Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Linohe tsa linaleli li ile tsa ea bona Jesu neng?

Khatiso e ’ngoe ea Bibele e re: “Ba Bohlale ba Bochabela ha baa ka ba ea bona Jesu sejelong bosiung boo a tsoetsoeng ka bona joalokaha balisa ba entse. Ba tlile ka mor’a likhoelinyana.” Ka nako eo Jesu e ne e le “ngoana e monyenyane” a bile a lula ka tlung. (Mat. 2:7-11) Haeba Jesu a ne a ile a fuoa khauta le limpho tsa bohlokoa bosiung boo a tsoetsoeng ka bona, na Maria a ka be a ile a nyehela linonyana tse peli feela tempeleng matsatsi a 40 hamorao?—1/1, leqepheng la 31.

• Ba bangata ba ka etsa eng hore ba ntlafatse bophelo ba bona?

Motho a ka ’na a botsa, ‘Na nka fetola maemo a ka le ho nolofatsa mokhoa oo ke phelang ka oona?’ Amy o ile a etsa joalo. O ne a hafa ka nkatana empa o ne a sa thaba. O ile a hlokomela hore ho hahamalla mosebetsi lefatšeng lena ho batlile ho mo khelosa tumelong. Kahoo, o ile a etsa qeto ea ho etelletsa pele lintho tse amanang le ’Muso bophelong ba hae ’me o ile a khona ho bula maliboho ka nakoana. Amy o re, “Hona joale ke ikutloa ke khotsofetse haholo” ho feta ha ke ne ke hahamalla lipakane tsa lefatše.—1/15, leqepheng la 19.

• Ke eng e ka thusang bo-’mè ba bang hore ba ikutloe ba khotsofetse?

Bo-’mè ba bangata baa sebetsa. Ba bang ba ka ’na ba sebetsa e le hore ba tsebe ho fumana lintho tseo lelapa le li hlokang, ’me ba bang e le hore ba khone ho itjara licheleteng kapa ba khone ho reka lintho tseo ba li ratang. Ba bang bona ba ka ’na ba sebetsa hobane ba rata mosebetsi oa bona. Bo-’mè ba Bakreste ba phetha karolo ea bohlokoa ka lapeng—haholo-holo ha bana ba sa le banyenyane haholo. Ba bang ba khethile ho fokotsa nako eo ba e sebetsang kapa ba khethile ho tlohela ho sebetsa e le hore ba hlokomele lelapa haholoanyane, ’me seo se ba tliselitse khotsofalo e khōlō.—2/1, leqepheng la 28-31.

• Jesu o ne a bua ka “moloko” ofe mantsoeng a hae a tlalehiloeng ho Matheu 24:34?

Khafetsa Jesu o ile a sebelisa lentsoe “moloko” ka moelelo o fetisang maikutlo a seng matle ha a ne a bua le batho ba khopo kapa a bua ka bona. Empa ha aa ka a etsa joalo ha a ne a bua le barutuoa ba hae, ba neng ba tla tloha ba tlotsoa ka moea o halalelang. Ke bona ba neng ba tla ba boemong bo molemo haholo ba ho fihlela liqeto tse boletsoeng ho Matheu 24:32, 33. Kahoo ho bonahala eka Jesu o ne a lebisitse mantsoe ana ho balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba lekholong la pele la lilemo hammoho le ba mehleng ea kajeno.—2/15, leqepheng la 23-4.

• Molao e ne e le Motataisi joang, joalokaha ho boletsoe ho Bagalata 3:24?

Hangata motataisi oa mehleng ea boholo-holo e ne e le lekhoba le tšeptjoang, le neng le hlokomela ngoana ho tiisa hore o sireletsehile le ho etsa bonnete ba hore o phetha litaelo tsa ntat’ae. Ka tsela e tšoanang, Molao o ile oa sireletsa Bajuda mekhoeng e silafetseng, e kang ho nyalana le bahetene. Empa ho tšoana le tabeng ea motataisi oa ngoana, Molao e ne e le oa nakoana, o ne o tla sebetsa ho fihlela Kreste a fihla.—3/1, leqepheng la 18-21.

• Tumellanong le Jakobo 3:17, re lokela ho bonahatsa litšobotsi life?

Kaha re hloekile, re lokela ho furalla lintho tse mpe kapele-pele. (Gen. 39:7-9) Re boetse re lokela ho bōpa khotso, ho qoba mabifi, maikutlo a ntoa, kapa liketso tse ka senyang khotso. Kahoo e mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa: ‘Na ke tsejoa ke le motho ea bōpang khotso kapa ea senyang khotso? Na khafetsa ke ba le liphapang le batho ba bang? Na ke khopeha le feela, kapa na ke khopisa ba bang khafetsa? Kapa na ke ikemiselitse ho tšoarela le ho se tsitlelle hore lintho li etsoe ka tsela ea ka?’—3/15, leqepheng la 24-5.

• Ke hobane’ng ha Jesu a ile a folisa monna ea foufetseng butle-butle? (Mareka 8:22-26)

Bibele ha e fane ka tlhaloso e tobileng. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha etsahala hore ebe ketsahalong ena, ha Jesu a ne a folisa monna eo butle-butle, o ne a mo fa nako ea hore a tloaele hore o se a bona. Sena se ne se tla bontša kameho e lerato eo Jesu a neng a e-na le eona ka monna eo ea foufetseng.—4/1, leqepheng la 30.