Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Eng e Etsang Hore Bophelo e be ba Bohlokoa?

Ke Eng e Etsang Hore Bophelo e be ba Bohlokoa?

Ke Eng e Etsang Hore Bophelo e be ba Bohlokoa?

“Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae.”—MOEK. 12:13.

1, 2. Re ka fumana molemo joang ka ho hlahloba buka ea Moeklesia?

AK’U nahane ka monna eo ho bonahalang a e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ’musi ea tsebahalang, e mong oa banna ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng ebile ke motho ea bohlale ka ho fetisisa ho batho ba mehleng ea hae. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe lintho tsohle tseo a li fihletseng, o sa ntse a ipotsa, ‘Ke eng e etsang hore bophelo e be ba bohlokoa?’

2 Monna ea joalo o kile a ba teng—hoo e ka bang lilemo tse likete tse tharo tse fetileng. Lebitso la hae e ne e le Solomone, ’me bukeng ea Moeklesia, o hlalosa kamoo a ileng a batla khotsofalo kateng. (Moek. 1:13) Re ka ithuta ho hongata ho se ileng sa etsahalla Solomone. Ka sebele, bohlale bo fumanoang bukeng ea Moeklesia bo ka re thusa hore re iketsetse lipakane tse tla etsa hore bophelo ba rōna bo be le morero oa sebele.

“Ho Lelekisa Moea”

3. Ke ntlha efe e etsang hore motho a nahane ka ho teba ka bophelo ba batho eo kaofela ha rōna re tlamehang ho talimana le eona?

3 Solomone o hlalosa hore Molimo o bōpile lintho tse ntle tse ngata mona lefatšeng ’me lintho tsena ke mohloli o sa khaotseng le o hlollang oa lintho tse tsotehang tseo re li thabelang kamehla. Leha ho le joalo, re sitoa feela le hore re ka re re qalile ho ithuta pōpo ea Molimo hobane bophelo ba rōna bo bokhutšoanyane haholo. (Moek. 3:11; 8:17) Joalokaha Bibele e bolela, matsatsi a rōna aa fokola ’me a feta kapele. (Jobo 14:1, 2; Moek. 6:12) Ntlha ena e etsang hore motho a nahane ka ho teba e lokela ho re susumelletsa hore re sebelise bophelo ba rōna ka bohlale. Eo hase ntho e bonolo kaha lefatše la Satane le ka ’na la re susumelletsa hore re nke tsela e fosahetseng.

4. (a) Lentsoe “lefeela” le bolela’ng? (b) Ke lintho life tseo batho ba li phehellang tseo re tla li hlahloba?

4 Ho bontša kotsi ea ho senya bophelo ba rōna, Solomone o sebelisa lentsoe “lefeela” ka makhetlo a 30 bukeng ea Moeklesia. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “lefeela” le bolela ntho e se nang letho, e se nang thuso, e se nang moelelo, e sa utloahaleng kapa e se nang molemo o tšoarellang. (Moek. 1:2, 3) Ka linako tse ling Solomone o sebelisa lentsoe “lefeela” ho bolela ntho e le ’ngoe le “ho lelekisa moea.” (Moek. 1:14; 2:11) Ho totobetse hore boiteko bofe kapa bofe ba ho tšoara moea ke bo se nang thuso. Motho ea lekang ho etsa joalo o qetella a sa tšoara letho. Ho phehella lipakane tsa booatla ho baka pherekano e tšoanang. Tsamaisong ena bophelo bo bokhutšoanyane haholo hore motho a ka bo senya ka ho lelekisa lintho tse tla mo siea a tšoere phupe ka lefe! Kahoo, ho re thusa hore re qobe ho etsa phoso eo, a re ke re hlahlobeng mehlala eo Solomone a fanang ka eona ea lintho tseo ho tloaelehileng hore batho ba li phehelle bophelong. Ea pele, re tla hlahloba ho phehella menate le maruo. Ka mor’a moo, re tla tšohla molemo oa mosebetsi.

Na ho Phehella Menate ho Tla Etsa Hore re Thabe?

5. Solomone o ile a batla khotsofalo hokae?

5 Joaloka batho ba bangata kajeno, Solomone le eena o ile a leka ho fumana khotsofalo ka ho phehella menate. Oa tlaleha: “Ha kea ka ka hanela pelo ea ka ka thabo ea mofuta leha e le ofe.” (Moek. 2:10) O ile a batla menate hokae? Ho latela Moeklesia khaolo ea 2, o ile a ‘hlasimolla nama ea hae ka veine’—ka nako e tšoanang a ntse a bontša boitšoaro—eaba o phehella mesebetsi e kang ho lokisa lirapa, ho potiela matlo a borena, ho mamela ’mino le ho ja lijo tse monate.

6. (a) Ke hobane’ng ha e se phoso ho thabela lintho tse ling tse molemo bophelong? (b) Tabeng ea boithabiso, ho hlokahala hore motho a lekanyetse lintho hantle joang?

6 Na Bibele e nyatsa ho ba le nako ea ho ithabisa le metsoalle? Che. Hobane ka mohlala, Solomone o bolela hore ke mpho e tsoang ho Molimo hore batho ba thabele lijo ba qhanolotse ka mor’a mosebetsi o boima oa letsatsi. (Bala Moeklesia 2:24; 3:12, 13.) Ho feta moo, Jehova ka boeena o re bacha ba ‘thabe ’me lipelo tsa bona li ba etsetse se molemo’ ka tsela e nang le boikarabelo. (Moek. 11:9) Re hloka phomolo le boithabiso bo molemo. (Bapisa Mareka 6:31.) Leha ho le joalo, boithabiso ha ea lokela ho ba eona ntho e tlang pele bophelong ba rōna. Ho e-na le hoo, boikhathollo bo lokela ho tšoana le lijo tse tsoekere tse theolelang. U tla lumela hore ho sa tsotellehe hore na u rata lijo tse tsoekere tse theolelang hakae, qetellong li tla u tena haeba u ja tsona feela ebile li ke ke tsa u matlafatsa hakaalo. Ka tsela e tšoanang, Solomone o ile a fumana hore ha ntho e tlang pele bophelong e le ho phehella menate, seo ke “ho lelekisa moea.”— Moek. 2:10, 11.

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho khetha boithabiso ka hloko?

7 Ho feta moo, hase boithabiso bohle bo molemo. Bo bongata bo kotsi haholo moeeng le boitšoarong. Ke batho ba limilione tse kae ba ikentseng matšoenyehong hobane feela ba ne ba ‘batla ho ithabisa,’ ba sebelisa lithethefatsi hampe, ba ipolaisa joala kapa ba becha? Ka mosa Jehova o re lemosa hore haeba re lumella lipelo tsa rōna kapa mahlo a rōna hore li re ise nthong e kotsi, re lebelle hore re tla kotula litholoana tse bosula.—Bagal. 6:7.

8. Ke hobane’ng ha ho le bohlale hore re nahanisise ka tsela eo re phelang ka eona?

8 Ho feta moo, ho phehella menate ka tsela e sa lekanyetsoang hantle ho tla re sitisa ho ela hloko lintho tsa bohlokoa. Hopola hore bophelo bo feta kapele, ’me ha re na bonnete ba hore bophelong bona ba rōna bo bokhutšoanyane re tla lula re phela hantle kapa re se na mathata. Ke ka lebaka leo Solomone a ileng a boela a bontša hore ho ea phupung ho ka re tsoela molemo—haholo-holo ea mor’abo rōna kapa morali’abo rōna oa Mokreste ea tšepahalang—ho feta ho ea “ntlong ea ho thaba.” (Bala Moeklesia 7:2, 4.) Ke hobane’ng ha ho le joalo? Ha re ntse re mametse puo ea lepato re bile re nahana ka bophelo bo phetsoeng ke mohlanka enoa oa Jehova ea hlokahetseng, re ka ’na ra susumelletseha hore re hlahlobe bophelo ba rōna. Ka lebaka leo, re ka ’na ra etsa qeto ea hore re lokela ho fetola lipakane tsa rōna e le hore re phele ka bohlale karolong e setseng ea bophelo ba rōna.— Moek. 12:1.

Na Maruo a ka re Khotsofatsa?

9. Solomone o ile a ithuta eng ka ho ba le leruo?

9 Solomone e ne e le e mong oa banna ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng ha a ngola Moeklesia. (2 Likron. 9:22) O ne a ka fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang. O ile a ngola a re: “Ha kea ka ka hlokisa mahlo a ka ntho leha e le efe eo a neng a e batla.” (Moek. 2:10) Leha ho le joalo, o ile a fumana hore ho ba le maruo ka bohona ha ho khotsofatse. O ile a fihlela qeto ena, “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.”— Moek. 5:10.

10. Ke eng e etsang hore motho a fumane maruo a ’nete le khotsofalo ea ’nete?

10 Ho sa tsotellehe taba ea hore monono ke moholi ke mouoane, leruo le ntse le hohela batho haholo. Phuputsong e entsoeng haufinyane tjena United States, liithuti tse 75 ho tse lekholo tse etsang selemo sa pele univesithi, li boletse hore sepheo sa tsona se ka sehloohong bophelong ke hore “e be barui.” Le haeba li ne li ka fihlela sepheo seo sa tsona, na li ne li tla thaba e le kannete? Ha ho joalo kamehla. Bafuputsi ba fumane hore ha e le hantle, ho etelletsa maruo pele, ke ho sitisa motho hore a thabe le hore a fumane khotsofalo. Khale koana, Solomone o ne a se a ntse a fihletse qeto eo. O ile a ngola: “Ka ipokellela le silevera le khauta, le thepa eo ka ho khethehileng e leng ea marena . . . ’Me, bonang! ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela le ho lelekisa moea.” * (Moek. 2:8, 11) Ho fapana le hoo, haeba re sebelisa bophelo ba rōna ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna ebe ka lebaka leo oa re hlohonolofatsa, re tla fumana maruo a ’nete.—Bala Liproverbia 10:22.

Ke Mosebetsi oa Mofuta Ofe o Fanang ka Khotsofalo ea ’Nete?

11. Mangolo a bontša eng ka bohlokoa ba mosebetsi?

11 Jesu o ile a re: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.” (Joh. 5:17) Ha ho pelaelo hore Jehova le Jesu ba khotsofatsoa ke mosebetsi. Bibele e bontša hore Jehova o khotsofatsoa ke mosebetsi oa hae oa pōpo ha e re: “Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.” (Gen. 1:31) Mangeloi a ile a “qala ho hlaba litlatse” ha a bona sohle seo Molimo a neng a se entse. (Jobo 38:4-7) Ka tsela e tšoanang, Solomone le eena o ile a ananela bohlokoa ba mosebetsi o nang le morero.— Moek. 3:13.

12, 13. (a) Batho ba babeli ba hlalosa khotsofalo eo ba e fumanang ka lebaka la ho sebetsa ka thata joang? (b) Ke hobane’ng ha mosebetsi oa boipheliso o ka nyahamisa batho ka linako tse ling?

12 Batho ba bangata ba utloisisa molemo oa khotsofalo e tlisoang ke ho sebetsa ka thata. Ho etsa mohlala, José, eo e leng motaki oa litšoantšo ea atlehileng o re, “Ha u khona ho taka seileng setšoantšo seo u nang le sona ka kelellong, u utloa eka u hloele thaba e telele.” Miguel, * eo e leng mohoebi, o re: “Mosebetsi oa khotsofatsa hobane o u thusa hore u tsebe ho hlokomela lelapa la hao. O ka boela oa etsa hore u utloe ho na le ntho eo u e fihletseng.”

13 Ka lehlakoreng le leng, mesebetsi e meng ea tena ’me ha e fe motho menyetla e mekaalo ea hore a leke ho etsa lintho tse ncha. Ka linako tse ling batho ba ka nyahama mosebetsing kapa ba tšoaroa ka leeme hona teng. Joalokaha Solomone a bolela, ea botsoa—mohlomong hobane a tsebana le ba boholong—a ka fumana melemo e lokelang mosebetsi ea sebetsang ka thata. (Moek. 2:21) Ho na le lintho tse ling tse ka soetsang motho. Seo qalong se bonahalang eka ke monyetla o motle oa khoebo se ka ’na sa hlōleha ka lebaka la mathata a moruo kapa ketsahalo e sa lebelloang. (Bala Moeklesia 9:11.) Hangata, motho ea sebetsang ka thata o qetella a halefile a bile a ferekane ha a hlokomela hore o ‘sebelitse ka thata bakeng sa moea.’—Moek. 5:16.

14. Ke mosebetsi ofe oo kamehla o khotsofatsang e le kannete?

14 Na ho na le mosebetsi oo le ka mohla o ke keng oa soetsa motho? José, motaki oa litšoantšo eo ho builoeng ka eena pejana o re: “Ha lilemo li ntse li e-ea, litšoantšo li ka ’na tsa lahleha kapa tsa senyeha. Seo ha se etsahale ka lintho tseo re li etsang ha re sebeletsa Molimo. Ka ho mamela Jehova tabeng ea ho bolela litaba tse molemo, ke kentse letsoho ho haha ntho e ke keng ea senyeha, e leng Bakreste ba molemo ba tšabang Molimo. Eo ke ntho ea bohlokoa haholo.” (1 Bakor. 3:9-11) Ka ho tšoanang, Miguel le eena o re ho bolela molaetsa oa ’Muso ho mo khotsofatsa haholo ho feta mosebetsi oa hae. O re: “Ha ho na ntho e ka lekanang le thabo eo u e fumanang ha e re ha u bolella motho ’nete ea Mangolo u bone hore e mo amme pelo.”

“Lahlela Bohobe ba Hao”

15. Ke eng e etsang hore bophelo e be ba bohlokoa e le kannete?

15 Ha re phethela, ke eng e etsang hore bophelo e be ba bohlokoa e le kannete? Re fumana khotsofalo ea ’nete haeba re sebelisa nako e khutšoanyane eo re e phelang tsamaisong ena ea lintho ho etsa se setle le ho khahlisa Jehova. Re ka ba le kamano e ntle le Molimo, re ka ruta bana ba rōna melao-motheo e ka Bibeleng, re ka thusa ba bang hore ba tsebe Jehova hape re ka theha setsoalle se tšoarellang le bara le baralib’abo rōna. (Bagal. 6:10) Lintho tsena kaofela ke tsa bohlokoa bo ke keng ba fela ’me li tlisetsa ba li fihletseng mahlohonolo. Solomone o sebelisitse papiso e thahasellisang haholo ha a hlalosa bohlokoa ba ho etsa se molemo. O ile a re: “Lahlela bohobe ba hao holim’a metsi, kaha ka mor’a matsatsi a mangata u tla boela u bo fumane.” (Moek. 11:1) Jesu o ile a khothatsa barutuoa ba hae: “Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa.” (Luka 6:38) Ho feta moo, Jehova ka boeena o tšepisa hore o tla putsa ba etsetsang ba bang lintho tse molemo.—Liprov. 19:17; bala Baheberu 6:10.

16. Nako e loketseng ea hore re rere seo re tla se etsa ka bophelo ba rōna ke efe?

16 Bibele e re khothalletsa hore ha re sa le bacha re etse liqeto tse bohlale mabapi le hore na re tla etsa’ng ka bophelo ba rōna. Ka tsela eo re tla qoba ho nyahama hamorao. (Moek. 12:1) E ne e tla ba ho utloisang bohloko hakaakang haeba re ne re ka senya lilemo tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rōna re ntse re lelekisa lintho tsa lefatše lee tse hohelang, ebe hamorao rea hlokomela hore joaloka moea, ha li tšoarehe!

17. Ke eng e tla u thusa ho khetha tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo?

17 Joaloka ntate ofe kapa ofe ea lerato, Jehova o batla hore u thabele bophelo, u etse se molemo le hore u qobe masisa-pelo a sa hlokahaleng. (Moek. 11:9, 10) Ke eng e tla u thusa hore u etse joalo? Iketsetse lipakane tsa moea ’me u sebetse ka thata hore u li fihlele. Hoo e ka bang lilemo tse 20 tse fetileng, Javier o ile a tlameha ho khetha lipakeng tsa mosebetsi o hlamatsehang oa bongaka le tšebeletso ea nako e tletseng. O re: “Le hoja mosebetsi oa bongaka e ka ba o khotsofatsang, ha ho ntho e ka bapisoang le thabo eo ke neng ke e fumana ha ke thusa batho ba ’maloa hore ba tsebe ’nete. Mosebetsi oa nako e tletseng o nthusitse hore ke thabele bophelo ka botlalo. Ntho feela eo ke ikoahlaelang eona ke hore ebe ke liehile ho qala.”

18. Ke hobane’ng ha bophelo ba Jesu ha a ne a le lefatšeng e ne e le ba bohlokoa hakaale?

18 Kahoo, ke ntho efe ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho ikitlaelletsa hore re be le eona? Buka ea Moeklesia e re: “Lebitso le molemo ho feta oli e ntle, ’me letsatsi la ho shoa le molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa ha motho.” (Moek. 7:1) Bophelo ba Jesu ke bona bo bonahatsang sena hantle. Ka sebele e tlameha ebe o iketselitse lebitso le letle haholo ho Jehova. Ha Jesu a ne a e-shoa a tšepahala, o ile a phahamisa bobusi ba Ntate oa hae a ba a fana ka sehlabelo sa thekollo se ileng sa re bulela monyetla oa hore re pholosoe. (Mat. 20:28) Nakong e khutšoanyane eo a e phetseng lefatšeng, Jesu o fane ka mohlala o phethahetseng oa bophelo boo e leng ba bohlokoa e le kannete, ’me re ikitlaelletsa hore re latele mohlala oo.—1 Bakor. 11:1; 1 Pet. 2:21.

19. Solomone o fane ka keletso efe e bohlale?

19 Le rōna re ka iketsetsa lebitso le letle ho Molimo. Ho ba le botumo bo botle mahlong a Jehova ke ntho ea bohlokoa haholo ho rōna ho feta ho ba le maruo. (Bala Matheu 6:19-21.) Letsatsi le leng le le leng, re ka fumana litsela tsa ho etsa lintho tse ntle mahlong a Jehova le tse tla ntlafatsa bophelo ba rōna. Ho tea mohlala, re ka bolella ba bang litaba tse molemo, ra matlafatsa manyalo a rōna le malapa a rōna, re ka ntlafatsa kamano ea rōna le Jehova ka thuto ea botho le ka ho ba teng libokeng. (Moek. 11:6; Baheb. 13:16) Joale, na u rata ho fumana bophelo ba bohlokoa e le kannete? Haeba ho joalo, tsoela pele u latela keletso ea Solomone: “Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.”—Moek. 12:13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Ka selemo Solomone o ne a fumana litalenta tse 666 (ka holimo ho lik’hilograma tse 22 000) tsa khauta.—2 Likron. 9:13.

^ ser. 12 Lebitso le fetotsoe.

U ka Araba Joang?

• Ke eng e lokelang ho re susumelletsa hore re nahane ka ho teba ka lipakane tsa rōna bophelong?

• Re lokela ho nka ho phehella menate le maruo joang?

• Ke mosebetsi oa mofuta ofe o tla fana ka khotsofalo e tšoarellang?

• Ke ntho efe ea bohlokoa eo re lokelang ho ikitlaelletsa hore re be le eona?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Boithabiso bo lokela ho phetha karolo efe bophelong ba rōna?

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ke eng e etsang hore mosebetsi oa boboleli e be o khotsofatsang haholo?