Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithute Liphosong Tsa Baiseraele

Ithute Liphosong Tsa Baiseraele

Ithute Liphosong Tsa Baiseraele

BAISERAELE ba ne ba tseba seo Jehova a neng a se lebeletse ho bona ha ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Molimo o ne a ba file taelo ena ka Moshe: “Le leleke baahi bohle ba naha ka pel’a lōna ’me le senye litšoantšo tsohle tsa bona tsa lejoe, ’me litšoantšo tsohle tsa bona tsa tšepe e qhibilihisitsoeng le lokela ho li senya, ’me le lokela ho felisa libaka tsa bona tse phahameng tse halalelang.”—Num. 33:52.

Sechaba sa Iseraele se ne se sa lokela ho hlaba selekane le baahi ba naha eo, ebile se ne se sa lokela ho etsa lilekane tsa lenyalo le bona. (Deut. 7:2, 3) Ka sebele, batho ba khethiloeng ba Molimo ba ile ba lemosoa: “Itebele hore u se ke ua hlaba selekane le baahi ba naha eo u eang ho eona, esere ea e-ba leraba har’a lōna.” (Ex. 34:12) Leha ho le joalo, Baiseraele ha baa ka ba mamela Molimo ’me ba ile ba tšoasoa ke leraba. Ba ile ba lihuoa ke eng? Re ka ithuta eng eo e ka bang temoso ho rōna ka se ileng sa ba hlahela?—1 Bakor. 10:11.

Ba Tloaela Balichaba—Qetellong ba Rapela Litšoantšo

Ha Baiseraele ba ne ba hapa Naha e Tšepisitsoeng, ba ile ba hlōla baahi ba eona. Leha ho le joalo, bara ba Iseraele ba ile ba hlōleha ho mamela litaelo tsa Molimo ka botlalo. Ha baa ka ba leleka lira tseo. (Baahl. 1:1–2:10) Ho e-na le hoo, ha Baiseraele ba ntse ba aha har’a “lichaba [tseo] tse supileng” tse neng li hahile naheng eo, ho kopana le batho ba tsona nako le nako ho ile ha etsa hore e be metsoalle ea bona. (Deut. 7:1) See se ile sa ama Baiseraele joang? Bibele e re: “Ba inkela barali ba bona hore e be basali ba bona, ’me ba fana ka barali ba bona ho bara ba bona, ’me ba sebeletsa melimo ea bona. Kahoo bara ba Iseraele ba etsa se sebe mahlong a Jehova, ’me ba lebala Jehova Molimo oa bona eaba ba sebeletsa bo-Baale le lipalo tse halalelang.” (Baahl. 3:5-7) Ka mor’a hore Baiseraele ba lule nakoana le baahi ba naha eo, ba ile ba qala ho nyallana le bona le ho rapela melimo ea bona ea litšoantšo. Ha ba se ba entse lilekane tsa ho nyallana, ha hoa ka ha hlola ho khoneha hore Baiseraele ba ba leleke. Borapeli ba ’nete bo ile ba silafatsoa, eaba Baiseraele ba qala ho sebeletsa melimo ea bohata.

Ha baahi ba Naha e Tšepisitsoeng e se e le metsoalle ea bona, ba ile ba e-ba kotsi haholo moeeng ho Baiseraele ho feta ha e ne e le lira tsa bona. Nahana ka tsela e ’ngoe eo e ka ’nang eaba ho silafala moeeng ho etsahetse ka eona.

Kamano Pakeng Tsa Temo le Borapeli ba Baale

Ha bara ba Iseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, ha ea ka ea hlola e e-ba bo-hloma-u-hlomole, ’me ba bangata e ile ea e-ba lihoai. Mohlomong mekhoa ea temo eo ba ileng ba e sebelisa e ne e tšoana le e neng e sebelisoa ke batho ba neng ba lema naha eo pele ho bona. E ka ’na eaba phetoho ena ha ea ka ea fella feela ka ho sebelisa mekhoa ea temo ea Bakanana. Ho tloaelana le batho ba naha eo ho ile ha boela ha eka Baiseraele hore ba amohele borapeli ba bona bo amanang le temo.

Bakanana ba ne ba rapela bo-Baale ba bangata—e leng melimo eo ho neng ho lumeloa hore e etsa hore mobu o behe haholo. Baiseraele ha baa ka ba lema naha feela le ho kotula lihlahisoa tsa eona, empa ka mor’a nako, ba ile ba kopanela borapeling ba melimo ea Kanana eo ho neng ho thoe e fana ka chai e khōlō. Kahoo, Baiseraele ba bangata ba ile ba etsa eka ba rapela Jehova, empa ha e le hantle e ne e le bakoenehi ka ho feletseng.

Temoso e Matla ho Rōna Kajeno

Ha ho bonahale eka ha Baiseraele ba qala ho kopana le baahi ba Naha e Tšepisitsoeng ba ne ba ikemiselitse ho kopanela borapeling ba Baale le bokhopong ba bona. Leha ho le joalo, ho tloaelana le bona ho ile ha isa hona moo. Na ha rea lokela ho lebella liphello tse kotsi joalo haeba re tloaelana le batho bao ekang ba botsoalle empa re sa rapele Molimo a le mong le bona, bao boitšoaro ba bona bo sa tšoaneng le ba rōna ba bileng ba sa tataisoeng ke melao-motheo e tšoanang le ea rōna? Ha ho pelaelo hore ka linako tse ling ho ka hlokahala hore mesebetsing, likolong, esita le malapeng re kopane le batho ba sa lumelang. Leha ho le joalo, phihlelo ea Baiseraele ke temoso ho rōna ea hore ho tsoma setsoalle se joalo ke ho mema likhathatso. Bibele e bolela ’nete ena eo re ke keng ra e qoba: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakor. 15:33.

Kajeno, re thulana le liteko tse ngata tse tšoanang le tseo Baiseraele ba ileng ba thulana le tsona. Mehleng ea kajeno, ho na le lintho tse ngata tseo batho ba li tšoarang joalokaha eka ke melimo. Li akarelletsa chelete, likhalala tsa boithabiso le tsa lipapali, lipolotiki, baeta-pele ba itseng ba bolumeli esita le litho tsa lelapa. Ho ka etsahala hore re nkehe haholo ke e ’ngoe ea lintho tsena. Ho hlaolela setsoalle le ba sa rateng Jehova ho ka senya kamano ea rōna le Molimo.

Ho kopanela liphate ka tsela e fosahetseng e ne e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba Baale e ileng ea hohela ea ba ea eka Baiseraele ba bangata. Maraba a joalo a sa ntse a tšoasa batho ba bang ba Molimo. Ka mohlala, ho ka ’na ha hlokahala feela hore motho a toboketse mouse ea k’homphieutha boinotšing lapeng ha hae e le hore a senye letsoalo la hae le letle. E ne e tla ba masoabi a makaakang haeba Mokreste a ne a ka hoheloa ke litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro tsa Inthanete!

“Ho Thaba ba Bolokang Likhopotso Tsa Hae”

Taba ea hore na re mamela Jehova kapa che ha re khetha metsoalle, ke qeto ea motho ka mong. (Deut. 30:19, 20) Kahoo, re lokela ho ipotsa: ‘Ke qeta nako ke e-na le bo-mang boikhathollong? Ba nka melao ea Molimo joang, hona ba itšoere joang? Na ba rapela Jehova? Na ho qeta nako le bona ho tla nkhothalletsa hore ke be Mokreste ea molemo?’

Mopesaleme o ile a bina a re: “Ho thaba ba se nang molato litseleng tsa bona, ba tsamaeang molaong oa Jehova. Ho thaba ba bolokang likhopotso tsa hae; ba ntse ba mo batla ka lipelo tsohle.” (Pes. 119:1, 2) Ka sebele, “ho thaba e mong le e mong ea tšabang Jehova, ea tsamaeang litseleng tsa hae.” (Pes. 128:1) Tabeng ea ho khetha metsoalle, e se eka re ka ithuta liphosong tsa Baiseraele ’me re mamele Jehova ka ho feletseng.—Liprov. 13:20.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho tloaelana le batho ba sa rateng Jehova ho ka etsa hore re be barapeli ba melimo ea litšoantšo