Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Lula Mahaeng a Maqheku Empa ha Baa Lebaloa

Ba Lula Mahaeng a Maqheku Empa ha Baa Lebaloa

Ba Lula Mahaeng a Maqheku Empa ha Baa Lebaloa

MOAPOSTOLA Pauluse o ile a eletsa Bakreste-’moho le eena: “A re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagal. 6:10) Le kajeno re ntse re latela tataiso eo ’me re batla litsela tsa hore re etsetse balumeli-’moho le rōna lintho tse molemo. Har’a batho ba hlokang hore phutheho ea Bokreste e ba hlokomele ka lerato ba bileng ba lokeloang ke tlhokomelo e joalo ke bara le baralib’abo rōna ba ratehang ba hōlileng ba lulang mahaeng a maqheku.

Ke ’nete hore linaheng tse ling ho tloaelehile hore batsoali ba seng ba hōlile ba hlokomelloe hae ke ba malapa a bona. Leha ho le joalo, linaheng tse ling hangata batho ba baholo ba bangata ba itšetlehile ka hore ba hlokomeloe mahaeng a maqheku. Ho thoe’ng ka Bakreste ba hōlileng ba lulang mahaeng a maqheku? Ba thulana le mathata afe? Ba ka sebetsana le boemo boo joang haeba ho se na litho tsa lelapa tse ba thusang? Phutheho ea Bokreste e ka ba thusa joang? Hona re rua molemo joang haeba re ba etela khafetsa?

Mathata a Mahaeng a Maqheku

Ha Bakreste ba hōlileng ba ea lehaeng la maqheku, ba ka ’na ba iphumana ba le tšimong ea phutheho e ’ngoe. Ka lebaka leo, Lipaki tsa phutheho eo li ka ’na tsa se ke tsa hopola ho ba etela hangata. Ho feta moo, ho ka etsahala hore lehaeng leo la maqheku ba iphumane ba le har’a batho ba litumelo tse sa tšoaneng. Seo se ka beha Lipaki tsa habo rōna tse hōlileng bothateng.

Ho tea mohlala, libakeng tse ling, mahae a maqheku a hlophisa hore ho be le tšebeletso ea bolumeli e tšoareloang lehaeng leo. Mohlokomeli e mong o re: “Lipaki tse ling tse hōlileng tse sitoang ho bua hantle li ’nile tsa khannoa ka litulo tsa batho ba nang le bokooa tsa isoa litšebeletsong tsa kereke li sa botsoa hore na lia batla kapa che.” Ho feta moo, hangata basebetsi ba lehaeng la maqheku ba sebelisa ho keteka matsatsi a tsoalo, Keresemese kapa Easter hore maqheku a etse ntho e fapaneng le eo a tloaetseng ho e etsa. Lipaki tse ling tse lulang lehaeng la maqheku li ’nile tsa fuoa lijo tseo matsoalo a tsona a neng a ke ke a li lumella ho li ja. (Lik. 15:29) Haeba re etela bara le baralib’abo rōna ba hōlileng khafetsa, re ka ba thusa hore ba sebetsane le mathata a joalo.

Thuso ea Phutheho

Bakreste ba pele ba ne ba elelloa hore ba na le boikarabelo ba ho hlokomela ba hōlileng haeba ho ne ho se na litho tsa lelapa tse neng li ka ba thusa. (1 Tim. 5:9) Ka tsela e tšoanang, kajeno balebeli ba hlokolosi hore ba etse bonnete ba hore batho ba hōlileng ba lulang mahaeng a maqheku sebakeng sa habo bona ha ba hlokomolohuoe. * Moholo e mong ea bitsoang Robert o re: “E ne e tla ba hantle hore balebeli ba Bakreste ka seqo ba etele ba hōlileng e le hore ba bone hore na ba phela tlas’a maemo a joang ba be ba rapele le bona. Phutheho e ka ba thusa haholo ka lintho tseo ba li hlokang.” Haeba re behella ka thōko nako ea hore re etele ba hōlileng, hoo ho bontša hore rea utloisisa hore na ke habohlokoa hakae mahlong a Jehova hore re hlokomele ba hlokang thuso.—Jak. 1:27.

Ha ho hlokahala, ka boithatelo baholo ba hokahanya litlhophiso tsa ho thusa bara le baralib’abo bona ba mahaeng a maqheku sebakeng sa habo bona. Robert o hlalosa hore na ntho e ’ngoe eo ba ka e hlokang ke eng, “Re lokela ho khothalletsa bara le baralib’abo rōna ba hōlileng hore ba ee libokeng haeba ba ka khona.” Leha ho le joalo, baholo ba ka etsa litlhophiso tse ling bakeng sa ba seng ba sa khone ho ea Holong ea ’Muso. Jacqueline, ea ka bang lilemo li 85, ea tšoeroeng ke lefu la masapo le manonyeletso, o mamela liboka ka thelefono. O re: “Ho nthusa haholo hore ke mamele liboka nakong eo li ntseng li tsoela pele. Ha ho na ntho e ka ntšitisang hore ke mamele liboka tsena!”

Haeba Mokreste ea hōlileng a sitoa ho mamela liboka ka thelefono, baholo ba ka hlophisa hore a hatisetsoe lenaneo la liboka. Motho ea isetsang mora kapa morali’abo rōna ea lehaeng la maqheku lenaneo le rekotiloeng a ka sebelisa monyetla oo hore a be le puisano e khothatsang le eena. Molebeli e mong o re: “Ho phetela ba hōlileng litaba tse amang litho tsa phutheho ho etsa hore ba ikutloe hore e ntse e le karolo ea phutheho.”

Lulang le Buisana

Hoa utloahala hore batho ba hōlileng ba bangata ba fumana ho ea lehaeng la maqheku e le ntho e sithabetsang le e ferekanyang. Ka lebaka leo, ba bangata ba atisa ho ikarola ho batho ba bang. Leha ho le joalo, haeba re etela bara le baralib’abo rōna ba hōlileng hang ka mor’a hore ba fihle sebakeng seo se secha ’me re ba bontša hore re tla lula re ba tšehetsa, re tla ba thusa haholo hore ba boele ba be le khotso moeeng ’me ba thabe.—Liprov. 17:22.

Haeba bara le baralib’abo rōna ba se ba lahleheloa ke kelello kapa ba se ba sa utloe hantle kapa ba e-na le mathata a mang a etsang hore ho be thata ho buisana le bona, ba bang ba ka ’na ba etsa qeto ea hore ho ba etela ha ho na thuso. Leha ho le joalo, boiteko ba rōna ba hore re ’ne re ba etele ho sa tsotellehe hore na ho buisana le bona ho thata hakae, bo bontša hore ha re phetse ho ‘etella pele ho bontša tlhompho’ ho balumeli-’moho le rōna. (Bar. 12:10) Haeba mor’abo rōna ea seng a hōlile a se a qala ho lebala lintho tse sa tsoa etsahala, re ka mo khothalletsa hore a hopole lintho tse etsahetseng khale—mohlomong le tse etsahetseng bongoaneng—kapa re mo kōpe hore a re phetele hore na o tsebile ’nete ea Bibele joang. Re ka etsa’ng haeba a sokola ho fumana mantsoe a nepahetseng? Mamela u sa fele pelo, ’me haeba ho loketse, bua mantsoe a mabeli kapa a mararo ao ho bonahalang a mo sokolisa kapa u akaretse maikutlo a hae ebe u mo khothalletsa ho tsoela pele. Haeba a ferekane kapa a sitoa ho bua hantle ’me ho le thata ho utloisisa seo a se buang, re ka leka ho utloisisa ka hore re mamele ka hloko hore na o bua ka lentsoe le joang.

Haeba ho se ho sa khonehe ho buisana le motho ea hōlileng, ho ka sebelisoa mokhoa o mong oa puisano. Laurence, eo e leng pula-maliboho, hangata o etela Madeleine, morali’abo rōna ea lilemo li 80 ea seng a sa tsebe ho bua. Laurence o hlalosa hore na o buisana joang le eena: “Ke tšoara Madeleine ka letsoho ha re rapela. Joale eena o penya letsoho la ka butle ebe oa panya-panya ho bontša hore o ananela linako tseo tsa bohlokoa.” Ho tšoara metsoalle ea rōna e hōlileng ka letsoho kapa ho e kopa ka mofuthu ruri ho ka e tsosa molota.

Ho ba Teng ha Hao ke Habohlokoa

Ho etela ba hōlileng khafetsa ho ka ama tsela eo ba hlokomeloang ka eona. Danièle, eo esaleng a etela Lipaki-’moho le eena tse lulang mahaeng a maqheku ka lilemo tse ka bang 20 o re, “Ha basebeletsi ba lehaeng la maqheku ba hlokomela hore motho o eteloa hangata, ba mo hlokomela hantle.” Robert, eo ho builoeng ka eena ka holimo o re: “Ho ka etsahala hore basebetsi ba hlokomelang maqheku ba mamele motho ea atisang ho etela motho ea lulang lehaeng la maqheku. Empa motho ea tlang ngope’a se tšoha eena ba ka ’na ba se ke ba mo fa tlhompho e tšoanang.” Kaha hangata baoki ba sebetsana le litho tsa malapa tse sa khotsofaleng habonolo, baa ananela ha batho ba etetseng maqheku ba ba leboha. Ho feta moo, haeba re ba le likamano tse ntle le batho ba hlokomelang maqheku ba ka ’na ba hlompha tumelo le maikutlo a Paki e hōlileng eo ba e hlokomelang.

Re ka boela ra ba le likamano tse ntle le basebetsi ba lehaeng la maqheku ka hore re ithaopele ho ba thusa ka mesebetsi e menyenyane. Libakeng tse ling, khaello e lulang e le teng ea basebetsi ba tšoanelehang e etsa hore batho ba hōlileng ba se ke ba fumana tlhokomelo ea boemo bo botle. Rébecca, eo e leng mooki o re: “Mosebetsi o ba mongata haholo nakong ea lijo. Ka lebaka leo, ena e ka ’na ea e-ba nako e loketseng ea hore motho a etele motsoalle oa hae le hore a mo thuse ho ja.” Ha rea lokela ho ba leqe ho botsa basebetsi hore na re ka ba thusa joang.

Haeba re etela lehaeng le itseng la maqheku khafetsa, re tla hlokomela hore na mora kapa morali’abo rōna ea hōlileng o hloka eng ’me ka tumello ea basebetsi ba moo, re ka ithaopela ho mo thusa ka seo a se hlokang. Ho tea mohlala, re ka ’na ra khabisa kamore ea motho ea lulang lehaeng la maqheku ka litšoantšo tse thabisang tsa batho bao a ba ratang kapa ka litšoantšo tse entsoeng ke bana. E le ho nahanela motho ea lulang lehaeng la maqheku, re ka mo tlisetsa gown e mofuthu kapa lintho tse itlhatsoang le tse itlotsang. Haeba lehae leo la maqheku le e-na le serapa, re ka isa motsoalle eo oa rōna ka ntle hore a ke a hahloe ke moea. Laurence, eo mantsoe a hae a qotsitsoeng pejana o re: “Madeleine o lula a lebeletse maeto a ka a beke le beke. Ha ke e-tla le bana hang-hang oa bososela ’me mahlo a hae a khanya khotso!” Ho ithaopela ho etsetsa batho ba lulang lehaeng la maqheku lintho tsa mofuta oo ho ka etsa phapang e khōlō bophelong ba bona.—Liprov. 3:27.

Kaofela re Rua Molemo

Ho etela motho ea hōlileng khafetsa ho ka “leka bonnete ba lerato la [rōna].” (2 Bakor. 8:8) Ka tsela efe? Re ka ’na ra utloa bohloko ha re bona motsoalle oa rōna a ntse a fokola butle-butle. Laurence o re: “Qalong ke ne ke utloa bohloko haholo ha ke bona Madeleine a ntse a fokola hoo ke neng ke lla lekhetlo le leng le le leng ha ke tsoa mo bona. Empa ke ithutile hore thapelo e etsoang ka tieo e ka re thusa hore re se ke ra ngongoreha empa re be batho ba khothatsang haholo.” Ka lilemo tse ngata Robert o ’nile a etela mor’abo rōna oa Mokreste ea bitsoang Larry ea tšoeroeng ke lefu la Parkinson. Robert o re: “Lefu lena le totetse Larry hoo ke sitoang ho utloisisa lentsoe leha le le leng leo a le buang. Empa ha re rapela, kea bona hore o ntse a e-na le tumelo.”

Ha re etela balumeli-’moho le rōna ba hōlileng, ha re thuse bona feela empa le rōna seo se re tsoela molemo. Ho ikemisetsa ha bona ho lula ba le haufi le Jehova le hoja ba le har’a batho ba nang le litumelo tse sa tšoaneng ho re ruta hore re be le tumelo le sebete. Tjantjello ea bona ea ho fumana lijo tsa moea ho sa tsotellehe hore na ba haelloa hakae ke ho utloa kapa ho bona, e bontša hore “motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Mat. 4:4) Ka hore ebe ba thabela lintho tse nyenyane joaloka ho bososela ha ngoana kapa ha re e-ja le bona, batho ba hōlileng ba re hopotsa hore re lokela ho khotsofalla lintho tseo re nang le tsona. Lerato la bona la ho ba le kamano e ntle le Molimo le ka re thusa hore re tsebe hore na lintho tsa bohlokoa tse lokelang ho tla pele bophelong ba rōna ke life.

Ka sebele, phutheho kaofela e rua molemo ka thuso eo re e fang batho ba hōlileng. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Kaha ba fokolang ’meleng ba itšetlehile haholo ka lerato la bara ba motho leo ba le bontšoang, ba fa phutheho menyetla ea hore e bontše kutloelo-bohloko haholoanyane. Ka hona, kaofela ha rōna re lokela ho talima taba ea ho hlokomela ba hōlileng, le haeba e le ka nako e telele, e le tsela eo re sebeletsang ba bang ka eona. (1 Pet. 4:10, 11) Haeba baholo ba etella pele mosebetsing ona, ba tla thusa litho tse ling tsa phutheho ho bona hore karolo ena ea mosebetsi oa rōna oa Bokreste, ha ea lokela ho hlokomolohuoa. (Ezek. 34:15, 16) Ha re thusa Bakreste-’moho le rōna ba hōlileng ka boithatelo le ka lerato, re ba tiisetsa hore ha rea ba lebala!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Hang ha mongoli oa phutheho a hlokomela hore mora kapa morali’abo rōna ea ka phuthehong o se a il’o lula lehaeng la maqheku le sebakeng se seng, ho ka thusa haholo ebile e ka ba ho bontša lerato hore a tsebise baholo ba phutheho ea sebakeng seo hang-hang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]

“Ha basebeletsi ba lehaeng la maqheku ba hlokomela hore motho o eteloa hangata, ba mo hlokomela hantle”

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lithapelo tsa rōna tse tsoang botebong ba pelo li ka thusa Paki-’moho le rōna e hōlileng hore e boele e fumane khotso moeeng

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lipolelo tse bontšang hore re rata balumeli-’moho le rōna ba hōlileng li tla ba matlafatsa