Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsamaea Litseleng Tsa Jehova

Tsamaea Litseleng Tsa Jehova

Tsamaea Litseleng Tsa Jehova

“Ho thaba e mong le e mong ea tšabang Jehova, ea tsamaeang litseleng tsa hae.”—PES. 128:1.

1, 2. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore thabo ke ntho e ka fumanehang?

THABO—e batloa ke motho e mong le e mong. Empa ntle ho pelaelo u tla lumela hore ho batla thabo kapa hona ho e phehella ha ho tšoane le ha motho a se a hlile a e fumane.

2 Leha ho le joalo, thabo ke ntho e ka fumanehang. Pesaleme ea 128:1 e re: “Ho thaba e mong le e mong ea tšabang Jehova, ea tsamaeang litseleng tsa hae.” Re ka thaba haeba re rapela Molimo re bile re tsamaea litseleng tsa hae ka hore re etse thato ea hae. See se ka ama boitšoaro ba rōna joang le litšobotsi tseo re li bontšang?

Ipake Hore Ua Tšepahala

3. Ho tšepahala ho amana joang le boinehelo ba rōna ho Molimo?

3 Ba tšabang Jehova baa tšepahala joalokaha le eena a tšepahala. Jehova o ile a phethahatsa tšepiso e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e etselitse Baiseraele ba boholo-holo. (1 Mar. 8:56) Boinehelo ba rōna ho Molimo ke tšepiso ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re e entseng, ’me ho rapela kamehla ho tla re thusa hore re e phethahatse. Re ka rapela joaloka mopesaleme Davida ea ileng a re: “Etsoe Molimo, u mametse boitlamo ba ka. . . . Ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso ka ho sa feleng, e le hore nka phetha boitlamo ba ka letsatsi le letsatsi.” (Pes. 61:5, 8; Moek. 5:4-6) E le hore re be metsoalle ea Molimo, re tlameha ho tšepahala.—Pes. 15:1, 4.

4. Jafeta le morali oa hae ba ile ba etsa joang mabapi le kano eo a neng a e entse ho Jehova?

4 Mehleng ea Baahloli ba Iseraele, Jafeta o ile a etsa kano ea hore haeba Jehova a ka etsa hore a hlōle Baamone, motho oa pele ea tla mo khahlanyetsa ha a tsoa ntoeng, o tla fana ka eena “e le nyehelo ea secheso.” Motho eo e ile ea e-ba morali oa Jafeta—ngoana oa hae ea mong to! Ka lebaka la tumelo ea bona ho Jehova, Jafeta le morali oa hae ea neng a e-s’o nyaloe ba ile ba phethahatsa kano ea hae. Le hoja lenyalo le ho ba le bana e ne e le lintho tse nkeloang holimo Iseraele, ka ho rata, morali oa Jafeta o ile a lula a sa nyaloa ’me a ba le tlotla ea ho etsa tšebeletso e halalelang sehalalelong sa Jehova.—Baahl. 11:28-40.

5. Anna o ile a bontša joang hore oa tšepahala?

5 Mosali ea tšabang Molimo Anna o ile a bontša hore oa tšepahala. O ne a lula le monna oa hae oa Molevi Elkana le mohalitsong oa hae Penina, sebakeng se lithaba sa Efraime. Penina o ne a e-na le bana ba ’maloa ’me haholo-holo ha lelapa le ne le ile tabernakeleng, o ne a tšoenya Anna ea neng a se na bana. Ka lekhetlo leng hona liketsahalong tsena, Anna o ile a etsa kano ea hore haeba a ka ba le mora, o tla mo fa Jehova. Hamorao o ile a ima ’me a beleha ngoana oa moshanyana ea ileng a rehoa lebitso la Samuele. Ha a se a khoesitsoe, Anna o ile a mo hlahisa ho Molimo Shilo, a alimana ka Samuele ho Jehova “ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.” (1 Sam. 1:11) O ile a phethahatsa kano ea hae le hoja a ne a sa tsebe hore o ne a tla ba le bana ba bang hamorao.—1 Sam. 2:20, 21.

6. Tykikase o ile a bontša botšepehi joang?

6 Mokreste oa lekholong la pele la lilemo Tykikase e ne e le monna ea tšepahalang ebile e le “mosebeletsi ea tšepahalang.” (Bakol. 4:7) Tykikase o ile a tsamaea le moapostola Pauluse ho tloha Greece ba feta le Macedonia, ba ea Asia Minor, mohlomong ba fetela le Jerusalema. (Lik. 20:2-4) E ka ’na eaba ke “mor’abo rōna” ea ileng a thusa Tite ho laola litaba tsa mpho e neng e e-ea ho balumeli-’moho le bona ba neng ba hloka ba Judea. (2 Bakor. 8:18, 19; 12:18) Ha Pauluse a ne a qala ho kenngoa chankaneng Roma, o ile a etsa hore moemeli ea tšepahalang Tykikase a ise mangolo ho balumeli-’moho le eena ba Efese le Kolose. (Baef. 6:21, 22; Bakol. 4:8, 9) Ha a kenngoa chankaneng lekhetlo la bobeli Roma, Pauluse o ile a romela Tykikase Efese. (2 Tim. 4:12) Le rōna haeba re tšepahala, Jehova o tla re hlohonolofatsa tšebeletsong ea hae.

7, 8. Ke hobane’ng ha re ka re Davida le Jonathane e ne e le metsoalle ea sebele?

7 Molimo o lebeletse hore re be metsoalle e tšepahalang. (Liprov. 17:17) Mora oa Morena Saule Jonathane, e ile ea e-ba motsoalle oa Davida. Ha Jonathane a utloa hore Davida o bolaile Goliathe, “moea oa Jonathane oa tlamahana le moea oa Davida, ’me Jonathane a qala ho mo rata joaloka moea oa hae.” (1 Sam. 18:1, 3) Jonathane o ile a ba a hlokomelisa Davida ha Saule a ne a batla ho mo bolaea. Ka mor’a hore Davida a balehe, Jonathane o ile a kopana le eena ’me ba hlaba selekane. Saule o ile a batla a bolaea Jonathane hobane a ne a ile a bua le Davida, empa metsoalle eo e ’meli, e ile ea kopana hape ’me ea nchafatsa setsoalle sa eona. (1 Sam. 20:24-41) Ha ba ne ba kopana ka lekhetlo la ho qetela, Jonathane o ile a matlafatsa letsoho la Davida “mabapi le Molimo.”—1 Sam. 23:16-18.

8 Jonathane o ile a bolaoa ntoeng ha ba ne ba loana le Bafilista. (1 Sam. 31:6) Pineng ea koli-ea-malla Davida o ile a bina: “Ke mahlomoleng ka lebaka la hao, mor’eso Jonathane, u ne u khahleha haholo ho ’na. Lerato la hao ho ’na le ne le hlolla haholo ho feta lerato le tsoang ho basali.” (2 Sam. 1:26) Davida le Jonathane e ne e le metsoalle ea sebele.

‘Le Ikokobetse Kelellong’ Kamehla

9. Baahloli khaolo ea 9 e bontša bohlokoa ba boikokobetso joang?

9 E le hore re be metsoalle ea Molimo, re tlameha ho ‘ikokobetsa kelellong.’ (1 Pet. 3:8; Pes. 138:6) Bohlokoa ba boikokobetso bo bontšitsoe ho Baahloli khaolo ea 9. Mora oa Gideone, e leng Jothame, o ile a re: “Ka nako e ’ngoe lifate li ile tsa ea ho ea tlotsa morena oa tsona.” Ho buuoa ka sefate sa mohloaare, sa feiga le sa morara. Li ne li emela batho ba molemo ba sa kang ba rata ho busa Baiseraele ba habo bona. Empa monokotšoai—o loketseng feela ho besoa—o ne o emela borena ba Abimeleke oa moikhohomosi, ’molai ea neng a rata ho hatella batho ba bang. Le hoja a ile “a iketsa khosana ea Iseraele ka lilemo tse tharo,” o ile a shoa ka tšohanyetso. (Baahl. 9:8-15, 22, 50-54) Ho ‘ikokobetsa kelellong’ ho molemo hakaakang!

10. U ithutile’ng ka hore ebe Heroda ha aa ka “a tlotlisa Molimo”?

10 Lekholong la pele la lilemo C.E., ho ile ha e-ba le khohlano pakeng tsa Morena Heroda Agripa ea ikhohomosang oa Judea le baahi ba Tyre le ba Sidone, ba neng ba batla ho bōpa khotso le eena. Ka lekhetlo le leng ha Heroda a ne a fana ka puo ea phatlalatsa ba ile ba hooa ba re: “Ke lentsoe la molimo, eseng la motho!” Heroda ha aa ka a hana ho phafuoa joalo, kahoo lengeloi la Jehova le ile la mo otla hoo a ileng a shoa lefu le bohloko “hobane ha aa ka a tlotlisa Molimo.” (Lik. 12:20-23) Ho thoe’ng haeba re le libui tse hloahloa kapa re le mesuoe ea Bibele e hloahloa? Re lokela ho tlotlisa Molimo ka seo a re lumellang hore re se etse.—1 Bakor. 4:6, 7; Jak. 4:6.

E-ba Sebete ’Me U be Matla

11, 12. Se etsahetseng ho Enoke se bontša joang hore Jehova o fa bahlanka ba hae sebete le matla?

11 Haeba ka boikokobetso re tsamaea litseleng tsa Jehova, o tla re fa sebete le matla. (Deut. 31:6-8, 23) Enoke, e leng monna oa bosupa lelokong la Adama, o ile a tsamaea le Molimo ka sebete ka hore ebe o ile a phela ka ho loka har’a moloko o khopo oa mehleng ea hae. (Gen. 5:21-24) Jehova o ile a matlafatsa Enoke hore a fane ka molaetsa o matla ho bona ka lebaka la liketso tsa bona le lipolelo tsa bona tse neng li sa thabise Molimo. (Bala Juda 14, 15.) Na u sebete sa ho bolela likahlolo tsa Molimo?

12 Jehova o ile a ahlola batho ba sa tšabeng Molimo ka Moroallo oa lefatše lohle mehleng ea Noe. Leha ho le joalo, boprofeta ba Enoke boa re khothatsa, kaha batho ba sa tšabeng Molimo ba mehleng ea rōna ba tla timetsoa ke limiriade tse halalelang tsa Molimo. (Tšen. 16:14-16; 19:11-16) Jehova o araba lithapelo tsa rōna ka hore a re fe sebete sa hore re bolele molaetsa oa hae ho sa tsotellehe hore na o amana le likahlolo tsa hae kapa le mahlohonolo a tla ba teng ’Musong oa hae.

13. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo o tla re fa sebete le matla tseo re li hlokang hore re tsebe ho hlōla mathata a sithabetsang?

13 Re hloka sebete le matla tse tsoang ho Molimo e le hore re tsebe ho hlōla mathata a sithabetsang. Ha Esau a ne a nyala basali ba babeli ba Bahethe, ‘ba ne ba utloisa moea oa batsoali ba hae, Isaka le Rebeka bohloko.’ Rebeka o ile a ba a tletleba a re: “Ke nyonya bophelo ba ka ka lebaka la barali ba Hethe. Haeba le ka mohla [mora oa rōna] Jakobo a ka nka mosali ho barali ba Hethe joaloka bana ba tsoang har’a barali ba naha, bophelo bo na le molemo oa eng ho ’na?” (Gen. 26:34, 35; 27:46) Isaka o ile a nka bohato eaba o romela Jakobo hore a e’o batla mosali har’a barapeli ba Jehova. Le hoja Isaka le Rebeka ba ne ba ke ke ba fetola seo Esau a neng a se entse, Molimo o ile a ba fa bohlale, sebete le matla a ho lula ba tšepahala ho Eena. Haeba re rapella thuso eo re e hlokang, le rōna Jehova o tla re thusa.—Pes. 118:5.

14. Ngoananyana oa Moiseraele o ile a bontša sebete joang?

14 Lilemo tse makholo hamorao, ngoananyana oa Moiseraele ea neng a hapiloe ke sehlopha sa bafutuhi e ile ea e-ba mosebeletsi lelapeng la Naamane, molaoli oa lebotho la Syria ea neng a e-na le lepera. Kaha o ne a utloile ka mehlolo eo Molimo a neng a e etsa ka moprofeta Elisha, ka sebete ngoananyana eo o ile a bua le mosali oa Naamane a re: ‘Haeba moren’a ka a ne a ka ea Iseraele, moprofeta oa Jehova o ne a tla mo folisa lepera la hae.’ Naamane o ile a fela a ea Iseraele, ’me o ile a folisoa ka mohlolo. (2 Mar. 5:1-3) Ngoananyana eo ke mohlala o motle hakaakang ho bacha ba tšepileng Jehova hore a ba fe sebete sa hore ba pakele matichere, bana bao ba kenang sekolo le bona le batho ba bang!

15. Mookameli oa lelapa la Akabe, Obadia, o ile a etsa’ng ka sebete?

15 Sebete seo re se fuoang ke Molimo se re thusa hore re tsebe ho mamella mahloriso. Nahana ka Obadia ea neng a okametse lelapa la Morena Akabe, ea phetseng nakong ea moprofeta Elia. Ha Mofumahali Jezebele a ne a fana ka taelo ea hore ho bolaoe baprofeta ba Molimo, Obadia o ile a pata baprofeta ba 100 ka lihlopha “tsa ba mashome a mahlano ka lehaheng.” (1 Mar. 18:13; 19:18) Na ka sebete u ka thusa Bakreste-’moho le uena ba hlorisoang, joalokaha Obadia a ile a thusa baprofeta ba Jehova?

16, 17. Aristakase le Gaiase ba ile ba etsa joang ha ba ne ba hlorisoa?

16 Haeba re hlorisoa, re ka kholiseha hore Jehova o tla ba le rōna. (Bar. 8:35-39) Lebaleng la liketsahalo le ka ntle Efese, basebetsi-’moho le Pauluse Aristakase le Gaiase ba ile ba hlaseloa ke mokhopi oa batho ba neng ba ka ’na ba e-ba likete. Demetriase, eo e leng setei sa silevera o ne a hlohlellelitse moferefere. Eena hammoho le litei tse ling tsa silevera ba ne ba etsa litempelana tsa silevera tsa molimotsana Artemise, ’me khoebo ea bona e neng e ba kenyetsa chelete e ngata e ne e le kotsing ka lebaka la hobane mosebetsi oa Pauluse oa boboleli o ne o entse hore baahi ba bangata ba motse ba furalle borapeli ba litšoantšo. Mokhopi o ile oa hulela Aristakase le Gaiase lebaleng la liketsahalo ’me oa ’na oa hoeletsa oa re: “O moholo Artemise oa Baefese!” Mohlomong Aristakase le Gaiase ba ne ba lebeletse hore ba tl’o shoa, empa motlalehi oa motse o ile a khutsisa letšoele leo.—Lik. 19:23-41.

17 Haeba u ne u fetile tlas’a maemo a joalo na u ka be u ile ua batla bophelo bo nang le mathata a fokolang? Ha ho letho le bontšang hore Aristakase kapa Gaiase ha baa ka ba hlola ba e-ba sebete. Kaha Aristakase o ne a tsoa Thesalonika, o ne a tseba hore motho o ne a ka hlorisoa ka lebaka la ho bolela litaba tse molemo. Pejana ho ne ho ile ha tsoha moferefere nakong eo Pauluse a neng a bolela litaba tse molemo moo. (Lik. 17:5; 20:4) Kaha Aristakase le Gaiase ba ne ba tsamaea litseleng tsa Jehova, Molimo o ile a ba fa sebete le matla hore ba mamelle mahloriso.

Hlokomela Lithahasello Tsa Batho ba Bang

18. Priska le Akuila ba ne ba ‘hlokomela lithahasello’ tsa ba bang joang?

18 Hore na hona joale rea hlorisoa kapa che, re lokela ho ameha ka Bakreste-’moho le rōna. Priska le Akuila ba ne ba ‘hlokomela’ lithahasello tsa batho ba bang. (Bala Bafilipi 2:4.) E ka ’na eaba banyalani bao ba molemo ba ile ba amohela Pauluse ha bona ha a ne a le Efese, moo Demetriase a ileng a hlohlelletsa moferefere oo ho builoeng ka oona pejana. E ka ’na eaba boemo boo bo ile ba susumetsa Akuila le Priska hore ‘ba ipehe kotsing’ ka lebaka la Pauluse. (Bar. 16:3, 4; 2 Bakor. 1:8) Kajeno, ka lebaka la ho ameha ka barab’abo rōna ba hlorisoang, re “seli joaloka linoha.” (Mat. 10:16-18) Re seli ha re etsa mosebetsi oa rōna ’me re hana ho tsoa bara babo rōna tlaase ka hore re fe bahlorisi mabitso a bona kapa litaba tse ling.

19. Dorkase o ile a etsetsa batho ba bang lintho life tse ntle?

19 Ho hlokomela lithahasello tsa ba bang ho mekha e mengata. Ho na le lintho tseo Bakreste ba bang ba li hlokang ’me re ka ’na ra tseba ho ba thusa ka lintho tseo. (Baef. 4:28; Jak. 2:14-17) Phuthehong ea Jopa ea lekholong la pele la lilemo, ho ne ho e-na le mosali ea fanang haholo ea bitsoang Dorkase. (Bala Liketso 9:36-42.) Dorkase “o ne a tletse liketso tse molemo le limpho tsa mohau” tseo mohlomong li neng li akarelletsa ho etsetsa bahlolohali ba hlokang liaparo. Ha a hlokahala ka 36 C.E. bahlolohali ba ile ba utloa bohloko haholo. Molimo o ile a sebelisa moapostola Petrose hore a tsose Dorkase, ’me e lokela hore ebe o ile a qeta nako eohle ea bophelo ba hae mona lefatšeng a bolela litaba tse molemo ka thabo a bile a etsetsa batho ba bang lintho tse molemo. Re thaba hakaakang hore ebe har’a rōna kajeno re na le basali ba joalo ba Bakreste bao eseng baithati!

20, 21. (a) Ho khothatsa ho amana joang le ho hlokomela lithahasello tsa ba bang? (b) Ke sefe seo u ka se etsang ho khothatsa ba bang?

20 Re hlokomela lithahasello tsa ba bang ka hore re ba khothatse. (Bar. 1:11, 12) Mosebetsi-’moho le Pauluse, Silase, o ne a khothatsa ba bang. Ka mor’a hore ho etsoe qeto mabapi le taba ea lebollo hoo e ka bang 49 C.E., sehlopha se busang se Jerusalema se ile sa romela manģosa ho isa lengolo ho Bakreste ba libaka tse ling. Silase, Judase, Barnabase le Pauluse ba ile ba le isa Antioke. Ha ba le moo, Silase le Judase ba ile “ba khothatsa barab’abo rōna ka lipuo tse ngata ’me ba ba matlafatsa.”—Lik. 15:32.

21 Hamorao, Pauluse le Silase ba ile ba kenngoa chankaneng Filipi, empa ba ile ba lokolloa ka lebaka la tšisinyeho ea lefatše. E tlameha ebe ba ile ba thaba hakaakang ha ba paka ’me ba bona molebeli oa chankana hammoho le ba lelapa la hae ba fetoha balumeli! Pele ba tloha motseng oo, Silase le Pauluse ba ile ba khothatsa barab’abo rōna. (Lik. 16:12, 40) Joaloka Pauluse le Silase, ikitlaelletse ho khothatsa ba bang ka litlhaloso tsa hao, lipuo tsa hao le ka tšebeletso ea hao ea tšimo e etsoang ka mafolofolo. ’Me ha u e-na le ‘lentsoe la khothatso,’ u se ke ua tsila-tsila ho ‘le bolela.’—Lik. 13:15.

Tsoela Pele ho Tsamaea Litseleng Tsa Jehova

22, 23. Ke tsela efe eo ka eona re ka hlang ra rua molemo litlalehong tsa Bibele?

22 Ruri re lokela ho ba motlotlo ka litlaleho tsa bophelo ba sebele tse fumanoang ka Lentsoeng la Jehova, “Molimo oa khothatso eohle”! (2 Bakor. 1:3, Byington) E le hore re rue molemo litlalehong tsena, re lokela ho sebelisa seo re ithutang sona Bibeleng bophelong ba rōna ’me re lumelle moea o halalelang oa Molimo ho re tataisa.—Bagal. 5:22-25.

23 Ho thuisa ka litlaleho tsa Bibele ho tla re thusa hore re bonahatse litšobotsi tse khahlang Molimo. Ho tla matlafatsa kamano ea rōna le Jehova ea re fang “bohlale le tsebo le thabo.” (Moek. 2:26) Ka lebaka leo, re ka thabisa pelo ea Molimo e lerato. (Liprov. 27:11) E se eka re ka ikemisetsa ho etsa joalo ka ho tsoela pele re tsamaea litseleng tsa Jehova.

U ka Araba Joang?

• U ka ipaka joang hore ua tšepahala?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘ikokobetsa kelellong’?

• Litlaleho tsa Bibele li ka re thusa joang hore re be sebete?

• Re hlokomela lithahasello tsa ba bang ka litsela life?

[Lipotso tsa sehlooho se ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Jafeta ea tšepahalang le morali oa hae ba ile ba phethahatsa kano ea hae, le hoja ho etsa joalo ho ne ho le thata

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Bacha, le ithutile eng ho ngoananyana oa Moiseraele?

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Dorkase o ile a thusa Bakreste-’moho le eena ka lintho tseo ba li hlokang joang?