Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Morena Saule a ile a re ho Davida, “U mora oa mang, moshanyana?” ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe, le hoja pejana Saule a ne a ile a romela molaetsa oa hore Davida e tl’o ba mosebeletsi oa hae?—1 Samuele 16:22; 17:58.

Tlhaloso e bonolo ke hore Saule o ne a lebetse hore na Davida ke mang kaha nakong eo ba neng ba qala ho kopana, ba ile ba kopana hakhutšoanyane feela. Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka sena ke sona se neng se etsahala kaha tlaleho e ho 1 Samuele 16:18-23 e bontša hore Morena Saule o ne a ile a romela hore a bitsetsoe Davida ka ho khetheha ’me a ile a mo rata haholo hoo a ileng a ba a mo etsa mojari oa lihlomo tsa hae. E tlameha ebe Saule o ne a tseba Davida hantle.

Litsebi tse ling tsa Bibele li nka hore 1 Samuele 17:12-31 le 17:55–18:5 ke litemana tse ngotsoeng hamorao kaha ha li hlahe likoping tse ling tsa Septuagint ea Segerike, e leng phetolelo ea Mangolo a Seheberu e phethetsoeng lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Leha ho le joalo, ha ho bohlale ho etsa qeto ho itšetlehiloe ka likopi tsena tsa Septuagint feela kaha litemana tsena li hlaha libukeng tse ling tse amoheloang tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Seheberu. *

Kamoo ho bonahalang kateng, ka hore Saule a qale ka ho botsa Abnere lebitso la ntate oa Davida ebe ka mor’a moo o botsa le eena Davida, sena se bontša hore o ne a sa batle ho tseba lebitso la ntate oa Davida feela. Kaha o ne a ithutile ntho e ncha ka Davida, hore ke motho ea nang le tumelo e matla le ea sebete ea neng a sa tsoa hlōla Goliathe, joale Saule o ne a batla ho tseba hore na monna ea hōlisitseng moshanyana ea tjena ke motho ea joang. Mohlomong Saule o ne a e-na le maikutlo a ho kenya ntate oa Davida, Jese, kapa ba bang ba lelapa la hae lebothong la hae, kaha ho ne ho ka ’na ha etsahala hore ebe le bona ba sebete ebile ke bahale joaloka Davida.

Le hoja 1 Samuele 17:58 e akarelletsa feela karabo ea Davida e khutšoanyane e reng, “ke mora oa mohlanka oa hao Jese Mobethlehema,” se latelang se bontša hore e ka ’na eaba puisano e ile ea tsoela pele. Mabapi le taba ena, hlokomela se ileng sa boleloa ke C. F. Keil le F. Delitzsch, ba ile ba re: “Mantsoe a hlahang ho [1 Samuele 18:1], a bontša ka ho hlaka hore ‘ha a qetile ho bua le Saule,’ Saule o ile a tsoela pele ho buisana le eena ka lelapa labo, kaha mantsoe ana ka booona a fana ka maikutlo a hore ho ile ha e-ba le moqoqo o molelele.”

Ho latela se boletsoeng ka holimo, re ka fihlela qeto ea hore ha a ne a botsa potso ena, “U mora oa mang, moshanyana?” Saule o ne a sa batle ho tseba feela hore na Davida ke mang kaha o ne a se a ntse a mo tseba, empa o ne a batla ho tseba histori ea Davida le ea lelapa labo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Mabapi le bonnete ba litemana tse sieo ho Septuagint, sheba Insight on the Scriptures, Buka 2, leqepheng la 855, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ke hobane’ng ha Saule a ile a botsa hore na Davida ke mor’a mang?