Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batla Tataiso ea Molimo Linthong Tsohle

Batla Tataiso ea Molimo Linthong Tsohle

Batla Tataiso ea Molimo Linthong Tsohle

“Enoa ke Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng. O tla re tataisa ho fihlela re shoa.”—PES. 48:14.

1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho latela tataiso ea Jehova ho e-na le ho tšepa bohlale ba rōna, hona ke lipotso life tse hlahang?

HA RE nahana ka lintho tsa lefeela kapa tse kotsi, ho bonolo hore re ithetse. (Liprov. 12:11) Haeba re hlile re batla ho etsa ntho eo Mokreste a sa lokelang ho e etsa, hangata lipelo tsa rōna li tla tla ka mabaka a re susumeletsang hore re e etse. (Jer. 17:5, 9) Kahoo, mopesaleme o ile a bontša bohlale ha a ne a rapela Jehova: “Romela leseli la hao le ’nete ea hao. E se eka li ka ntsamaisa.” (Pes. 43:3) O ne a tšepile Jehova, eseng bohlale ba hae bo fokolang, ’me tataiso e molemohali o ne a ka e fumana ho Jehova feela. Joaloka mopesaleme, re lokela ho batla tataiso ho Molimo.

2 Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa tataiso ea Jehova ho feta tataiso leha e le efe e ’ngoe? Re lokela ho e batla neng? Re lokela ho ba le maikutlo afe e le hore re rue molemo ho eona hona joale, hona Jehova o re tataisa joang kajeno? Lipotso tsena tsa bohlokoa li tla tšohloa sehloohong sena.

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšepa Tataiso ea Jehova?

3-5. Re na le mabaka afe a ho tšepa tataiso ea Jehova ka ho feletseng?

3 Jehova ke Ntate oa rōna oa leholimo. (1 Bakor. 8:6) O tseba e mong le e mong oa rōna hantle ebile o khona ho bona se ka lipelong tsa rōna. (1 Sam. 16:7; Liprov. 21:2) Morena Davida o ile a re ho Molimo: “U tseba ho lula ha ka le ho ema ha ka. U etse hloko monahano oa ka u le hōle. Etsoe ha ho lentsoe lelemeng la ka, empa, bona! Jehova, u se u ntse u le tseba kaofela.” (Pes. 139:2, 4) Ha e le moo Jehova a re tseba hantle hakaalo, na re ka belaela hore o tseba lintho tse ka re tsoelang molemo haholo? Ho feta moo, Jehova o bohlale ka hohle. O bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe, o sheba lintho ka ho teba ho feta motho leha e le ofe ebile o tseba liphello tsa lintho ho tloha qalong ea tsona. (Esa. 46:9-11; Bar. 11:33) Ke “Molimo, ea bohlale a le mong.”—Bar. 16:27.

4 Ho phaella moo, Jehova oa re rata ’me kamehla o re batlela se molemohali. (Joh. 3:16; 1 Joh. 4:8) Kaha ke Molimo ea lerato, o re fa lintho ka seatla se bulehileng. Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo.” (Jak. 1:17) Ba lumellang Molimo hore a ba tataise ba rua molemo haholo moseng oa hae.

5 Qetellong, Jehova o matla ’ohle. Mabapi le sena, mopesaleme o ile a re: “Mang kapa mang ea lulang sebakeng se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa O tla iphumanela bolulo tlas’a moriti oa Ea Matla ’Ohle. Ke tla re ho Jehova: “U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka, eo ke tla mo tšepa.’” (Pes. 91:1, 2) Ha re latela tataiso ea Jehova, re batla setšabelo ho Molimo ea ke keng a hlōleha. Esita leha re tobana le khanyetso, Jehova oa re tšehetsa. A ke ke a re soetsa. (Pes. 71:4, 5; Bala Liproverbia 3:19-26.) Ka sebele, Jehova o tseba se molemohali bakeng sa rōna, o re batlela se molemohali, ebile o na le matla a ho re fa se molemohali. E ka ba booatla bo bokaakang haeba re ka hlokomoloha tataiso ea hae! Empa tataiso eo re e hloka neng?

Re Hloka Tataiso Neng?

6, 7. Re hloka tataiso ea Jehova neng?

6 Bonneteng, re hloka tataiso ea Molimo bophelong bohle ba rōna, ho tloha bocheng ho fihlela botsofaling. Mopesaleme o itse: “Enoa ke Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng. O tla re tataisa ho fihlela re shoa.” (Pes. 48:14) Joaloka mopesaleme, ha ho mohla Bakreste ba bohlale ba khaotsang ho batla tataiso ea Molimo.

7 Ke ’nete hore ho ba le linako tseo ka tsona re ikutloang re hlile re hloka thuso ka potlako. Ka linako tse ling re iphumana re le “mahlomoleng,” mohlomong ka lebaka la mahloriso, ho kula ho matla, kapa ho felloa ke mosebetsi ka tšohanyetso. (Pes. 69:16, 17) Linakong tse joalo, hoa khothatsa hore re lebe ho Jehova, re kholisehile hore o tla re matlafatsa hore re mamelle le ho re tataisa hore re etse liqeto tse bohlale. (Bala Pesaleme ea 102:17.) Leha ho le joalo, re boetse re hloka thuso ea hae le ka linako tse ling. Ka mohlala, ha re bua le baahelani ba rōna ka litaba tse molemo tsa ’Muso, re hloka tataiso ea Jehova haeba re batla ho atleha ha re fana ka bopaki. Kahoo, neng le neng ha re lokela ho etsa qeto—ebang ke e mabapi le boikhathollo, moaparo kapa boitlhopho, metsoalle, mosebetsi, thuto, kapa ntho leha e le efe e ’ngoe—re tla be re sebetsa litaba ka bohlale hafeela re latela tataiso ea Jehova. Ha e le hantle, re hloka tataiso likarolong tsohle tsa bophelo ba rōna.

Likotsi Tsa ho se Batle Tataiso ho Molimo

8. Ketso ea Eva ea ho ja tholoana e hanetsoeng e ile ea bolela’ng?

8 Leha ho le joalo, re hopole hore re tlameha ho ikemisetsa ho latela tataiso ea Jehova, empa Molimo a ke ke a re qobella haeba re sa batle. Motho oa pele ea ileng a khetha ho se latele tataiso ea Jehova ke Eva, ’me mohlala oa hae o bontša kamoo qeto e joalo e mpe e ka bang kotsi kateng. Hape nahana ka se neng se boleloa ke ketso eo ea hae. Eva o ile a ja tholoana e hanetsoeng hobane o ne a batla ho “ba joaloka Molimo, [a] tsebe botle le bobe.” (Gen. 3:5) Ka ho etsa joalo, o ne a ipeha boemong ba Molimo, ba ho iketsetsa liqeto mabapi le hore na ke sefe se setle le se sebe ho e-na le hore a latele tataiso ea Jehova. Kahoo, o ile a hana bobusi ba Jehova. O ne a batla ho itaola. Monna oa hae, Adama, o ile a latela mohlala oa hae oa borabele.—Bar. 5:12.

9. Haeba re hana tataiso ea Jehova, ha e le hantle, re etsa’ng, hona ke hobane’ng ha ho etsa joalo e le booatla bo boholo?

9 Kajeno, haeba re sa latele tataiso ea Jehova, le rōna joaloka Eva, re tla be re sa amohele hore Jehova o na le tokelo ea ho etsa liqeto mabapi le se setle le se sebe. Ka mohlala, nahana ka motho ea itloaetsang mokhoa oa ho shebella litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Haeba a kopanela le phutheho ea Bokreste, o tseba melao ea Jehova tabeng ena. Lintho tse litšila le ho boleloa ha lia lokela ho boleloa, re se re sa re letho ka ho li shebella ka takatso e litšila. (Baef. 5:3) Haeba motho a hana melao ea Jehova, o latola bobusi ba Jehova, o hana bohlooho ba Hae. (1 Bakor. 11:3) Boo ke booatla bo boholo, kaha Jeremia o itse, “ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jer. 10:23.

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa bolokolohi ba rōna ba ho ikhethela ka tsela e nang le boikarabelo?

10 Ba bang ba ka ’na ba hanana le mantsoe a Jeremia, ba nahana hore kaha Jehova o re file bolokolohi ba ho ikhethela, ha aa lokela ho re nyatsa ha re bo sebelisa. Leha ho le joalo, u se ke ua lebala hore bolokolohi ba ho ikhethela ke boikarabelo ebile ke mpho. Re ikarabella ho Molimo ka lintho tseo re khethang ho li bua le ho li etsa. (Bar. 14:10) Jesu o itse: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” O ile a boela a re: “Pelong ho tsoa menahano e khopo, lipolao, bofebe, bohlola, bosholu, bopaki ba bohata, linyefolo.” (Mat. 12:34; 15:19) Kahoo, mantsoe a rōna le liketso tsa rōna li senola seo re leng sona ka pelong. Li bontša seo re hlileng re leng sona. Ke ka lebaka leo Mokreste ea bohlale a batlang tataiso ea Jehova linthong tsohle. Ka tsela eo, Jehova o mo fumana a e-na le ‘pelo e lokileng’ ’me o tla mo ‘etsetsa se molemo.’—Pes. 125:4.

11. Re ithuta’ng historing ea Iseraele?

11 Hopola histori ea Iseraele. Ha sechaba seo se ne se etsa liqeto tse nepahetseng, se mamela litaelo tsa Jehova, Jehova o ne a se sireletsa. (Josh. 24:15, 21, 31) Leha ho le joalo, khafetsa se ne se sebelisa hampe bolokolohi ba sona ba ho ikhethela. Mehleng ea Jeremia, Jehova o ile a re ho sona: “Ha baa ka ba mamela, kapa ba sekeha tsebe, empa ba ile ba qala ho tsamaea ho ea ka merero le ho ea ka manganga a lipelo tsa bona tse mpe, hoo ba ileng ba khutlela morao ba se ke ba ea pele.” (Jer. 7:24-26) Ho utloisa bohloko hakaakang! E se eka le ka mohla, manganga kapa ho icheba borōna li ke ke tsa etsa hore re hane tataiso ea Jehova, re ee ka merero ea rōna ebe kahoo re ‘khutlela morao ’me ha re ee pele’!

Ho Hlokahala Eng Hore re Latele Keletso ea Molimo?

12, 13. (a) Ke tšobotsi efe e etsang hore re batle ho latela tataiso ea Jehova? (b) Ke hobane’ng ha tumelo e le ea bohlokoa?

12 Lerato la rōna bakeng sa Jehova le etsa hore re batle ho latela tataiso ea hae. (1 Joh. 5:3) Leha ho le joalo, Pauluse o ile a bua ka ntho e ’ngoe eo re e hlokang ha a ne a re: “Re tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.” (2 Bakor. 5:6, 7) Ke hobane’ng ha tumelo e le ea bohlokoa? Jehova o re tsamaisa “litseleng tsa ho loka,” empa litsela tseo ha li re ise maruong kapa ha li re fe maemo lefatšeng lena. (Pes. 23:3) Ka lebaka leo, re lokela ho ba le tumelo e matla litlhohonolofatsong tseo ho seng tse ka bapisoang le tsona tse tlisoang ke ho sebeletsa Jehova. (Bala 2 Bakorinthe 4:17, 18.) Kahoo, tumelo e re thusa hore re khotsofalle ho ba le lintho tsa motheo tse hlokahalang.—1 Tim. 6:8.

13 Jesu o ile a bontša hore borapeli ba ’nete bo akarelletsa boitelo ’me ho hlokahala tumelo hore motho a itele. (Luka 9:23, 24) Barapeli ba bang ba tšepahalang ba ile ba itela haholo, ba mamella bofutsana, khatello, leeme, esita le mahloriso a matla. (2 Bakor. 11:23-27; Tšen. 3:8-10) Ke tumelo e matla feela e ileng ea ba thusa hore ba mamelle ka thabo. (Jak. 1:2, 3) Tumelo e matla e etsa hore re be le tšepo e feletseng ea hore ho latela tataiso ea Jehova ho molemo kamehla. E re ruisa molemo kamehla. Ho hang ha re na pelaelo hore moputso oo ba mamellang ka botšepehi ba tla o fumana, o feta hōle ho utloa bohloko leha e le hofe ha nakoana.—Baheb. 11:6.

14. Ke hobane’ng ha Hagare a ile a lokela ho ikokobetsa?

14 Hape hlokomela kamoo boikokobetso bo hlokahalang kateng tabeng ea ho latela tataiso ea Jehova. Mohlala oa Hagare, e leng lekhabunyane la Sara o bontša sena. Nakong eo Sara a neng a ntse a se na bana, Sara o ile a fa Abrahama Hagare, eaba Hagare o ima ngoana oa Abrahama. Joale, Hagare o ile a ikhohomosetsa mong’a hae ea neng a sa fumane bana, e leng Sara. Ka lebaka leo, Sara o ile a ‘qala ho mo tlotlolla,’ ’me Hagare o ile a baleha. Lengeloi la Jehova le ile la kopana le Hagare eaba le re ho eena: “Khutlela ho mong’a hao Sarai ’me u ikokobetse ka tlas’a letsoho la hae.” (Gen. 16:2, 6, 8, 9) Mohlomong Hagare a ka be a ile a lakatsa eka a ka be a filoe tataiso e fapaneng le eo. E le hore a latele taelo ea lengeloi, o ne a tla lokela ho tlohela boikhohomoso. Ho sa tsotellehe seo, ka boikokobetso, Hagare o ile a etsa seo lengeloi le neng le mo laetse sona, ’me mor’a hae Ishmaele o ile a tsoalloa liahelong tsa ntat’ae moo ho sireletsehileng.

15. Hlalosa maemo a mang ao ho ’ona ho latela tataiso ea Jehova kajeno ho ka ’nang ha hloka hore re ikokobetse.

15 Ho latela tataiso ea Jehova ho ka ’na ha hloka hore le rōna re ikokobetse. Ho ka ’na ha hlokahala hore ba bang ba lumele hore mofuta o itseng oa boikhathollo oo ba o ratang ha o khahlise Jehova. E ka ’na eaba Mokreste e mong o khopisitse e mong ’me o lokela ho kōpa tšoarelo. Kapa e ka ’na eaba o entse phoso ’me o lokela ho e lumela. Ho thoe’ng haeba motho a etsa sebe se tebileng? O lokela ho ikokobetsa ’me a bolelle baholo sebe sa hae. Motho a ka ba a khaoloa. E le hore a khutlisetsoe ka phuthehong, o lokela ho ikokobetsa ka hore a bake ’me a sokolohe. Maemong ana le a mang, re khothatsoa ke mantsoe a Liproverbia 29:23: “Boikhohomoso ba motho oa lefatše bo tla mo kokobetsa, empa ea moea o ikokobelitseng o tla fumana thoriso.”

Jehova o re Tataisa Joang?

16, 17. Re ka rua molemo o feletseng joang Bibeleng eo e leng mohloli oa tataiso e tsoang ho Molimo?

16 Mohloli o ka sehloohong oa tataiso e tsoang ho Molimo ke Bibele, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. (Bala 2 Timothea 3:16, 17.) E le hore Lentsoe leo le re ruise molemo haholo, ha rea lokela ho letela hore bothata bo hlahe e be e le hona re batlang mantsoe a ka re thusang ka Mangolong. Ho e-na le hoo, re tla itloaetsa ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng. (Pes. 1:1-3) Ka tsela eo, re tla tseba se ka Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng. Re tla nahana ka tsela eo Molimo a nahanang ka eona, ’me re tla be re loketse ho tobana le mathata leha e le afe a sa lebelloang.

17 Ho phaella moo, ho bohlokoa hore re thuise ka seo re se balang ka Mangolong re be re se akarelletse lithapelong tsa rōna. Ha re thuisa ka litemana tsa Bibele, re nahana kamoo li ka sebetsang kateng maemong a itseng. (1 Tim. 4:15) Ha re thulana le mathata a tebileng, re rapela Jehova, re kōpa hore a re thuse ho fumana tataiso eo re e hlokang. Moea oa Jehova o tla re thusa ho hopola melao-motheo ea Mangolo e ka re thusang eo re e balileng ka Bibeleng kapa likhatisong tse thehiloeng Bibeleng.—Bala Pesaleme ea 25:4, 5.

18. Jehova o re tataisa joang ka mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho?

18 Mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho ke ntho e ’ngoe ea bohlokoa e ka re thusang ha re batla tataiso ea Jehova. Karolo ea bohlokoa ea mokhatlo oo oa bara ba motho ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” le emeloang ke Sehlopha sa lona se Busang, seo kamehla se fanang ka lijo tsa moea tse hlahisoang e le lingoliloeng, mananeo a liboka le a likopano. (Mat. 24:45-47; bapisa Liketso 15:6, 22-31.) Ho phaella moo, ka har’a mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho ho na le batho ba hōlileng tsebong, haholo-holo baholo, ba tšoanelehang ho fana ka thuso le keletso ea Mangolo. (Esa. 32:1) Bacha ba tsoang malapeng a Bokreste ba na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa e ka ba thusang. Batsoali ba bona bao e leng balumeli ke balaoli ba khethiloeng ke Molimo bao kamehla ba khothalletsoang ho batla tataiso ho bona.—Baef. 6:1-3.

19. Ke litlhohonolofatso life tseo re li fumanang ka lebaka la ho tsoela pele re batla tataiso ea Jehova?

19 Ha ho pelaelo hore Jehova o fana ka tataiso ka litsela tse sa tšoaneng, ’me re etsa hantle ha re e sebelisa. Ha Morena Davida a ne a bua ka nako ea ha sechaba sa Iseraele se ne se tšepahala o itse: “Bo-ntat’a rōna ba ile ba u tšepa; ba ile ba tšepa, ’me ua ’na ua ba pholosa. Ba ile ba hoeletsa ho uena, eaba baa pholoha; ba ile ba u tšepa, ’me ha baa ka ba hlajoa ke lihlong.” (Pes. 22:3-5) Haeba ka tšepo re latela tataiso ea Jehova, le rōna re ke ke ra ‘hlajoa ke lihlong.’ Tšepo ea rōna e ke ke ea e-ba ea lefeela. Haeba re ‘rōlela Jehova litsela tsa rōna,’ ho e-na le ho itšetleha ka bohlale ba rōna, re tla hlohonolofatsoa haholo esita le hona joale. (Pes. 37:5) ’Me haeba re mamella ka botšepehi tseleng eo, litlhohonolofatso tseo e tla ba tsa ka ho sa feleng. Morena Davida o ile a ngola: “Jehova o rata toka, a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae. Ka sebele ba tla lebeloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang . . . Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pes. 37:28, 29.

Na U ka Hlalosa?

• Ke hobane’ng ha re tšepa tataiso ea Jehova?

• Ho hana tataiso ea Jehova ho bolela’ng?

• Ke maemo afe a mang ao Mokreste a lokelang ho ikokobetsa ho ’ona?

• Jehova o re tataisa joang kajeno?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo leqepheng la 8]

Na u batla tataiso ea Jehova likarolong tsohle tsa bophelo ba hao?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Eva o ile a furalla bobusi ba Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho ne ho hlokahala hore Hagare a be le tšobotsi efe e le hore a latele taelo ea lengeloi?