Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Liithuti Tsa Gileade li Khothalletsoa Hore li “Qale ho Cheka”

Liithuti Tsa Gileade li Khothalletsoa Hore li “Qale ho Cheka”

Kabo ea Mangolo ea Bo123 ea Gileade

Liithuti Tsa Gileade li Khothalletsoa Hore li “Qale ho Cheka”

KA Moqebelo oa la 8 September 2007, letšoele la batho ba 6 352 ba tsoang linaheng tse 41 le ne le le teng kabong ea mangolo ea sehlopha sa bo123 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ka 10:00 hoseng, molula-setulo oa lenaneo, e leng Anthony Morris oa Sehlopha se Busang, o ile a amohela bamameli. Ka mor’a litlhaloso tsa selelekela, o ile a bitsa sebui sa pele, e leng Gary Breaux oa Komiti ea Lekala ea United States.

Mor’abo rōna Breaux o ile a kholisa liithuti hore ho sa tsotellehe hore na li shebahala joang, batho ba etsang thato ea Jehova ba batle mahlong a Hae. (Jer. 13:11) O ile a khothalletsa liithuti hore li sireletse botle ba mofuta oo. Ho ile ha latela Gerrit Lösch oa Sehlopha se Busang, ea ileng a hatisa taba ea hore ho loketse hore re lebelle ho fumana moputso ha re sebeletsa Jehova. (Baheb. 11:6) Leha ho le joalo, sepheo sa rōna e lokela ho ba lerato le se nang boithati.

Molebeli oa Lefapha la Likolo Tsa Puso ea Molimo, e leng William Samuelson, o ile a khothalletsa liithuti hore li khomarele mosebetsi o hlomphehang oa ho tsebahatsa Morena ea busang le ho bontša ho hlompheha ha tsona ka boitšoaro ba tsona bo botle. * Sam Roberson, e leng mothusi oa molebeli oa Lefapha la Likolo Tsa Puso ea Molimo, o ile a khothalletsa liithuti hore kamehla li shebe litšobotsi tse molemo ho ba bang. Haeba liithuti li etsa joalo li tla khona ho ba “le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.”—1 Pet. 2:17.

Ka mor’a lipuo tseo tse khothatsang, morupeli oa Gileade e leng Mark Noumair o ile a buisana le liithuti tse seng kae tse ileng tsa pheta liphihlelo tseo li bileng le tsona tšimong ha li ntse li le thupelong ea Gileade. Bamameli ba ile ba bona ka ho hlaka hore liithuti li rata tšebeletso le hore li rata ho thusa batho ba bang. Ka mor’a moo, Kent Fischer oa Ofisi ea Bethele e Patterson o ile a buisana le litho tsa Komiti ea Lekala tse tsoang linaheng tse tharo tseo ho nang le baromuoa ho tsona. Seo bara bana babo rōna ba se buileng, se ile sa kholisa bamameli ba neng ba akarelletsa batsoali ba bangata ba liithuti hore baromuoa ba bacha ba hlokomeloa hantle likabelong tsa bona. Ho ile ha latela Izak Marais oa Lefapha la Litšebeletso Tsa Phetolelo ea ileng a buisana le baromuoa ba bang ba khale, bao liphihlelo tsa bona li ileng tsa etsa hore liithuti li latsoe esale pele thabo eo li tla ba le eona.

Puo ea sehlooho ea lenaneo, e ileng ea fanoa ke Geoffrey Jackson oa Sehlopha se Busang, e ne e e-na le sehlooho se reng “Ka mor’a Sohle Seo le se Utloileng—Le Tla Etsa Joang?” Mor’abo rōna Jackson, ea ileng a sebetsa e le moromuoa ka lilemo tse ka bang 25 Pacific Boroa, o ile a bua ka sephetho sa Thuto ea Thabeng. Puong eo, Jesu o ile a bua ka banna ba babeli ba ileng ba haha matlo, e mong o ne a le masene ’me e mong e le leoatla. Sebui se ile sa bontša hore ho ka etsahala hore ebe matlo ao ka bobeli a ne a le sebakeng se tšoanang. Leha ho le joalo, monna oa leoatla o ile a haha holim’a lehlabathe, ha monna ea masene eena a ile a cheka ho fihlela a fumana motheo oa lefika leo a neng a ka haha holim’a lona. Ha sefefo se matla se fihla, ntlo e hahiloeng holim’a lefika e ile ea ema empa e hahiloeng holim’a lehlabathe e ile ea oa.—Mat. 7:24-27; Luka 6:48.

Jesu o ile a hlalosa hore monna eo oa leoatla o ne a tšoana le batho ba ileng ba mamela Jesu feela empa ba se ke ba sebelisa seo a neng a se ruta. Monna ea bohlale o ne a tšoana le batho ba ileng ba mamela eaba ba etsa seo Jesu a neng a se ruta. Mor’abo rōna Jackson o ile a bolella liithuti a re, “Haeba mosebetsing oa lōna oa boromuoa le sebelisa seo le ithutileng sona Bibeleng, le tla tšoana le monna ea masene.” Kahoo ha a lihela likhala, o ile a khothalletsa liithuti hore li “qale ho cheka” likabelong tsa tsona tsa boromuoa.

Qetellong, liithuti li ile tsa fuoa mangolo a tsona a diploma le likabelo tsa tsona, ’me Mor’abo rōna  Morris o ile a fana ka mantsoe a phethang a keletso. O ile a khothalletsa liithuti hore kamehla li latele Jesu ’me ka linako tsohle li itšetlehe ka Jehova hore a li fe matla. Ka mor’a moo lenaneo la ho aba mangolo le ile la phethoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Lefapha la Likolo Tsa Puso ea Molimo, le ka tlas’a bolebeli ba Komiti e Rutang, le tsamaisa sekolo sa Gileade, sa litho tsa Likomiti Tsa Makala le sa balebeli ba tsamaeang.

[Lebokose le leqepheng la 31]

LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA

Palo ea linaha tse emetsoeng: 10

Palo ea linaha tseo li abetsoeng ho tsona: 24

Palo ea liithuti: 56

Karolelano ea lilemo: 33,5

Karolelano ea lilemo li le ’neteng: 17,9

Karolelano ea lilemo li le tšebeletsong ea nako e tletseng: 13,8

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Sehlopha sa Bo123 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo

Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng ka mong.

(1) Esparza, E.; Papaya, S.; Bilal, A.; Suárez, M.; Evers, E.; Dimichino, K. (2) Rosa, M.; Fujii, R.; Ratey, O.; Leveton, J.; Van Leemputten, M. (3) Boscaino, A.; Beck, K.; Budanov, H.; Braz, C.; Peltz, K.; Siaw, A. (4) Leveton,  S.; Santikko, H.; Conte, S.; Wilson, J.; Rylatt, J.; Pierce, S.; Fujii, K. (5) Rosa, D.; Boscaino, M.; Austin, V.; Rodiel, P.; Bilal, P.; Dimichino, P. (6) Ratey, B.; Czyzyk, D.; Clarke, C.; Riedel, A.; Esparza, F.; Siaw, P.; Van Leemputten, T.(7) Rodiel, J.; Evers, J.; Green, J.; Czyzyk, J.; Santikko, M.; Rylatt, M. (8) Peltz, L.; Austin, D.; Riedel, T.; Beck, M.; Pierce, W.; Conte, S.; Green, S. (9) Suárez, J.; Clarke, J.; Papaya, S.; Budanov, M.; Wilson, R.; Braz, R.