Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tumelo ea ’Mè e Mong e Thethefatsa Bohloko

Tumelo ea ’Mè e Mong e Thethefatsa Bohloko

Tumelo ea ’Mè e Mong e Thethefatsa Bohloko

“Haeba le bala lengolo lena, ho bolela hore ha kea phela ha lingaka li nketsa opereishene le hore ha ke sa na le lōna.”

MANTSOE ana ke a qalang lengolo leo ’mè e mong oa Paki ea Jehova ea bitsoang Carmen a ileng a le ngolla barali ba hae ba bararo, ba nang le lilemo tse 25, 19 le 16. Ka masoabi, litaba ha lia ka tsa tsamaea hantle ha Carmen a ne a etsoa opereishene, ’me o ile a hlokahala.

Ke ntho e bohloko haholo ha motho a tlameha ho siea barali ba bararo habohloko joalo. Leha ho le joalo, tumelo ea ’mè enoa e matla ho Jehova le litšepisong tsa hae e ile ea thethefatsa bohloko bona, hobane e ile ea mo fa khotso e utloahalang ka ho hlaka lengolong lena le amang maikutlo. Hlokomela seo a ileng a se bolella barali ba hae.

“Pele ho tsohle, ke batla ho le bolella hore ke le rata ka pelo eohle ea ka. . . . Le barali ba bohlokoa ka ho fetisisa, ’me ke ikotla sefuba ka lōna.

“Ke ne ke ratile ho lula le lōna ho fihlela lefatše le lecha leo Molimo a re tšepisitseng lona le fihla . . . , empa kaha ho ke ke ha khoneha, ke mo kōpile hore a le thuse e le hore le ka tšepahala, joalokaha le ’nile la tšepahala. Re mameletse liteko tse ngata hammoho, ’me ha ho mohla Jehova a kileng a re lahla. . . . Kahoo tsoelang pele le tšepa tataiso eo a fanang ka eona ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae ’me le tsoele pele ho tšehetsa baholo le phutheho. Bolelang litaba tse molemo khafetsa kamoo le ka khonang, ’me le rate barab’abo rōna kaofela.

“Re tla arohana feela ka nakoana. . . . Ke kōpa le ntšoarele liphoso tsohle tseo ke li entseng le makhetlo ao ka ’ona ke sa kang ka le utloisisa kapa ke sa kang ka le bolella kamoo ke le ratang kateng. . . . Kea tseba hore le na le litlhoko tse sa tšoaneng. Jehova o tseba litlhoko tsa lōna ho le feta, o tla le putsa ka sohle seo le se hlokang ’me o tla le putsa bakeng sa sohle seo le se mameletseng.

“Le se ke la lebala hore pakane ea lōna ke ho ea phela lefatšeng le lecha, ’me le ’ne le hahamalle ho ea fihla ho lona. E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa le ho le matlafatsa e le hore le tšepahale ho isa bofelong. . . . Barali ba ka ba ratoang, le se ke la sareloa. Kea le rata!”

Tlokotsi e ka oela mang kapa mang neng kapa neng. Morena Solomone oa boholo-holo o ile a ngola a re: “Bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Leha ho le joalo, ba nang le tumelo e matla ho Molimo, ba ka kholiseha joaloka moapostola Pauluse, ea ileng a re: “Ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo . . . kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.”—Baroma 8:38, 39; Baheberu 6:10.