Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Baromuoa ba Tšoantšoa le Litsie

Baromuoa ba Tšoantšoa le Litsie

Kabo ea Mangolo ea Bo124 ea Gileade

Baromuoa ba Tšoantšoa le Litsie

LIKHOELI tse ling le tse ling tse tšeletseng, Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se ba le lenaneo la ho aba mangolo leo lelapa lohle la Bethele ea United States le memeloang ho lona. Ka la 8 March, 2008, baeti ba tsoang linaheng tse fetang 30 ’moho le lelapa la Bethele ba ile ba e-ba teng ha sehlopha sa bo124 sa Sekolo sa Gileade se abeloa mangolo. Batho bohle ba 6 411 ba neng ba le teng ba ile ba thaba le liithuti letsatsing leo la bohlokoa ho tsona.

Molula-setulo oa lenaneo, e leng Stephen Lett oa Sehlopha se Busang, o ile a qalisa lenaneo ka puo e nang le sehlooho se reng “Tsoelang Pele le Litsie Tsa Jehova Tsa Tšoantšetso.” Tšenolo 9:1-4 e tšoantša sehlopha se senyenyane sa Bakreste ba tlotsitsoeng se ileng sa boela sa sebeletsa Jehova ka mafolofolo ka 1919, le sehlopha sa litsie se ileng sa kena khabong. Liithuti li ile tsa hopotsoa hore e le “linku tse ling,” li ikopantse le sehlopha sena sa tšoantšetso sa litsie.​—Joh. 10:16.

Lon Schilling, eo e leng setho sa Komiti ea Lekala ea United States, o ile a latela ka puo eo sehlooho sa eona se reng “Le Tlatsane.” Se ne se thehiloe mohlaleng oo Bibele e buoang ka oona oa Akuila le Prisilla (kapa, Priska), banyalani ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. (Bar. 16:3, 4) Sehlopha sena sa Gileade se ne se bōpiloe ka lihlopha tsa banyalani ba 28. Ba ile ba hopotsoa hore e le hore ba atlehe mosebetsing oa bona oa boromuoa, ho ne ho tla hlokahala hore ba boloke tlamahano ea bona ea lenyalo e le matla. Ha ho mohla Bibele e buang ka Akuila ebe ha e bue ka mosali oa hae, Prisilla. Kahoo, moapostola Pauluse le phutheho ba ne ba ba talima e le ntho e le ’ngoe. Ka tsela e tšoanang, kajeno, banyalani ba baromuoa ba lokela ho sebetsa ’moho, ba rapele ’moho ’me ba sebetsane le mathata a ikhethang a ho sebetsa naheng esele ba le ’moho, ka tsela eo ba tlatsane.​—Gen. 2:18.

Puo e latelang, e neng e e-na le sehlooho se reng, “Molemo oa Jehova o ke o U Susumelletse ho Etsa se Setle,” e ile ea fanoa ke Guy Pierce oa Sehlopha se Busang. Mor’abo rōna Pierce o ile a hlalosa hore ho etsa se molemo hase feela ho qoba ho etsa se sebe. Motho ea molemo o etsa lintho tse ntle tse tla tsoela ba bang molemo. Jehova Molimo o molemo ka tsela e ke keng ea lekanngoa. (Zak. 9:16, 17) Molemo oa Molimo le lerato la hae li ka re susumetsa hore re etsetse batho ba bang lintho tse molemo. Ha a babatsa liithuti, Mor’abo rōna Pierce o ile a phetha ka ho re: “Le ’nile la etsa hantle. Re kholisehile hore molemo oa Molimo o tla le susumelletsa hore le tsoele pele le etsa se molemo mesebetsing leha e le efe eo Jehova Molimo a tla le fa eona.”

Ka mor’a moo, Michael Burnett, eo e kileng ea e-ba moromuoa ’me a sa tsoa khethoa hore e be morupeli oa Gileade, o ile a fana ka puo eo sehlooho sa eona se neng se re “E Tlameng Joaloka Lebanta le Roaloang Phatleng Pakeng Tsa Mahlo a Lōna.” Joalokaha eka ba ne ba tlamme “lebanta le roaloang phatleng” pakeng tsa mahlo a bona, Baiseraele ba ne ba lokela ho hopola kamoo Jehova a ileng a ba lopolla ka mohlolo kateng Egepeta. (Ex. 13:16) Liithuti li ile tsa khothalletsoa hore li hopole thupelo e matla eo li e filoeng Sekolong sa Gileade joalokaha eka li ne li tlamile lebanta le roaloang lipakeng tsa mahlo a tsona. Mor’abo rōna Burnett o ile a hatisa taba ea hore ho hlokahala boikokobetso, boinyenyefatso le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ha ba rarolla ho se utloisisane hofe kapa hofe ho ka bang teng pakeng tsa bona le baromuoa ba bang haesita le batho ba bang.​—Mat. 5:23, 24.

Mark Noumair, eo e leng morupeli oa khale oa Gileade, o ile a fana ka puo e nang le sehlooho se reng “Ho Tla Binoa Pina Efe ka Uena?” Mehleng ea boholo-holo, ho ne ho tloaelehile hore ha batho ba hlōtse ntoeng, ba keteke ka pina. E ’ngoe ea lipina tse joalo e pepesa hore leloko la Rubene, la Dane le la Ashere e ne e le maloko a iqenehelang, athe leloko la Zabulone lona le rorisetsoa ho bontša boitelo. (Baahl. 5:16-18) Joaloka mantsoe a pina, qetellong liketso tsa Mokreste e mong le e mong li tsejoa ke batho ba bang. Cheseho eo motho a sebeletsang Molimo ka eona le botšepehi ba hae bo sa khaotseng tataisong eo mokhatlo oa Jehova o fanang ka eona, li tla hopoloa ke Jehova ebile e tla ba mohlala o motle ho barab’abo. Ha ba bang ka phuthehong ba mamela pina eo ea tšoantšetso e ngotsoeng ke liketso tsa rōna, ba susumelletseha ho etsisa mohlala oo o motle.

E le karolo ea thupelo ea sona ea Gileade, sehlopha seo sa bo124 ka kakaretso se ile sa sebetsa lihora tse 3 000 mosebetsing oa boboleli. Puong eo sehlooho sa eona se neng se re “Ho Latela Tataiso ea Moea o Halalelang,” liithuti li ile tsa bolella Sam Roberson oa Lefapha la Likolo Tsa Puso ea Molimo liphihlelo tse ’maloa tseo li bileng le tsona tšimong, tsa ba tsa etsa lipontšo ka tse ling tsa tsona. Liphihlelo tsena tse khothatsang li ile tsa lateloa ke puisano eo Patrick LaFranca oa Komiti ea Lekala ea United States, a ileng a ba le eona le liithuti tse fumaneng mangolo Gileade tseo hona joale li sebetsang linaheng tse sa tšoaneng. Liithuti li ile tsa ananela keletso e molemo eo li ileng tsa e fuoa ke bara bana babo rōna.

Anthony Morris oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea ho qetela e neng e e-na le sehlooho se reng “Hopolang, Lintho Tse Bonoang ke Tsa Nakoana.” Mangolo a re khothalletsa hore re tsepamise likelello tsa rōna mahlohonolong ao Jehova a tla re fa ’ona ka moso ho e-na le ho li tsepamisa matšoenyehong afe kapa afe a nakoana ao e ka ’nang eaba re na le ’ona hona joale. (2 Bakor. 4:16-18) Bofutsana ba bo-ja-likata, ho hloka toka, khatello, ho kula le lefu ke lintho tseo kaofela ha rōna re li bonang kajeno. Baromuoa ba ka ’na ba thulana le a mang a maemo ana a bohloko. Empa ho hopola hore lintho tsena ke tsa nakoana ho tla re thusa hore re tsoele pele re etelletsa Jehova pele bophelong ba rōna le hore re lule re e-na le tšepo.

Ha lenaneo le phethoa, ba abeloang mangolo ba ne ba eme sethaleng ba mametse mantsoe a ho qetela a Mor’abo rōna Lett. O ile a ba khothalletsa hore ba se ke ba tela eaba o re: “Re ka tiisetsa liteko life kapa life tseo re ka thulanang le tsona ’me re ka mamella ra ba ra lula re tšepahala ka thuso ea Jehova.” O ile a khothalletsa baromuoa bana ba bacha hore ba tšoane le litsie, ba tiisetse tšebeletsong ea Jehova ’me ba lule ba cheseha, ba tšepahala ba bile ba mamela ka ho sa feleng.

[Lebokose le leqepheng la 30]

LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA

Palo ea linaha tse emetsoeng: 7

Palo ea linaha tseo li abetsoeng ho tsona: 16

Palo ea liithuti: 56

Karolelano ea lilemo: 33,8

Karolelano ea lilemo li le ’neteng: 18,2

Karolelano ea lilemo li le tšebeletsong ea nako e tletseng: 13,8

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Sehlopha sa Bo124 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo

Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng ka mong.

(1) Nicholson, T.; Main, H.; Senge, Y.; Snape, L.; Vanegas, C.; Pou, L. (2) Santana, S.; Oh, K.; Lemaitre, C.; Williams, N.; Alexander, L. (3) Woods, B.; Stainton, L.; Huntley, E.; Alvarez, G.; Cruz, J.; Bennett, J. (4) Williamson, A.; González, N.; Zuroski, J.; Degandt, I.; May, J.; Diemmi, C.; Tavener, L. (5) Lemaitre, W.; Harris, A.; Wells, C.; Rodgers, S.; Durrant, M.; Senge, J. (6) Huntley, T.; Vanegas, A.; Pou, A.; Santana, M.; Bennett, V.; Tavener, D.; Oh, M. (7) Zuroski, M.; Rodgers, G.; Diemmi, D.; Nicholson, L.; Alvarez, C.; Snape, J. (8) Harris, M.; González, P.; Main, S.; Woods, S.; Stainton, B.; Williamson, D.; Durrant, J. (9) Cruz, P.; Degandt, B.; Williams, D.; Wells, S.; Alexander, D.; May, M.

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Sekolo sa Gileade se Setsing sa Thupelo sa Watchtower