Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Beha Jehova ka Pel’a Hao Kamehla

Beha Jehova ka Pel’a Hao Kamehla

Beha Jehova ka Pel’a Hao Kamehla

“Ke behile Jehova ka pel’a ka kamehla.”—PES. 16:8.

1. Litlaleho tsa Bibele li ka re ama joang?

LENTSOE la Jehova le ngotsoeng le na le tlaleho e hlollang ea tsela eo Molimo a ’nileng a sebelisana le batho ka eona. Le bua ka batho ba bangata ba kentseng letsoho ho phethahatsa morero oa Molimo. Ha e le hantle, seo ba se buileng le lintho tseo ba li entseng ha lia tlalehoa ka Bibeleng e le lipale feela tjee tseo re lokelang ho itlosa bolutu ka tsona. Ho e-na le hoo, litlaleho tsa mofuta ona li ka re atametsa ho Molimo.—Jak. 4:8.

2, 3. Re lokela ho utloisisa mantsoe a Pesaleme ea 16:8 joang?

2 Ho na le seo kaofela ha rōna re ka ithutang sona ka lintho tse etsahetseng bophelong ba batho ba tsebahalang haholo ba Bibele ba kang—Abrahama, Sara, Moshe, Ruthe, Davida, Esthere, moapostola Pauluse le ba bang. Leha ho le joalo, litlaleho tsa batho ba sa hlahellang le tsona li ka re tsoela molemo. Ha re thuisa ka litlaleho tsa Bibele sena se ka re thusa hore re etse seo mopesaleme a ileng a se etsa: “Ke behile Jehova ka pel’a ka kamehla. Kahobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa.” (Pes. 16:8) Re lokela ho utloisisa mantsoe aa joang?

3 Ka tloaelo lesole le ne le tšoara sabole ea lona ka letsoho la lona le letona, ’me lehlakore leo le ne le sa sireletsoe ke thebe e neng e tšoaroa ka letsoho le letšehali. Leha ho le joalo, lesole le ne le sireletseha haeba motsoalle oa lona a ne a ka loana a le haufi le lona ka lehlakoreng la lona le letona. Haeba re lula re nahana ka Jehova ’me re etsa thato ea hae, o tla re sireletsa. Kahoo, a re ke re boneng hore na ho nahana ka litlaleho tsa Bibele ho ka matlafatsa tumelo ea rōna joang e le hore ‘re ka hopola Morena [“Jehova,” NW] kamehla.’—Bibele Phetolelo e Ncha.

Jehova o Araba Lithapelo Tsa Rōna

4. Fana ka mohlala oa Mangolo ho bontša hore Molimo o araba lithapelo.

4 Haeba re beha Jehova ka pel’a rōna, o tla arabela lithapelo tsa rōna. (Pes. 65:2; 66:19) Re na le bopaki ba sena ka se ileng sa etsahalla mosebeletsi oa Abrahama ea neng a se a hōlile ho feta ba bang, eo ho ka etsahalang hore ebe ke Eliezere. Abrahama o ile a mo romela Mesopotamia ho ea batlela Isaka mosali ea tšabang Molimo. Eliezere o ile a rapella hore Molimo a mo tataise ’me a hlokomela hore Molimo o fela a mo tataisa ha Rebeka a ne a tšella likamele tsa hae metsi. Kaha Eliezere o ne a rapela ka tieo, o ile a fumana mosali eo Isaka a ileng a mo rata haholo. (Gen. 24:12-14, 67) Ke ’nete hore mohlanka oa Abrahama o ne a filoe thōmo e khethehileng. Empa na le rōna ha rea lokela ho ba le kholiseho e tšoanang ea hore Jehova o utloa lithapelo tsa rōna?

5. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Jehova a ka araba esita le thapelo e khutšoanyane e etsetsoang ka pelong?

5 Ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore re rapelle thuso ea Molimo ka potlako. Ka lekhetlo le leng, Morena Artaxerxese oa Persia o ile a hlokomela hore moqhatsetsi oa hae Nehemia o ne a tepeletse. Morena o ile a mo botsa: “‘U batla ho fumana eng?’ Hang-hang [Nehemia a] rapela Molimo oa maholimo.” Nehemia o ile a tlameha ho khutsufatsa thapelo eo, eo ho bonahalang hore o ne a e etsetsa ka pelong. Leha ho le joalo, Molimo o ile a e araba hobane morena o ile a tšehetsa Nehemia hore a tsose marako a Jerusalema. (Bala Nehemia 2:1-8.) Ka sebele, le thapelo e khutšoanyane eo motho a e etsetsang ka pelong e ka arajoa.

6, 7. (a) Mabapi le thapelo, Epafrase o behile mohlala ofe? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho rapella ba bang?

6 Re khothalletsoa hore ‘re rapellane,’ le hoja e se kamehla re fumanang bopaki ba hore lithapelo tse joalo lia arajoa. (Jak. 5:16) Epafrase, “mosebeletsi ea tšepahalang oa Kreste,” o ile a rapella ka tieo bao a amanang le bona tumelong. A ngola a le Roma, Pauluse o ile a re: “Epafrase, ea tsoang har’a lōna [Bakolose], lekhoba la Kreste Jesu, o le romela litumeliso, kamehla a ikitlaetsa molemong oa lōna lithapelong tsa hae, e le hore qetellong le ka ema le feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo. Ka sebele kea mo pakela hore o etsa boiteko bo matla molemong oa lōna le oa ba leng Laodisia le oa ba leng Hierapolise.”—Bakol. 1:7; 4:12, 13.

7 Kolose, Laodisia le Hierapolise e ne e le metse e tikolohong e le ’ngoe Asia Minor. Bakreste ba Hierapolise ba ne ba phela har’a barapeli ba molimotsana Cybele, ba neng ba le Laodisia bona ba ne ba phela har’a batho ba ratang lintho tse bonahalang, athe Bakolose bona ba ne ba le kotsing ka lebaka la lifilosofi tsa batho. (Bakol. 2:8) Ha ho makatse hore ebe Epafrase ea neng a tsoa Kolose o ile a ‘ikitlaetsa lithapelong’ molemong oa balumeli ba motseng oo! Bibele ha e bolele hore na lithapelo tsa Epafrase li ile tsa arajoa joang, empa ha aa ka a khaotsa ho rapella balumeli-’moho le eena ’me le rōna ha rea lokela ho khaotsa. Le hoja re sa ‘itšunya-tšunye litabeng tsa batho ba bang,’ ho ka etsahala hore ebe rea tseba hore setho sa lelapa kapa motsoalle oa rōna o tobane le teko e khōlō ea tumelo. (1 Pet. 4:15) E ka ba hantle hakaakang hore re mo rapelle sephiring! Pauluse o ile a thusoa ke lithapelo tsa ba bang, ’me ka ho tšoanang lithapelo tsa rōna li ka thusa ba bang haholo.—2 Bakor. 1:10, 11.

8. (a) Re tseba joang hore baholo ba Efese ba ne ba ananela bohlokoa ba thapelo? (b) Re lokela ho ba le maikutlo afe ha re rapela Molimo?

8 Na ba bang ba re nka re le banna le basali ba ananelang bohlokoa ba thapelo? Ka mor’a hore Pauluse a kopane le baholo ba Efese, o ile “a khumama fatše hammoho le bona kaofela eaba oa rapela.” Joale ho ile “ha tsoha ho lla ho hoholo har’a bona kaofela, eaba ba itihela molaleng oa Pauluse ’me ba mo aka ka lerato, hobane ba ne ba utloisitsoe bohloko haholo-holo ke lentsoe leo a neng a le buile la hore ba ne ba ke ke ba hlola ba bona sefahleho sa hae.” (Lik. 20:36-38) Ha re tsebe mabitso a baholo bao kaofela, empa ho hlakile hore ba ne ba ananela bohlokoa ba thapelo. Ka sebele re lokela ho ananela tlotla eo re nang le eona ea ho rapela Molimo ’me re lokela ho “phahamisa matsoho a tšepahalang” re lumela hore Ntate oa rōna ea leng leholimong o tla re araba.—1 Tim. 2:8.

Mamela Molimo ka Botlalo

9, 10. (a) Barali ba Zelofehade ba behile mohlala ofe? (b) Tsela eo barali ba Zelofehade ba ileng ba mamela ka eona e ka ’na ea ama tsela eo Mokreste oa lesooa a talimang lenyalo ka eona joang?

9 Haeba re beha Jehova ka pel’a rōna kamehla seo se tla re thusa hore re mo mamele ’me o tla re hlohonolofatsa. (Deut. 28:13; 1 Sam. 15:22) Sena se hloka hore re be batho ba ikemiselitseng ho mamela. Nahana ka maikutlo a barali ba motho ba bahlano, barali ba Zelofehade, ea neng a phela mehleng ea Moshe. E ne e le moetlo oa Baiseraele hore bara e be bona ba jang lefa la bo-ntat’a bona. Zelofehade o ile a shoa a se na bara, ’me Jehova o ile a fana ka taelo ea hore basali bana ba bahlano ba ne ba lokela ho fumana lefa lohle labo bona—empa ho ne ho e-na le seo ba lokelang ho se etsa. Ba ne ba lokela ho nyaloa ke bara ba leloko la Manase e le hore lefa leo ba le fumaneng le lule lelokong leo.—Num. 27:1-8; 36:6-8.

10 Barali ba Zelofehade ba ne ba e-na le tumelo ea hore lintho li tla tsamaea hantle haeba ba ne ba ka mamela Molimo. Bibele e re: “Feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe, ke tsela eo barali ba Zelofehade ba ileng ba etsa ka eona. Tumellanong le hoo Mahela, Tirza le Hogla le Milka le Noe, barali ba Zelofehade, ea e-ba basali ba bara ba barab’abo ntat’a bona. Ea e-ba basali ba ba bang ba malapa a bara ba Manase mora oa Josefa, e le hore lefa la bona le ka tsoela pele le le molokong oa lelapa la ntat’a bona.” (Num. 36:10-12) Basali bao ba mamelang ba ile ba etsa seo Jehova a neng a ba laetse sona. (Josh. 17:3, 4) Kaha ba na le tumelo e tšoanang, Bakreste ba masooa ba hōlileng moeeng ba mamela Molimo ka hore ba nyale “feela Moreneng.”—1 Bakor. 7:39.

11, 12. Kalebe o ile a bontša joang hore o ne a tšepa Molimo?

11 Re lokela ho mamela Jehova ka botlalo, joaloka Kalebe oa Moiseraele. (Deut. 1:36) Ka mor’a hore Baiseraele ba lopolloe Egepeta lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., Moshe o ile a romela banna ba 12 hore ba e’o hloela naha ea Kanana, empa ke lihloela tse 2 feela—Kalebe le Joshua—tse ileng tsa khothalletsa sechaba hore se tšepe Molimo ka botlalo ’me se kene naheng eo. (Num. 14:6-9) Hoo e ka bang lilemo tse mashome a mane hamorao, Joshua le Kalebe ba ne ba ntse ba phela ’me ba latela Jehova ka botlalo, ’me Molimo o ile a sebelisa Joshua ho etella Baiseraele pele ha ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Leha ho le joalo, ho bonahala eka lihloela tse leshome tse se nang tumelo tsona li ile tsa shoa lilemong tse 40 tseo Baiseraele ba neng ba ntse ba tsamaea lefeelleng ka tsona.—Num. 14:31-34.

12 Joaloka motho e moholo ea sa kang a shoa ha Baiseraele ba le lefeelleng, Kalebe o ne a ka ema ka pel’a Joshua ebe o re: “[Ke ile] ka latela Jehova Molimo oa ka ka ho feletseng.” (Bala Joshua 14:6-9.) Kalebe ea lilemo li 85 o ile a kōpa hore a fuoe naha e lithaba eo Molimo a neng a mo tšepisitse eona, le hoja ho ne ho e-na le lira tse lulang naheng eo metseng ea tsona e meholo e etselitsoeng liqhobosheane.—Josh. 14:10-15.

13. Ho sa tsotellehe liteko tseo re thulanang le tsona, re tla hlohonolofatsoa haeba re etsa’ng?

13 Joaloka Kalebe ea tšepahalang, le rōna o tla re tšehetsa haeba re ‘latela Jehova ka ho feletseng.’ Ha re thulana le mathata, re tla hlohonolofatsoa ha re ‘latela Jehova ka ho feletseng.’ Empa ho etsa joalo bophelong bohle ba rōna joaloka Kalebe, ho ka ba boima. Le hoja Morena Solomone a ile a etsa lintho hantle qalong, basali ba hae ba ile ba etsa hore pelo ea hae e batle ho sebeletsa melimo ea bohata ha a se a tsofetse, ’me “ha aa ka a latela Jehova ka botlalo joaloka ntat’ae Davida.” (1 Mar. 11:4-6) Ho sa tsotellehe liteko tseo re thulanang le tsona, e se eka kamehla re ka mamela Molimo ka botlalo ’me re mo behe ka pel’a rōna kamehla.

Tšepa Jehova Kamehla

14, 15. Ho latela se ileng sa etsahalla Naomi, u ithutile eng e bontšang hore ho hlokahala hore re tšepe Molimo?

14 Re lokela ho tšepa Molimo haholo-holo haeba re nyahame hobane bokamoso ba rōna bo bonahala bo le lerootho. Nahana ka Naomi ea hōlileng ea ileng a shoeloa ke monna oa hae le bara ba hae ba babeli ka lebaka la sera se bitsoang lefu. Ha a khutlela Juda a tsoa Moabe, o ile a bua ka pelo e bohloko a re: “Le se ke la mpitsa Naomi [“Thabo ea ka,” ftn, ho NW.]. Le mpitse Mara [e bolelang “Bohloko,” ftn, ho NW.], kaha Ea Matla ’Ohle o nkutloisitse bohloko haholo. Ke ne ke tletse ha ke e-ea, ’me Jehova o entse hore ke khutle ke sa nka letho. Le mpitsetsa’ng Naomi, ha e le Jehova ea nkokobelitseng le Ea Matla ’Ohle ea mpaketseng tlokotsi?”—Ruthe 1:20, 21

15 Le hoja Naomi a ne a nyahame, ha motho a bala buka ea Ruthe ka hloko oa hlokomela hore o ile a tsoela pele a tšepa Jehova. Boemo ba hae bo ile ba fetoha haholo! Ngoetsi ea Naomi eo e neng e le mohlolohali, Ruthe, o ile a nyaloa ke Boaze ’me a beleha mora. Naomi o ile a hlokomela ngoana eo, ’me tlaleho ea Bibele e re: “Basali ba baahelani ba mo reha lebitso, ba re: ‘Naomi o tsoaletsoe mora.’ Ba qala ho mo reha lebitso la Obede. Ke eena ntat’a Jese, ntat’a Davida.” (Ruthe 4:14-17) Ha Naomi a tsosoa bafung ’me a phela mona lefatšeng, o tla tseba hore Ruthe, eo le eena a tla beng a tsositsoe, e ile ea e-ba moholo-holo oa Jesu, Mesia. (Mat. 1:5, 6, 16) Joaloka Naomi, re ke ke ra tseba hore na maemo a sa jeseng litheohelang a ka hlahisa litholoana tsa mofuta ofe. Ka lebaka leo, a re tšepeng Molimo kamehla, feela joalokaha re eletsoa ho Liproverbia 3:5, 6: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”

Itšetlehe ka Moea o Halalelang

16. Moea oa Molimo o ile oa thusa banna ba bang ba baholo ba Iseraele ea boholo-holo joang?

16 Haeba re beha Jehova ka pel’a rōna kamehla, o tla re tataisa ka moea oa hae o halalelang. (Bagal. 5:16-18) Moea oa Molimo o ne o le holim’a banna ba baholo ba 70 ba ileng ba khethoa hore ba thuse Moshe “ho jara mojaro oa sechaba” sa Iseraele. Ke Eldade le Medade feela ba boleloang ka mabitso, empa moea o ile oa thusa banna bao kaofela hore ba phethe mosebetsi oa bona. (Num. 11:13-29) Ha ho pelaelo hore ba ne ba e-na le bokhoni, ba tšaba Molimo, ba tšepahala ba bile ba e-na le ’nete joaloka banna ba neng ba khethiloe pejana. (Ex. 18:21) Baholo ba Bakreste ba bonahatsa litšobotsi tse joalo kajeno.

17. Moea o halalelang oa Jehova o phethile karolo efe ha ho ne ho ahoa tabernakele?

17 Moea o halalelang oa Jehova o ile oa phetha karolo ea bohlokoa ha ho ne ho hahoa tabernakele lefeelleng. Jehova o ile a khetha Bezaliele e le setsebi sa mosebetsi oa matsoho se ka sehloohong le seahi sa tabernakele, a tšepisa hore o tla “mo tlatsa moea oa Molimo ka bohlale le ka kutloisiso le ka tsebo le ka tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho.” (Ex. 31:3-5) Banna ba ‘nang le lipelo tse bohlale’ ba ile ba sebetsa le Bezaliele le mothusi oa hae Oholiabe ho etsa mosebetsi oo o babatsehang. Ho feta moo, moea oa Jehova o ile oa susumetsa batho ba nang le lipelo tse ratang hore ba fane ka monehelo o mongata. (Ex. 31:6; 35:5, 30-34) Moea oona oo o susumetsa bahlanka ba Molimo ba kajeno hore ba etse sohle seo ba ka se khonang ho batla ’Muso pele. (Mat. 6:33) Re ka ’na ra ba le litalenta tse itseng, empa ho hlokahala hore re rapelle moea o halalelang ’me re o lumelle hore o re tataise e le hore re tsebe ho phetha mosebetsi oo Jehova a o fileng batho ba hae mehleng ena ea rōna.—Luka 11:13.

U Hlomphe Jehova oa Mabotho Kamehla

18, 19. (a) Moea o halalelang oa Molimo o etsa hore re be le maikutlo afe? (b) U ithutile eng mohlaleng oa Simeone le oa Anna?

18 Moea o halalelang o hlahisa ka hare ho rōna tlhompho e etsang hore re behe Jehova ka pel’a rōna kamehla. Batho ba Molimo ba boholo-holo ba ile ba bolelloa: “U lokela ho hlompha Jehova oa Mabotho joaloka ea halalelang.” (Esa. 8:13, Byington) Batho ba babeli ba baholo ba neng ba hlompha Molimo Jerusalema lekholong la pele la lilemo ke Simeone le Anna. (Bala Luka 2:25-38.) Simeone o ne a lumela boprofeta bo buang ka Mesia ’me o ne “a letetse matšeliso a Iseraele.” Molimo o ile a tšollela Simeone moea o halalelang ’me a mo tiisetsa hore o tla phela ho fihlela a bona Mesia. Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Ka letsatsi le leng ka selemo sa 2 B.C.E., Jesu o ile a tlisoa tempeleng ke ’mè oa hae Maria le ntate oa hae oa mohōlisi Josefa. Moea o halalelang o ile oa susumetsa Simeone hore a bue mantsoe a boprofeta a buang ka Mesia ’me a bolela esale pele bohloko bo neng bo tla utluoa ke Maria, kaha o ile a utloa bohloko ha Jesu a ne a khokhotheloa thupeng ea tlhokofatso. Empa u ka inahanela hore na Simeone o ile a thaba joang ha a ne a sika “Kreste oa Jehova”! Simeone o ile a behela bahlanka ba Molimo ba kajeno mohlala o motle hakaakang oa ho hlompha Molimo!

19 Anna oa mohlolohali ea lilemo li 84 ea hlomphang Molimo ‘o ne a sa hlokoe tempeleng le ka mohla.’ O ne a etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare “ka ho itima lijo le lithapeli.” Anna le eena o ne a le teng ha lesea Jesu le ne le tlisoa tempeleng. O ile a thaba hakaakang ha a bona Mesia oa ka moso! Ka sebele, o ile “a qala ho khutlisetsa liteboho ho Molimo le ho bua ka ngoana eo ho bohle ba letetseng topollo ea Jerusalema.” Anna o ile a utloa a tlamehile ho bolella ba bang litaba tsena tse molemo! Joaloka Simeone le Anna, kajeno Bakreste ba hōlileng ba thaba haholo hore ebe ho sa tsotellehe hore na batho ba hōlile hakae ba ntse ba ka sebeletsa Jehova e le Lipaki tsa hae.

20. Ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae re lokela ho etsa eng, hona hobane’ng?

20 Ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae, re lokela ho beha Jehova ka pel’a rōna kamehla. Joale o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna bo fokolang ba hore re bolelle ba bang ka borena ba hae le mesebetsi ea hae e tsotehang. (Pes. 71:17, 18; 145:10-13) Leha ho le joalo, e le hore re tlotlise Jehova, re lokela ho bonahatsa litšobotsi tse tla mo khahlisa. Re ka ithuta eng ka litšobotsi tseo ha re hlahloba litlaleho tse ling tsa Bibele?

U ka Araba Joang?

• Re tseba joang hore Jehova o utloa lithapelo?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela Molimo ka botlalo?

• Esita le haeba re nyahame, ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova kamehla?

• Moea o halalelang oa Molimo o thusa batho ba hae joang?

[Lipotso tsa sehlooho se ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Thapelo ea Nehemia e eang ho Jehova e ile ea arajoa

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ho hopola hore na litaba li ile tsa tsamaela Naomi joang ho tla re thusa hore re tšepe Jehova