Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisa Moromuoa ea Fetang Bohle

Etsisa Moromuoa ea Fetang Bohle

Etsisa Moromuoa ea Fetang Bohle

“E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.”—1 BAKOR. 11:1.

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsisa Jesu Kreste?

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a etsisa Jesu Kreste, Moromuoa ea fetang bohle. Pauluse o ile a boela a khothatsa Bakreste-’moho le eena a re: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.” (1 Bakor. 11:1) Ka mor’a hore Jesu a behele barutuoa ba hae mohlala oa boikokobetso ka hore a ba hlatsoe maoto ka boikokobetso, o ile a re ho bona: “Ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lōna, le ka etsa ka ho tšoanang.” (Joh. 13:12-15) Joaloka Bakreste mehleng ena, re tlameha ho etsisa Jesu Kreste ka mantsoe a rōna le ka liketso tsa rōna le ka litšobotsi tseo re li bontšang bophelong.—1 Pet. 2:21.

2. Esita le haeba u e-s’o khethoe ke Sehlopha se Busang hore u be moromuoa, u lokela ho ba le maikutlo afe?

2 Sehloohong se fetileng, re ithutile hore moromuoa ke motho ea rongoang e le moevangeli kapa ea isetsang ba bang litaba tse molemo. Pauluse o ile a botsa lipotso tse tsosang tjantjello ka taba ena. (Bala Baroma 10:11-15.) Hlokomela hore moapostola enoa o ile a botsa: “Ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang?” Ka mor’a moo o ile a qotsa mantsoe a latelang boprofeteng ba Esaia: “A khahleha hakaakang maoto a ba bolelang litaba tse molemo tsa lintho tse molemo!” (Esa. 52:7) Esita le haeba ha u e-s’o khethoe le ho romeloa naheng esele u le moromuoa, u ka ba le moea oa boevangeli, ua ba ua etsisa Jesu joaloka ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo. Selemong se fetileng, bahoeletsi ba ’Muso ba 6 957 852 ba ‘entse mosebetsi oa baevangeli’ linaheng tse 236.—2 Tim. 4:5.

“Re Siile Lintho Tsohle ’Me ra U Latela”

3, 4. Jesu o ile a siea eng leholimong, ’me re lokela ho etsa’ng e le hore re be balateli ba hae?

3 E le hore Jesu a etse mosebetsi oo a neng a o abetsoe lefatšeng, “o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba” a siea bophelo ba hae ba leholimong le khanya ea hae ea leholimong. (Bafil. 2:7) Eng kapa eng eo re e etsang ha re etsisa Kreste e ke ke ea bapisoa le seo Jesu a se entseng ha a tla lefatšeng. Empa re ka lula re le balateli ba hae ba tiileng, ba sa lleleng seo re neng re e-na le sona lefatšeng la Satane.—1 Joh. 5:19.

4 Ka lekhetlo le leng, moapostola Petrose o ile a re ho Jesu: “Bona! Re siile lintho tsohle ’me ra u latela.” (Mat. 19:27) Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne, ba ile ba tlohela matlooa a bona kapele ha Jesu a ba kōpa hore ba mo latele. Ba ile ba siea khoebo ea ho tšoasa litlhapi eaba ba nka mosebetsi oa ho bolela evangeli. Ho ea ka Kosepele ea Luka, Petrose o ile a re: “Bona! Re siile lintho tsa rōna ’me ra u latela.” (Luka 18:28) Boholo ba rōna ha rea siea ‘lintho tsohle tsa rōna’ e le hore re latele Jesu. Leha ho le joalo, re ile ra tlameha ho ‘itatola’ e le hore re be balateli ba Kreste le bahlanka ba Jehova ba etsang lintho ka lipelo tsohle tsa rōna. (Mat. 16:24) Hona ho re tliselitse litlhohonolofatso tse khōlō. (Bala Matheu 19:29.) Re tla thaba haeba re etsisa Kreste ka ho ba le moea oa boevangeli, haholo haeba re bile le karolo e nyenyane feela ea ho thusa motho e mong hore a atamele ho Molimo le Mora ea ratoang oa hae.

5. Pheta phihlelo e bontšang seo mojaki a ka etsang qeto ea ho se etsa ha a ithuta ’nete ea Bibele.

5 Valmir, ke monna oa Brazil ea lulang sebakeng se bohareng ba naha ea Suriname, ’me o ne a sebetsa morafong oa khauta. E ne e le lekhoba la joala, a bile a phela ka boitšoaro bo bobe. Ka lekhetlo le leng ha a ne a le motseng o mong o moholo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa qala ho ithuta Bibele le eena. O ne a ithuta letsatsi le letsatsi, ’me kahoo a etsa liphetoho tse ngata, a ba a kolobetsoa kapele. Ha a bona hore mosebetsi oa hae o mo thibela ho phela tumellanong le lithuto tsa Bibele, o ile a rekisa khoebo ea hae e kenyang chelete e ngata eaba o khutlela Brazil ho ea thusa lelapa la hae hore le fumane ’nete. Ha bajaki ba bangata ba ithuta ’nete ea Bibele, ka boithatelo ba tlohela mesebetsi ea bona linaheng tse ruileng ebe ba khutlela linaheng tsa habo bona ka sepheo sa ho thusa beng ka bona le batho ba bang hore ba atamele ho Jehova. Bahoeletsi ba joalo ba ’Muso ba bontša moea oa sebele oa boevangeli.

6. Re ka etsa’ng haeba re ke ke ra fallela moo ho hlokahalang baboleli ba bangata ba ’Muso?

6 Lipaki tse ’maloa li khonne ho fallela libakeng tseo ho tsona ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba bangata. Ba bang ba bile ba ea linaheng tse ling. Mohlomong rōna ka borōna re ke ke ra ea sebakeng se seng, empa re ka etsisa Jesu ka hore kamehla re etse sohle seo re ka se khonang tšebeletsong.

Jehova o Fana ka Koetliso e Hlokahalang

7. Ho na le likolo life tse koetlisang ba batlang ho ntšetsa pele bokhoni ba bona ba ho ba baboleli ba ’Muso?

7 Feela joalokaha Jesu a ile a koetlisoa ke Ntate oa hae, re ka rua molemo thutong eo Jehova a fanang ka eona hona joale. Jesu ka boeena o ile a re: “Ho ngoliloe Baprofeteng, ‘’Me kaofela ba tla rutoa ke Jehova.’” (Joh. 6:45; Esa. 54:13) Kajeno, ho na le likolo tse hlophisitsoeng ka ho khetheha hore li hlomelle baboleli ba ’Muso. Ka sebele bohle re ruile molemo o itseng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo liphuthehong tsa habo rōna. Bo-pula-maliboho ba fuoe tlotla ea ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Bo-pula-maliboho ba ’maloa ba khale ba bile le monyetla oa ho ba teng sekolong sena ka lekhetlo la bobeli. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba bile teng Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso e le hore ba ntlafatse bokhoni ba bona ba ho ruta le ho ntlafatsa tšebeletso eo ba e etsetsang balumeli-’moho le bona. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba bangata ba masooa ba koetlisitsoe Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, se ba hlomellang hore ba thuse ba bang mosebetsing oa boboleli. Bara le baralib’abo rōna ba bangata ba filoeng mosebetsi oa ho ba baromuoa linaheng lisele bona ba koetlisitsoe Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower.

8. Bara ba bang babo rōna ba nka joang koetliso eo Jehova a fanang ka eona?

8 Lipaki Tsa Jehova tse ngata li entse liphetoho e le hore li ka ba teng likolong tsena. Yugu o ile a itokolla mosebetsing oa hae e le hore a ee Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Canada kahobane mohiri oa hae o ne a hana ho mo fa nako ea ho ba sieo mosebetsing. Yugu o ile a re: “Ha ke ikoahlaee. Ha e le hantle, haeba ba ne ba mphile nako ea ho ba sieo mosebetsing hobane feela ba nkhauhela, ba ne ba ka ’na ba lebella hore ke ba tšepahalle ka hore ke se ke ka tlohela mosebetsi oa bona. Empa hona joale nka etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo Jehova a ka mphang oona.” Batho ba bangata ba ’nile ba tela lintho tseo ba neng ba nka hore ke tsa bohlokoa haholo e le hore ba rue molemo koetlisong eo Molimo a fanang ka eona.—Luka 5:28.

9. Pheta mohlala o bontšang litholoana tsa thuto e tsoang Mangolong le tsa boiteko bo matla.

9 Thuto ea Mangolo le boiteko bo matla li ka thusa batho hore ba hatele pele ka tsela e tsotehang. (2 Tim. 3:16, 17) Nahana ka se ileng sa etsahalla Saulo oa Guatemala. O tsoetsoe a e-na le bokooa ba kelello bo bonyenyane, ’me e mong oa mesuoe ea hae o ile a bolella ’mè oa hae hore a se ke a qobella moshanyana enoa hore a ithute ho bala, kaha seo se ne se tla mo nyahamisa. Saulo o ile a tlohela sekolo a sa tsebe ho bala. Leha ho le joalo, Paki e ’ngoe e ile ea ruta Saulo ho bala ka bukana e nang le sehlooho se reng Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola. Qetellong, Saulo o ile a hatela pele hoo a bileng a fanang ka lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Hamorao ’mè oa Saulo o ile a teana le mosuoe oa Saulo tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ha mosuoe a utloa hore Saulo o ithutile ho bala, mosuoe o ile a kōpa hore ’mè oa hae a tle le eena bekeng e latelang. Bekeng eo e latelang, mosuoe o ile a botsa Saulo, “U tlil’o nthuta eng?” Saulo o ile a qala ho bala serapa se seng bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Mosuoe eo o ile a re: “Ha ke lumele hore ke uena ea nthutang.” O ile a lla hobane a ne a thabile, ’me o ile a kopa Saulo ka matsoho.

Ho Ruta ho Susumetsang Pelo

10. Re na le sesebelisoa sefe se babatsehang seo re rutang ’nete ea Bibele ka sona?

10 Jesu o ne a ruta ho latela seo Jehova a neng a mo rutile sona le ho latela seo a neng a ithutile sona Lentsoeng le ngotsoeng la Molimo. (Luka 4:16-21; Joh. 8:28) Re etsisa Jesu ka ho sebelisa keletso ea hae le ka ho ruta se ka Mangolong. Ka lebaka leo, kaofela re bua ka tumellano le monahano oa rōna o mong, ’me sena se etsa hore re be bonngoeng. (1 Bakor. 1:10) Re leboha hakaakang hore ebe “lekhoba le tšepahalang le le masene” le lokisetsa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse re thusang hore re lule re le ntsoe-leng ha re ruta le ha re etsa mosebetsi oa rōna oa boevangeli! (Mat. 24:45; 28:19, 20) Se seng sa lingoliloeng tsena ke buka ea Seo Bibele e se Rutang, eo hona joale e fumanehang ka lipuo tse 179.

11. Morali e mong oabo rōna oa Ethiopia o ile a sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang joang ho hlōla khanyetso?

11 Ho ithuta Mangolo ka buka ea Seo Bibele e se Rutang ho ka fetola le lipelo tsa bahanyetsi. Ketsahalong e ’ngoe, morali oabo rōna oa pula-maliboho oa Ethiopia ea bitsoang Lula, o ne a khanna thuto ea Bibele ha mong ka seithuti a itšohlometsa ka tlung ’me a bolela hore ha ho hlokahale hore ba ithute. Lula o ile a bua ka bonolo le mong ka seithuti seo, a sebelisa papiso ea chelete ea maiketsetso e khaolong ea 15 ea buka ea Seo Bibele e se Rutang. Mosali eo o ile a kokobela eaba o ba lumella hore ba tsoele pele ka thuto. Ha e le hantle, o ile a ba teng thutong e latelang a ba a kōpa hore a khanneloe thuto ea hae ea Bibele, a bile a re o tla e lefella! Kapele feela o ile a ithuta hararo ka beke ’me o ile a tsoela pele hantle moeeng.

12. Fana ka mohlala o bontšang hore bacha ba ka atleha ho ruta linnete tsa Bibele.

12 Bacha ba ka thusa ba bang ka buka ea Seo Bibele e se Rutang. Keanu ea lilemo li 11 oa Hawaii, o ne a bala buka ena sekolong ha seithuti-’moho le eena se botsa, “Ke hobane’ng ha u sa keteke matsatsi a phomolo?” Keanu o ile a bala karabo sehlomathisong sehloohong se reng “Na re Lokela ho Keteka Matsatsi a Phomolo?” Ka mor’a moo o ile a phetla leqepheng la tse ka hare eaba o botsa moshanyana eo hore na ke sehlooho sefe se mo khahlang haholo. Ba ile ba qalisa thuto ea Bibele. Selemong se fetileng sa tšebeletso Lipaki tsa Jehova li ile tsa khanna lithuto tsa Bibele tse 6 561 426, ’me tse ngata li ne li sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Na u sebelisa buka ee lithutong tsa Bibele?

13. Ho ithuta Bibele ho ka susumetsa batho ka tsela efe e matla?

13 Ho ithuta Mangolo ka buka ea Seo Bibele e se Rutang ho ka ba le tšusumetso e matla ho ba lakatsang ho etsa thato ea Molimo. Banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba Norway ba ile ba qalisa thuto ea Bibele le lelapa le leng le neng le tsoa Zambia. Banyalani bana ba Zambia ba ne ba e-na le barali ba bararo ’me ba sa batle ngoana e mong. Ha mosali a ima, ba ile ba etsa qeto ea hore a ntše mpa eo. Matsatsi a seng makae pele ba e-ea ngakeng, ba ile ba ithuta khaolo e nang le sehlooho se reng “Kamoo Molimo a Talimang Bophelo Kateng.” Setšoantšo sa ngoana ea ka pōpelong se hlahileng khaolong eo se ile sa ama banyalani bana haholo hoo ba ileng ba etsa qeto ea ho se ntše mpa eo. Ba ile ba hatela pele moeeng ’me ba ile ba rehella lesea la bona la moshanyana ka monna ea neng a ba khannela thuto.

14. Bontša kamoo ho phelela seo re se rutang ho ka hlahisang litholoana tse molemo kateng.

14 Karolo ea bohlokoa ea tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona e ne e le hore o ne a phela tumellanong le seo a neng a se ruta. Batho ba bangata ba khahloa ke boitšoaro ba Lipaki Tsa Jehova hobane li etsisa Jesu ntlheng ena. Koloi ea mohoebi e mong oa New Zealand e ile ea thuhuoa eaba ho utsuoa mokotlana oa hae. O ile a tlalehela lepolesa taba ena, ’me lona le ile la re: “U ka fumana mokotlana oa hao le lintho tse ka har’a oona haeba feela o ka tholoa ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova.” Mokotlana oo o ile oa tholoa ke Paki e ’ngoe e neng e tsamaisa likoranta. Ha mohoebi eo a tsebisoa hore morali’abo rōna o o thotse, o ile a ea lapeng ha morali eo oabo rōna. O ile a thaba ha a fumana tokomane ea bohlokoa haholo ho eena e le teng. Morali eo oabo rōna o ile a re ho eena, “Ke ne ke tšoanetse ho u tholisa thepa ea hao, haholo-holo kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova.” Mohoebi enoa o ile a makala hobane o ile a hopola seo lepolesa le neng le mo boleletse sona hoseng hona hoo. Ho hlakile hore Bakreste ba ’nete ba phelela lithuto tse ka Bibeleng le hore ba etsisa Jesu.—Baheb. 13:18.

Etsisa Maikutlo ao Jesu a Neng a E-na le ’Ona ka Batho

15, 16. Re ka etsa joang hore re hulele batho molaetseng oo re o bolelang?

15 Maikutlo ao Jesu a neng a e-na le ’ona ka batho a ne a ba hulela molaetseng oa hae. Ka mohlala, lerato la hae le boikokobetso ba hae li ne li hulela batho ba futsanehileng ho eena. O ne a qenehela ba tlang ho eena ’me a ba tšelisa ka mantsoe a bonolo, hape o ne a phekola ba bangata ’meleng. (Bala Mareka 2:1-5.) Re ke ke ra etsa mehlolo, empa re ka bontša lerato, boikokobetso le qenehelo—e leng litšobotsi tse hulelang batho ’neteng.

16 Pula-maliboho e mong ea khethehileng ea bitsoang Tariua o ile a thusoa ke qenehelo ha a ne a etetse lelapeng la ntate-moholo e mong ea bitsoang Beere, ea lulang sehlekehlekeng se seng se thōko sa Kiribati sa Pacific Boroa. Le hoja ntate-moholo enoa a ile a bontša hore ha a rate ho mamela, Tariua o ile a hlokomela hore o ne a batla a shoele litho tsa ’mele ’me o ile a utloa a mo qenehela. Tariua o ile a botsa: “Na u kile ua utloa hore na Molimo o tšepisa batho ba kulang le ba hōlileng eng?” Ka mor’a moo o ile a mo balla litemana tse itseng boprofeteng ba Esaia. (Bala Esaia 35:5, 6.) Ntate-moholo enoa o ile a makala eaba o re, “Ke khale ke bala Bibele ebile baruti ba bolumeli ba ka ba nketetse ka lilemo tse ngata, empa ke qala ho bona sena ka Bibeleng.” Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le Beere, ’me o ile a hatela pele hantle moeeng. Ha ho pelaelo hore o ne a holofetse habohloko, empa hona joale o kolobelitsoe, ebile ke eena ea etellang pele ho hlokomela sehlopha se ka thōko, ’me o khona ho tsamaea sehlekehlekeng seo sohle a bolela litaba tse molemo.

Tsoela Pele U Etsisa Kreste

17, 18. (a) U ka ba moevangeli ea atlehang joang? (b) Ba ikitlaetsang tšebeletsong ea bona ba tla fumana eng?

17 Joalokaha nako le nako re bona ka liphihlelo tse monate tsa se etsahalang tšebeletsong, re ka ba baevangeli ba atlehang haeba re etsisa litšobotsi tseo Jesu a neng a e-na le tsona. Kahoo, ho loketse hakaakang hore re be baevangeli ba chesehang, ba etsisang Kreste!

18 Ha batho ba bang e ne e e-ba barutuoa ba Jesu lekholong la pele la lilemo, Petrose o ile a botsa: “Re tla fumana eng?” Jesu o ile a mo araba: “E mong le e mong ea siileng matlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ntate kapa ’mè kapa bana kapa masimo ka lebaka la lebitso la ka o tla amohela ho eketsehileng ka makhetlo a mangata ’me o tla rua bophelo bo sa feleng.” (Mat. 19:27-29) Ke seo re tla se fumana haeba re tsoela pele ho etsisa Jesu Kreste, Moromuoa ea fetang bohle.

U ka Araba Joang?

• Jehova o re koetlisa joang hore re be baevangeli?

• Ke hobane’ng ha buka ea Seo Bibele e se Rutang e etsa hore re atlehe tšebeletsong?

• Re ka ba le maikutlo a kang a Jesu joang ka batho?

[Lipotso tsa sehlooho se ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ha Jesu a ne a kōpa Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne hore ba mo latele, ha baa ka ba senya nako

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Libuka tse kang “Seo Bibele e se Rutang” li re thusa ho ruta ntho e tšoanang