Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U “Ruela ho Molimo”?

Na U “Ruela ho Molimo”?

Na U “Ruela ho Molimo”?

“Kahoo ho joalo le ka motho ea ipolokelang letlotlo empa a sa ruela ho Molimo.”—LUKA 12:21.

1, 2. (a) Batho ba ’nile ba ikemisetsa ho itella ntho efe haholo? (b) Ke bothata le kotsi efe eo Bakreste ba lokelang ho talimana le eona?

HO THEOSA le lilemo, batho linaheng tse ngata ba ’nile ba sebetsa ka thata hobane ba ne ba ikemiselitse ho batla matlotlo. Ho tea mohlala, ho seuhela khauta ho ileng a etsahala Australia, Afrika Boroa, Canada le United States ho ile ha hohela batho ba tsoang hōle ba neng ba ikemiselitse ho siea mahae a bona le baratuoa ba bona hore ba e’o batla matlotlo linaheng tseo ba sa li tsebeng, ka linako tse ling ba bile ba sa amoheloe ka mofuthu linaheng tse joalo. Ka sebele batho ba bangata ba ikemiselitse ho beha bophelo ba bona kotsing le ho etsa boitelo bo boholo e le hore feela ba fumane maruo ao lipelo tsa bona li a labalabelang.

2 Le hoja kajeno batho ba bangata ba sa kena letšolong la sebele la ho batla matlotlo, ba sebetsa ka thata hore ba tsebe ho phela. Ho etsa joalo tsamaisong ena ea lintho ea hona joale, e ka ba ntho e thata haholo, ho ka hloka nako e ngata ’me ho ka boela ha imela motho. Ho bonolo hore motho a amehe haholo ka lijo, liaparo le bolulo hoo a ka qetellang a hlokomolohile lintho tsa bohlokoa kapa a bile a lebetse ka tsona. (Baroma 14:17) Jesu o ile a etsa setšoantšo kapa papiso e hlalosang hantle seo batho ba tloaetseng ho se etsa. E fumanoa ho Luka 12:16-21.

3. Ak’u phete ka bokhutšoanyane papiso ea Jesu e tlalehiloeng ho Luka 12:16-21.

3 Jesu o entse papiso ena nakong eo a neng a boetse a bua ka hore re se ke ra chacheha ka mohono, e leng seo re se tšohlileng ka botebo sehloohong se fetileng. Ka mor’a hore a fane ka temoso mabapi le ho chacheha ka mohono, Jesu o ile a bua ka monna oa morui ea sa khotsofalleng matlo a polokelo a tletseng lintho tse molemo ao a seng a ntse a e-na le ’ona, empa a qhaqha matlo a hae a polokelo hore a hahe a maholoanyane e le hore a boele a a tlatse ka lintho tse molemo tse ngata. Nakong eo a nahanang hore joale ke nako ea hore a rahe qhebe, Molimo o mo bolella hore o tla shoa le hore lintho tsohle tse molemo tseo a li bokeletseng e tla ba tsa motho e mong. Joale Jesu o phaella ka polelo ena e phethelang: “Kahoo ho joalo le ka motho ea ipolokelang letlotlo empa a sa ruela ho Molimo.” (Luka 12:21) Re ka ithuta’ng papisong ee? Re ka sebelisa seo re ithutang sona joang bophelong ba rōna?

Monna ea Nang le Bothata

4. Re ka re monna eo ho buuoang ka eena papisong ea Jesu ke motho ea joang?

4 Papiso ena eo Jesu a e entseng ea tsebahala. Rea hlokomela hore Jesu o qala pale ena ka ho re feela: “Tšimo ea motho ea itseng ea ruileng e ile ea beha hantle.” Jesu ha aa ka a re monna eo o ne a fumane maruo a hae ka bolotsana kapa ka litsela tse seng molaong. Ka mantsoe a mang monna eo o ne a sa hlahisoe e le motho e mobe. Ha e le hantle, ho latela seo Jesu a se boletseng, ke ntho e utloahalang ho etsa qeto ea hore monna eo ho buuoang ka eena papisong ena o ne a sebelitse ka thata. Bonyane ho ka thoe monna eo e ne e le motho ea roallang le sa sele, mohlomong a nahanne hore lelapa la hae le tle le se ke la sokola. Kahoo, mahlong a lefatše ho ka thoe ke monna ea neng a sebetsa ka thata, ea neng a nka boikarabelo ba hae ka ho teba.

5. Monna oa papisong ea Jesu o ne a tobane le bothata bofe?

5 Ntle ho moo, Jesu o itse monna eo oa papisong ea hae e ne e le morui, e leng motho ea neng a se a ntse a e-na le lintho tse ngata tse bonahalang. Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a boletse, monna eo oa morui o ne a e-na le bothata. Tšimo ea hae e ne e hlahisitse lijo tse ngata ho feta kamoo a neng a lebeletse kateng, li ne li le ngata ho feta lijo tseo a neng a li hloka kapa tseo a neng a ka tseba ho li boloka. O ne a lokela hore ebe o entse’ng?

6. Ke liqeto tsa mofuta ofe tseo bahlanka ba bangata ba Molimo ba lokelang ho li etsa kajeno?

6 Kajeno bahlanka ba bangata ba Jehova ba thulana le maemo a tšoanang le a monna eo oa morui. Bakreste ba ’nete ba ikitlaetsa hore e be batho ba tšepahalang, ba sebetsang ka thata ba bile ba le seli mosebetsing oa bona. (Bakolose 3:22, 23) E bang ba hiriloe kapa ba na le likhoebo tsa bona, hangata ba sebetsa hantle ebile baa ipabola ho seo ba se etsang. Ha ho ba le monyetla oa hore ba nyolloe mosebetsing kapa menyetla e mecha ea khoebo e hlaha, ba iphumana ba tlameha ho etsa qeto. Na ba lokela ho amohela ho nyolloa mosebetsing hore ba tsebe ho fumana chelete e ngata? Ka tsela e tšoanang bana ba bangata ba Lipaki ba sebetsa hantle sekolong. Ka lebaka leo, ba ka ’na ba tšepisoa likhau kapa lihlapiso tsa hore ba ntšetse lithuto tsa bona pele likolong tsa thuto e phahameng tse tummeng. Na ba lokela ho etsa se neng se tla etsoa ke batho ba bangata ba amohele seo ba se tšepisoang?

7. Monna oa papisong ea Jesu o ile a sebetsa bothata ba hae joang?

7 Ha re khutlela papisong ea Jesu, monna oa morui o ile a etsa’ng ha a ne a chaile hoo a neng a se na moo a ka bolokang lijo teng? O ile a etsa qeto ea hore a qhaqhe matlo a polokelo ao a neng a se a ntse a e-na le ’ona ’me a hahe a maholoanyane e le hore a tsebe ho boloka lijo-thollo tsohle le lintho tsohle tse molemo tseo a neng a e-na le tsona. Mohlomong morero oo oa hae o ne o ile oa etsa hore a ikutloe a sireletsehile a bile a khotsofetse hoo a bileng a ipolella a re: “Ke tla re ho moea oa ka: ‘Moea, u na le lintho tse ngata tse molemo tse bolokiloeng ka lilemo tse ngata; khatholoha, u je, u noe, u ithabise.’”—Luka 12:19.

Ke Hobane’ng ha ho Thoe ke “ea se Nang Kahlolo e Molemo”?

8. Ke ntho efe ea bohlokoa eo monna oa papisong ea Jesu a ileng a e tlōlisa mahlo?

8 Leha ho le joalo, ho ea ka moo Jesu a behileng litaba kateng, morero oa monna enoa oa morui o ne o mo entse hore a ikutloe eka o sireletsehile. Le hoja ho bonahala eka morero oo o ne o ka sebetsa, ho na le ntho ea bohlokoa eo a neng a e tlōlisitse mahlo—thato ea Molimo. Monna enoa o ne a inahana boeena feela, a inahanela feela ka hore na o tla khatholoha, a je, a noe a be a ithabise joang. O ne a nahana hore ka ho ba le “lintho tse ngata tse molemo” o ne a tla boela a phele ka “lilemo tse ngata.” Empa ka bomalimabe lintho ha lia ka tsa e-ba joalo. Joalokaha Jesu a boletse pejana, “esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Bosiung bona boo lintho tsohle tseo monna eo a neng a li sebelelitse li ile tsa fela ka tšohanyetso, hobane Molimo o ile a re ho eena: “Uena ea se nang kahlolo e molemo, bosiung bona ba batla moea oa hao ho uena. Joale, ke mang ea tla ba le lintho tseo u li bokeletseng?”—Luka 12:20.

9. Ke hobane’ng ha ho thoe monna eo oa papisong ha a na kahlolo e molemo?

9 Joale re kena khubung ea taba ea papiso ea Jesu. Molimo o ile a re monna enoa ha a na kahlolo e molemo. Buka ea Exegetical Dictionary of the New Testament e hlalosa hore sebōpeho sa lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona “kamehla le bontša ho hloka kutloisiso.” Buka eo e re papisong ena, ho thoe Molimo o sebelisa lentsoe leo ho bontša hore “merero ea barui ea bokamoso e hloka kelello.” Lentsoe le sebelisitsoeng mona ha le bolele motho ea sethoto, empa le bolela “motho ea hanang ho amohela hore o itšetlehile ka Molimo.” Tsela eo Jesu a hlalosang monna enoa oa morui ka eona e re hopotsa seo a ileng a se bua hamorao ho Bakreste ba phutheho ea lekholong la pele la lilemo ea Laodisia, Asia Minor, a reng: “U re: ‘Ke ruile ’me ke fumane maruo ’me ho hang ha ke hloke letho,’ empa ha u tsebe hore u sōtō ’me ua haula ebile u mofutsana ’me u foufetse ebile u hlobotse.”—Tšenolo 3:17.

10. Ke hobane’ng ha ho ba le “lintho tse ngata tse molemo” ho sa bolele hore joang kapa joang motho o tla phela “lilemo tse ngata”?

10 Ke hantle ha re tebisa maikutlo ka papiso ena. Na re ka tšoana le monna eo oa papisong—ra sebetsa ka thata ho etsa bonnete ba hore re tla ba le “lintho tse ngata tse molemo” empa ra sitoa ho etsa lintho tse hlokahalang hore re be le tšepo ea hore re phele “lilemo tse ngata”? (Johanne 3:16; 17:3) Bibele e re: “Lintho tsa bohlokoa e tla ba tse se nang molemo letsatsing la khalefo” ’me “ea tšepang maruo a hae—o tla oa.” (Liproverbia 11:4, 28) Ka lebaka leo, Jesu o ile a phaella temoso ena ea ho qetela papisong eo: “Ho joalo le ka motho ea ipolokelang letlotlo empa a sa ruela ho Molimo.”—Luka 12:21.

11. Ke hobane’ng ha e le lefeela ha motho a etsa hore tšepo ea hae le tšireletseho ea hae li likolohe linthong tse bonahalang?

11 Ha Jesu a ne a re “ho joalo,” o ne a bontša hore se etsahetseng ho monna eo oa morui oa papisong, se tla etsahala le ho batho ba thehileng bophelo ba bona, e leng tšepo ea bona le tšireletseho ea bona, linthong tse bonahalang feela. Bothata hase hakaalo ho ‘ipolokela letlotlo’ empa ke ho hlōleha ho “ruela ho Molimo.” Morutuoa Jakobo o ile a fana ka temoso e tšoanang ha a ne a ngola a re: “Joale, mamelang lōna ba reng: ‘Kajeno kapa hosasane re tla ea motseng ona ’me re tla qeta selemo moo, ’me re tla kena khoebong le ho etsa phaello,’ athe ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane.” Ba tšoanela ho etsa’ng? “Ho e-na le hoo, le tšoanela ho re: ‘Haeba Jehova a rata, re tla phela ’me re etse sena kapa sane.’” (Jakobo 4:13-15) Ho sa tsotellehe hore na motho o ruile hakae kapa hore na o na le lintho tse ngata hakae, lintho tseo kaofela e ka ba lefeela haeba motho a sa ruela ho Molimo. Joale, ho ruela ho Molimo ho bolela’ng?

Ho Ruela ho Molimo

12. Re tla ruela ho Molimo ha re etsa’ng?

12 Polelong ena ea Jesu, ho ruela ho Molimo ho bapisoa le ho ipolokela letlotlo, kapa ho ipokellela lintho tse bonahalang. Kahoo, Jesu o ne a bolela hore ho ipokellela maruo a lintho tse bonahalang kapa ho ithabisa ka lintho tseo re nang le tsona ha ea lokela ho ba eona ntho ea sehlooho bophelong ba rōna. Ho e-na le hoo, re lokela ho sebelisa matlotlo a rōna ho ntlafatsa kapa ho matlafatsa kamano ea rōna le Jehova. Ha re etsa joalo ruri re tla ruela ho Molimo. Hobane’ng? Hobane ho tla re fa monyetla oa hore re fumane mahlohonolo a mangata a tsoang ho eena. Bibele e re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”—Liproverbia 10:22.

13. Tlhohonolofatso ea Jehova e “ruisa” ka tsela efe?

13 Ha Jehova a hlohonolofatsa batho ba hae, kamehla o ba fa lintho tse molemo ka ho fetisisa. (Jakobo 1:17) Ho tea mohlala, ha Jehova a ne a fa Baiseraele lehae, e ne e le ‘naha e phallang lebese le mahe a linotši.’ Le hoja ho ’nile ha boleloa hore naha ea Egepeta le eona e ne e le joalo, naha eo Jehova a neng a e file Baiseraele e ne e fapane le Egepeta bonyane ka ntho e le ’ngoe ea bohlokoahali. Moshe o ile a bolella Baiseraele hore e ne e le ‘naha eo Jehova Molimo oa bona a e hlokometseng.’ Ka mantsoe a mang, ba ne ba tla atleha hobane Jehova o ne a tla ba hlokomela. Hafeela Baiseraele ba ne ba lula ba tšepahala ho Jehova, o ne a ba hlohonolofatsa ka ho enneng ’me ba ne ba phela bophelo boo ho neng ho totobetse hore bo monate ho feta ba lichaba tse neng li ba potolohile. Ruri tlhohonolofatso ea Jehova “ea ruisa”!—Numere 16:13; Deuteronoma 4:5-8; 11:8-15.

14. Ba ruetseng ho Molimo ba fumana eng?

14 Poleloana ho “ruela ho Molimo” e boetse e fetoleloa e le ho ba “morui mahlong a Molimo.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Hangata barui ba amehile ka hore na ba tla hlaha joang mahlong a batho. Sena se bontšoa ke tsela eo ba phelang ka eona. Ba rata ho khahlisa batho ka seo Bibele e reng ke “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” (1 Johanne 2:16) Ka lehlakoreng le leng, ba ruetseng ho Molimo bona ba amoheloa ke Molimo, ba fumana ka bongata mohau oa hae le mosa oa hae o sa tšoanelang, ’me ba boetse ba na le kamano e mofuthu le eena. E tlameha ebe ho ba boemong ba bohlokoa hakaalo hoa ba thabisa ho bile ho etsa hore ba ikutloe ba sireletsehile e leng seo maruo a lintho tse bonahalang a ke keng a ba fa sona. (Esaia 40:11) Potso e salang ke ea ho re: Re tšoanela ho etsa’ng e le hore re be ba ruileng mahlong a Molimo?

Ho Rua Mahlong a Molimo

15. Re lokela ho etsa’ng hore re ruele ho Molimo?

15 Papisong ea Jesu, monna eo ho buuoang ka eena moo o ile a iketsetsa moralo a ba a sebetsa ka thata hore a ithuise ’me ho ile ha thoe ke motho ea se nang kahlolo e molemo. Ka lebaka leo, e le hore re ruele ho Molimo, re tlameha ho ikitlaelletsa ho sebetsa ka thata mesebetsing eo e leng ea bohlokoa le e molemo e le kannete mahlong a Molimo. Har’a mesebetsi ena ke taelo ea Jesu e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:19) Ha re sebelisa matla a rōna, nako ea rōna le litalenta tsa rōna mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa, eseng ho intšetsa pele, ho tšoana le ha re iketsetsa letsete. Ba ileng ba etsa joalo ba fumane moputso o motle moeeng joalokaha liphihlelo tse latelang li bontša.—Liproverbia 19:17.

16, 17. U ka pheta liphihlelo life ho bontša hore na ke bophelo ba mofuta ofe bo etsang hore motho ebe ea ruileng mahlong a Molimo?

16 Nahana ka se etsahetseng ho monna e mong oa Mokreste naheng e ’ngoe ea Bochabela. O ne a sebetsa mosebetsi o lefang hantle a lokisa lik’homphieutha. Leha ho le joalo, mosebetsi ona o ne o ja nako eohle ea hae o mo etsa hore a lape moeeng. Qetellong, ho e-na le ho batla hore a be sa le a itlhomme ka pele mosebetsing oa hae, o ile a tlohela mosebetsi oo eaba o qala ho etsa ice-cream ’me a e rekisa seterateng e le hore a tsebe ho iphepa moeeng le ho phetha mesebetsi ea hae e mabapi le lintho tsa moea. Batho bao a neng a sebetsa le bona pele ba ne ba mo tlepa litšeho, empa lintho li ile tsa mo tsamaela joang? O ile a re: “Ha e le hantle ke ne ke fumana chelete e ngata ho feta ha ke ne ke lokisa lik’homphieutha. Ke thabile ho feta pele hobane ha kea imeloa maikutlong ebile ha ke tšoenyehe joalokaha ho ne ho etsahala mosebetsing oo ke neng ke o sebetsa pele. Empa ha bohlokoa haholo ke hore, hona joale ke ikutloa ke le haufi le Jehova ho feta pele.” Phetoho ena e thusitse Mokreste enoa hore a tsebe ho etsa tšebeletso ea nako e tletseng, ’me hona joale o sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova naheng ea habo. Ruri tlhohonolofatso ea Jehova “ea ruisa.”

17 Mohlala o mong ke oa mosali e mong eo lelapa labo le neng le rata thuto e phahameng haholo. O bile liunivesithing naheng ea Fora, Mexico le Switzerland ’me o ne a e-na le tšepo ea ho fumana mosebetsi o motle. O ile a re: “Ke ne ke atlehile, ke ne ke hlomphuoa ke bile ke fuoa menyetla e khethehileng, leha ho le joalo, botebong ba pelo ea ka ke ne ke se na morero, ke ne ke sa khotsofala ho hang.” Joale o ile a ithuta ka Jehova. O ile a re: “Ha ke ntse ke hōla moeeng, takatso ea ka ea ho khahlisa Jehova le ho re ke mo buseletse hanyenyane ho seo a neng a mphile sona e ile ea nthusa ka ho hlakileng hore ke bone tsela eo ke neng ke lokela ho e latela—ho mo sebeletsa ka nako e tletseng.” O ile a itokolla mosebetsing eaba hamorao oa kolobetsoa. Ka lilemo tse 20 tse fetileng o bile tšebeletsong ea nako e tletseng ’me o thabile. O re: “Ba bang ba nahana hore ke bapetse ka litalenta tsa ka, empa baa hlokomela hore ke thabile, ’me ba tsota tsela eo ke phelang ka eona. Letsatsi le leng le le leng ke rapela hore Jehova a nthuse hore ke ikokobetse e le hore a tsebe ho nkamohela.”

18. Joaloka Pauluse, re ka ruela ho Molimo joang?

18 Saule eo hamorao e ileng ea e-ba moapostola Pauluse, o ne a ka sebetsa mosebetsi o motle haholo. Leha ho le joalo, hamorao o ile a ngola sena: “Ke boetse ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka.” (Bafilipi 3:7, 8) Pauluse o ne a nka maruo ao a ileng a a fumana ka Kreste a feta ntho efe kapa efe eo lefatše le neng le ka mo fa eona. Ka tsela e tšoanang, haeba re tlohela lipakane tsa boithati ebe re phehella bophelo ba ho inehela ho Molimo, le rōna re ka thabela bophelo ba ho ba ba ruileng mahlong a Molimo. Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa: “Phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.”—Liproverbia 22:4.

Na U ka Hlalosa?

• Monna oa papisong ea Jesu o ne a e-na le bothata bofe?

• Ke hobane’ng ha ho ile ha thoe monna eo oa papisong ha a na kahlolo e molemo?

• Ho ruela ho Molimo ho bolela’ng?

• Re ka ruela ho Molimo joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ke hobane’ng ha ho ile ha thoe monna oa morui ha a na kahlolo e molemo?

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Menyetla ea ho intšetsa pele bophelong e ka ba teko ea sebele ka tsela efe?

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

“Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa”