Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bomoea ba ’Nete—U ka bo Finyella Joang?

Bomoea ba ’Nete—U ka bo Finyella Joang?

Bomoea ba ’NeteU ka bo Finyella Joang?

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a ngola a re: “Ho beha kelello linthong tsa nama ke lefu, empa ho beha kelello linthong tsa moea ke bophelo le khotso.” (Baroma 8:6, King James Version) Ka mantsoe ana, moapostola Pauluse o ne a bontša hore ho ba motho ea behileng kelello linthong tsa moea hase feela taba ea boikhethelo kapa ea hore na motho eena o ikutloa joang. Ha e le hantle, ke taba ea lefu le bophelo. Leha ho le joalo, motho ea behileng kelello linthong tsa moea o fumana “bophelo le khotso” ka kutloisiso efe? Ho ea ka Bibele, motho ea joalo o na le khotso ka boeena hona joale, hape o na le khotso le Molimo, ebile o tla hlohonolofatsoa ka bophelo bo sa feleng nakong e tlang. (Baroma 6:23; Bafilipi 4:7) Hase feela Jesu a ileng a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea”!—Matheu 5:3.

Hore ebe u bala makasine ena u bontša hore u thahasella lintho tsa moea—’me u etsa ntho e bohlale. Leha ho le joalo, maikutlo a batho a fapana haholo tabeng ena, kahoo u ka ’na ua ipotsa: ‘Ebe bomoea ba ’nete ke eng? Hona motho o bo finyella joang?’

“Kelello ea Kreste”

Ntle le ho bontša bohlokoa le melemo ea ho beha kelello linthong tsa moea, moapostola Pauluse o buile haholo ka hore na bomoea ba ’nete ke eng. Pauluse o ile a hlalosetsa Bakreste ba motseng oa boholo-holo oa Korinthe phapang pakeng tsa motho oa nama, ke hore, motho ea latelang litakatso tsa nama, le motho ea behileng kelello linthong tsa moea, ke hore, motho ea nkang lintho tsa moea e le tsa bohlokoa. Pauluse o ile a ngola a re: “Motho oa nama ha a amohele lintho tsa moea oa Molimo, etsoe ke booatla ho eena.” Ka lehlakoreng le leng, Pauluse o ile a hlalosa hore motho ea behileng kelello linthong tsa moea o tsejoa ka ho ba le “kelello ea Kreste.”—1 Bakorinthe 2:14-16.

Ha e le hantle, ho ba le “kelello ea Kreste” ho bolela ho ba le “boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona.” (Baroma 15:5; Bafilipi 2:5) Ka mantsoe a mang, motho ea behileng kelello linthong tsa moea ke motho ea nahanang joaloka Jesu le ea tsamaeang mehatong ea Hae. (1 Petrose 2:21; 4:1) Ha kelello ea motho e tšoana le ea Kreste haholo, bomoea ba hae bo ba matla haholo ’me o haufi haholo le ho fumana “bophelo le khotso.”—Baroma 13:14.

Kamoo U ka Tsebang “Kelello ea Kreste”

Leha ho le joalo, hore motho a be le kelello ea Kreste, o lokela ho qala ka ho tseba kelello ea Kreste. Kahoo, bohato ba pele ba ho ba le bomoea ke ho tseba tsela eo Jesu a nahanang ka eona. Empa u ka tseba joang kelello ea motho ea phetseng lefatšeng lilemong tse fetileng tse 2 000? Ka mohlala, u ile ua tseba joang ka batho ba khale ba naha ea heno? Ho ka etsahala hore e bile ka ho bala ka bona. Ka ho tšoanang, tsela ea bohlokoa ea hore u tsebe kelello ea Kreste ke hore u bale histori e ngotsoeng ea Jesu.—Johanne 17:3.

Tabeng ea Jesu, ho na le litlaleho tse ’nè tse hlakileng tsa Likosepele tse ngotsoeng ke Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Ha u bala litlaleho tsena ka hloko li tla u thusa ho bona maikutlo a Jesu a tebileng, tsela eo a nahanang ka eona le se susumetsang liketso tsa hae. Ha u ipha nako ea ho thuisa ka seo u se balang ka Jesu, u qala ho bona ka kelello hore na e ne e le motho oa mofuta ofe. Esita le haeba u se u inka hore u molateli oa Kreste, ho bala hoo le ho thuisa hoo ho tla u thusa hore u “tsoele pele ho hōla moseng o sa tšoanelang le tsebong ea Morena le Mopholosi oa rōna Jesu Kreste.”—2 Petrose 3:18.

Re ntse re hopotse sena, a re hlahlobeng litemana tse ling ka Likosepeleng e le hore re bone hore na ke eng e neng e etsa hore Jesu a behe kelello ea hae linthong tsa moea. Ebe ua ipotsa hore na u ka etsisa mohlala oo a ileng a o beha joang.—Johanne 13:15.

Bomoea le “Litholoana Tsa Moea”

Mongoli oa Kosepele Luka o ile a bolela hore moea o halalelang oa Molimo o ile oa tšolleloa ho Jesu ha a kolobetsoa le hore Jesu o ne “a tletse moea o halalelang.” (Luka 3:21, 22; 4:1) Jesu le eena o ile a thusa balateli ba hae ho utloisisa bohlokoa ba ho tsamaisoa ke moea o halalelang oa Molimo, kapa “matla a sebetsang” a Molimo. (Genese 1:2; Luka 11:9-13) Ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa hakaale? Ke hobane moea oa Molimo o na le matla a ho fetola kelello ea motho, e le hore e qale ho tšoana le ea Kreste. (Baroma 12:1, 2) Moea o halalelang o etsa hore motho a be le litšobotsi tse kang “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo [le] boitšoaro.” Litšobotsi tsena—tseo Bibele e reng ke “litholoana tsa moea”—li khetholla motho ea behileng kelello linthong tsa moea e le kannete. (Bagalata 5:22, 23) Ka bokhutšoanyane, motho ea behileng kelello linthong tsa moea ke ea tsamaisoang ke moea oa Molimo.

Jesu o ile a bontša tholoana ea moea tšebeletsong eohle ea hae. Litšobotsi tse kang lerato, mosa le molemo li ne li totobala haholo tseleng eo a neng a tšoara batho bao ho neng ho nkoa hore ke ba tlaase sechabeng ka eona. (Matheu 9:36) Ka mohlala, hlokomela ketsahalo e ’ngoe e hlalositsoeng ke moapostola Johanne. Rea bala: “Eare ha [Jesu] a fetela pele a bona monna ea tsoetsoeng a foufetse.” Barutuoa ba Jesu le bona ba ile ba bona monna eo empa bona ba ne ba iponela moetsalibe feela. Ba ile ba botsa: “Ke mang ea entseng sebe, na ke monna enoa kapa batsoali ba hae?” Baahelani ba monna enoa le bona ba ne ba mo bona, empa ba ne ba iponela mokōpa-kōpa feela. Ba ile ba re: “Enoa ke monna ea neng a lula a kōpa, na ha ho joalo?” Leha ho le joalo, Jesu eena o ile a bona monna enoa ea foufetseng e le motho ea hlokang thuso. O ile a bua le monna eo ea foufetseng eaba oa mo phekola.—Johanne 9:1-8.

Ketsahalo ee e u bolella eng ka kelello ea Kreste? Taba ea pele, Jesu o ne a sa hlokomolohe batho ba tlaase empa o ne a ba tšoara ka qenehelo. Taba ea bobeli, o ne a ithaopela ho thusa batho ba bang. Na u nahana hore u latela mohlala oo oa Jesu? Na u bona batho ka tsela eo Jesu a neng a ba bona ka eona, u ba fa thuso eo ba e hlokang hore ba ntlafatse bophelo ba bona le ho ba fa tšepo ea bokamoso? Kapa u rata ba phahameng ’me u hlokomoloha ba tlaase? Haeba u bona batho ka tsela eo Jesu a neng a ba bona ka eona, ha ho pelaelo hore u latela mohlala oa Jesu.—Pesaleme ea 72:12-14.

Bomoea le Thapelo

Litlaleho tsa Likosepele li bontša hore hangata Jesu o ne a bua le Molimo ka thapelo. (Mareka 1:35; Luka 5:16; 22:41) Ha Jesu a ntse a phetha tšebeletso ea hae lefatšeng, o ne a ipehela nako ea ho rapela. Morutuoa Matheu o ile a ngola a re: “Ha a itse bongata bo tsamaee, [Jesu] a nyolohela thabeng a le mong ho ea rapela.” (Matheu 14:23) Jesu o ne a fumana matla linakong tse joalo tseo a neng a buisana ka khutso le Ntate oa hae oa leholimo. (Matheu 26:36-44) Kajeno, batho ba behileng kelello linthong tsa moea le bona ba batla menyetla ea ho bua le Molimo, ba tseba hore ho etsa joalo ho tla matlafatsa kamano ea bona le ’Mōpi ho be ho ba thuse hore ba ikitlaelletse ho nahana joaloka Kreste.

Hangata Jesu o ne a nka nako e telele a rapela. (Johanne 17:1-26) Ka mohlala, pele Jesu a khetha banna ba 12 bao e neng e tla ba baapostola ba hae, o ile “a tsoela ntle thabeng ho ea rapela, ’me a hlola bosiu bohle a rapela Molimo.” (Luka 6:12) Le hoja batho ba behileng kelello linthong tsa moea ba sa nke bosiu bohle ba rapela, ba latela mohlala oa Jesu. Pele ba etsa liqeto tse khōlō bophelong, ba ipha nako e ngata ea ho rapela Molimo, ba batla tataiso ea moea o halalelang ha ba khetha lintho tse tla ntlafatsa bomoea ba bona.

Lithapelong tsa hae, Jesu o ile a boela a bontša botšepehi boo re lokelang ho bo etsisa lithapelong tsa rōna. Hlokomela seo Luka a ileng a se ngola mabapi le tsela eo Jesu a ileng a rapela ka eona bosiung ba pele a e-shoa. “Ha a e-ba bohlokong bo otlang pelo a tsoela pele ho rapela ka tieo haholo; ’me mofufutso oa hae oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatše.” (Luka 22:44) Jesu o ne a ’nile a rapela ka tieo le pele, empa lekhetlong lena, ha a ne a talimane le teko e matla ka ho fetisisa bophelong ba hae ba lefatšeng, o ile a rapela “ka tieo haholo”—’me thapelo ea hae e ile ea arabeloa. (Baheberu 5:7) Batho ba behileng kelello linthong tsa moea ba latela mohlala oa Jesu. Ha ba le har’a liteko tse matla haholo, ba rapela Molimo “ka tieo haholo” hore a ba fe moea o halalelang, tataiso le matla.

Kaha ho hlakile hore Jesu o ne a rapela hangata, ha ho makatse ha balateli ba hae ba ne ba batla ho rapela joaloka eena. Kahoo, ba ile ba mo kōpa: “Morena, re rute ho rapela.” (Luka 11:1) Le kajeno, batho ba behileng kelello linthong tsa moea e le kannete ’me ba batla ho tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo ba latela mohlala oa Jesu ka tsela eo ba rapelang Molimo ka eona. Bomoea ba ’nete le thapelo ke mathe le leleme.

Bomoea le ho Bolela Litaba Tse Molemo

Kosepeleng ea Mareka, re fumana tlaleho eo ho eona Jesu a ileng a phekola batho ba bangata ba kulang, a ba phekola ho fihlela bosiu haholo. Hoseng haholo ka letsatsi le hlahlamang ha a ntse a rapela moo a leng mong, baapostola ba hae ba ile ba tla ho eena ’me ba mo bolella hore batho ba bangata ba ntse ba mo batla, mohlomong ba ne ba batla ho phekoloa. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re ho bona: “A re eeng sebakeng se seng sesele, litoropong tse haufi tsa metsana, e le hore nka bolela le moo.” Ka mor’a moo Jesu o ile a ba hlalosetsa lebaka: “Ke tsoile ka morero ona.” (Mareka 1:32-38; Luka 4:43) Le hoja ho folisa batho e ne e le habohlokoa ho Jesu, mosebetsi o moholo oa Jesu e ne e le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Mareka 1:14, 15.

Kajeno, ba nang le kelello ea Kreste ba sa ntse ba tsejoa ka ho bolella batho ba bang litaba tsa ’Muso oa Molimo. Jesu o ile a fa bohle ba ratang ho ba balateli ba hae taelo ena: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Ntle ho moo, Jesu o ile a bolela esale pele a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Kaha Lentsoe la Molimo le bontša hore mosebetsi oa ho bolela o etsoa ka matla a moea o halalelang, ho kopanela ka cheseho mosebetsing ona ke bopaki ba bomoea ba ’nete.—Liketso 1:8.

Ho bolella batho ba lefatše kaofela molaetsa oa ’Muso ho hloka boiteko bo kopaneng ba batho ba limilione. (Johanne 17:20, 21) Batho ba tšoarehileng mosebetsing ona ba lokela ho beha likelello linthong tsa moea le ho hlophisoa hantle lefatšeng ka bophara. Na u ka supa batho ba latelang mehatong ea Kreste le ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng ka bophara?

U li Hahamalla Hakae?

Ha e le hantle, ho na le litšobotsi tse ling tseo motho ea behileng kelello linthong tsa moea e le kannete a tsejoang ka tsona, empa u hahamalla tseo re seng re buisane ka tsona hakae? E le hore u tsebe, ipotse: ‘Na ke bala Lentsoe la Molimo, Bibele, kamehla, ebe ke thuisa ka seo ke se balileng? Na ke bontša tholoana ea moea bophelong ba ka? Na ke rapela kamehla? Na ke batla ho kopanela le batho ba etsang mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng ka bophara?’

Ha u itlhahloba ka botšepehi u ka ’na ua tseba hore na bomoea ba hao bo matla hakae. Re u khothalletsa hore hona joale u nke mehato e hlokahalang e le hore u ka ba le “bophelo le khotso.”—Baroma 8:6; Matheu 7:13, 14; 2 Petrose 1:5-11.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

MATŠOAO A BOMOEA

◆ Ho rata Lentsoe la Molimo

◆ Ho bontša tholoana ea moea

◆ Ho rapela Molimo kamehla le ka botšepehi

◆ Ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Bibele e u thusa hore u tsebe “kelello ea Kreste”