Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Johanne

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Johanne

Lentsoe la Jehova Lea Phela

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Johanne

JOHANNE—“morutuoa eo Jesu a neng a mo rata”—ke motho oa ho qetela ea ileng a ngola tlaleho e bululetsoeng ka bophelo ba Kreste le tšebeletso ea hae. (Joh. 21:20) Kosepele ea Johanne e ngotsoe hoo e ka bang ka 98 C.E., ’me e pheta lintho tse seng kae feela tse ngotsoeng Likosepeleng tse ling tse tharo.

Moapostola Johanne o ngotse Kosepele ea hae a e-na le morero o hlakileng. Mabapi le lintho tseo a li tlalehileng, o re: “Tsena li ngotsoe fatše e le hore le ka lumela hore Jesu ke Kreste Mora oa Molimo, le hore, ka lebaka la ho lumela, le ka ba le bophelo ka lebitso la hae.” (Joh. 20:31) Ka sebele molaetsa oa eona ke oa bohlokoa haholo ho rōna.—Baheb. 4:12.

“BONANG, KONYANA EA MOLIMO”

(Joh. 1:1–11:54)

Ha a bona Jesu, Johanne Mokolobetsi o phatlalatsa ka sebete: “Bonang, Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše!” (Joh. 1:29) Ha Jesu a haola Samaria, Galilea, Judea, le naheng e ka bochabela ho Jordane—a bolela, a ruta a bile a etsa mesebetsi e matla—‘ba bangata ba tla ho eena, ’me ba beha tumelo ho eena.’—Joh. 10:41, 42.

O mong oa mehlolo e hlaheletseng eo Jesu a ileng a e etsa ke oa ho tsosa Lazaro. Ba bangata ba beha tumelo ho Jesu ha ba bona monna ea neng a e-na le matsatsi a mane a shoele a boetse a phela. Leha ho le joalo, baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba rera ho bolaea Jesu. Kahoo, Jesu o tloha moo ’me o ea “sebakeng se ka thōko se haufi le lefeella, ho kena motseng o bitsoang Efraime.”—Joh. 11:53, 54.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

1:35, 40—Ntle ho Andrease ke morutuoa ofe ea neng a eme le Johanne Mokolobetsi? Nako le nako ha mongoli a bua ka Johanne Mokolobetsi o mo bitsa “Johanne” ’me ha ho mohla a ipolelang ka lebitso Kosepeleng ea hae. Ka lebaka leo, e lokela ebe morutuoa enoa ea sa boleloang ka lebitso ke eena mongoli oa Kosepele ena, e leng Johanne.

2:20—Ke tempele efe ‘e ileng ea hahuoa ka lilemo tse mashome a mane a metso e tšeletseng’? Bajuda ba ne ba bua ka ho tsosoa ha tempele ea Zorobabele ho ileng ha etsoa ke Morena Heroda oa Judea. Ho latela rahistori Josephus, mosebetsi oo o ile oa qala ka selemo sa bo18 sa puso ea Heroda, kapa ka 18/17 B.C.E. Sehalalelo sa tempele le likarolo tse ling tsa eona tse ka sehloohong li ile tsa hahuoa ka lilemo tse robeli. Lebaka leo ka lona Bajuda ba ileng ba re mehaho e haufi le tempele e ile ea hahuoa ka lilemo tse 46 ke hobane e ile ea hahuoa ho fihlela ka Paseka ea 30 C.E., le ka morao ho moo.

5:14—Na ho kula ho bakoa ke ho etsa sebe? Hase kamehla ho leng joalo. Monna eo Jesu a neng a mo folisitse o ne a kutse ka lilemo tse 38 ka lebaka la ho se phethahale hoo a ho futsitseng. (Joh. 5:1-9) Seo Jesu a neng a se bolela ke hore ha e le moo monna eo a ne a bontšitsoe mohau o ne a lokela ho latela tsela ea pholoho ’me a se ke a hlola a etsa sebe ka boomo esere a hlaheloa ke ntho e bohloko ho feta ho kula. Monna eo o ne a ka ba molato oa ho etsa sebe se sa tšoareloeng, se lokeloang ke lefu leo ho se nang tsoho ho lona.—Mat. 12:31, 32; Luka 12:10; Baheb. 10:26, 27.

5:24, 25—Ke bo-mang ba ‘fetileng lefung ho ea bophelong’? Jesu o bua ka ba neng ba kile ba shoa moeeng empa bao e ileng ea re ha ba utloa mantsoe a hae eaba ba lumela ho eena ’me ba khaotsa ho tsamaea tseleng ea bona ea boetsalibe. Ba ‘feta lefung ho ea bophelong’ ka hore thohako ea lefu ea tlosoa ho bona, ’me ba fuoa tšepo ea bophelo bo sa feleng ka lebaka la tumelo ea bona ho Molimo.—1 Pet. 4:3-6.

5:26; 6:53—Hore motho a be le bophelo ka ho eena” ho bolela’ng? Ho Jesu Kreste, sena se bolela hore Molimo o mo fa matla a ho etsa lintho tse peli tse khethehileng—matla a ho etsa hore batho ba be le boemo bo botle ho Jehova le matla a ho fana ka bophelo ka hore a tsose bafu. Ho balateli ba Jesu, ho ba le ‘bophelo ka ho bona’ ho bolela ho ba le bophelo ka tsela e feletseng. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ba le bona ha ba tsosetsoa ho ea phela leholimong. Batho ba tšepahalang ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba tla bo fumana ka tsela e feletseng ka mor’a hore ba fete teko ea ho qetela e tla etsahala hang-hang ka mor’a Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete.—1 Bakor. 15:52, 53; Tšen. 20:5, 7-10.

6:64—Na ho tloha ha Jesu a khetha Judase Iskariota o ne a se a ntse a tseba hore o tla mo eka? Kamoo ho bonahalang kateng o ne a sa tsebe. Leha ho le joalo, ka lekhetlo le leng selemong sa 32 C.E., Jesu o ile a bolella baapostola ba hae: “E mong oa lōna ke moetselletsi.” Mohlomong ka nako eo, Jesu o ile a hlokomela hore Judase Iskariota o ne a qala ho tsamaea tseleng e fosahetseng.—Joh. 6:66-71.

Seo re Ithutang Sona:

2:4. Jesu o ne a bontša Maria hore kaha ke Mora oa Molimo ea tlotsitsoeng, o lokela ho fumana litaelo ho Ntate oa hae ea leholimong. Le hoja e ne e le hona Jesu a qalang tšebeletso ea hae, o ne a hlokomela ka botlalo hore na hora kapa nako ea ho qala mosebetsi oa hae ke efe, ho akarelletsa le nako ea lefu la hae la sehlabelo. Esita le mong ka eena ea haufi-ufi joaloka Maria o ne a ke ke a lumelloa hore a kena-kenane le ho etsa ha hae thato ea Molimo. Re lokela ho ba le boikemisetso bo tšoanang ha re sebeletsa Jehova Molimo.

3:1-9. Mohlala oa Nikodemase ’musi oa Bajuda, o re ruta lintho tse peli. Ea pele, Nikodemase o ile a bontša boikokobetso, temohisiso le hore o ela hloko tlhoko ea hae ea moea, a ba a amohela hore mor’a oa ’metli oa boemo bo tlaase ke mosuoe ea rometsoeng ke Molimo. Bakreste ba ’nete ba hloka boikokobetso kajeno. Ea bobeli, Nikodemase o ile a emella morao, ea se ke ea e-ba morutuoa oa Jesu nakong eo a neng a ntse a le lefatšeng. Mohlomong lebaka e ne e le ho tšaba batho, ho rata boemo ba hae lekhotleng la Sanhedrine, kapa ho rata maruo a hae. Re ka ithuta ntho ea bohlokoa tabeng ena. Ha rea lokela ho lumella lintho tsa mofuta oo ho re sitisa hore re ‘nke thupa ea rōna ea tlhokofatso ’me re latele Jesu re sa khaotse.’—Luka 9:23.

4:23, 24. E le hore Molimo a amohele borapeli ba rōna, bo lokela ho lumellana le ’nete e senotsoeng ka Bibeleng bo be bo tataisoe ke moea o halalelang.

6:27. Ho sebeletsa “lijo tse lulang ho isa bophelong bo sa feleng” ke ho etsa boikitlaetso ba ho fumana seo re se hlokang moeeng. Haeba re etsa joalo re tla thaba.—Mat. 5:3.

6:44. Jehova ka boeena oa re tsotella. O re hulela ho Mor’a hae ka ho etsa hore ho fihloe ho rōna ka mosebetsi oa boboleli ’me a re thuse ka moea oa Hae o halalelang hore re utloisise linnete tsa moea re be re li sebelise.

11:33-36. Ha re bontša hore na re ikutloa joang seo ha se letšoao la hore rea fokola.

‘TSOELA PELE U MO LATELA’

(Joh. 11:55–21:25)

Ha Paseka ea 33 C.E. e atamela, Jesu o khutlela Bethani. Ka la 9 Nisane, o tla Jerusalema a palame petsana ea esele. Ka la 10 Nisane, Jesu o boetse o tla tempeleng. E le ha ho arabeloa thapelo ea hore lebitso la Ntate oa hae le tlotlisoe, lentsoe le tsoang leholimong le re: “Ke le tlotlisitse ’me ke tla boela ke le tlotlise.”—Joh. 12:28.

Ha ho ntse ho jeoa lijo tsa Paseka, Jesu o fa balateli ba hae keletso ea bohlokoa hobane o tla tloha a arohana le bona ’me oa ba rapella. Ka mor’a hore a tšoaroe, a isoe nyeoeng a be a khokhotheloe, Jesu o tsosoa bafung.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

14:2—Jesu o ne a tla ‘lokisetsa barutuoa ba hae ba tšepahalang sebaka’ joang leholimong? Sena se ne se tla akarelletsa hore Jesu a tiise ka molao selekane se secha ka hore a itlhahise ka pel’a Molimo ’me a hlahise boleng ba mali a hae ho Eena. Ho ba lokisetsa sebaka ho ne ho tla boela ho akarelletse hore Kreste a fumane matla a borena, ’me ka mor’a hore a a fumane, balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba tla qala ho tsosetsoa leholimong.—1 Bathes. 4:14-17; Baheb. 9:12, 24-28; 1 Pet. 1:19; Tšen. 11:15.

19:11—Na Jesu o ne a bua ka Judase Iskariota ha a bua le Pilato ka monna ea nehelaneng ka eena? Ho e-na le hore ebe o ne a bua ka Judase kapa motho e mong ea itseng ka ho khetheha, ho bonahala eka Jesu o ne a nahanne ka bohle ba jarang molato ka sebe sa ho mo bolaea. Bana ba akarelletsa Judase, “baprista ba ka sehloohong le Sanhedrine eohle” esita le “bongata” bo ileng ba susumelletsoa hore bo batle hore Barabase a lokolloe.—Mat. 26:59-65; 27:1, 2, 20-22.

20:17—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bolella Maria Magdalena hore a khaotse ho mo mamarela? Ho bonahala eka Maria o ile a mamarela Jesu hobane a ne a nahana hore o ne a le mothating oa ho nyolohela leholimong ’me a nahana hore a ke ke a hlola a mo bona hape. E le hore a mo tiisetse hore o ne a e-s’o tsamaee, Jesu o ile a mo bolella hore a khaotse ho mo mamarela empa a ee ho bolella barutuoa ba hae hore o tsohile bafung.

Seo re Ithutang Sona:

12:36. E le hore re be “bara ba leseli,” kapa bajari ba leseli, ho hlokahala hore re fumane tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo, Bibele. Joale re tlameha ho sebelisa tsebo eo ho ntša ba bang lefifing la moea ho ba isa leseling la Molimo.

14:6. Ha ho na tsela eo re ka amoheloang ke Molimo ka eona ntle le ka Jesu Kreste. Re ka atamela Jehova feela ka ho bontša tumelo ho Jesu le ka ho latela mohlala oa hae.—1 Pet. 2:21.

14:15, 21, 23, 24; 15:10. Ho hlompha thato ea Molimo ho tla re thusa hore re lule leratong la Molimo le la Mora oa hae.—1 Joh. 5:3.

14:26; 16:13. Moea oa Jehova o halalelang o sebetsa e le mosuoe ebile o re hopotsa lintho. O boetse o senola linnete. Kahoo, o ka re thusa hore tsebo ea rōna, bohlale, temohisiso, kahlolo le matla a ho nahana, li hōle. Ka lebaka leo, re lokela ho mamella thapelong, ka ho khetheha re kōpe moea oo.—Luka 11:5-13.

21:15, 19. Petrose o ile a botsoa hore na o ne a rata Jesu ho feta “tsee,” ke hore litlhapi tse neng li le ka pele ho bona. Kahoo Jesu o ile a hatisa bohlokoa ba hore Petrose a khethe ho mo latela ka linako tsohle ho e-na le ho phehella mosebetsi oa ho ba motšoasi oa litlhapi. Ka mor’a ho hlahloba litlaleho tsa Kosepele, e se eka re ka ikemisetsa ho rata Jesu ho feta ntho efe kapa efe e ka ’nang ea re khahla. Ka sebele, a re tsoeleng pele re mo latela ka lipelo tsohle tsa rōna.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ke eng eo re ka ithutang eona mohlaleng oa Nikodemase?