Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lenyalo le ho ba Motsoali Nakong Ena ea Bofelo

Lenyalo le ho ba Motsoali Nakong Ena ea Bofelo

Lenyalo le ho ba Motsoali Nakong Ena ea Bofelo

“Nako e setseng e fokotsehile.”—1 BAKOR. 7:29.

1. (a) Ke liphetoho life tse etsahalang hona joale tse har’a lintho tseo “ho leng thata ho sebetsana le tsona”? (b) Ke hobane’ng ha re khathatsehile ka ho fetoha ha melao ea boitšoaro ka malapeng?

LENTSOE la Molimo le boletse esale pele hore “nako ea bofelo” e ne e tla tšoauoa ka lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, likhaello tsa lijo le mafu a seoa. (Dan. 8:17, 19; Luka 21:10, 11) Bibele e ile ea boela ea hlokomelisa hore nako ena ea bohlokoa historing ea batho e ne e tla ba nako ea liphetoho tse khōlō sechabeng. E ’ngoe ea lintho tseo ‘ho neng ho tla ba thata ho sebetsana le tsona’ ‘matsatsing ana a ho qetela,’ e ne e tla ba pherekano ka malapeng. (2 Tim. 3:1-4) Ke hobane’ng ha re khathatsehile ka liphetoho tsee? Hobane li atile haholo ’me li matla hoo li ka ’nang tsa susumetsa tsela eo Bakreste ba talimang lenyalo le ho ba motsoali ka eona kajeno. Ka tsela efe?

2. Ka kakaretso lefatše le talima lenyalo le tlhalo joang?

2 Mehleng ena, ho se ho le bonolo ho hlala ebile ke ntho e atileng ’me lenane la batho ba hlalanang le phahama ka sekhahla linaheng tse ngata. Leha ho le joalo, ho lokela ho hlaka likelellong tsa rōna hore Jehova Molimo o talima lenyalo le tlhalo ka tsela e fapaneng hōle le eo ka kakaretso lefatše le re potolohileng le e amohelang. Joale Jehova o talima taba ee joang?

3. Jehova le Jesu Kreste ba talima lenyalo joang?

3 Jehova Molimo o lebeletse hore batho ba nyalaneng ba tšepahalle likano tsa bona tsa lenyalo. Ha a ne a kopanya monna oa pele le mosali oa pele ka lenyalo, Jehova o ile a bolela hore ‘monna a khomarele mosali oa hae ’me e be nama e le ’ngoe.’ Hamorao, Jesu Kreste o ile a pheta mantsoe ao ’me a phaella: “Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” Jesu o ile a boela a re: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.” (Gen. 2:24; Mat. 19:3-6, 9) Kahoo, Jehova le Jesu ba talima lenyalo e le selekane sa bophelo bohle se felang feela ha molekane e mong a e-shoa. (1 Bakor. 7:39) Kaha lenyalo ke tokisetso e halalelang, tlhalo ha ea lokela ho nkoa habobebe. Ha e le hantle, Lentsoe la Molimo le bolela hore Jehova o hloile tlhalo ha e sa thehoa Mangolong. *Bala Malakia 2:13-16; 3:6.

Tšoara Lenyalo ka Tsela e Nang le Boikarabelo

4. Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba Bakreste ba ikoahlaela hore ebe ba potlaketse ho kena lenyalong?

4 Lefatše le sa tšabeng Molimo leo re phelang ho lona le hlanyetsa ho kopanela liphate. Letsatsi le leng le le leng re bona litšoantšo tse ngata haholo tse khothalletsang ho khotsofatsa nama. Re ke ke ra iphapanyetsa mathata ao li re bakelang ’ona, haholo-holo bacha ba rōna ba ratehang ba ka phuthehong. Bacha ba Bakreste ba lokela ho etsa’ng ha ba tobane le tšusumetso ee e mpe e ka ’nang ea tsosa litakatso tsa ho kopanela liphate le haeba bona ba leka ho li loantša? Ba bang ba ’nile ba leka ho sebetsana le eona ka ho kena lenyalong ba sa le banyenyane haholo. Ka tsela eo, ba lumela hore ba tla qoba ho kopanela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae, ba bangata ba ile ba ikoahlaela qeto eo ba e entseng. Hobane’ng? Hang ha thabo ea ho nyala kapa ho nyaloa e fela, ba ’nile ba hlokomela hore bona le balekane ba bona ha ba shebe lintho ka ho tšoana. Hoa utloahala hore banyalani ba joalo ba na le mathata a maholo.

5. Ke eng e tla thusa banyalani hore ba tšepahalle likano tsa bona tsa lenyalo? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

5 Ho nyalana le motho eo ha e le hantle a seng seo u neng u lebeletse hore o sona, ho ka ba thata haholo le haeba motho eo e le Mokreste-’moho le uena. (1 Bakor. 7:28) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ho thata hakae, Bakreste ba ’nete baa tseba hore tlhalo e sa tšehetsoeng ke mangolo hase tsela e amohelehang ea ho rarolla mathata a bona ha ba sa thaba lenyalong. Ka lebaka leo, phutheho ea Bokreste e lokela ho hlompha le ho thusa ka lerato batho ba sebetsang ka thata ho boloka manyalo a bona hobane ba batla ho tšepahalla likano tsa bona tsa lenyalo. *

6. Bacha ba Bakreste ba lokela ho talima monyetla oa ho kena lenyalong joang?

6 Na u mocha ’me ha u e-s’o kene lenyalong? Haeba ho joalo, u lokela ho talima monyetla oa ho kena lenyalong joang? U ka qoba masisa-pelo a maholo ka hore pele u ka ratana le Mokreste oa bong bo fapaneng le ba hao, u lete ho fihlela u hōlile ka ho lekaneng ’meleng, kelellong le moeeng hore u ka kena lenyalong. Ke ’nete hore Mangolo ha a bolele hore na motho o lokela ho kena lenyalong ha a le lilemo li kae. * Leha ho le joalo, Bibele ea bontša hore motho o tla be a etsa hantle ha a ema ho fihlela a fetile nako eo ka eona litakatso tsa ho kopanela liphate li bang matla haholo bophelong ba hae. (1 Bakor. 7:36) Hobane’ng? Hobane takatso e matla ea ho kopanela liphate e ka sitisa motho ho sheba lintho hantle ’me ea etsa hore a etse liqeto tse booatla tse ka ’nang tsa mo bakela masisa-pelo hamorao. Hopola hore keletso ea Jehova e ka Bibeleng mabapi le lenyalo, e molemong oa hao ’me e ka etsa hore u thabe.—Bala Esaia 48:17, 18.

Ho ba Motsoali ea Nang le Boikarabelo

7. Banyalani ba bang ba bacha ba feta tlas’a maemo afe, ’me ke hobane’ng ha see se ka tsosa likhohlano lenyalong?

7 Banyalani ba bang ba iphumana ba lebeletse ngoana empa bona ka bobona e ntse e le bana. Ha ba e-s’o be le nako ea hore ba tsebane hantle ha ngoana a hlaha, ’me ngoana eo o hloka ho hlokomeloa lihora tse 24 ka letsatsi. Ke ha tlhaho hore ’mè a behe pelo leseeng le sa tsoa hlaha, empa monna e mocha a ka ’na a ba lefufa ka seo. Ho feta moo, ho hloka boroko ka lebaka la ngoana ho ka ’na ha tsosa likhohlano tse ka ’nang tsa senya likamano lipakeng tsa banyalani bao. Joale hang-hang ba ka ’na ba hlokomela hore ha ba sa na tokoloho e ngata. Hona joale ba ke ke ba hlola ba nka maeto le ho etsa lintho ka bolokolohi joalokaha ba ne ba etsa pele. Ba lokela ho talima maemo a bona a fetohileng joang?

8. Ho ba motsoali ho lokela ho talingoa ka tsela efe, hona hobane’ng?

8 Feela joalokaha motho a kena lenyalong ka boikarabelo, ho ba motsoali le hona ho lokela ho talingoa e le boikarabelo bo tsoang ho Molimo ebile e le tlotla. Ho sa tsotellehe hore na ke liphetoho life tseo banyalani ba Bakreste ba lokelang ho li etsa bophelong ba bona, ha ngoana oa bona a hlaha, ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona hore ba sebetsane le tsona ka tsela e nang le boikarabelo. Kaha ke Jehova ea fileng batho bokhoni ba ho ba le bana, batsoali ba lokela ho talima ngoana ea sa tsoa hlaha e le “lefa le tsoang ho Jehova.” (Pes. 127:3) ’Mè oa Mokreste le ntate oa Mokreste ba leka ho phetha boikarabelo ba bona joaloka “batsoali . . . bonngoeng le Morena.”—Baef. 6:1.

9. (a) Ho hōlisa ngoana ho akarelletsa eng? (b) Monna a ka etsa’ng ho thusa mosali oa hae hore a lule a le matla moeeng?

9 Ho hōlisa ngoana ho hloka hore motho a itele ka lilemo tse ngata. Ho ja nako e ngata ea batsoali le matla a bona. Monna oa Mokreste o lokela ho utloisisa hore ka mor’a hore ngoana a hlahe, ho ka etsahala hore ka lilemo tse ’maloa mosali oa hae a sitoe ho mamela hantle libokeng, ’me a ka ’na a ba le menyetla e fokolang ea ho ithuta Bibele le ho thuisa. Sena se ka ’na sa mo fokolisa moeeng. Ho ba motsoali ea nang le boikarabelo ho hloka hore ntate a etse sohle seo a ka se khonang hore le eena a hlokomele ngoana. A ka ’na a leka ho thusa mosali oa hae hore a fumane lintlha tse mo lahlehetseng libokeng ka hore hamorao ha ba le lapeng, a tšohle tse ling tsa lintlha tsa lenaneo le eena. A ka boela a thusa mosali oa hae ka ho hlokomela ngoana e le hore a mo fe monyetla oa hore le eena a be le nako e ngata ea ho bolela ka ’Muso.—Bala Bafilipi 2:3, 4.

10, 11. (a) Bana ba hōlisoa joang ka “kelello e laoloang ke Jehova”? (b) Ke hobane’ng ha batsoali ba bangata ba Bakreste ba lokela ho babatsoa?

10 Ho ba motsoali ea nang le boikarabelo hase hore feela u hlokomele ngoana ka lijo, liaparo, sebaka sa bolulo le ho mo isa ngakeng. Haholo-holo mehleng ena ea bofelo e mahlonoko, ho hlokahala hore bana ba ithute melao-motheo ea boitšoaro eo ba lokelang ho phela ka eona ba sa le banyenyane. Bana ba lokela ho hōlisoa “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) “Taeo le kelello” ena li akarelletsa ho kenya mehopolo ea Jehova kelellong ea ngoana ho tloha boseeng ho fihlela a feta lilemong tse thata tsa bocha.—2 Tim. 3:14, 15.

11 Ha Jesu a ne a bolella balateli ba hae hore ba lokela ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa’ o ne a hlile a bolela hore batsoali ba lokela ho thusa bana ba bona hore e be barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Ena ke ntho e thata ka lebaka la likhatello tseo lefatše lena le li tlisetsang bacha. Ka lebaka leo, bohle ka phuthehong ba lokela hore ka mofuthu ba babatse batsoali ba atlehang ho hōlisa bana ba bona hore ba qetelle e le Bakreste ba inehetseng. Ba ‘hlōtse’ tšusumetso ea lefatše ka tumelo ea bona le ka ho tšepahala ha bona e le batsoali ba nang le boikarabelo.—1 Joh. 5:4.

Ho ba Lesoha Kapa ho se be le Bana ka Sepheo se Babatsehang

12. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba etsa qeto ea ho lula e le masoha ka nako e itseng?

12 Kaha “nako e setseng e fokotsehile” le hore “boemo ba lefatše lena boa fetoha,” Lentsoe la Molimo le re khothalletsa ho ela hloko melemo ea bosoha. (1 Bakor. 7:29-31) Ka lebaka leo, Bakreste ba bang ba khetha ho lula e le masoha bophelo bohle ba bona kapa ba khetha ho lula e le masoha ka lilemo tse ’maloa pele ba ka kena lenyalong. Ke ho babatsehang hore ha ba nke monyetla ka tokoloho eo bosoha bo fanang ka eona hore ba lelekise litabatabelo tsa boithati. Ba bangata ba lula e le masoha e le hore ba tsebe ho sebeletsa Jehova “ntle ho tšitiso.” (Bala 1 Bakorinthe 7:32-35.) Bakreste ba bang ba masoha ke bo-pula-maliboho kapa basebeletsi ba Bethele. Ba bangata ba eketsa monyetla oa hore e be batho ba ka tsoelang mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova molemo ka hore ba be boemong ba hore ba ka ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Ha e le hantle, bao e ileng ea e-ba basebeletsi ba nako e tletseng ka nako e itseng ha e sa le masoha empa hamorao ba ile ba kena lenyalong, hangata ba lumela hore thuto ea bohlokoa eo ba ileng ba ithuta eona lilemong tseo tsa pele, e tsoela manyalo a bona molemo.

13. Ke hobane’ng ha banyalani ba bang ba Bakreste ba etsa qeto ea ho se be le bana?

13 Likarolong tse ling tsa lefatše ho na le phetoho e ’ngoe e etsahetseng bophelong ba lelapa—banyalani ba bangata ba khethile hore ba se ke ba e-ba le bana. Ba bang ba etsa joalo ka lebaka la mathata a moruo, ba bang ba etsa joalo hobane ba batla ho phehella mesebetsi e hlamatsehang. Har’a Bakreste le teng ho na le banyalani ba etsang qeto ea ho se be le bana. Leha ho le joalo, hangata ba etsa joalo e le hore ba tsebe ho lokoloha haholoanyane hore ba sebeletse Jehova. Sena ha se bolele hore banyalani ba joalo ha ba thabele bophelo bo tloaelehileng ba lenyalo. Baa bo thabela. Leha ho le joalo, ba ikemiselitse hore lintho tse amanang le ’Muso li tle pele ho tse ling tsa litokelo tse tsamaeang le lenyalo. (1 Bakor. 7:3-5) Ba bang ba banyalani bana ba sebeletsa barab’abo bona ba le mosebetsing oa potoloho, oa setereke kapa ba le Bethele. Ba bang ke bo-pula-maliboho kapa ke baromuoa. Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oa bona le lerato leo ba le bontšang bakeng sa lebitso la hae.—Baheb. 6:10.

“Matšoenyeho Nameng”

14, 15. Batsoali ba Bakreste ba ka ba le ‘matšoenyeho afe nameng ea bona’?

14 Moapostola Pauluse o boleletse Bakreste ba lenyalong hore ba ne ba tla ba le “matšoenyeho nameng ea bona.” (1 Bakor. 7:28) Sena se ka ’na sa akarelletsa mathata a bophelo a amang banyalani, bana ba bona kapa batsoali ba bona ba ntseng ba tsofala. Se ka ’na sa boela sa akarelletsa mathata le masisa-pelo a tsamaeang le ho hōlisa bana ba bona. Joalokaha ho boletsoe qalong ea sehlooho sena, Bibele e ile ea bolela esale pele hore ‘matsatsi a ho qetela’ a ne a tla tlisa “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Har’a lintho tseo ho neng ho tla ba thata ho sebetsana le tsona ke bana “ba sa mameleng batsoali.”—2 Tim. 3:1-3.

15 Ho hōlisa bana ke bothata bo boholo ho batsoali ba Bakreste. Ha rea sireletsoa mathateng a bohloko a bakoang ke ‘linako tsena tsa hona joale tse mahlonoko.’ Ka lebaka leo, batsoali ba Bakreste ba lokela ho lula ba loana le tšusumetso e kotsi eo “tsamaiso ea lintho ea lefatše lena” e ka bang le eona ho bana ba bona. (Baef. 2:2, 3) Hase kamehla ba hlōlang ntoa ena! Haeba mora kapa morali ea tsoang lelapeng la Bokreste a khaotsa ho sebeletsa Jehova, hoo ka sebele ke “matšoenyeho” ho batsoali ba lekileng ho mo hōlisa ka ’nete ea Molimo.—Liprov. 17:25.

“Nakong eo ho Tla ba le Matšoenyeho a Maholo”

16. Jesu o ile a profeta hore ho tla ba le “matšoenyeho” afe?

16 Leha ho le joalo, “matšoenyeho” afe kapa afe a bang teng lenyalong kapa ka lebaka la ho ba le bana, a tla fetoa ke matšoenyeho a mang a maholo. Boprofeteng ba hae bo buang ka ho ba teng ha hae le qetello ea tsamaiso ea lintho, Jesu o ile a re: “Ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” (Mat. 24:3, 21) Hamorao Jesu o ile a bolela hore bongata bo boholo bo ne bo tla pholoha “matšoenyeho [ao] a maholo.” Leha ho le joalo, tsamaiso ea Satane e tla fela e loanne ea khumamela khahlanong le Lipaki Tsa Jehova tse phelang ka khotso. Ntle ho pelaelo, e tla ba nako e thata ho rōna kaofela—batho ba baholo le bana ka ho tšoanang.

17. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoha bokamoso? (b) Ke eng e lokelang ho ama tsela eo re talimang lenyalo le ho ba batsoali ka eona?

17 Leha ho le joalo ha rea lokela ho tšoha bokamoso ho sa hlokahale. Batsoali ba tšepahalang ho Jehova ba ka lebella hore ba tla sireletsoa hammoho le bana ba bona ba banyenyane. (Bala Esaia 26:20, 21; Sof. 2:2, 3; 1 Bakor. 7:14) Leha ho le joalo, e se eka hona joale ha re elelloa hore re phela linakong tse thata, seo se ka ama tsela eo re nahanang ka eona ka lenyalo le ho ba batsoali mehleng ena ea qetello. (2 Pet. 3:10-13) Ka tsela eo, bophelo ba rōna—ebang re masoha kapa re lenyalong, ebang re na le bana kapa ha re na bona—bo tla tlisa tlotla le thoriso ho Jehova le phutheho ea Bokreste.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Sheba buka ea Lula U Hopola Letsatsi la Jehova tlas’a sehloohoana se reng “O Hloile Tlhalo,” leqepheng la 125.

^ ser. 5 Ba nang le mathata a lenyalo ba ka matlafatsoa ke ho hlahloba lihlooho tse buang ka lenyalo tse kang tse fumanoang Molula-Qhooeng oa September 15, 2003, le Tsoheng! ea January 8, 2001.

^ ser. 6 Sheba khaolo ea 30, “Na ke se ke Loketse Lenyalo?” bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang.

Tlhahlobo

• Ke hobane’ng ha bacha ba Bakreste ba sa lokela ho potlakela ho kena lenyalong?

• Ho hōlisa ngoana ho akarelletsa eng?

• Ke hobane’ng ha Bakreste ba bangata ba lula e le masoha kapa haeba ba le lenyalong ba lula ba se na bana?

• Ke “matšoenyeho” afe ao batsoali ba Bakreste ba ka ’nang ba e-ba le ’ona?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ke hobane’ng ha ho le bohlale hore bacha ba Bakreste ba ke ba eme hanyenyane pele ba kena lenyalong?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Monna a ka thusa mosali oa hae hore a be le nako e ngata ea ho sebeletsa Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ke hobane’ng ha banyalani ba bang ba Bakreste ba khetha hore ba se ke ba e-ba le bana?