Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Itebele Khahlanong le ho Chacheha ka Mohono ha Mofuta o Mong le o Mong”

“Itebele Khahlanong le ho Chacheha ka Mohono ha Mofuta o Mong le o Mong”

“Itebele Khahlanong le ho Chacheha ka Mohono ha Mofuta o Mong le o Mong”

“Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”—LUKA 12:15.

1, 2. (a) U hlokometse eng ka lintho tseo batho ba li ratang le tseo ba li lelekisang kajeno? (b) Maikutlo a joalo a ka re ama ka tsela efe?

CHELETE, thepa, botumo le mosebetsi o lefang chelete e ngata le lelapa—tsena ke tse ling tsa lintho tseo batho ba bangata ba nkang hore li bontša hore motho o atlehile kapa ke tsona tse mo tiisetsang hore o atlehile le hore o tla ba le bokamoso bo sireletsehileng. Hoa bonahala hore linaheng tse ruileng le tse futsanehileng batho ba bangata ba rata lintho tse bonahalang baa li lelekisa, ba bile ba batla ho tsoela pele. Ka lehlakoreng le leng, haeba ba ne ba e-na le lerato la lintho tsa moea, le fokotseha ka sekhahla.

2 Ho joalo feela kaha Bibele e boletse esale pele. E re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona.” (2 Timothea 3:1-5) Ka lebaka la ho phela har’a batho ba tjena letsatsi le chabang le le likelang, Bakreste ba ’nete ba lula ba le tlas’a khatello ea hore le bona ba be le maikutlo a mofuta ona le hore ba phele ka tsela e joalo. Ke eng e ka re thusang hore re hanele boiteko ba lefatše lee ba ho re ‘hatella hore re tšoane le lona’?—Baroma 12:2, The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips.

3. Ke keletso efe eo Jesu a faneng ka eona eo re tla e hlahloba hona joale?

3 Joaloka “Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna,” Jesu Kreste o re file thuto ea bohlokoa mabapi le taba ena. (Baheberu 12:2) Ka lekhetlo le leng ha Jesu a ne a ntse a bua le letšoele a le hlalosetsa litaba tsa moea ka ho teba, monna e mong o ile a mo kena hanong ka ho mo kōpa: “Mosuoe, bolella mor’eso hore a nkarolele lefa.” Ha a mo araba, Jesu o ile a fa monna eo le ba neng ba mo mametse, keletso e matla. O ile a ba fa temoso e tōma mabapi le ho chacheha ka mohono a ba a hatisa temoso eo ka papiso e etsang hore motho a inahane. Re tlameha ho nka ka ho teba seo Jesu a se boletseng ka nako eo ’me re bone hore na re ka rua molemo joang ha re se sebelisa bophelong ba rōna.—Luka 12:13-21.

Kōpo e sa Lokelang

4. Ke hobane’ng ha ho ne ho sa lokela hore monna eo a kene Jesu hanong?

4 Pele monna eo a kena Jesu hanong, Jesu o ne a ntse a bua le barutuoa ba hae le batho ba bang ka hore ba itlhokomele hore e se ke ea e-ba baikaketsi le hore ba be sebete sa ho bolela hore ba bonngoeng le Mor’a motho hammoho le hore ba fumane thuso ea moea o halalelang. (Luka 12:1-12) Ruri tsena ke litaba tsa bohlokoa haholo tseo barutuoa ba hae ba neng ba lokela ho li nka ka ho teba. Leha ho le joalo, ha ho ntse ho buuoa ka taba e tebileng hakaalo, monna eo o ile a kena Jesu hanong a mo kōpa hore a kene lipakeng tabeng eo ho neng ho bonahala hore ke ea lelapa ea litsekisano tsa mafa. Leha ho le joalo, ho na le thuto ea bohlokoa eo re ka ithutang eona ketsahalong ena.

5. Seo monna eo a ileng a se kōpa se ne se bontša eng ka eena?

5 Ho ee ho thoe “motho o iponahatsa seo a leng sona ka hore na mehopolo ea hae e ba hokae ha a mametse thuto ea bolumeli.” Ha Jesu a ne a ntse a bua ka litaba tse tebileng tsa moea, e ka ’na eaba monna eo eena o ne a ntse a inahanetse ka hore na ebe a ka etsa’ng hore a atlehe licheleteng. Hore na o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho ipelaetsa ka taba ea lefa, teng ha ho boleloe. Mohlomong o ne a leka ho nka monyetla ka taba ea hore Jesu o ne a e-na le matla a bile a e-na le botumo bo botle ba hore ke moahloli ea bohlale litabeng tse amang batho. (Esaia 11:3, 4; Matheu 22:16) Leha ho le joalo, potso ea hae e ile ea bontša hore o na le bothata ka pelong—bothata bo tebileng ba ho se ananele litaba tsa moea. Na lee hase lebaka le letle la hore re ke re itlhahlobe? Ho tea mohlala, ho bonolo hore ha re le libokeng tsa Bokreste re lumelle mehopolo ea rōna ho lelera kapa ho nahana ka ntho eo re ka ’nang ra e etsa hamorao. Ho e-na le hoo, re lokela ho mamela ka hloko se buuoang ebe re nahana ka litsela tseo ka tsona re ka sebelisang boitsebiso boo ho ntlafatsa kamano ea rōna le Ntate oa rōna ea leholimong, Jehova Molimo hammoho le Bakreste-’moho le rōna.—Pesaleme ea 22:22; Mareka 4:24.

6. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a hana ho etsa seo monna eo a neng a mo kōpa sona?

6 Ho sa tsotellehe hore na ke sefe se ileng sa susumelletsa monna eo hore a etse kōpo eo, Jesu o ile a hana kōpo eo. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a re ho eena: “Monn’a heso, ke mang ea mpehileng moahloli kapa moaroleli oa lōna?” (Luka 12:14) Ha a ne a bolela seo, Jesu o ne a bua ka seo batho ba neng ba se tseba hantle, kaha ho latela Molao oa Moshe, baahloli ba metseng ba ne ba khethoa hore e be bona ba ahlolang litabeng tsa mofuta oo. (Deuteronoma 16:18-20; 21:15-17; Ruthe 4:1, 2) Ka lehlakoreng le leng, Jesu o ne a amehile ka litaba tsa bohlokoa haholo—ho paka ka ’nete ea ’Muso le ho ruta batho thato ea Molimo. (Johanne 18:37) Ha re latela mohlala oa Jesu, ho e-na le ho faposoa ke lintho tse sa reng letho, re sebelisa nako ea rōna le matla a rōna ho bolela litaba tse molemo le ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’—Matheu 24:14; 28:19.

Hlokomela ho Chacheha ka Mohono

7. Jesu o ile a hlokomela eng e bontšang hore o na le temoho?

7 Kaha Jesu o ne a khona ho bona merero ea pelo ea motho e ka hare-hare, o ne a lemohile hore ho na le ntho e khōlō e amehang ha e le moo monna eo a ne a mo kōpa hore a kene tabeng ea hae le mor’abo. Ka hona, ho e-na le hore feela a hane kōpo ea monna eo, Jesu o ile a fihla khubung ea taba ka ho re: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”—Luka 12:15.

8. Ho chacheha ka mohono ke eng, hona ho ka qetella ho bakile eng?

8 Ho chacheha ka mohono hase feela taba ea ho lakatsa ho ba le chelete kapa lintho tse itseng, tse ka sebelisoang hantle tse bileng li leng molemo. Dikishinari e ’ngoe e re ke “ho lakatsa leruo kapa ho rata ho ipokellela thepa ka tsela e feteletseng kapa ho lakatsa lintho tsa motho e mong.” Ho ka akarelletsa meharo ea ho rata ho ipokella lintho, mohlomong e bile e le lintho tsa motho e mong, ka sepheo feela sa hore e mpe ebe u na le tsona, u sa tsotelle hore na u hloka lintho life kapa hore na ketso eo e tla ama ba bang joang. Motho ea chachehang ka mohono o lumella litakatso tsa hae hore li laole monahano oa hae le liketso tsa hae hoo ha e le hantle li qetellang e le molimo oa hae. Hopola hore moapostola Pauluse o tšoantša motho ea meharo le morapeli oa litšoantšo, ea ke keng a ba le lefa ’Musong oa Molimo.—Baefese 5:5; Bakolose 3:5.

9. Ho chacheha ka mohono ho ka iponahatsa ka litsela life? Fana ka mehlala.

9 Ntho e thahasellisang ke hore Jesu o fane ka temoso mabapi le “ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong.” Ho chacheha ka mohono ho mefuta e mengata. Molao oa ho qetela ho Melao e Leshome o thathamisitse mefuta e meng ea hona ha o re: “U se ke ua lakatsa ntlo ea oa heno. U se ke ua lakatsa mosali oa oa heno, leha e le lekhoba la hae kapa lekhabunyane la hae kapa poho ea hae kapa esele ea hae kapa ntho leha e le efe ea oa heno.” (Exoda 20:17) Bibele e na le mehlala e mengata ea batho ba ileng ba oela sebeng se seholo ka lebaka la ho chacheha ka mohono ha mofuta o itseng. Satane ke eena oa pele ea ileng a chachehela ntho ea motho e mong ka mohono—khanya, tlotla le matla tseo e leng tsa Jehova a le mong. (Tšenolo 4:11) Eva o ile a chachehela ka mohono tokelo ea ho ipusa, ’me kaha o ile a thetsoa mabapi le taba ena, o ile a lihela moloko oa batho sebeng le lefung. (Genese 3:4-7) Bademona e ne e le mangeloi a sa kang a khotsofalla “sebaka sa ’ona sa pele empa a furalla sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng” bakeng sa ntho eo ba neng ba se na tokelo ho eona. (Juda 6; Genese 6:2) Hape nahana ka Balame, Akane, Gehazi le Judase. Ho e-na le hore ba khotsofalle tseo ba neng ba e-na le tsona bophelong, ba ile ba lumella takatso e feteletseng ea lintho tse bonahalang hore e ba susumelletse ho sebelisa hampe ho tšeptjoa ha bona e leng se ileng sa ba lihela tšenyehong le timetsong.

10. Tumellanong le keletso ea Jesu re lokela ho ‘lula re butse mahlo’ joang?

10 Ruri ho loketse hore ebe pele a fana ka temoso e mabapi le ho chacheha ka mohono Jesu o ile a bua mantsoe a reng “lulang le butse mahlo”! Hobane’ng? Hobane ho bonolo haholo hore batho ba hlokomele ha motho e mong a le meharo kapa a chacheha ka mohono, empa hase hangata ba lumelang hore bona ka bobona ba etsa sona seo. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o bolela hore “lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.” (1 Timothea 6:9, 10) Morutuoa Jakobo o bolela hore takatso e fosahetseng, “ha e emere, e tsoala sebe.” (Jakobo 1:15) Tumellanong le keletso ea Jesu, re lokela ho ‘lula re butse mahlo,’ eseng re shebile ba bang ho bona hore na tlhaloso eo e ba loketse kapa che, empa ho itlhahloba ho bona hore na re behile lipelo tsa rōna ho eng, e le hore ‘re itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong.’

Ho ba le Lintho Tse Ngata

11, 12. (a) Jesu o fane ka temoso efe mabapi le ho chacheha ka mohono? (b) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re mamele temoso ea Jesu?

11 Ho na le lebaka le leng hape la hore re itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono. Hlokomela hore na Jesu o ile a re’ng ka mor’a moo: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Sena ke seo motho a lokelang ho nahana ka sona ka ho teba mehleng ena ea rōna eo batho ba ratang lintho tse bonahalang, nakong ena eo batho ba nkang hore ho rua ho bolela thabo le katleho. Ka mantsoe ao, Jesu o ne a bolela hore ha hoa itšetleha ka lintho tse bonahalang hore motho a be le bophelo bo nang le morero e le kannete le bo khotsofatsang, ho sa tsotellehe hore na o na le tsona li le ngata hakae.

12 Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba hanana le sena. Ba ka ’na ba bolela hore lintho tse bonahalang li etsa hore motho a se ke a sokola bophelong li bile li etsa hore bophelo bo be monate, ka lebaka leo lia hlokahala. Kahoo, ba lelekisa lintho tse bonahalang le lintho tsa elektronike tseo ba lakatsang ho ba le tsona. Ba nahana hore sena se tla etsa hore ba phele hamonate. Empa ha ba nahana joalo, ha ba utloisise seo Jesu a neng a se bolela.

13. Re lokela ho ba le maikutlo afe a loketseng ka bophelo le lintho tse bonahalang?

13 Ho e-na le ho khathatseha ka taba ea hore na ho nepahetse kapa ho fosahetse hore motho a be le lintho tse ngata haholo, Jesu o ne a hlakisa taba ea hore bophelo ba motho ha bo hlahe “linthong tseo a nang le tsona,” ke hore lintho tseo a seng a ntse a e-na le tsona. Tabeng ena, kaofela ha rōna rea tseba hore e le hore re phele, kapa hore re tsoele pele re phela, ha ho hlokahale lintho tse ngata. Ho hlokahala feela lijo tse seng kae, liaparo le bolulo. Barui ba na le lintho tsena ka bongata, empa mafutsana ’ona a ka ’na a sokola hore a fumane lintho tseo a li hlokang. Leha ho le joalo phapang ena ea fela nakong ea lefu—ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea fela. (Moeklesia 9:5, 6) Kahoo, e le hore bophelo bo be bohlokoa le hore bo be le morero, ha hoa itšetleha feela ka lintho tseo motho a ka bang le tsona kapa tseo a nang le tsona, ebile ha hoa lokela hore ho be joalo. Taba ena e totobala ha re sheba hore na Jesu o ne a bua ka bophelo ba mofuta ofe.

14. Re ka ithuta’ng ka lentsoe le sebelisitsoeng bakeng sa “bophelo” tlalehong e ka Bibeleng?

14 Ha Jesu a ne a re, ‘bophelo ha bo hlahe linthong tseo motho a nang le tsona,’ lentsoe leo a le sebelisitseng mona bakeng sa “bophelo” Kosepeleng ea Luka (zo·eʹ, ka Segerike) ha le bolele mokhoa oa ho phela kapa tsela eo motho a phelang ka eona, empa le bolela bophelo ka bobona, bophelo ka tsela ea sebele. * Seo Jesu a neng a se bolela ke hore, hore na re barui kapa re mafutsana, hore na re hafa ka nkatana kapa re kolla tsie hanong, ha re na taolo tabeng ea hore na re ka phela nako e telele hakae kapa hore na hosasa re tla be re ntse re phela. Thutong ea hae ea Thabeng Jesu o ile a re: “Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea bophelo ba hae ka setsoe se le seng?” (Matheu 6:27) Bibele e bontša ka ho hlaka hore Jehova ke eena “mohloli oa bophelo” a le mong, ’me ke eena feela ea ka fang batho ba tšepahalang “bophelo ba sebele,” kapa “bophelo bo sa feleng,” bophelo boo ho se nang mohla bo tla fela, ebang ke leholimong kapa lefatšeng.—Pesaleme ea 36:9; 1 Timothea 6:12, 19.

15. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba behile tšepo ea bona linthong tse bonahalang?

15 Mantsoe a Jesu a bontša ka moo ho leng bonolo kateng hore batho ba be le maikutlo a sothehileng ka bophelo. Ho sa tsotellehe hore na ba ruile kapa ke mafutsana, batho bohle ha baa phethahala ’me qetello ea bona e ’ngoe. Moshe oa boholo-holo o ile a hlokomela sena: “Matsatsi a lilemo tsa rōna ke lilemo tse mashome a supileng; haeba e le ka lebaka la matla a khethehileng e ba lilemo tse mashome a robeli, empa leha ho le joalo a tsitlella khathatsong le linthong tse kotsi; etsoe a lokela ho feta kapele, ’me rea fofa.” (Pesaleme ea 90:10; Jobo 14:1, 2; 1 Petrose 1:24) Ka lebaka lena, batho ba sa kang ba hlaolela kamano e ntle le Molimo hangata ba ba le maikutlo ana ao moapostola Pauluse a buang ka ’ona a ho re “a re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakorinthe 15:32) Ha ba bang ba hlokomela hore bophelo bo feta kapele ebile ha boa tsitsa, ba leka ho fumana tšireletso le botsitso linthong tse bonahalang. Mohlomong ba nahana hore ho ba le lintho tse ngata tse bonahalang ho ka etsa hore ka tsela e itseng bophelo ebe bo sireletsehileng haholoanyane. Kahoo, ba sebetsa ka thata ho ipokella leruo le thepa, ka phoso ba nahana hore lintho tse joalo ke tsona tse fanang ka tšireletso le thabo.—Pesaleme ea 49:6, 11, 12.

Bokamoso bo Sireletsehileng

16. Hore na bophelo ke ba bohlokoa hakae ha hoa itšetleha ka eng?

16 E ka ’na eaba ke ’nete hore maemo a holimo a bophelo—lijo tse ngata, liaparo tse ngata, bolulo le lintho tse ling tse ngata—a ka etsa hore motho a phele hamonate kapa a be a fumane kalafo ea boemo bo phahameng ’me seo se ka eketsa bophelo ba motho ka lilemo tse ’maloanyana. Leha ho le joalo, na bophelo bo joalo bo hlile bo na le morero bo bile bo sireletsehile haholoanyane? Hore na bophelo ke ba bohlokoa hakae ha hoa itšetleha ka hore na motho a ka phela lilemo tse kae le hore na motho o na le lintho tse bonahalang tse ngata hakae kapa hore na a ka sebelisa lintho tse ngata hakae. Moapostola Pauluse o bontšitse kotsi ea hore motho a tšepe lintho tse joalo. Ha a ngolla Timothea o itse: “Fana ka litaelo ho ba ruileng tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa, le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.”—1 Timothea 6:17.

17, 18. (a) Ke mehlala efe e ikhethang mabapi le lintho tse bonahalang eo re lokelang ho e latela? (b) Ke papiso efe ea Jesu eo re tla e hlahloba sehloohong se latelang?

17 Ha ho bohlale hore motho a behe tšepo ea hae maruong hobane ‘ha aa tsitsa.’ Mopatriareka Jobo o ne a hafa ka nkatana, empa eitse ha a oeloa ke tlokotsi ka tšohanyetso maruo a hae a ile a sitoa ho mo thusa, a ile a nyamela ka ho panya ha leihlo. Ke kamano ea hae e tiileng le Molimo e ileng ea mo thusa nakong ena ea liteko le matšoenyeho. (Jobo 1:1, 3, 20-22) Abrahama ha aa ka a lumella leruo la hae le lengata ho mo sitisa hore a amohele mosebetsi o thata oo Jehova a ileng a mo fa oona, ka lebaka leo o ile a hlohonolofatsoa ka hore e be “ntat’a lichaba tse ngata.” (Genese 12:1, 4; 17:4-6) Re lokela ho latela mohlala oa bona le mehlala e meng. E bang re batho ba baholo kapa re bacha, re lokela ho itlhahloba ho bona hore na ha e le hantle ke sefe seo e hlileng e leng sa bohlokoa bophelong ba rōna le hore na re behile tšepo ea rōna hokae.—Baefese 5:10; Bafilipi 1:10.

18 Mantsoe ana a seng makae ao Jesu a a buileng ka ho chacheha ka mohono le ka tsela e nepahetseng eo re lokelang ho nka bophelo ka eona, aa utloahala a bile a ruta e le kannete. Leha ho le joalo, ho na le se seng seo Jesu a neng a se nahanne, ka lebaka leo o ile a tsoela pele ka ho pheta papiso kapa setšoantšo se etsang hore motho a nahane ka ho teba, se buang ka monna oa morui ea se nang kahlolo e molemo. Papiso eo e na le molemo ofe bophelong ba rōna kajeno, hona re ka ithuta’ng ho eona? Sehlooho se latelang se tla arabela lipotso tsena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 Lentsoe le leng la Segerike le sebelisitsoeng bakeng sa “bophelo” ke biʹos, e leng lentsoe leo ho lona ho tsoang mantsoe a Senyesemane a kang biography kapa biology. Ho latela Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words, lentsoe lena biʹos le bolela “nako eo motho a e phelang,” “mokhoa oa hae oa bophelo,” le “tsela eo motho a iphelisang ka eona.”

U ka Araba Joang?

• Re ka ithuta’ng tabeng ea hore ebe Jesu o ile a hana ho etsa seo monna e mong ea neng a le har’a letšoele a neng a mo kōpa sona?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho loantša ho chacheha ka mohono, hona re ka etsa see joang?

• Ke hobane’ng ha bophelo bo sa hlahe linthong tse bonahalang?

• Ke eng e ka etsang hore bophelo e be ba bohlokoa e le kannete le e ka etsang hore e be bo sireletsehileng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a hana ho etsa seo monna e mong a neng a mo kōpa sona?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho chacheha ka mohono ho ka tlisetsa motho litlokotsi tse khōlō

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Abrahama o ile a bontša joang hore o na le maikutlo a nepahetseng ka lintho tse bonahalang?