hore ba be le tumelo e tšoanang le ea lipaki tsa mehleng ea pele ho Bokreste le ea ba bang ba tlalehiloeng ka Bibeleng. (Baheberu 11:2-40) ’Me ‘tumelo ea rōna e se nang boikaketsi’ e ka ’na ea matlafatsa tumelo ea ba bang.—1 Timothea 1:5; Baheberu 13:7.

Bontša Bonolo ’me U be le Boitšoaro

21, 22. Bonolo bo hlalosoa joang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho bo bontša?

21 Bonolo ke mosa o bonahalang boikutlong le boitšoarong. Tšobotsi e ’ngoe ea Molimo ke maikutlo a bonolo. Re tseba sena hobane Jesu, ea neng a e-na le maikutlo a bonolo, o ile a bonahatsa botho ba Jehova ka ho phethahetseng. (Matheu 11:28-30; Johanne 1:18; 5:19) Joale, ho hlokahala’ng ho rōna joaloka bahlanka ba Molimo?

22 Joalokaha re le Bakreste, ho lebeletsoe hore re ‘bontše bonolo ho batho bohle.’ (Tite 3:2) Re bontša bonolo tšebeletsong ea rōna. Ba nang le litšoaneleho tsa moea ba eletsoa hore haeba Mokreste a entse phoso ba mo khutlisetse tseleng “ka moea o bonolo.” (Bagalata 6:1) Kaofela ha rōna re ka ntšetsa pele bonngoe ba Bokreste le khotso ka “ho ikokobetsa . . . kelellong le [ka ho ba] bonolo.” (Baefese 4:1-3) Re ka bontša hore re bonolo haeba ka linako tsohle re tsamaea ka moea ’me re e-na le boitšoaro.

23, 24. Boitšoaro ke eng, hona bo re thusa joang?

23 Boitšoaro bo re thusa hore re laole menahano, lipuo le liketso tsa rōna. Jehova o ‘ile a sebelisa boitšoaro’ ha a sebelisana le Bababylona ba ileng ba etsa Jerusalema lesupi. (Esaia 42:14) Mora oa hae o re ‘sietse mohlala’ ka ho ba le boitšoaro ha a ne a utloa bohloko. ’Me moapostola Petrose o ile a eletsa Bakreste-’moho le eena hore ‘tsebong ea bona ba eketse boitšoaro.’—1 Petrose 2:21-23; 2 Petrose 1:5-8.

24 Ho lebeletsoe hore baholo ba Bakreste ba be le boitšoaro. (Tite 1:7, 8) Ha e le hantle, bohle ba tataisoang ke moea o halalelang ba ka ba le boitšoaro ’me ba qoba boitšoaro bo litšila, puo e nyonyehang, kapa ntho leha e le efe e ’ngoe e ka etsang hore ba se ke ba fumana mohau oa Jehova. Haeba re lumella moea oa Molimo hore o hlahise boitšoaro ho rōna, batho ba bang ba tla bona sena lipuong tsa rōna le boitšoarong ba rōna bo tlotlisang Molimo.

U ’ne U Tsamaee ka Moea

25, 26. Ho tsamaea ka moea ho tla ama kamano ea rōna le batho ba bang joang, hona ho tla ama tšepo ea rōna ea bokamoso joang?

25 Haeba re tsamaea ka moea, re tla ba baboleli ba chesehang ba ’Muso. (Liketso 18:24-26) Re tla ba metsoalle e ratehang, ’me ka ho khetheha batho ba boinehelo ba bomolimo ba tla thabela ho ba le rōna. Joaloka batho ba tataisoang ke moea o halalelang, re tla boela re khothatse batho ba bang ba rapelang Jehova ’moho le rōna hore ba ’ne ba tsamaee ka moea. (Bafilipi 2:1-4) Na hase sona seo Bakreste bohle ba se batlang?

26 Lefatšeng lena le laoloang ke Satane, ha ho bonolo ho tsamaea ka moea. (1 Johanne 5:19) Leha ho le joalo, ke sona se etsoang ke batho ba limilione kajeno. Haeba re tšepa Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle, re tla thabela bophelo hona joale ’me re tla ’ne re tsamaee ka ho sa feleng litseleng tse lokileng tsa Mofani ea lerato oa moea o halalelang.—Pesaleme ea 128:1; Liproverbia 3:5, 6.

U ka Araba Joang?

• ‘Ho tsamaea ka moea’ ho ama kamano ea rōna le Molimo le Mora oa hae joang?

• Litšobotsi tsa tholoana ea moea o halalelang ke life?

• Re ka bontša tholoana ea moea oa Molimo ka litsela life tse ling?

• Ho tsamaea ka moea ho ama bophelo ba rōna ba hona joale joang, hona ho ama tšepo ea rōna ea bokamoso joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Moea oa Jehova o halalelang o re thusa hore re rate balumeli-’moho le rōna

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Bontša mosa ka mantsoe le ka liketso tse molemo