Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha, Hopolang ’Mōpi oa Lōna e Moholo Hona Joale

Bacha, Hopolang ’Mōpi oa Lōna e Moholo Hona Joale

Bacha, Hopolang ’Mōpi oa Lōna e Moholo Hona Joale

“U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao.”—MOEK. 12:1.

1. Jehova o bontša joang hore o tšepa barapeli ba hae ba bacha?

JEHOVA o nka bacha ba Bakreste e le ba bohlokoa ba bile ba khatholla joaloka marotholi a phoka. Ha e le hantle, o ile a bolela esale pele hore letsatsing la Mor’a hae la ‘lebotho la sesole,’ bahlankana le baroetsana ba ne ba tla “itlhahisa ka ho rata” tšebeletsong ea Kreste. (Pes. 110:3) Boprofeta boo bo ne bo tla phethahala nakong eo ka eona batho ba bangata ba neng ba tla be ba sa lumele ho Molimo, ba ichebile bobona, ba rata chelete ho tlōla ba bile ba sa mamele. Leha ho le joalo, Jehova o ne a tseba hore bacha ba mo rapelang e ne e tla ba ba fapaneng. Ka sebele Jehova oa le tšepa lōna bara le barali babo rōna ba bacha!

2. Ho hopola Jehova ho akarelletsa eng?

2 Nahana feela hore na Molimo o thaba hakaakang ha a bona bacha ba hopola hore ke ’Mōpi oa bona e Moholo. (Moek. 12:1) Hoa utloahala hore ho hopola Jehova ha ho akarelletse ho nahana ka eena feela. Ho bolela ho nka khato—e leng ho etsa se mo khahlisang, ho tataisoa ke melao le melao-motheo ea hae bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ho boetse ho bolela ho tšepa Jehova le ho tseba hore o hlile o rata ho re thusa. (Pes. 37:3; Esa. 48:17, 18) Na ke kamoo u ikutloang kateng ka ’Mōpi oa hao e Moholo?

“Tšepa Jehova ka Pelo ea Hao Eohle”

3, 4. Jesu o ile a bontša joang hore o tšepa Jehova, ’me ke hobane’ng ha ho tšepa Jehova e le habohlokoa kajeno?

3 Ho hlakile hore Jesu Kreste ke eena mohlala o molemo ka ho fetisisa oa motho ea ileng a tšepa Molimo. O ile a phela tumellanong le mantsoe a Liproverbia 3:5, 6: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” Nakoana ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, Satane o ile a tla ho eena a leka ho mo eka hore a amohele mebuso le khanya ea lefatše. (Luka 4:3-13) Jesu ha aa ka a thetsoa. O ne a tseba hore ‘maruo a ’nete le khanya le bophelo’ ke “phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova.”—Liprov. 22:4.

4 Lefatšeng la kajeno ho busa meharo le boikhabi. Maemong a joalo, ke bohlale hore re latele mohlala oa Jesu. U hopole hape hore Satane o tla etsa eng kapa eng ho khelosa bahlanka ba Jehova tseleng e patisaneng e isang bophelong. O batla ho bona motho e mong le e mong a tsamaea tseleng e pharaletseng e isang timetsong. A se ke a u thetsa! Ho e-na le hoo, ikemisetse ho hopola ’Mōpi oa hao e Moholo. Mo tšepe ka ho feletseng, ’me u tšoare ka tieo “bophelo ba sebele,” boo ruri bo tla tla haufinyane.—1 Tim. 6:19.

Bacha, Hlalefang!

5. U ikutloa joang ka bokamoso ba lefatše lee?

5 Bacha ba hopolang ’Mōpi oa bona e Moholo ba bohlale ho feta lilemo tsa bona. (Bala Pesaleme ea 119:99, 100.) Kaha ba sheba lintho ka tsela eo Molimo a li shebang ka eona, baa hlokomela hore haufinyane lefatše lena le tla feta. Esita le nakong e khutšoanyane eo le phetseng ka eona, ha ho pelaelo hore lōna bacha le bone ha tšabo le matšoenyeho li eketseha. Haeba le ntse le kena sekolo, mohlomong le se le utloile ha ho buuoa ka tšilafalo, ho futhumala ha lefatše, ho senngoa ha meru le mathata a mang a tšoanang le ana. Batho ba khathatsehile haholo ka liphetoho tsena, empa ke Lipaki Tsa Jehova feela tse utloisisang ka botlalo hore liphetoho tseo ke karolo ea pontšo ea hore lefatše la Satane lea fela.—Tšen. 11:18.

6. Bacha ba bang ba ’nile ba thetsoa joang?

6 Ka masoabi, bacha ba bang ba sebeletsang Molimo ba khaolitse ho falimeha ’me ba hlokomolohile ’nete ea hore lefatše lena le saletsoe ke nako e khutšoanyane. (2 Pet. 3:3, 4) Ba bang ba ’nile ba hoheloa hore ba etse libe tse khōlō ka lebaka la metsoalle e mebe le litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. (Liprov. 13:20) E ka ba masoabi a makaakang hore hona joale ha re le haufi le bofelo ebe re lahleheloa ke kamohelo ea Molimo! Ho e-na le hoo, ithute ho se ileng sa etsahalla Baiseraele ka 1473 B.C.E. ha ba ne ba hlomme liahelo Mahoatateng a Moabe, ba le lintšing tsa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ho ile ha etsahala’ng moo?

Ba Ile ba oa ha ba Atamela Khoeleng

7, 8. (a) Satane o ile a sebelisa leqheka lefe Mahoatateng a Moabe? (b) Satane o sebelisa leqheka lefe kajeno?

7 Ho hlakile hore ka nako eo, Satane o ne a batla ho thibela Baiseraele ho fumana lefa la bona leo ba neng ba le tšepisitsoe. Ka mor’a ho hlōloa ho etsa hore moprofeta Balame a ba rohake, Satane o ile a sebelisa leqheka le bolotsana le ho feta; a leka ho etsa hore ba se ke ba tšoaneloa ke tlhohonolofatso ea Jehova. Diabolose o ile a sebelisa basali ba Moabe ba hohelang batho ka boitšoaro bo bobe hore ba ba eke, ’me lekhetlong lena, ka tsela e itseng, o ile a atleha. Sechaba se ile sa qala ho kopanela liphate ho litšila le barali ba Moabe eaba se inamela Baale oa Peore! Le hoja ba ne ba le haufi le ho fumana lefa la bona la bohlokoa, e leng Naha e Tšepisitsoeng, Baiseraele ba ka bang 24 000 ba ile ba shoa. Eo e bile tlokotsi e kaakang!—Num. 25:1-3, 9.

8 Kajeno, re atamela ka potlako naheng e tšepisitsoeng e molemo le ho feta—e leng tsamaiso e ncha ea lintho. Ho ea ka tloaelo ea hae, Satane o boetse o sebelisa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate ho silafatsa batho ba Molimo. Boitšoaro ba lefatše bo hlephile hoo ho nkoang hore bohlola ke ntho e tloaelehileng ’me bosodoma bo nkoa e le feela boitšoaro boo motho a ikhethelang bona. Morali e mong oabo rōna oa Mokreste o itse, “Ke lapeng le Holong ea ’Muso feela moo bana ba ka ba ithutang hore bosodoma le ho kopanela liphate ntle ho lenyalo ke lintho tse mpe mahlong a Molimo.”

9. Ke eng e ka ’nang ea etsahala nakong ea “palesa ea bocha,” ’me bacha ba ka etsa’ng nakong eo?

9 Bacha ba hopolang ’Mōpi oa bona e Moholo baa tseba hore ho kopanela liphate ke mpho e halalelang e amanang le bophelo le ho ba le bana. Kahoo, baa hlokomela hore Molimo o laetse hore ho kopanela liphate ho lokela ho etsoa feela lenyalong. (Baheb. 13:4) Leha ho le joalo, nakong ea “palesa ea bocha”—e leng nako eo ka eona takatso ea ho kopanela liphate e bang matla haholo e bileng e ka etsang hore motho a se ke a nahana ka ho hlaka—ho ka ba thata hore motho a lule a hloekile. (1 Bakor. 7:36) U ka etsa’ng ha menahano e mebe e fihla kelellong ea hao? Rapela Jehova ka tieo hore a u thuse ho tsepamisa kelello linthong tse hloekileng. Kamehla Jehova o mamela ba mo rapelang ka tieo. (Bala Luka 11:9-13.) Ho bua ka lintho tse hloekileng ho ka re thusa hore re boele re tsepamise likelello.

Khetha Lipakane Tsa Hao ka Bohlale!

10. Ke monahano ofe o se nang thuso oo re lokelang ho o qoba, hona ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona?

10 Lebaka le leng leo ka lona bacha ba bangata ba lefatše ba se nang boitšoaro ba bileng ba phelelang menate ea nama ke hore ha ba na “pono”—ha ba tataisoe ke Molimo kapa ha ba na tšepo e tiileng ka bokamoso. (Liprov. 29:18) Ba tšoana le Baiseraele ba mehleng ea Esaia ba neng ba sa tšabe Molimo le ba neng ba phelela ‘thabo e khaphatsehang le nyakallo, ho ja nama le ho noa veine.’ (Esa. 22:13) Ho e-na le ho khalla batho ba joalo, ke hobane’ng ha u sa nahane ka tšepo ea bohlokoa eo Jehova a e fileng batho ba hae ba tšepahalang? Haeba u mohlanka e mocha oa Molimo, na u labalabela ho phela lefatšeng le lecha? Na u ikitlaelletsa ho “phela ka ho hlaphoheloa kelellong . . . ha [u] ntse u letetse tšepo e thabisang” eo Jehova a u fileng eona? (Tite 2:12, 13) Karabo ea hao e tla ama lipakane tseo u iketsetsang tsona.

11. Ke hobane’ng ha bacha ba Bakreste ba ntseng ba kena sekolo ba lokela ho sebetsa ka thata sekolong?

11 Lefatše le batla hore bacha ba qete matla a bona lipakaneng tsa lona. Ho hlakile hore lōna ba ntseng ba kena sekolo le lokela ho sebetsa ka thata hore le fumane thuto e ntle ea motheo. Le hopole hore pakane ea lōna hase feela ho fumana mosebetsi o motle empa hape ke hore le be le thuso ka phuthehong le hore le be bahoeletsi ba ’Muso ba atlehang. E le hore le etse seo, le lokela ho bua ka tsela e hlakileng, le nahane ka tsela e nang le kutloisiso, ’me ha le behelana mabaka le ba bang le khobe matšoafo le be le bontše tlhompho. Leha ho le joalo, bacha ba ithutang Bibele le ba ikitlaelletsang ho sebelisa melao-motheo ea eona bophelong ba bona ba fumana thuto e molemo haholo ’me ba rala motheo o motle bakeng sa bokamoso bo atlehileng le ba ka ho sa feleng.—Bala Pesaleme ea 1:1-3. *

12. Ke mohlala ofe oo malapa a Bakreste a lokelang ho o etsisa?

12 Iseraele, ho ne ho le bohlokoa haholo hore batsoali ba rute bana ba bona. Thuto eo e ne e akarelletsa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo, haholo-holo litaba tsa moea. (Deut. 6:6, 7) Kahoo, bacha ba Baiseraele ba neng ba mamela batsoali ba bona le batho ba bang ba baholo ba neng ba tšaba Molimo, ba ne ba sa rue tsebo feela empa hape ba ne ba rua bohlale, temohisiso, kutloisiso le matla a ho nahana—e leng litšoaneleho tse sa tloaelehang tse fumanoang ka ho ithuta melao ea Molimo. (Liprov. 1:2-4; 2:1-5, 11-15) Ka tsela e tšoanang, kajeno malapa a Bakreste a lokela ho ela thuto hloko.

Mamela Batho ba U Ratang

13. Bacha ba bang ba fumana keletso ea mofuta ofe, hona ke hobane’ng ha ba lokela ho ba hlokolosi?

13 Bacha ba fumana likeletso ho batho ba mefuta-futa—ba akarelletsang batho ba fanang ka boeletsi litabeng tsa thuto, bao hangata ba nahanang feela ka hore motho a atlehe lefatšeng. Ka kōpo rapella tataiso ea Molimo ha u ntse u sekaseka likeletso tseo, u thusoa ke Lentsoe la Molimo le likhatiso tse fanoang ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. Ho seo u ithutileng sona Bibeleng, ua tseba hore Satane o shebile haholo bacha le batho ba se nang phihlelo hore a ba hlasele. Ka mohlala, serapeng sa Edene, Eva ea neng a se na phihlelo o ile a mamela Satane, eo a neng a sa mo tsebe le ea neng a sa ka a bontša le hanyenyane feela hore oa mo rata. Lintho li ka be li fapane hakaakang haeba a ne a ile a mamela Jehova, ea neng a bontšitse ka litsela tse ngata hore oa mo rata!—Gen. 3:1-6.

14. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela Jehova le batsoali ba mo ratang?

14 Le uena ’Mōpi oa hao e Moholo ua u rata, ’me o u rata ka sepheo se setle. O batla hore u thabe ka ho sa feleng, eseng hona joale feela! Kahoo, ka bonolo ba motsoali ea tsotellang, o re ho uena le ho bohle ba mo rapelang: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.” (Esa. 30:21) Haeba batsoali ba hao ba hlile ba rata Jehova, hoo ke tlhohonolofatso e ’ngoe. Ha u ipehela lipakane, mamela keletso ea bona ka tlhompho. (Liprov. 1:8, 9) Hopola hore ba batla hore u fumane bophelo, e leng ntho ea bohlokoa haholo ho feta maruo kapa botumo lefatšeng lena.—Mat. 16:26.

15, 16. (a) Ke kholiseho efe eo re ka bang le eona ka Jehova? (b) Ke ntho efe ea bohlokoa eo re ithutang eona ho se etsahalletseng Baruke?

15 Ba hopolang ’Mōpi oa bona e Moholo ba nolofatsa bophelo ba bona, ba kholisehile hore “ho hang” Jehova a ke ke a ba tlohela ‘kapa a ba furalla.’ (Bala Baheberu 13:5.) Kaha maikutlo ana a molemo a fapana le tsela eo lefatše le nahanang ka eona, re lokela ho ba hlokolosi hore moea oa lefatše o se ke oa re susumetsa. (Baef. 2:2) Tabeng ena, nahana ka mohlala oa mongoli oa Jeremia, e leng Baruke, ea neng a phela matsatsing a thata a ho qetela a Jerusalema a neng a etella pele ho timetsoa ha motse oo ka 607 B.C.E.

16 E ka ’na eaba Baruke o ne a batla ho ntlafatsa maemo a hae a moruo. Jehova o ile a hlokomela sena eaba ka mosa o lemosa Baruke hore a se ke a ’na a ipatlela “lintho tse khōlō.” Baruke o ile a bontša hore o ikokobelitse ebile o bohlale, hobane o ile a mamela Jehova eaba oa pholoha ha Jerusalema e timetsoa. (Jer. 45:2-5) Ka lehlakoreng le leng, batho ba mehleng ea Baruke ba ileng ba iphumanela “lintho tse khōlō” maruong, ba chechisetsa borapeli ba Jehova morao, ba ile ba lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe ha ba ne ba hlōloa ke Bakalde (Bababylona). Ba bangata ba bile ba bolaoa. (2 Likron. 36:15-18) Se etsahalletseng Baruke se re thusa ho bona hore ho ba le kamano e ntle le Molimo ho bohlokoa haholo ho feta ho ba le maruo le botumo lefatšeng lena.

Sheba Mehlala e Molemohali

17. Ke hobane’ng ha Jesu, Pauluse le Timothea e le mehlala e metle bakeng sa bahlanka ba Jehova kajeno?

17 Lentsoe la Molimo le re fa mehlala e mengata e metle e le ho re thusa ho tsamaea tseleng e isang bophelong. Ka mohlala, Jesu e ne e le motho ea bohlale ka ho fetisisa ea kileng a phela, leha ho le joalo o ne a tsepamisitse kelello linthong tse neng li tla thusa batho ka ho sa feleng—e leng “litaba tse molemo tsa ’muso.” (Luka 4:43) E le hore a fe Jehova se molemohali, moapostola Pauluse o ile a tlohela mosebetsi o hlamatsehang eaba o sebelisa nako ea hae le matla a hae ho bolela litaba tse molemo. Timothea, “ngoana oa ’nete tumelong,” o ile a etsisa mohlala o motle oa Pauluse. (1 Tim. 1:2) Na Jesu, Pauluse le Timothea ba ile ba ikoahlaela seo ba se entseng bophelong? Che, le hanyenyane! Ha e le hantle, Pauluse o ile a bolela hore o ne a nka seo lefatše le fanang ka sona e le “lithōle tse ngata” ha se bapisoa le tlotla ea ho sebeletsa Molimo.—Bafil. 3:8-11.

18. Mor’abo rōna e mong e mocha o ile a etsa liphetoho life tse khōlō, hona ke hobane’ng ha a sa ikoahlaee?

18 Kajeno Bakreste ba bangata ba bacha ba etsisa tumelo ea Jesu, Pauluse le Timothea. Ka mohlala, mor’abo rōna e mong e mocha ea neng a sebetsa mosebetsi o lefang hantle o ile a ngola a re: “Kaha ke phela ka melao-motheo ea Bibele, ke ile ka nyolloa kapele mosebetsing. Ho sa tsotellehe melemo ea lichelete eo ke neng ke e fumana, ke ne ke ikutloa eka ke lelekisa moea. Eitse ha ke ea ho batsamaisi ba k’hamphani ’me ke ba bolella hore ke batla ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng, ba ile ba potlakela ho ntšepisa hore ba tla nkekeletsa chelete, ba nahana hore ha ke na ho tsamaea. Empa ke ne ke entse qeto. Batho ba bangata ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ke ile ka tlohela mosebetsi o hlamatsehang e le hore ke kene tšebeletsong ea nako e tletseng. Karabo ea ka ke hore ka sebele ke batla ho phelela boinehelo ba ka ho Molimo. Kaha hona joale ke phelela ho sebeletsa Molimo, ke na le thabo le khotsofalo tseo chelete kapa botumo li neng li ke ke tsa mpha tsona.”

19. Bacha ba khothalletsoa ho etsa qeto efe e bohlale?

19 Lefatšeng lohle, bacha ba likete-kete ba entse qeto e tšoanang e bohlale. Kahoo, bacha, ha le ntse le nahana ka bokamoso, le lule le hopola letsatsi la Jehova. (2 Pet. 3:11, 12) Le se ke la khalla batho ba ntseng ba atleha lefatšeng lena. Ho e-na le hoo, le mamele batho ba le ratang e le kannete. Ho boloka “matlotlo leholimong” ke ho etsa letsete le sireletsehileng ka ho fetisisa le le nang le melemo ea ka ho sa feleng. (Mat. 6:19, 20; bala 1 Johanne 2:15-17.) Ka sebele, le hopole ’Mōpi oa lōna e Moholo. Ha le etsa joalo, Jehova o tla le hlohonolofatsa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 Mabapi le thuto e phahameng le mosebetsi, sheba Molula-Qhooa oa October 1, 2005, leqepheng la 26-31.

Na U sa Hopola?

• Re bontša joang hore re tšepa Molimo?

• Thuto e molemo ka ho fetisisa ke efe?

• Ke lintho life tseo re ka ithutang tsona ho Baruke?

• Ke bo-mang ba behang mohlala o motle, hona hobane’ng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo leqepheng la 13]

Jehova o fana ka thuto e molemo ka ho fetisisa

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Baruke o ile a mamela Jehova ’me a pholoha ha ho timetsoa Jerusalema. U ka ithuta eng mohlaleng oo?