Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U na le Moea o sa Shoeng?

Na U na le Moea o sa Shoeng?

Na U na le Moea o sa Shoeng?

Na re entsoe ka nama le mali feela? Kapa na re entsoe ka ho hong ntle ho nama le mali? Na re etselitsoe ho phela hakhutšoanyane feela? Kapa na re na le karolo e ’ngoe e sa bonahaleng e tsoelang pele e phela ka mor’a lefu?

LE HOJA malumeli a lefatše a qapile litumelo tse ngata tse ferekanyang mabapi le Bophelo ka Mor’a Lefu, bongata ba ’ona bo lumellana ka ntho e le ’ngoe ea motheo: Motho o na le ntho e sa shoeng ka hare ho eena, e tsoelang pele e phela ka mor’a lefu. Batho ba bangata ba lumela hore “ntho” ena ke moea. Uena u re’ng? Na karolo e ’ngoe ea rōna ke nama ha e ’ngoe e le moea? Moea ke eng? Na batho ba na le moea o sa shoeng? Ruri ke habohlokoa hore re tsebe ’nete ka seo re leng sona.

“Motho ea E-ba Moea o Phelang”

Na “moea” ke karolo ea motho e tsoang nameng ha motho a e-shoa ebe e tsoela pele e phela? Holman Illustrated Bible Dictionary e re “hangata moea o amahanngoa le motho ka boeena.” Ka mohlala, Genese 2:7 e re: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” Motho oa pele, Adama, e ne e le moea.

Mangolo a mang le ’ona a tšehetsa taba ea hore “moea” o ka bolela motho ka boeena. Ka mohlala, Bibele e bua ka moea o etsang mosebetsi. (Levitike 23:30) Ho boleloa hore moea o fela pelo, oa halefa, oa hlobaela, o ba le tšabo ’me o tepella maikutlo. (Baahloli 16:16; Jobo 19:2; Pesaleme ea 119:28; Liketso 2:43; 1 Bathesalonika 5:14) Baroma 13:1 e bontša hore moea ke motho ha e re: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng.” Hape, ho 1 Petrose 3:20 re bala mantsoe a reng: “Matsatsing a Noe, . . . batho ba seng bakae, ke hore, meea e robeli, ba [ile] ba pholosoa ba sireletsehile metsing.” Ha ho letho mangolong ana le bontšang hore moea ke ntho e itseng e sa bonahaleng e tsoelang pele e phela ka mor’a lefu.

Ho thoe’ng ka liphoofolo le limela? Na ke meea? Hlokomela hore na Bibele e hlalosa ho bōptjoa ha liphoofolo joang. Molimo o ile a fana ka taelo ena: “Metsi a ke a nyeunye boieane ba meea e phelang.” Letsatsing le latelang la pōpo, Molimo o ile a re: “Lefatše le ke le hlahise meea e phelang ho ea ka mefuta ea eona, phoofolo e ruuoang le phoofolo e hahabang le sebata sa lefatše ho ea ka mofuta oa sona.” (Genese 1:20, 24) Ka lebaka leo, libōpuoa tsohle tse phelang—ebang ke batho kapa liphoofolo—ke meea. Mangolo ha a bolele hore limela ke meea.

Lentsoe le reng “moea” le ka sebelisoa ka kutloisiso e ’ngoe hape. Ho Jobo 33:22, re bala mantsoe ana: “Moea oa hae o atamela sekoting, bophelo ba hae bo atamela ho babolai.” Mona, mantsoe a reng “moea” le “bophelo” a sebelisitsoe ka tsela e tšoanang, le leng le hlakisa moelelo oa le leng. Kahoo, “moea” o ka boela oa bolela bophelo ba moea o phelang kapa motho. Ka lebaka leo, ha Mangolo a bua ka lira tsa Moshe tse neng li batla ho mo bolaea, a re ke “batho bohle ba neng ba tsoma moea oa [hae].” (Exoda 4:19) ’Me Bibele e re mabapi le Jesu Kreste: ‘Mor’a motho o tletse . . . ho fana ka moea [bophelo] oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’—Matheu 20:28.

Tsela eo Bibele e hlalosang “moea” ka eona e bonolo ebile ea lumellana. Lentsoe leo le ka bolela motho kapa phoofolo kapa bophelo ba sebōpuoa e le moea o phelang. Joalokaha re tla bona, taba ena e lumellana le seo Bibele e reng se etsahala ka moea lefung.

‘Moea o Etsang Sebe o Tla Shoa’

Bibele e re: “Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Ha moprofeta Elia a le mahlomoleng o ile “a qala ho kōpa hore moea oa hae o shoe.” (1 Marena 19:4) Ka ho tšoanang, Jonase “a ’na a kōpa hore moea oa hae o shoe.” (Jonase 4:8) E, moea oa shoa ha motho a shoa; ha o tsoele pele o phela. Kaha motho ke moea, ha ho thoe motho o shoele ho boleloa hore moea oa hae o shoele.

Empa litemana tse ling tsa Bibele li bolela’ng ha li re moea oa tsoa ebile oa khutla? Ha Bibele e bua ka se ileng sa etsahala ka Ragele ha a beleha mora, e re: “Ha moea oa hae o tsoa (hobane o ile a shoa) o ile a mo reha lebitso la Ben-oni; empa ntat’ae a mo reha Benjamine.” (Genese 35:18) Hape, ha 1 Marena 17:22 e bua ka ho tsosoa ha mora oa mohlolohali, e re: “Jehova a mamela lentsoe la Elia [la thapelo], hoo moea oa ngoana o ileng oa khutlela ka hare ho eena ’me a phela.” Na litemana tsee li bontša hore moea ke karolo e sa bonahaleng, e ka tsoang kapa ea kena ’meleng?

Hopola hore “moea” o boetse o bolela “bophelo.” Ka hona, ha ho thoe moea oa Ragele o ile oa tsoa ho boleloa hore o ile a felloa ke bophelo. Ha e le hantle, Libibele tse ling li fetolela polelo e reng “ha moea oa hae o tsoa” e le “ha a felloa ke bophelo” (Knox) le “o ile a phefumoloha la ho qetela” (Jerusalem Bible). Ka ho tšoanang, le tabeng ea mora oa mohlolohali, bophelo ba moshanyana eo ke bona bo ileng ba khutlela ho eena.—1 Marena 17:23.

Seo Motho a Leng Sona

Ka ho hlakileng, Bibele e bontša seo motho a leng sona. Ha a na moea; eena ka boeena ke moea. Ka lebaka la tsela eo motho a bōpiloeng ka eona, tšepo leha e le efe ea hore bafu ba phele hape e itšetlehile ka tsoho. Bibele e fana ka tšepiso ena: “Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe, ba entseng lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe ba ee tsohong ea kahlolo.” (Johanne 5:28, 29) Motheo oa tšepo ea sebele ka bafu ke tšepiso eo e tiileng ea tsoho—eseng thuto ea hore moea ha o shoe.

Ke habohlokoa hakaakang hore re be le tsebo e nepahetseng ea hore na tsoho ke eng le hore na e ama moloko oa batho joang! Ntho e ’ngoe ea bohlokoa ke ho tseba Molimo le Kreste, hobane Jesu o ile a re ha a rapela: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li tla thabela ho u thusa hore u ithute Bibele e le hore u ka tseba Molimo, Mora oa hae le litšepiso tsa Hae haholoanyane. Re u mema hore u ikopanye le Lipaki kapa u ngolle bahatisi ba koranta ena.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Kaofela ke meea

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Goat: CNPC—Centro Nacional de Pesquisa de Caprinos (Sobral, CE, Brasil)