Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hana “Lintho Tsa Lefeela”

Hana “Lintho Tsa Lefeela”

Hana “Lintho Tsa Lefeela”

“Ea phehellang lintho tsa lefeela o na le pelo e haelloang.”—LIPROV. 12:11.

1. Tse ling tsa lintho tsa rōna tsa bohlokoa ke life, hona tsela e molemohali ea ho li sebelisa ke efe?

RE LE Bakreste, kaofela ha rōna re na le lintho tsa bohlokoa. Li ka ’na tsa akarelletsa bophelo bo botle ba ’mele le matla, bohlale ba tlhaho, kapa maruo. Kaha re rata Jehova, re thabela ho sebelisa lintho tseo tšebeletsong ea hae ’me ha re etsa joalo re tla be re latela khothatso ena e bululetsoeng: “Hlompha Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa.”—Liprov. 3:9.

2. Bibele e fana ka temoso efe mabapi le lintho tsa lefeela, hona keletso ee e sebetsa joang ka tsela ea sebele?

2 Ka lehlakoreng le leng, Bibele e boetse e bua ka lintho tsa lefeela ’me e re lemosa hore re se ke ra hafotsa matlotlo a rōna ka ho phehella lintho tsena. Tabeng ena, nahana ka mantsoe a Liproverbia 12:11: “Ea lemang mobu oa hae o tla khotsofatsoa ke bohobe, empa ea phehellang lintho tsa lefeela o na le pelo e haelloang.” Ho bonolo ho bona kamoo maele ana a sebetsang kateng ka tsela ea sebele. Haeba monna a qeta nako ea hae le matla a sebetsa ka thata hore a fepe lelapa la hae, ho ka ’na ha etsahala hore a ikutloe a sireletsehile ka tsela e itseng licheleteng. (1 Tim. 5:8) Leha ho le joalo, haeba a hafotsa matlotlo a hae ka ho phehella lintho tsa lefeela, o bontša hore o na le “pelo e haelloang,” e leng ho se be le kahlolo e leka-lekaneng le tšusumetso e nepahetseng. Ho na le monyetla o moholo oa hore monna eo o tla hloka lintho tsa motheo tsa ho iphelisa.

3. Temoso ea Bibele mabapi le lintho tsa lefeela e sebetsa joang borapeling ba rōna?

3 Leha ho le joalo, ho ne ho tla etsahala’ng haeba re ne re ka sebelisa molao-motheo oa maele aa borapeling ba rōna? Re ne re tla bona hore Mokreste ea sebeletsang Jehova ka mafolofolo le ka botšepehi o sireletsehile e le kannete. A ka kholiseha hore Molimo o tla mo hlohonolofatsa hona joale ebile tšepo ea hae ka bokamoso ha e thekesele. (Mat. 6:33; 1 Tim. 4:10) Leha ho le joalo, Mokreste ea khelosoang ke lintho tsa lefeela o kotsing ea hore a senye kamano ea hae le Jehova le tšepo ea hae ea ho fumana bophelo bo sa feleng. Re ka qoba seo joang? Re lokela ho lemoha lintho “tsa lefeela” bophelong ba rōna ’me re ikemisetse ho li qoba.—Bala Tite 2:11, 12.

4. Ka kakaretso, lintho tsa lefeela ke eng?

4 Joale lintho tsa lefeela ke eng? Ka kakaretso, e ka ba ntho leha e le efe e re sitisang ho sebeletsa Jehova ka moea oohle. Ka mohlala, li ka akarelletsa mefuta e sa tšoaneng ea boikhathollo. Ho hlakile hore boikhathollo bo molemo haeba bo etsoa ka ho lekanyetsa. Empa haeba re qeta nako e ngata haholo “boithabisong” empa re hlokomoloha mesebetsi e amanang le borapeli ba rōna, boikhathollo bo fetoha ntho ea lefeela, ’me sena se ka senya kamano ea rōna le Molimo. (Moek. 2:24; 4:6) E le hore Mokreste a qobe seo, o lokela ho lekanyetsa lintho, a hlahlobe ka hloko kamoo a sebelisang nako ea hae ea bohlokoa kateng. (Bala Bakolose 4:5.) Leha ho le joalo, ho na le lintho tsa lefeela tse kotsi haholo ho feta boikhathollo. Tse ling tsa tsona ke melimo ea bohata.

Hana Melimo ea Lefeela

5. Hangata Bibele e sebelisa poleloana e reng “ea lefeela” joang?

5 Ho thahasellisang ke hore, litemaneng tse ngata tsa Bibele moo poleloana e reng “ea lefeela” e hlahang teng, e sebelisoa ho melimo ea bohata. Ka mohlala, Jehova o ile a re ho Baiseraele: “Le se ke la iketsetsa melimo ea lefeela, ’me le se ke la ikemisetsa setšoantšo se betliloeng kapa tšiea e halalelang, ’me le se ke la emisa lejoe e le setšoantšo naheng ea lōna hore le le inamele.” (Lev. 26:1) Morena Davida o ile a ngola: “Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo, o lokela ho tšajoa ho feta melimo e meng kaofela. Etsoe melimo eohle ea lichaba ke melimo ea lefeela. Ha e le Jehova, o entse maholimo.”—1 Likron. 16:25, 26.

6. Ke hobane’ng ha melimo ea bohata e le ea lefeela?

6 Joalokaha Davida a bontšitse, re pota-potiloe ke bopaki bo bontšang boholo ba Jehova. (Pes. 139:14; 148:1-10) E ne e le tlotla e kaakang hore Baiseraele ba be kamanong ea selekane le Jehova! E ile ea e-ba maoatla a makaakang ka hore ba mo furalle ebe ba inamela litšoantšo tse betliloeng le lipalo tse halalelang! Nakong ea maqakabetsi, melimo ea bona ea bohata e ile ea e-ba ea lefeela e le kannete, ha ea ka ea ba le matla a ho ipholosa ka boeona re se re sa re letho ka ho pholosa barapeli ba eona.—Baahl. 10:14, 15; Esa. 46:5-7.

7, 8. “Maruo” a ka fetoha molimo joang?

7 Linaheng tse ngata kajeno, batho ba ntse ba inamela litšoantšo tse entsoeng ke batho, ’me melimo eo e ntse e le ea lefeela hona joale joalokaha e ne e le joalo le nakong e fetileng. (1 Joh. 5:21) Leha ho le joalo, ntle ho litšoantšo ho na le lintho tse ling tseo Bibele e li hlalosang e le melimo. Ka mohlala, nahana ka mantsoe ana a Jesu: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.”—Mat. 6:24.

8 Ke joang “Maruo” a ka fetohang molimo? Ka mohlala, nahana ka lejoe le har’a naha Iseraele ea boholo-holo. Lejoe leo le ne le ka sebelisetsoa ho haha ntlo kapa lebota. Ka lehlakoreng le leng, haeba le ne le ka emisoa e le “tšiea e halalelang” kapa “setšoantšo,” le ne le fetoha khopiso ho batho ba Jehova. (Lev. 26:1) Ka ho tšoanang, chelete ea hlokahala ebile ho na le tsela e loketseng ea ho e sebelisa. Rea e hloka e le hore re iphelise, ebile re ka e sebelisa hamolemo tšebeletsong ea Jehova. (Moek. 7:12; Luka 16:9) Empa haeba re etelletsa taba ea ho hahamalla chelete ka pele ho tšebeletso ea rōna ea Bokreste, ha e le hantle, chelete, e fetoha molimo oa rōna. (Bala 1 Timothea 6:9, 10.) Lefatšeng lena, leo ho lona batho ba nkang ho hahamalla maruo e le eona ntho ea bohlokoa, re lokela ho tiisa hore re ba le pono e leka-lekaneng ka taba ena.—1 Tim. 6:17-19.

9, 10. (a) Mokreste o talima thuto joang? (b) Kotsi ea thuto e phahameng ke efe?

9 Mohlala o mong oa ntho e molemo e ka fetohang ntho ea lefeela ke thuto ea lefatše. Re batla hore bana ba rōna ba rutehe e le hore ba ka khona ho iphelisa. Habohlokoa le ho feta, Mokreste ea rutehileng o boemong bo molemo haholo ba ho bala Bibele ka kutloisiso, ho sekaseka mathata le ho etsa liqeto tse utloahalang le ho ruta linnete tsa Bibele ka tsela e hlakileng le e susumetsang. Ho nka nako hore motho a rutehe, empa hoo hase tšenyo ea nako.

10 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka thuto e phahameng, e fumanoang k’holejeng kapa univesithing? Hohle thuto ena e nkoa e le eona ea bohlokoa haholo hore motho a atlehe. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba hahamallang thuto e joalo ba qetella ba tlatsitse likelello tsa bona ka bohlale ba lefatše bo kotsi. Thuto e joalo e senyetsa bacha lilemo tsa bohlokoa tseo ba neng ba ka li sebelisa hamolemo ba sebeletsa Jehova. (Moek. 12:1) Ha ho makatse hore ebe palo ea batho ba lumelang ho Molimo e ntse e fokotseha le ho feta linaheng tse ngata tseo ho tsona batho ba bangata ba nang le thuto e joalo. Mokreste o tšepa Jehova ho e-na le ho tšepa hore o tla sireletsoa ke mekhoa e tsoetseng pele haholo ea thuto e phahameng ea lefatše lena.—Liprov. 3:5.

U se ke ua Lumella Hore Takatso ea Nama e Fetohe Molimo

11, 12. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re ba bang: “Molimo oa bona ke limpa tsa bona”?

11 Lengolong leo a neng a le ngoletse Bafilipi, moapostola Pauluse o bua ka ntho e ’ngoe hape eo e ka ’nang ea fetoha molimo. O bua ka ba bang bao e neng e kile ea e-ba barapeli-’moho le eena ’me o re: “Ho na le ba bangata, ke ne ke ba bolela hangata empa joale ke ba bolela le ka ho lla, ba tsamaeang e le lira tsa thupa ea tlhokofatso ea Kreste, pheletso ea bona ke timetso, ’me molimo oa bona ke limpa tsa bona, . . . ’me likelello tsa bona li linthong tse lefatšeng.” (Bafil. 3:18, 19) Mpa ea motho e ka fetoha molimo joang?

12 Ho bonahala eka ho metsoalle eo ea Pauluse, ho lakatsa ho khotsofatsa litakatso tsa nama ho ne ho le bohlokoa haholo ho feta hore ba ikopanye le Pauluse ho sebeletsa Jehova. Mohlomong ba bang ba ne ba ja kapa ba noa haholo hoo e neng e e-ba menyollo kapa matahoa. (Liprov. 23:20, 21; bapisa Deuteronoma 21:18-21.) E ka ’na eaba ba bang ba ile ba khetha ho sebelisa menyetla eohle e neng e le teng lekholong la pele la lilemo ’me seo se ne se ba sitisa ho sebeletsa Jehova. Le ka mohla re se lumelle hore takatso ea seo ho thoeng ke bophelo bo molemo e etse hore re khoehlise tšebeletsong eo re e etsetsang Jehova ka moea oohle.—Bakol. 3:23, 24.

13. (a) Ho chacheha ka mohono ke eng, hona Pauluse o ile a ho hlalosa joang? (b) Re ka qoba ho chacheha ka mohono joang?

13 Pauluse o ile a boela a bua ka karolo e ’ngoe ea borapeli ba bohata. O ile a ngola: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.” (Bakol. 3:5) Ho chacheha ka mohono ke ho khalla ntho eo re se nang eona. E ka ’na ea e-ba ho khalla lintho tse bonahalang. Ho ka boela ha akarelletsa ho ba le takatso e sa lokelang ea ho kopanela liphate. (Ex. 20:17) Na hase taba e tebileng hore ebe litakatso tse joalo li bapisoa le borapeli ba litšoantšo, borapeli ba molimo oa bohata? Jesu o ile a sebelisa setšoantšo se hlakileng ho bontša kamoo ho leng bohlokoa kateng ho etsa matsapa a ho laola litakatso tse joalo tse fosahetseng.—Bala Mareka 9:47; 1 Joh. 2:16.

Hlokomela Mantsoe a Lefeela

14, 15. (a) Ke ‘ntho efe ea lefeela’ e ileng ea khelosa ba bangata mehleng ea Jeremia? (b) Ke hobane’ng ha mantsoe a Moshe e ne e le a bohlokoa?

14 Lintho tsa lefeela li ka akarelletsa mantsoe. Ka mohlala, Jehova o ile a re ho Jeremia: “Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka. Ha kea ka ka ba roma, leha e le ho ba laela kapa ho bua le bona. Ba bua le lōna ka tsela ea boprofeta ka pono ea bohata le bonohe le ntho ea lefeela le ho qhekella ha lipelo tsa bona.” (Jer. 14:14) Baprofeta bao ba bohata ba ne ba bolela hore ba bua ka lebitso la Jehova, empa ba ne ba ntšetsa likhopolo tsa bona pele, e leng bohlale ba bona. Kahoo, mantsoe a bona e ne e le “ntho ea lefeela.” A ne a se na thuso a bile a le kotsi ho batho ba Molimo. Ka 607 B.C.E., ba bangata ba ileng ba mamela mantsoe ao a lefeela ba ile ba shoa ka tšohanyetso ba bolaoa ke masole a Bababylona.

15 Ho fapana le moo, Moshe o ile a re ho Baiseraele: “Lebisang lipelo tsa lōna mantsoeng ’ohle ao ke le bolellang ’ona kajeno e le temoso . . . Etsoe hase lentsoe la lefeela ho lōna, empa le bolela bophelo ba lōna, ’me ka lentsoe lena le ka lelefatsa matsatsi a lōna holim’a naha eo le tšelang Jordane ho ea e rua.” (Deut. 32:46, 47) Ha ho pelaelo hore mantsoe a Moshe a ne a bululetsoe ke Molimo. Kahoo, e ne e le a bohlokoa, ruri a ne a hlokahala hore sechaba se atlehe. Ba ileng ba a mamela ba ile ba phela halelele ba ba ba atleha. E se eka kamehla re ka hana mantsoe a lefeela ’me re khomarele mantsoe a bohlokoa a ’nete.

16. Re lokela ho ba le maikutlo afe ka lipolelo tsa bo-rasaense tse hanyetsang Lentsoe la Molimo?

16 Na ho na le lintho tsa lefeela tseo re utloang li ntse li buuoa kajeno? E, li teng. Ka mohlala, bo-rasaense ba bang ba re khopolo ea ho iphetola ha lintho le lintho tseo saense e li sibollotseng likarolong tse ling, e bontšitse hore ha ho sa hlokahala hore batho ba lumele ho Molimo le hore lintho tsohle li ka hlalosoa ka mokhoa oa tlhaho oo lintho li etsahalang ka oona. Na re lokela ho tšoenngoa ke lipolelo tse joalo tsa boikhantšo? Che! Bohlale ba batho ha bo tšoane le bohlale ba Molimo. (1 Bakor. 2:6, 7) Leha ho le joalo, rea tseba hore ha lithuto tsa batho li hanyetsa seo Molimo a se senotseng, kamehla lithuto tsa batho e ba tsona tse fosahetseng. (Bala Baroma 3:4.) Ho sa tsotellehe tsoelo-pele eo saense e e entseng likarolong tse ling, tsela eo Bibele e hlalosang bohlale ba batho ka eona e ntse e le ’nete: “Bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo.” Likhopolo tsa batho ke lefeela ha li bapisoa le bohlale ba Molimo bo ke keng ba lekanngoa.—1 Bakor. 3:18-20.

17. Re lokela ho talima joang mantsoe a baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana le bakoenehi?

17 Mohlala o mong oa mantsoe a lefeela ke oa baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana. Ba ipolela hore ba bua lebitsong la Molimo, empa boholo ba lintho tseo ba li buang ha boa thehoa Mangolong, ebile ha e le hantle seo ba se buang ha se na thuso. Bakoenehi le bona ba bua mantsoe a lefeela, ba bolela hore ba bohlale ho feta “lekhoba le tšepahalang le le masene” le khethiloeng. (Mat. 24:45-47) Leha ho le joalo, bakoenehi ba ipuela bohlale ba bona, ebile mantsoe a bona ke a lefeela, a khopa mang kapa mang ea ka a mamelang. (Luka 17:1, 2) Re ka etsa joang hore ba se ke ba re khelosa?

Kamoo re ka Hanang Mantsoe a Lefeela

18. Ke ka litsela life re ka sebelisang keletso e ho 1 Johanne 4:1?

18 Moapostola Johanne ea hōlileng o ile a fana ka keletso e molemo tabeng ena. (Bala 1 Johanne 4:1.) Tumellanong le keletso ea Johanne, kamehla re khothalletsa bohle bao re kopanang le bona mosebetsing oa boboleli hore ba leke seo ba se rutiloeng ka ho se bapisa le Bibele. Eo ke ntho eo le rōna re lokelang ho e etsa. Haeba re utloa lipolelo leha e le life tse nyatsang ’nete kapa tse buang hampe ka phutheho, ka baholo, kapa leha e le ofe oa barab’abo rōna, ha re li lumele feela re sa li hlahlobe. Ho e-na le hoo, rea botsa: “Na motho ea hasang taba ee o etsa lintho tumellanong le seo Bibele e se bolelang? Na litaba kapa liqoso tsee li ntšetsa pele morero oa Jehova? Na li etsa hore ho rene khotso ka phuthehong?” Ntho leha e le efe eo re e utloang e nyelisang mokhatlo oa bara ba motho ho e-na le ho o matlafatsa ke ntho ea lefeela.—2 Bakor. 13:10, 11.

19. Baholo ba tiisa joang hore mantsoe a bona hase a lefeela?

19 Ho na le thuto ea bohlokoa eo baholo le bona ba ka ithutang eona tabeng ea mantsoe a lefeela. Neng le neng ha ba lokela ho fana ka keletso, ba hopola mefokolo ea bona ’me ha ba nke habobebe feela hore ba tla fana ka keletso e thehiloeng phihlelong ea bona. Kamehla ba lokela ho qotsa seo Bibele e se buang. Molao o loketseng o fumanoa mantsoeng a moapostola Pauluse: “Le se ke la fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng.” (1 Bakor. 4:6) Baholo ha ba fetele ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng ka Bibeleng, ebile ha ba fetele ka nģ’ane ho keletso e thehiloeng Bibeleng e ngotsoeng likhatisong tsa lekhoba le tšepahalang le le masene.

20. Re thusoa ka litsela life hore re hane lintho tsa lefeela?

20 Lintho tsa lefeela—ebang ke “melimo,” mantsoe, kapa ntho e ’ngoe—li kotsi haholo. Ka lebaka leo, kamehla re rapela Jehova hore a re thuse ho lemoha lintho tsohle tsa lefeela ’me re batla hore a re tataise hore na re ka li hana joang. Ha re etsa joalo, re lumellana le mopesaleme: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso; mpoloke ke phela tseleng ea hao.” (Pes. 119:37) Sehloohong se latelang, re tla boela re tšohle bohlokoa ba ho amohela tataiso ea Jehova.

Na U ka Hlalosa?

• Ka kakaretso, ke ‘lintho life tsa lefeela’ tseo re lokelang ho li hana?

• Re ka etsa joang hore chelete e se ke ea fetoha molimo?

• Litakatso tsa nama li ka fetoha borapeli ba litšoantšo joang?

• Re ka hana mantsoe a lefeela joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Baiseraele ba ile ba khothalletsoa hore ba ‘leme mobu oa bona,’ eseng hore ba hahamalle lintho tsa lefeela

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Le ka mohla u se ke ua lumella hore takatso ea ho ba le lintho tse bonahalang e etse hore u khoehlise tšebeletsong ea Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Mantsoe a baholo a ka thusa haholo