Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebeletsa Jehova ke Tlotla Ebile ke Tokelo e Ikhethang

Ho Sebeletsa Jehova ke Tlotla Ebile ke Tokelo e Ikhethang

Pale ea Bophelo

Ho Sebeletsa Jehova ke Tlotla Ebile ke Tokelo e Ikhethang

Joalokaha ho boletse Zerah Stigers

Monna oa ka eo e neng e bile molekane ea tšepahalang tšebeletsong ea nako e tletseng, o hlokahetse ka 1938. Kahoo, ke ile ka sala le ngoana oa lesea le mora ea lilemo li leshome, bao ke neng ke lokela ho ba hlokomela. Le hoja ke ne ke ntse ke labalabela ho sebeletsa ke le pula-maliboho, ke ne ke tla khona joang? E-reng ke qale ka ho le phetela ka bophelo ba ka ho tloha bongoaneng pele ke le phetela hore na ke ile ka khona joang.

NAKOANA ka mor’a hore ke hlahele Alabama, U.S.A., ka la 27 July, 1907, batsoali ba ka ba ile ba fallela le ’na le banab’eso ba bararo Georgia. Nakoana ka mor’a moo, re ile ra ea Tennessee, ka mor’a moo ra ea tikolohong ea Tampa, Florida. Ka 1916 ha re ntse re le moo, ke ile ka bona baesekopo e nang le sehlooho se reng “Photo-Drama of Creation.” Indasteri ea libaesekopo e ne e le hona e qalang, ’me motho e mong le e mong o ne a thabela “Photo-Drama” haholo!

Batsoali ba ka ba ne ba khothaletse ho bala Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling tsa Bibele. Le hoja Ntate a ne a rata ho bala lingoliloeng tsena, ka nako eo e ne e se setho se mafolofolo sa Liithuti Tsa Bibele, tse seng li bitsoa Lipaki Tsa Jehova hona joale. Leha ho le joalo, ’Mè, o ne a e-ea le rōna bana libokeng. Ha e le hantle, nakoana ka mor’a hore re fallele Niles, Michigan, kamehla re ne re nka leeto la lik’hilomithara tse ka holimo ho 16 ka terene ho ea libokeng South Bend, Indiana.

Hamorao, ka la 22 July 1924, ke ile ka kolobetsoa ho bontša hore ke inehetse ho Jehova. Kapele ka mor’a moo, ’Mè o ile a lokisa maemo a hae hore e be morekisi oa libuka, e leng kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova ba neng ba bitsoa kateng. Mohlala o motle oa hae le oa barekisi ba bang ba libuka o ile oa ntšusumelletsa hore le ’na ke etse mosebetsi oo.

Ke Fumana Molekane

Ha ke ne ke le kopanong e khōlō Indianapolis, Indiana, ka 1925, ke ile ka kopana le James Stigers, ea neng a tsoa Chicago. Hona hoo feela ke ile ka khahloa ke ho bona hore James ke mohlanka ea chesehang oa Jehova. Ke ne ke lula hōle le Chicago ka lik’hilomithara tse 160, kahoo ho ne ho se bonolo hore re etelane. Nakong eo, ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela motseng oo o moholo, ’me liboka li ne li tšoareloa mokatong oa bobeli kamoreng e hiriloeng. James o ne a ngola hangata hore a nkhothatse moeeng. Re ile ra nyalana ka December 1926, ’me hoo e ka bang selemo hamorao, ke ile ka itsibola ka mora oa rōna, Eddie.

Nakoana ka mor’a moo, ’na le James re ile ra qala bopula-maliboho hammoho. Re ile ra sebetsa liprofinseng tse robeli—e leng Michigan, Louisiana, Mississippi, South Dakota, Iowa, Nebraska, California le Illinois, ’me re ile ra thabela lilemo tse monate ka ho fetisisa bophelong ba rōna. Lilemo tsena tseo re neng re li thabela re le lelapa, li ile tsa senngoa feela ke ho kula ha James.

Ho kula ha James ho ile ha re ama licheleteng ’me re ile ra tlameha ho khutlela Chicago ka 1936 ho ea lula le ’mè matsale, eo le eena e neng e le Paki. Ha James a se a kulela lefu, ha ke ntse ke le moimana oa ngoana oa rōna oa bobeli, ke ne ke sebeletsa $1 ka letsatsi lebenkeleng le rekisang lijo tsa motšehare. ’Mè matsale oa ka eo ke mo ratang o ne a netefatsa hore re na le lijo tse ngata, ’me o ne a sa re lefise. O ne a re hlokometse hantle haholo.

James o ile a kula ka lilemo tse peli pele a bolaoa ke ho ruruha boko. O hlokahetse ka July 1938. Ha a ntse a kula, o ne a sa khone ho khanna koloi, empa o ne a sebelisa monyetla o mong le o mong ho pakela ba bang. E le hore ho be le chelete ka lapeng, ke ile ka tlohela tšebeletso ea nako e tletseng. Ke ne ke fumana mesebetsi e sa tšoaneng, o mong le o mong e le oa nakoana feela.

Mora oa rōna Bobby o ile a hlaha ka la 30 July, 1938, matsatsi a robeli feela ka mor’a lefu la ntat’ae. Leha ho le joalo, ’mè matsale o ile a hana ha ke e-ea sepetleleng sa ’muso. Ho e-na le hoo, o ile a lokisetsa hore ke ee sepetleleng se nang le litšebeletso tse molemo seo ho sona ke neng ke tla hlokomeloa hantle ke ngaka ea hae. Ho feta moo, o ile a ntefella sepetlele, ’me ke ile ka leboha haholo pontšo ena ea lerato la Bokreste.

Ke Khutlela Tšebeletsong ea Nako e Tletseng

Re ile ra lula le ’mè matsale ho fihlela Bobby a feta-fetile lilemo tse 2, ’me nakong ena Eddie o ne a e-na le lilemo tse 12. Le hoja ke ile ka tlameha ho ithuta ho tloaela maemo a ka a macha, ke ne ke ntse ke e-na le takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Kopanong ea Detroit, Michigan, ka 1940, ke ile ka kopana le banyalani ba bo-pula-maliboho ba ileng ba nkhothalletsa hore ke e’o bula maliboho Carolina Boroa. Kahoo ke ile ka reka koloi ea Pontiac ea 1935 ka $150 eaba ke lokisetsa ho fallela moo. Ka 1941, e leng selemo seo ka sona United States e ileng ea kena Ntoeng ea II ea Lefatše, ’na le bashemane ba ka ba babeli re ile ra leba karolong e ka boroa ea United States, ’me ke ile ka boela ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng.

Ha re fallela Carolina Boroa, re ile ra fihlela Camden, ra nt’o leba Little River, ’me ka mor’a moo ra ea Conway. Ha re le Conway, ke ile ka reka k’haravene e nyenyane. Motho e mong ea mosa ea neng a e-na le karache ea peterole o ile a ntumella hore ke emise k’haravene ea ka haufi le karache ea hae, a ba a ntumella ho hula khase le motlakase hona teng, haesita le hore ke sebelise ntloana ea sebaka seo sa hae. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, peterole e ne e haella, ’me ho ne ho se moo nka e fumanang teng. Ka lebaka lena ke ile ka reka baesekele ea khale. Joale, ka 1943, ha ho ne ho bonahala eka nka se khone ho tsoela pele ka bopula-maliboho hobane chelete ea rōna e ne e felile, ke ile ka kōptjoa hore ke be pula-maliboho ea khethehileng, kahoo ke ne ke buseletsoa chelete ea litšenyehelo khoeli le khoeli. Haesale Jehova a ntse a nthusa haholo ka lilemo tsena tsohle!

Ho ne ho se Lipaki tse ling tse neng li lula Conway ka nako eo, ’me ho ne ho le thata hore ’na le bana re tsoele tšebeletsong re le bang. Kahoo ke ile ka ngola ’me ka kōpa pula-maliboho ea khethehileng eo nka sebetsang le eena, ’me ka 1944, ke ile ka fuoa pula-maliboho ea hloahloa—e leng Edith Walker! Re ile ra sebetsa libakeng tse ngata hammoho ka lilemo tse 16. Ka masoabi o ile a kula ka mor’a moo eaba o tlameha ho khutlela Ohio.

Litlhohonolofatso Tse ke Keng Tsa Lebaloa

Har’a lintho tse ngata tse thabisang tseo ke li hopolang lilemong tseo, nke ke ka lebala Albertha ea lilemo li 13, ea neng a lula Conway ’me a hlokometse nkhono oa hae ea holofetseng le likhaitseli tsa hae tse peli tse tlang ka mor’a hae. O ne a rata linnete tsa Bibele tseo ke neng ke mo ruta tsona ’me a batla ho li bolella ba bang. Le eena o ne a rata bopula-maliboho haholo ’me o ile a qala ho bula maliboho ha a qeta sekolong se phahameng ka 1950. Lilemo tse fetang 57 hamorao, o sa ntse a le tšebeletsong ea nako e tletseng!

Ka 1951, ’na le Edith re ile ra fuoa kabelo ea ho ea sebetsa ka nakoana Rock Hill, Carolina Boroa, moo ho neng ho e-na le Lipaki tse seng kae. Ka mor’a moo re ile ra ea Elberton, Georgia, ka lilemo tse tharo. Ho tloha moo re ile ra khutlela Carolina Boroa moo ke ileng ka lula teng ho tloha ka 1954 ho fihlela ka 1962. Ha ke le Walhalla ke ile ka kopana le mosali-moholo e mong ea sa utloeng hantle litsebeng ea bitsoang Nettie, ea neng a lula a le mong motseng oa mahaeng. Re ne re khanna thuto ea rōna ea Bibele ka hore a bale serapa bukeng, ’na ke supe potso ea serapa seo botlaaseng ba leqephe, ebe eena o supa karabo serapeng.

Ha ho ne ho e-na le ntho eo a neng a sa e utloisise, o ne a ngola potso ea hae pampiring, ebe ’na ke ngola karabo ka mor’a potso. Hamorao, Nettie o ile a ananela ’nete ea Bibele hoo a ileng a qala ho ba teng libokeng tsa phutheho haesita le ho kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo. O ne a etela malapeng a le mong, empa ke ne ke e-ba haufi, hangata ka lehlakoreng le leng la seterata, ke le malala-a-laotsoe haeba a ka hloka thuso.

Ha ke ntse ke le Walhalla, koloi ea ka ea khale e ile ea robeha. Ke ile ka fumana koloi ea $100, empa ke ne ke se na chelete ea ho e reka. Ke ile ka ea ho Paki e nang le khoebo, ’me e ile ea nkalima $100 eo. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka fumana lengolo leo ke neng ke sa le lebella le tsoang ho ngoan’eso e monyenyane a bolela hore banab’eso ba sa tsoa fumana hore ha ntate a e-shoa, o ile a sia chelete e itseng bankeng. Ba ile ba buisana hore na ba etse joang ka eona, ’me kaofela ba ile ba lumellana hore ba nthomelle eona. Chelete eo e ne e le $100!

Ke Bula Maliboho le Bara ba Ka

Ha ba sa le banyenyane, Eddie le Bobby ba ne ba e-ba le ’na ka nako eohle mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Mehleng eo, batho ka kakaretso ba ne ba se na bothata ba lithethefatsi le tšusumetso ea boitšoaro e ne e se matla joaloka kajeno. Ho phela ka lintho tse lekaneng le ho tsepamisa mohopolo mosebetsing oa boboleli ho ile ha nthusa ho qoba mathata a mangata ao batsoali ba thulanang le ’ona kajeno ha ba hōlisetsa bana ba bona ho sebeletsa Jehova.

Eddie o ile a kena sekolo Camden ho fihlela a fetile sehlopha sa borobeli, ’me ka mor’a moo o ile a batla ho bula maliboho le ’na. Re ile ra thabela bopula-maliboho hammoho ka lilemo tse ’maloa. Ka mor’a moo o ile a lakatsa ho ea sebetsa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York, ’me o ile a sebetsa teng ho tloha ka 1947 ho fihlela ka 1957. Ka 1958 o ile a nyala Albertha, eo e neng e le seithuti sa ka sa Bibele, ’me ba ile ba bula maliboho hammoho. Re ile ra thaba haholo ka 2004 ha boraro ba rōna re e-ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho!

Ke hopola hore ka letsatsi le leng lilemong tse ngata tse fetileng, ke ile ka utloa Bobby e monyenyane a rapela Jehova hore a nthuse hore ke fumane peterole e lekaneng hore ke sebelise koloi hore ke e’o fihla lithutong tsa ka tsa Bibele tsa kamehla. Bophelong bohle ba hae, Bobby o bontšitse hore o rata tšimo ’me o ile a thabela bopula-maliboho ka lilemo tse ngata. Ka masoabi, Bobby le eena o ile a oeloa ke tlokotsi ka lapeng. Ka 1970 mosali oa hae eo ba neng ba e-na le likhoeli tse 22 feela ba nyalane o ile a bolaoa ke pelehi le mafahla a hae a mabeli. ’Na le Bobby haesale re lula libakeng tse bapileng, ’me le tšebelisano ea rōna e ntle haholo.

Ke sa Ntse ke Bula Maliboho!

Ka 1962, ke ile ka abeloa phuthehong eo ke leng ho eona hona joale Lumberton, Carolina Leboea, ’me ke ntse ke le hona teng ka mor’a lilemo tse 45. Ke ile ka tsoela pele ho khanna koloi ea ka ho fihlela ke le lilemo li 84. Ha ke e-ea libokeng tsa phutheho le ha ke e-ea mosebetsing oa boboleli, ke tsamaea le lelapa le leng la Lipaki le lulang haufi le ’na.

Ke na le seikokotlelo se tšoaroang ka matsoho a mabeli le setulo sa batho ba nang le bokooa, empa ha ho hlokahale hore ke li sebelise hobane ke ntse ke khona ho itsamaisa. Ke leboha Jehova hore ebe ha ke khathatsoe ke ho kula, ke morao tjena feela moo ke tšoenngoang ke mahlo. Ke ba teng kamehla libokeng tsa phutheho ntle le ha ke kula haholo, ’me ke ntse ke tsoela pele ho sebetsa ke le pula-maliboho oa kamehla ea sebetsang lihora tseo a ka li khonang.

Kaha ke sebelitse ka thabo tšebeletsong ea bopula-maliboho ka lilemo tse fetang tse 70, ka tieo nka bolela hore haesale Jehova a ntse a nthusa ka nako eohle. * Ke lemoha hore ha ho mohla nkileng ka ba motho ea bohlale haholo kapa ea sebetsang ka potlako, empa Jehova o tseba seo nka se etsang le seo nke keng ka se etsa. Ke leboha haholo hore ebe oa tseba hore ke leka ho mo sebeletsa le hore ebe o ntšebelisitse.

Ke nahana hore ho sebeletsa Jehova ka botlalo kamoo ho khonehang ke ntho ea bohlokoa hobane o re file lintho tsohle. Ha ke sa ntse ke khona, ha ho mosebetsi o mong oo nka o khethang ntle ho oa bopula-maliboho. Ho bula maliboho e bile tlotla e khōlō haholo! Thapelo ea ka ke hore Jehova a ntšebelise ka ho sa feleng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 30 Morali’abo rōna Stigers o phethile mosebetsi oa hae oa lefatšeng ka la 20 April, 2007, e leng likhoeli tse tharo feela pele a phetha lilemo tse 100. Rea khothala ha re bala ka lilemo tse ngata tseo a li qetileng tšebeletsong eo a e entseng ka botšepehi ’me re thabela hore o fumane moputso oa leholimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

’Na le monna oa ka re ne re sebelisa koloi ena mosebetsing oa ho rekisa libuka

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

’Na le bara ba ka ka 1941

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

’Na, Eddie le Bobby morao tjena